Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 5/15 maq. 21-24
  • Lula U Tiile, ’me U Hlōle Peisong ea Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lula U Tiile, ’me U Hlōle Peisong ea Bophelo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Batla Hore re Tiee
  • Hlokomela Litšitiso
  • Tiisoa ke Tšebeletso oa Bokreste
  • Ho Tiisoa ke Mokhatlo oa Bara ba Motho o Lerato
  • Litšepiso Tsa Molimo—Lia re Tiisa
  • Tsoela Pele U Sebeletsa Jehova ka Pelo e Tiileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • “Le Eme le Tiile, le sa Sisinyehe”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Le be ba Tiileng, ba sa Sutheng!
    Binelang Jehova
  • Tieang Matla, Le Sa Sisinyehe!
    Binelang Jehova Lithoriso
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 5/15 maq. 21-24

Lula U Tiile, ’me U Hlōle Peisong ea Bophelo

HAEBA u ne u lokela ho tsamaea leoatleng le befileng, u ne u tla khetha sekepe sa mofuta ofe? Na u ne u tla khetha seketsoana se sa tieang, kapa sekepe se tiileng se entsoeng hantle? Ha ho pelaelo hore u ne u tla khetha sekepe se entsoeng hantle, kaha se ne se tla lelemela habonolo maqhubung a halefileng.

Ha re ntse re le tsamaisong ena ea lintho e befileng le e kotsi, re tobana le mathata a re tsietsang. Ka mohlala, ka linako tse ling bacha ba ka ’na ba ikutloa ba ferekane ’me ba sa sireletseha ka lebaka la likhopolo le mekhoa ea lefatše lena e ferekanyang. Batho bao e sa tsoa ba Bakreste ba ka ’na ba ikutloa ba sa tsitsa. Esita le batho ba bang ba tiileng ba sebelelitseng Molimo ka botšepehi ka lilemo tse ngata ho ka etsahala hore ebe ba lekoa ke hore lintho tseo ba neng ba li lebeletse ha li e-s’o phethahale ka ho feletseng.

Boikutlo bo joalo ha bo bocha. Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba kang Moshe, Jobo le Davida ba ne ba tšoenyeha ka linako tse ling. (Numere 11:14, 15; Jobo 3:1-4; Pesaleme ea 55:4) Empa bophelo ba bona bo ne bo bontša hore ba inehetse ka tieo ho Jehova. Mohlala oa bona o motle o re khothalletsa ho tiea, empa Satane Diabolose o batla ho re khelosa peisong ea bophelo bo sa feleng. (Luka 22:31) Kahoo, re ka etsa eng hore re lule re tsepame, re “tiile tumelong”? (1 Petrose 5:9) ’Me re ka matlafatsa balumeli-’moho le rōna joang?

Jehova o Batla Hore re Tiee

Haeba re tšepahala ho Jehova, o tla re thusa ka linako tsohle hore re lule re tiile. Mopesaleme Davida o ile a ba mathateng a mangata, empa o ne a tšepile Molimo ke ka lebaka leo a neng a ka bina a re: “[Jehova] a boela a ’nyolla ka sekoting sa metsi a hoasang, tebetebeng ea seretse. Joale a phahamisetsa maoto a ka holim’a lefika; a tiisa mehato ea ka ka thata.”—Pesaleme ea 40:2.

Jehova oa re matlafatsa hore re loane “ntoa e ntle ea tumelo” e le hore re ka ‘tšoara ka tieo bophelo bo sa feleng.’ (1 Timothea 6:12) O boetse o re thusa hore re lule re tiile ’me re hlōle ntoeng ea rōna ea moea. Moapostola Pauluse o khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba “tsoele pele ho fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae,” le ho ‘apara lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore ba ka khona ho ema ba tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.’ (Baefese 6:10-17) Empa ke eng se ka re tšoenyang? Hona ke joang re ka qhelang litšitiso tse joalo tse kotsi?

Hlokomela Litšitiso

Ke habohlokoa ho hopola ’nete ena ea bohlokoa: Liqeto tseo re li etsang, hamorao li etsa hore re tiee kapa re se ke ra tiea Bokresteng. Bacha ba lokela ho etsa liqeto litabeng tse kang mosebetsi, thuto e eketsehileng le lenyalo. Batho ba baholo ba ka ’na ba tlameha ho etsa qeto ea hore na ba fallela sebakeng se seng kapa ba sebetsa mosebetsi o mong ho phaella ho oo ba nang le oona. Re etsa liqeto letsatsi le letsatsi hore na re sebelisa nako joang ’me re etsa liqeto mabapi le litaba tse ling tse ngata. Ke eng e tla re thusa ho etsa liqeto tse molemo tse tla re thusa hore re be bahlanka ba Molimo ba tiileng? Motho e mong eo e bileng Mokreste ka nako e telele o re: “Ke kōpa thuso ea Jehova ha ke etsa liqeto. Ke lumela hore ho bohlokoa ho amohela le ho sebelisa keletso e fanoang ka Bibeleng, e fanoang libokeng tsa Bokreste, e fanoang ke baholo le e fanoang ho lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.”

Ha re etsa liqeto, re lokela ho ipotsa sena: ‘Lilemo tse hlano kapa tse leshome ho tloha joale, na ke tla thabela liqeto tseo ke li etsang kajeno, kapa ke tla ikoahlaela tsona? Na ke leka ho etsa bonnete ba hore liqeto tseo ke li etsang ha li ntšitise moeeng empa li tla ’nolofalletsa ho tsoela pele moeeng?’—Bafilipi 3:16.

Batho ba bang ba kolobelitsoeng ba ile ba lumela ho hlōloa ke liteko kapa ba lumella hore ba etse lintho tse ka ’nang tsa etsa hore ba tlōle melao ea Molimo, ’me sena se entse hore ba se ke ba tiea. Batho ba seng bakae ba lelekiloeng ka phuthehong ka lebaka la ho phehella ho etsa sebe ba sa bake, ba sebelitse ka thata hore ba khutlisetsoe ka phuthehong empa ka mor’a moo ba khaoloa hape—ka linako tse ling e le ka mor’a nako e khutšoanyane—ka lebaka la phoso e tšoanang. Na ebe see se bontša hore mohlomong ha baa rapella thuso ea Molimo hore ba ‘nyonye se khopo, le ho khomarela se molemo’? (Baroma 12:9; Pesaleme ea 97:10) Ho hlokahala hore bohle re ’ne re “otlolle litsela bakeng sa maoto a [rōna].” (Baheberu 12:13) Kahoo, a re hlahlobeng lintlha tse ka re thusang ho lula re tiile moeeng.

Tiisoa ke Tšebeletso oa Bokreste

Tsela e ’ngoe ea hore re mamelle peisong ea rōna ea bophelo, ke ho ba le ho hongata hoo re ho etsang mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Ka sebele tšebeletso ea rōna ea Bokreste ke thuso ea bohlokoa hore re boloke lipelo tsa rōna le likelello li tsepame ho etseng thato ea Molimo ’me li tiile moputsong oa bophelo bo sa feleng. Ntlheng ena Pauluse o ile a khothatsa Bakorinthe a re: “Barab’eso ba ratoang, le be ba tiileng, ba sa sutheng, kamehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.” (1 Bakorinthe 15:58) ‘Ho tiea’ ho bolela ‘ho itsetsepela.’ ‘Ho se suthe’ ho ka bolela ‘ho se lumelle ho tlosoa moo re itšoareletseng ka tieo.’ Kahoo, ho tšoareha tšebeletsong ea rōna ho ka re tiisa bophelong ba rōna ba Bokreste. Ho thusa batho ba bang ho tseba Jehova ho etsa hore bophelo ba rōna bo be le morero ’me hoa re thabisa.—Liketso 20:35.

Pauline, e leng Mokreste ea nang le lilemo tse fetang 30 a le mosebetsing oa boromuoa le tšebeletsong e ’ngoe ea boboleli ea nako e tletseng, o re: “Mosebetsi oa boboleli oa sireletsa hobane ho pakela ba bang ho etsa hore le ’na ke kholisehe hore ke na le ’nete.” Ho kopanela linthong tse ling tsa Bokreste tse kang ho ea libokeng tsa borapeli le ho khothalla thuto ea botho ea Bibele ho etsa hore re kholisehe hore re na le ’nete.

Ho Tiisoa ke Mokhatlo oa Bara ba Motho o Lerato

Ho ba ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa lefatše lohle oa barapeli ba ’nete ho ka re tiisa haholo. Ke tlhohonolofatso e kaakang ho kopanela le mokhatlo oa bara ba motho o lerato hakaale le oa lefatše lohle! (1 Petrose 2:17) ’Me sena se ka etsa hore re tiise balumeli-’moho le rōna.

Nahana ka thuso eo monna ea lokileng ea bitsoang Jobo a neng a fana ka eona. Esita le motšelisi oa bohata ea bitsoang Elifaze o ile a tlameha ho lumela, a re: “Mang kapa mang ea khoptjoang, mantsoe a hao a ne a mo emisa; u ne u tiisa mangole a tetemang.” (Jobo 4:4) Na rea thusana? Re le batho ka bomong, re na le boikarabelo ba ho thusa Bakreste ba bang ho mamella tšebeletsong ea Molimo. Ha re e-na le bona, re ka sebelisa mantsoe ana a reng: “Matlafatsang matsoho a fokolang, ’me le tiise mangole a tetemang.” (Esaia 35:3) Kahoo, ke hobane’ng ha u sa ikemisetse hore nako le nako ha le kopane le Bakreste-’moho, u matlafatse ’me u khothatse a le mong kapa ba babeli? (Baheberu 10:24, 25) Ka sebele mantsoe a khothatsang a babatsang le a lebohang boiteko ba bona bo tsoelang pele ba ho khahlisa Jehova a ka ba thusa hore ba lule ba tiile ’me ba lebeletse ho hlōla peisong ea bophelo.

Baholo ba Bakreste ba ka etsa se molemo haholo ha ba khothatsa ba bacha. Ba ka etsa sena ka ho ba fa litlhahiso tse thusang le keletso e molemo ea Mangolo le ka ho sebetsa le bona tšimong. Kamehla moapostola Pauluse o ne a sebelisa menyetla ea ho matlafatsa ba bang. O ne a hlolohetsoe ho bona Bakreste ba Roma e le hore a ka ba thusa hore ba matlafale moeeng. (Baroma 1:11) O ne a nka hore bara le barali babo ba ratoang ba Filipi ke “thabo le moqhaka” oa hae ’me a ba khothalletsa hore ba ‘eme ba tiile ka tsela ena Moreneng.’ (Bafilipi 4:1) Ha Pauluse a utloa mathata a barab’abo ba Thesalonika, o ile a roma Timothea hore a ‘ba tiise le ho ba tšelisa e le hore ba se ke ba sisinngoa ke matšoenyeho.’—1 Bathesalonika 3:1-3.

Moapostola Pauluse le moapostola Petrose ba ne ba amohela le ho ananela boiteko bo etsoang ka botšepehi ba barapeli-’moho le bona. (Bakolose 2:5; 1 Bathesalonika 3:7, 8; 2 Petrose 1:12) Le rōna a re se keng ra ameha ka bofokoli ba barab’abo rōna, empa re amehe ka makhabane a bona le hore ba loanne ka katleho hore ba lule ba tiile ’me ba tlotlisa Jehova.

Haeba re e-na le maikutlo a seng matle kapa re nyatsa-nyatsa, re ka thatafalletsa ba bang ho lula ba tiile tumelong re sa ikemisetsa. Ke hantle hakaakang ho hopola hore barab’abo rōna ‘ba sohlokehile ’me ba qhalakane’ tsamaisong ee ea lintho! (Matheu 9:36) Ka phuthehong ea Bokreste, ba lokela ho lebella ho fumana matšeliso le khatholoho. Ka lebaka leo, e se eka bohle re ka etsa sohle seo re ka se khonang ho matlafatsa balumeli-’moho le rōna le ho ba thusa hore ba lule ba tiile.

Ka linako tse ling ba bang ba ka ’na ba re tšoara ka tsela e tla etsa hore re thekesele. Na re tla lumella hore ho buisoa hampe kapa ho khahlapetsoa ho etse hore re fokotse tšebeletso ea rōna ho Jehova? E se eka re ke ke ra lumella motho hore a re sitise ho ema re tiile!—2 Petrose 3:17.

Litšepiso Tsa Molimo—Lia re Tiisa

Tšepiso ea Jehova ea bokamoso bo babatsehang pusong ea ’Muso e re fa tšepo e re thusang ho lula re tiile. (Baheberu 6:19) Ha re kholisehile hore kamehla Molimo o phethahatsa litšepiso tsa hae, re tla susumelletseha ho ‘lula re falimehile, re tiile tumelong.’ (1 Bakorinthe 16:13; Baheberu 3:6) Ho nahana eka litšepiso tsa Molimo lia lieha ho ka leka tumelo ea rōna. Kahoo, ke habohlokoa haholo hore re itebele hore re se ke ra khelosoa ke lithuto tsa bohata ’me ra suthisoa tšepong ea rōna.—Bakolose 1:23; Baheberu 13:9.

Mohlala o mobe oa Baiseraele ba ileng ba timela kahobane ba ne ba se na tumelo litšepisong tsa Jehova, e lokela ho ba temoso ho rōna. (Pesaleme ea 78:37) Ho e-na le ho tšoana le bona, e se eka re ka tiea, ra sebeletsa Molimo ka kutloisiso ea hore metsotso e jele babeli matsatsing ana a ho qetela. Moholo e mong ea nang le phihlelo o re: “Letsatsi le leng le le leng ke phela joalokaha eka letsatsi la Jehova le leholo le tla tla hosasane.”—Joele 1:15.

E, letsatsi le leholo la Jehova le atametse. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšaba letho hafeela re le haufi le Molimo. Haeba re khomarela melao ea hae e lokileng ’me re lula re tiile, re ka matha ka katleho peisong ea bophelo bo sa feleng!—Liproverbia 11:19; 1 Timothea 6:12, 17-19.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Na u etsa sohle seo u ka se khonang ho thusa balumeli-’moho le uena ho lula ba tiile?

[[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]

The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela