“Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna”
Pele le ka Morao—Nako e Lerootho e Fetileng, Bokamoso bo Khanyang
“LENTSOE la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli . . . ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheberu 4:12) Ho boletse joalo moapostola Pauluse ha a ne a bua ka matla a molaetsa oa Molimo a phunyeletsang. Matla a lona a ho finyella pelo a ile a totobala haholo lekholong la pele la lilemo C.E. Ho sa tsotellehe tšusumetso e mpe mehleng eo, ba neng ba fetoha Bakreste ba ne ba apara botho bo bocha.—Baroma 1:28, 29; Bakolose 3:8-10.
Matla a lentsoe la Molimo a fetolang batho, joalokaha ho tlalehiloe ka Bibeleng a ntse a totobetse le kajeno. Ka mohlala, nahana ka monna e molelele le ea matla ea bitsoang Richard. Kaha e ne e le sefela-peloana, Richard o ne a teteka motho ha a ka qaloa feela. Bophelo ba hae bo ne bo sentsoe ke pefo. Richard o ne a bile a kenetse papali ea litebele. O ile a ikoetlisa ka thata ’me ea e-ba ’mampoli oa boimahali oa litebele oa Westphalia, Jeremane. Richard o ne a boetse a e-noa haholo ’me hangata o ne a iphumana a kene ka har’a lintoa. Ho e ’ngoe ea tsona, ho ile ha shoa motho, ’me Richard a batla a kena teronkong.
Ho thoe’ng ka lenyalo la Richard? Richard o re: “Pele ’na le Heike re qala ho ithuta Bibele, e mong le e mong o ne a iphelela bophelo ba hae. Heike o ne a qeta nako e ngata le metsoalle ea hae ea basali ’me ’na ke e qeta ke etsa mesebetsi ea ho itlosa bolutu—haholo-holo papali ea litebele, ho palama maqhubu le ho qoela metsing.”
Ha Richard le Heike ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, Richard o ile a tsietsoa ke taba ea hore o lokela ho etsa liphetoho tseo ho neng ho bonahala a ke ke a khona ho li etsa e le hore bophelo ba hae bo lumellane le melao e phahameng e ka Lentsoeng la Molimo. Leha ho le joalo, ha Richard a tseba Jehova Molimo ka ho eketsehileng, o ile a fihleloa ke takatso e matla ea ho mo thabisa. Richard o ile a hlokomela hore Molimo ha a rate batho ba ratang pefo kapa ba ithabisang ka eona. Richard o ile a ithuta hore “ka sebele moea oa [Jehova] o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”—Pesaleme ea 11:5.
Ho feta mona, Richard le Heike ba ile ba khahloa ke tšepo ea bophelo lefatšeng la paradeise. Ba ne ba batla ho phela teng! (Esaia 65:21-23) Memo e reng “atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna” e ile ea ama Richard ka botebo. (Jakobo 4:8) O ile a bona bohlokoa ba ho mamela keletso ena e bululetsoeng e reng: “U se ke ua honohela motho ea mabifi, kapa ua khetha leha e le efe ea litsela tsa hae. Etsoe motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.”—Liproverbia 3:31, 32.
Richard o ile a hlokomela hore ho sa tsotellehe takatso e matla ea ho fetola litsela tsa hae, o ne a ke ke a khona ho etsa joalo ka matla a hae. O ile a bona hore ho hlokahala hore a batle thuso ea Molimo ka thapelo. Kahoo, o ile a sebelisa mantsoe a Jesu ho baapostola ba Hae a reng: “Le rapele le sa khaotse, e le hore le se ke la kena molekong. Ka ho hlakileng, moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.”—Matheu 26:41.
Ka mor’a ho ithuta kamoo Molimo a talimang pefo le ho tlakoloha ka bohale kateng, ho ile ha hlaka kelellong ea Richard hore papali ea litebele ha e amohelehe. Ka thuso ea Jehova le khothatso ea bao a neng a ithuta Bibele le bona, Richard o ile a khaotsa pefo. O ile a tlohela papali ea litebele le lintoa ’me a etsa qeto ea ho ntlafatsa bophelo ba lelapa la hae. Richard eo hona joale e leng molebeli ea bonolo ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova o re: “Ho ithuta ’nete ea Bibele ho nthusitse ho ema le ho nahana pele ke etsa lintho.” O phaella ka ho re: “Hona joale ke latela melao-motheo ea lerato le tlhompho ha ke sebelisana le mosali oa ka le bana ba ka. Phello ke hore lelapa la rōna le momahane.”
Ka linako tse ling batho ba hlokang tsebo ba ’nile ba qosa Lipaki Tsa Jehova ka hore li qhala malapa. Leha ho le joalo, mehlala ea batho ba kang Richard e shanofatsa litaba tseo tsa bona. Ha e le hantle, ’nete ea Bibele e ka matlafatsa lelapa le ho tlisetsa ba neng ba le leroothong bokamoso bo khanyang.—Jeremia 29:11.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
“Tšepo ea bophelo lefatšeng la paradeise e ntšusumelitse hore ke fetohe”
[Lebokose le leqepheng la 9]
Melao-motheo ea Bibele ea Sebetsa
Bibele e ka ba le tšusumetso e matla bophelong ba batho. Melao-motheo e meng ea Mangolo e thusitseng batho ba mabifi ho fetoha ke ena:
“Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla, ’me ea laolang moea oa hae o molemo ho feta ea hapang motse.” (Liproverbia 16:32) Bohale bo sa laoloeng ke letšoao la bofokoli, e seng la matla.
“Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.” (Liproverbia 19:11) Ho ba le temohisiso le ho utloisisa boemo ho thusa motho hore a bone se bakileng hore motho e mong a mo khopise ’me ho ka thibela motho ho tlakoloha ka bohale.
“U se ke ua ba le setsoalle le mang kapa mang ea ineheletseng bohale e le hore u se ke ua tloaela litsela tsa hae.” (Liproverbia 22:24, 25) Ka bohlale Bakreste ba qoba ho tloaelana le ba lemaletseng bohale.