Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 5/15 maq. 4-7
  • Tlaleho ea Noe—Na ea re Ama?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlaleho ea Noe—Na ea re Ama?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moroallo o Etsahetse Neng?
  • Metsi a Moroallo aa Tšoloha
  • Maikutlo a Bangoli ba Bang ba Bibele ke Afe ka Moroallo?
  • Jesu le Moroallo
  • O Ile a ‘Sireletsoa le ba Bang ba Supileng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Tumelo ea Noe e Ahlola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Molimo o Ile a Pholosa Noe ka Lebaka Lefe?—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hore re Tsebe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Tlaleho ea Moroallo oa Mehleng ea Noe ke ’Nete Kapa ke Tšomo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 5/15 maq. 4-7

Tlaleho ea Noe—Na ea re Ama?

HA Jesu a fana ka boprofeta bo mabapi le pontšo ea ho ba teng ha hae le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho, o ile a re: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” (Matheu 24:3, 37) Ka ho hlakileng, Jesu o ile a bolela esale pele hore se etsahalang mehleng ea rōna se tšoana le se etsahetseng mehleng ea Noe. Tlaleho e tšepahalang le e nepahetseng ea se etsahetseng mehleng ea Noe e ka ba ea bohlokoa.

Na tlaleho ea Noe ke ea bohlokoa joalo? Na ea tšoaneleha ho ba tokomane ea ’nete ea histori? Na ka sebele re ka bolela hore na Moroallo o etsahetse neng?

Moroallo o Etsahetse Neng?

Bibele e fana ka boitsebiso ba tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona bo re nolofalletsang ho bala nako ka hloko ho ea fihla qalehong ea histori ea motho. Ho Genese 5:1-29, re fumana tlaleho ea meloko ho tloha ha motho oa pele, Adama, a bōptjoa ho fihlela ha ho tsoaloa Noe. Moroallo o qalile “ka selemo sa makholo a tšeletseng sa bophelo ba Noe.”—Genese 7:11.

E le hore re tsebe hore na Moroallo o etsahetse neng, re lokela ho qala ka selemo sa bohlokoa. Seo se bolela hore re lokela ho qala ka selemo se amoheloang historing ea lefatše le se lumellanang le ketsahalo e khethehileng e tlalehiloeng ka Bibeleng. Re itšetlehile ka selemo seo sa bohlokoa, re ka bala ’me ra fumana selemo seo Moroallo o etsahetseng ka sona re sebelisa almanaka ea Gregory e sebelisoang haholo hona joale.

Selemo se seng sa bohlokoa ke sa 539 B.C.E., e leng selemo seo ka sona Morena Cyruse oa Persia a ileng a liha ’muso oa Babylona. Lingoliloeng tsa lefatše tse bolelang hore na o busitse neng li akarelletsa matlapa a Babylona le litokomane tsa Diodorus, Africanus, Eusebius le Ptolemy. Ka lebaka la taelo ea Cyruse, masala a Bajuda a ile a tloha Babylona ’me a fihla naheng ea habo ’ona ka 537 B.C.E. Sena se ile sa bontša hore lilemo tse 70 tseo Juda e entsoeng lesupi ka tsona li felile, e leng lilemo tseo ho latela tlaleho ea Bibele li qalileng ka 607 B.C.E. Ha re sheba nako ea baahloli le nako ea puso ea marena a Iseraele, re ka fumana hore Baiseraele ba ile ba tloha Egepeta ka 1513 B.C.E. Tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona e re khutlisetsa morao ka lilemo tse ling tse 430 ha ho ne ho etsoa selekane le Abrahama ka 1943 B.C.E. Ka mor’a moo re lokela ho sheba hore na Tera, Nakore, Seruge, Reu, Pelege, Ebere le Shela, hammoho le Arpakshade ea tsoetsoeng “lilemo tse peli ka mor’a moroallo,” ba tsoetsoe neng le hore na ba phetse nako e kae. (Genese 11:10-32) Kahoo re ka bona hore Moroallo o qalile ka selemo sa 2370 B.C.E.a

Metsi a Moroallo aa Tšoloha

Pele re hlahloba liketsahalo tsa mehleng ea Noe, ka kōpo bala Genese khaolo ea 7 temana ea 11 ho ea ho khaolo ea 8 temana ea 4. Re bolelloa sena mabapi le pula ena ea litloebelele: “Ka selemo sa makholo a tšeletseng sa bophelo ba Noe [e leng ka 2370 B.C.E.], ka khoeli ea bobeli, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli, ka letsatsi lena mehloli eohle ea boliba bo boholo ea phunyeha ’me likhoro tsa moroallo tsa maholimo tsa buleha.”—Genese 7:11.

Noe o ile a arola selemo ka likhoeli tse 12, khoeli ka ’ngoe e e-na le matsatsi a 30. Mehleng ea boholo-holo, khoeli ea pele e ne e qala hoo e ka bang bohareng ba khoeli ea September almanakeng ea rōna. Metsi a Moroallo a ile a qala ho tšoloha “ka khoeli ea bobeli, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli” ’me a ’na a tsoela pele ho tšoloha ka matsatsi a 40 le masiu a 40 khoeling ea November le December 2370 B.C.E.

Re boetse re bolelloa sena ka Moroallo: “Metsi a tsoela pele ho koahela lefatše ka matsatsi a lekholo le mashome a mahlano. . . . Metsi a qala ho fokotseha lefatšeng, a fokotseha hanyane ka hanyane; ’me qetellong ea matsatsi a lekholo le mashome a mahlano metsi a ne a fokola. Ka khoeli ea bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli, areka ea lula lithabeng tsa Ararate.” (Genese 7:24–8:4) Kahoo ho tloha ha metsi a koahela lefatše ho fihlela a fokotseha, e ne e le matsatsi a 150, kapa likhoeli tse hlano. Ka hona areka e ile ea lula lithabeng tsa Ararate ka April, 2369 B.C.E.

Joale ka kōpo bala Genese 8:5-17. Litlhōrō tsa lithaba li ile tsa hlahella hoo e ka bang ka mor’a likhoeli tse peli le halofo (e leng matsatsi a 73), “ka khoeli ea leshome [June], ka letsatsi la pele la khoeli.” (Genese 8:5)b Ka mor’a likhoeli tse tharo (e leng matsatsi a 90)—“ka selemo [sa Noe] sa makholo a tšeletseng a motso o mong, ka khoeli ea pele, ka letsatsi la pele la khoeli,” kapa bohareng ba September, 2369 B.C.E.—Noe o ile a tlosa sekoahelo sa areka. Kahoo, o ne a ka bona hore “bokaholimo ba lefatše bo ne bo omile.” (Genese 8:13) Ka mor’a khoeli le matsatsi a 27 (e leng matsatsi a 57), “ka khoeli ea bobeli, ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e supileng la khoeli [e leng bohareng ba November, 2369 B.C.E.], lefatše le ne le omile.” Joale Noe le lelapa la hae ba ile ba tsoela ka ntle ho areka mobung o omileng. Kahoo, Noe le ba bang ba ile ba qeta selemo se le seng se baloang ho latela khoeli e holimo le matsatsi a leshome (e leng matsatsi a 370) ka arekeng.—Genese 8:14.

Litlaleho tsee tse nepahetseng tse bolelang liketsahalo, makolopetso le nako li paka eng? Li paka hore moprofeta Moshe oa Moheberu, eo ho bonahalang hore o ile a ngola Genese a sebelisa litlaleho tseo a li fumaneng, o ngotse linnete eseng litšōmo. Ka lebaka lena, Moroallo o re ama haholo kajeno.

Maikutlo a Bangoli ba Bang ba Bibele ke Afe ka Moroallo?

Ntle le tlaleho ea Genese, ho buuoa ka Noe le Moroallo ka makhetlo a mangata ka Bibeleng. Ka mohlala:

(1) Esdrase oa mofuputsi o ile a akarelletsa Noe le bara ba hae (e leng Sema, Kama le Jafeta) lelokong la sechaba sa Iseraele.—1 Likronike 1:4-17.

(2) Luka, eo e leng ngaka ebile e le mongoli oa Kosepele o akarelletsa Noe ha a thathamisa baholo-holo ba Jesu Kreste.—Luka 3:36.

(3) Moapostola Petrose o bua haholo ka Moroallo ha a ngolla Bakreste-’moho le eena.—2 Petrose 2:5; 3:5, 6.

(4) Moapostola Pauluse o bua ka tumelo e khōlō e ileng ea bontšoa ke Noe ha a ne a haha areka e ileng ea pholosa ba lelapa la hae.—Baheberu 11:7.

Na ho na le khoao ea hore bangoli baa ba bululetsoeng ba Bibele ba ne ba lumela tlaleho ea Moroallo ea Genese? Ha ho pelaelo hore ba ne ba e nka e le ketsahalo ea ’nete.

Jesu le Moroallo

Jesu Kreste o ile a ba teng pele e e-ba motho oa nama. (Liproverbia 8:30, 31) E ne e le lengeloi leholimong nakong ea Moroallo. Kahoo, kaha Jesu o bone ketsahalo eo, o re fa lebaka le utloahalang la Mangolo la ho lumela tlaleho ea Noe le Moroallo. Jesu o ile a re: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Etsoe joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.”—Matheu 24:37-39.

Na Jesu o ne a ka sebelisa tšōmo ho re lemosa ka bofelo bo tlang ba tsamaiso ee ea lintho? Le letho! Re kholisehile hore o ile a sebelisa mohlala oa sebele oa ha Molimo a ahlola batho ba khopo. Ke ’nete hore batho ba bangata ba ile ba shoa, empa re ka tšelisoa ke ho tseba hore Noe le lelapa la hae ba ile ba pholosoa Moroallong.

“Matsatsi a Noe” ke a bohlokoa haholo ho batho ba phelang kajeno, nakong ea “ho ba teng ha Mor’a motho,” Jesu Kreste. Ha re ntse re bala tlaleho e qaqileng ea Moroallo oa lefatše lohle e ileng ea ngoloa ke Noe, re ka kholiseha hore ke tokomane ea ’nete ea histori. Hape tlaleho e bululetsoeng ke Molimo ea Genese ea Moroallo e re ama haholo kajeno. Feela joalokaha Noe, bara ba hae le basali ba bona ba ile ba ba le tumelo mokhoeng oo Molimo a neng a tla ba pholosa ka oona, le rōna Jehova a ka re sireletsa ka lebaka la tumelo ea rōna sehlabelong sa thekollo sa Jesu. (Matheu 20:28) Ho feta moo, re ka ba le tšepo ea ho ba har’a ba tla pholoha bofelo ba tsamaiso ena e khopo feela joalokaha tlaleho ea Noe e bontša hore eena le lelapa la hae ba ile ba pholoha Moroallo o ileng oa felisa batho ba babe ba nakong eo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa makolopetso a amang nako eo Moroallo o etsahetseng ka eona, bona Insight on the Scriptures, Volume 1, leqepheng la 458-60, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

b Keil-Delitzsch Commentary on the Old Testament, Volume 1, leqepheng la 148, e re: “Hoo e ka bang matsatsi a 73 ka mor’a hore areka e lule, litlhōrō tsa lithaba li ile tsa bonahala, e leng litlhōrō tsa lihlaba tsa Armenia tse neng li potolohile areka.”

[Lebokose le leqepheng la 5]

Na ba Phetse Nako e Telele Hakaalo?

BIBELE e re: “Matsatsi ’ohle a Noe e bile lilemo tse makholo a robong le mashome a mahlano eaba oa shoa.” (Genese 9:29) Methusela, ntate-moholo oa Noe o phetse lilemo tse 969—e leng nako e telele ka ho fetisisa eo motho a kileng a phela ka eona. Ka kakaretso, nako e phetsoeng ke meloko e leshome ho tloha ho Adama ho ea ho Noe, ke lilemo tse fetang 850. (Genese 5:5-31) Na batho ka nako eo ba ne ba phela nako e telele hakaalo?

Morero oa Molimo oa pele e ne e le hore motho a phele ka ho sa feleng. Motho oa pele Adama o ile a bōptjoa a e-na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng haeba a mamela Molimo. (Genese 2:15-17) Empa Adama ha aa ka a mamela, ka hona a lahleheloa ke monyetla oo. Ka mor’a hore Adama a phele lilemo tse 930 tseo ka tsona butle-butle a neng a atamela lefung, o ile a khutlela mobung oo a ntšitsoeng ho oona. (Genese 3:19; 5:5) Motho enoa oa pele o ile a fetisetsa sebe le lefu ho bana bohle ba hae.—Baroma 5:12.

Leha ho le joalo, batho ba neng ba phela ka nako eo, ba ne ba batla ba phethahetse joaloka Adama qalong ’me ho ka etsahala hore ebe ka lebaka lena ba ne ba phela ka nako e telele ho feta ba hlahileng hamorao. Kahoo, pele ho Moroallo batho ba ne ba phela nako e ka tlaasenyana ho lilemo tse sekete, ’me nako ena e ile ea fokotseha haholo ka mor’a Moroallo. Ka mohlala, Abrahama o phetse lilemo tse 175 feela. (Genese 25:7) Lilemo tse ka bang 400 ka mor’a lefu la mopatriareka eo ea tšepahalang, moprofeta Moshe o ile a ngola a re: “Matsatsi a lilemo tsa rōna ke lilemo tse mashome a supileng; haeba e le ka lebaka la matla a khethehileng e ba lilemo tse mashome a robeli, empa leha ho le joalo a tsitlella khathatsong le linthong tse kotsi.” (Pesaleme ea 90:10) Hoa tšoana le kajeno.

[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]

Ho Tloha Taelong ea Cyruse e Lumellang Bajuda ho Khutla Botlamuoeng ho Khutlela Morao Moroallong oa Mehleng ea Noe

537 Taelo ea Cyrusec

539 Ho lihuoa ha Babylona ke Cyruse

Mopersia

lilemo tse 68

607 Ho qaleha lilemo tse 70 Juda e entsoe lesupi

Lilemo tse 906

tsa puso ea

baeta-pele,

baahloli

le marena a Iseraele

1513 Ho Falla ha Baiseraele Egepeta

lilemo tse 430 Lilemo tse 430

ha bara ba Iseraele ba lula naheng eaEgepeta le Kanana (Exoda12:40, 41)

1943 Ho tiisoa selekane sa Abrahama

lilemo tse 205

2148 Ho tsoaloa ha Tera

lilemo tse 222

2370 Ho qaleha ha Moroallo

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

c Cyruse o ile a phatlalatsa hore Bajuda ba lokolotsoe botlamuoeng “ka selemo sa pele sa Cyruse morena oa Persia,” hoo e ka bang ka selemo sa 538 B.C.E. kapa mathoasong a 537 B.C.E.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela