Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 7/15 maq. 21-23
  • Nahana Hantle—’Me U Etse Lintho ka Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nahana Hantle—’Me U Etse Lintho ka Bohlale
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U se ke Ua Itšepa ho Tlōla
  • Itebele Khahlanong le ho Nahana ka Tsela ea Nama
  • Hlokomela “ho Qhekella ha Batho”
  • U se ke Ua Ithetsa
  • Batla “Tsebo ea Molimo”
  • ‘U ’Ne U Kōpe Molimo’
  • “Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • U Nahana Joaloka Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Fumana Bohlale ’me U Amohele Taeo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Sebelisa ha Jehova “Booatla” ho Boloka ba Lumelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 7/15 maq. 21-23

Nahana Hantle—’Me U Etse Lintho ka Bohlale

AK’U bone taba ena ka mahlo a kelello: Jesu Kreste o hlalosa hore lira tsa bolumeli tse Jerusalema li tla mo utloisa bohloko bo boholo li be li mo bolaee. Motsoalle oa hae ea haufi e leng moapostola Petrose ha a kholoe seo. Ha e le hantle, o nkela Jesu ka thōko ’me o mo khalemela ka matla. Ho ke ke ha belaelloa taba ea hore Petrose o ne a tšepahala e bile a hloka boikaketsi. Empa Jesu o nka monahano oo oa Petrose joang? O re: “Suthela ka mor’a ka, Satane! U khopiso ho ’na, hobane u nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo.”—Matheu 16:21-23.

E tlameha ebe see se ile sa makatsa Petrose hakaakang! Ho e-na le hore a thuse le ho tšehetsa Mong’a hae ea ratoang, o fetoha “khopiso.” See se tlile joang? Ho ka etsahala hore ebe Petrose o ne a oetsoe ke bofokoli boo batho ba nang le bona, e leng ba ho kholoa feela seo ba batlang ho se kholoa.

U se ke Ua Itšepa ho Tlōla

Ntho e ka re sitisang ho nahana hantle ke ho itšepa ho tlōla. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba habo ba Korinthe ea boholo-holo a re: “Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.” (1 Bakorinthe 10:12) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bua mantsoe aa? Mohlomong ke hobane o ne a tseba hore na ho bonolo hakaakang hore menahano ea batho e khopamisoe—esita le hore menahano ea Bakreste ‘e bolisoe hore e tlohe botšepehing le tlhoekong e lokelang Kreste.’—2 Bakorinthe 11:3.

Sena ke se neng se etsahaletse moloko oohle oa baholo-holo ba Pauluse. Ka nako eo Jehova o ile a re ho bona: “Menahano ea lōna hase menahano ea ka, leha e le hore litsela tsa ka ke litsela tsa lōna.” (Esaia 55:8) Ba ne ba ‘ipona bohlale,’ ’me seo se ile sa tlisa liphello tse babang. (Esaia 5:21) Ka hona he, ke ho utloahalang hore re hlahlobe kamoo re ka lulang re nahana hantle kateng ’me ka hoo re qobe ho oeloa ke liphello tse tšoanang.

Itebele Khahlanong le ho Nahana ka Tsela ea Nama

Ba bang Korinthe ba ne ba sentsoe ke ho nahana ka tsela ea nama. (1 Bakorinthe 3:1-3) Ba ne ba hatisa bohlokoa ba filosofi ea batho ho e-na le ho hatisa bohlokoa ba Lentsoe la Molimo. Ha ho pelaelo hore bahlalefi ba Bagerike ba mehleng eo ba ne ba le masene haholo. Empa mahlong a Molimo, e ne e le lithoto. Pauluse o ile a re: “Ho ngoliloe: ‘Ke tla timetsa bohlale ba banna ba bohlale, ’me ke tla qhelela ka thōko ho ba le kelello ha banna ba nang le kelello.’ Monna ea bohlale o kae? Mongoli o kae? Mopheha-khang oa tsamaiso ee ea lintho o kae? Na Molimo ha aa ka a etsa bohlale ba lefatše lee booatla?” (1 Bakorinthe 1:19, 20) Banna ba joalo ba nang le kelello ba ne ba laoloa ke “moea oa lefatše” ho e-na le ho laoloa ke moea oa Molimo. (1 Bakorinthe 2:12) Lifilosofi tsa bona le menahano ea bona li ne li sa lumellane le monahano oa Jehova.

Mohloli o ka sehloohong oa monahano o joalo oa nama ke Satane Diabolose, ea ileng a sebelisa noha ho eka Eva. (Genese 3:1-6; 2 Bakorinthe 11:3) Na le ho rōna o ntse a le kotsi? E! Ho ea ka Lentsoe la Molimo, Satane ‘o foufalitse likelello’ tsa batho hoo hona joale a “khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (2 Bakorinthe 4:4; Tšenolo 12:9) Ke ha bohlokoa hakaakang hore re ele seli merero ea hae!—2 Bakorinthe 2:11.

Hlokomela “ho Qhekella ha Batho”

Moapostola Pauluse le eena o ile a lemosa “ka ho qhekella ha batho.” (Baefese 4:14) O ile a thulana le bothata ba “basebetsi ba thetsang” ba neng ba iketsa eka ba fana ka ’nete empa e le hore baa e sotha. (2 Bakorinthe 11:12-15) Batho bana ba ka ’na ba finyella merero ea bona ka ho khetha feela bopaki bo emelang monahano oa bona, ka ho sebelisa lipolelo tse hapang maikutlo, lipuo tsa bomenemene, tse sa hlakang hantle esita le mashano a totobetseng.

Hangata baetselletsi ba senya batho lebitso ka ho ba reha mabitso a kang, “sehlopha sa bokhelohi.” Ha ho ne ho fanoa ka keletso ho ba boholong ba litho tsa Paramente ea Lekhotla la Europe, ho ile ha thoe ha ba etsa lipatlisiso ka lihlopha tsa malumeli a macha “ke hantle ha ba ka tlohela ho sebelisa lentsoe lena.” Hobane’ng? Ho ile ha nahanoa hore poleloana “sehlopha sa borapeli ba bokhelohi” e bua batho hampe. Ka tsela e tšoanang, banna ba nang le kelello ba Bagerike ba ile ba qosa moapostola Pauluse ka bohata ka hore ke “mobeberi,” kapa ka ho toba “motho ea nokolang peō.” Sena se ne se bolela hore ke maithutoana feela, e leng motho ea neng a nokola e be ka mor’a moo o pheta lintho tse fokolang feela tsa tsebo. Ha e le hantle, Pauluse “o ne a bolela litaba tse molemo tsa Jesu le tsoho.”—Liketso 17:18.

Na mekhoa ea baetselletsi ea sebetsa? E. E ’nile ea e-ba eona e ka sehloohong e bakileng lehloeo la merabe le la bolumeli ka ho sotha tsela eo batho ba nkang batho ba lichaba tse ling kapa ba bolumeli bo bong ka eona. Ba bangata ba ’nile ba e sebelisetsa ho eisa lihlopha tse nyenyane tsa batho ba sa ratoeng. Adolf Hitler o ile a sebelisa mekhoa e joalo ka katleho ha a ne a re Bajuda le ba bang ke ba “nyonyehang,” “ba babe” le hore ke “tšokelo” ’Musong. U se ke ua lumella thetso ena hore e bolise monahano oa hao.—Liketso 28:19-22.

U se ke Ua Ithetsa

Ho boetse ho bonolo hore re ithetse. Ha e le hantle, ho ka ’na ha e-ba thata ho tlohela kapa ho belaella maikutlo ao re a ratang haholo. Hobane’ng? Hobane hangata re khomarela ponong ea rōna ka poulelo e khōlō. Joale re ka ’na ra ithetsa ebe re qapa mabaka a ho lokafatsa seo ha e le hantle e leng litumelo tse fosahetseng le tse thetsang.

Sena se ile sa etsahalla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Ba ne ba tseba Lentsoe la Molimo, empa ha baa ka ba le lumella hore le laole monahano oa bona. Ba ile ba qetella ba “ithetsa ka monahano oa bohata.” (Jakobo 1:22, 26) Letšoao le leng le ka ’nang la re bontša hore na re se re ithetsitse ke haeba re halefa ha ho botsoa ka lintho tseo re li kholoang. Ho e-na le ho halefa, e ka ba bohlale ho bula kelello le ho mamela ka hloko ha ba bang ba bua—esita le haeba u kholisehile hore maikutlo a hao a nepahetse.—Liproverbia 18:17.

Batla “Tsebo ea Molimo”

Re ka etsa eng hore re nahane lintho hantle ka linako tsohle? Thuso e fumaneha ka bongata, empa ho hlokahala hore re e sebeletse. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joaloka silevera, ’me u ntse u li batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo.” (Liproverbia 2:1-5) E, haeba re ikitlaelletsa ho tlatsa lipelo le likelello tsa rōna ka linnete tsa Lentsoe la Molimo, re tla fumana bohlale ba sebele, kutloisiso le temoho. Ha e le hantle, re tla be re batla lintho tse molemo haholo ho feta silevera kapa letlotlo leha e le lefe.—Liproverbia 3:13-15.

Ka sebele bohlale le tsebo li ka re thusa ho nahana hantle. Lentsoe la Molimo le re: “Ha bohlale bo kena ka pelong ea hao le tsebo e e-ba e khahlisang moeeng oa hao, matla a ho nahana a tla u lebela, temoho e tla u sireletsa, ho u lopolla tseleng e mpe, ho motho ea buang lintho tse khelohileng, ho ba furallang litsela tse lokileng hore ba tsamaee litseleng tsa lefifi.”—Liproverbia 2:10-13.

Haholo-holo ke habohlokoa hore re lumelle menahano ea Molimo ho re tataisa ha re sithabetse kapa re le mathateng. Maikutlo a matla a kang bohale kapa tšabo a ka re thatafaletsa ho nahana hantle. Solomone o re: “Khatello . . . e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.” (Moeklesia 7:7) Ebile motho a ka “halefela Jehova.” (Liproverbia 19:3) Joang? Ka ho beha Molimo molato ka mathata a rōna le ka ho etsa mathata a rōna phephi ha re etsa lintho tse sa lumellaneng le melao le melao-motheo ea hae. Ho e-na le ho iketsa bo-tsebanyane, e se eka ka boikokobetso re ka mamela baeletsi ba bohlale ba batlang ho re thusa ba sebelisa Mangolo. ’Me ha ho hlokahala, a re ikemisetseng ho lahla esita le maikutlo ao re neng re khomaretse ka thata ho ’ona ha ho hlaka hore re ne re fositse.—Liproverbia 1:1-5; 15:22.

‘U ’Ne U Kōpe Molimo’

Re phela linakong tse ferekanyang le tse kotsi. Ho rapella tataiso ea Jehova kamehla ke habohlokoa haeba re batla ho etsa lintho ka kelello e hlaphohileng le ka bohlale. Pauluse oa ngola o re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Haeba re hloka bohlale ba ho thulana le mathata kapa liteko tse re tsietsang, re lokela hore re ‘’ne re kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise.’—Jakobo 1:5-8.

Ha moapostola Petrose a lemoha hore Bakreste ba habo ba ne ba lokela ho sebelisa bohlale, o ile a leka ho ‘tsosa matla a bona a hlakileng a ho nahana.’ O ne a batla hore ba “[hopole] lipolelo tse ileng tsa buuoa pele ke baprofeta ba halalelang le taelo ea Morena le Mopholosi,” Jesu Kreste. (2 Petrose 3:1, 2) Haeba re etsa sena ’me kamehla re etsa hore monahano oa rōna o lumellane le Lentsoe la Jehova, re tla nahana hantle ’me re etse lintho ka bohlale.

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Bakreste ba pele ba ile ba lumella bohlale ba Molimo, eseng filosofi, ho bōpa monahano oa bona

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Philosophers left to right: Epicurus: Photograph taken by courtesy of the British Museum; Cicero: Reproduced from The Lives of the Twelve Caesars; Plato: Roma, Musei Capitolini

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Thapelo le ho ithuta Lentsoe la Molimo ke tsa bohlokoa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela