Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Rapela re sa Phetse?
“Rapelang le sa phetse. Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.”—1 BATHESALONIKA 5:17, 18.
1, 2. Daniele o ile a bontša joang hore o ne a nka thapelo e le ea bohlokoa, ’me seo se ile sa ama kamano ea hae le Molimo joang?
MOPROFETA DANIELE o ne a tloaetse ho rapela Molimo ka makhetlo a mararo ka letsatsi. O ne a khumama fensetereng ea kamore ea hae e marulelong e neng e shebile ka nģa ea motse oa Jerusalema, ’me a rapela. (1 Marena 8:46-49; Daniele 6:10) Esita leha taelo ea morena e ne e thibetse hore ho se ke ha rapeloa mang kapa mang haese Dariuse, morena oa Mediane, ha ho mohla Daniele a kileng a qeaqea hore na a rapele kapa a se ke a rapela. Ebang sena se ne se ka beha bophelo ba hae kotsing kapa che, monna enoa ea neng a tloaetse ho rapela o ne a ipiletsa ho Jehova a sa phetse.
2 Jehova o ne a talima Daniele joang? Ha lengeloi Gabriele le tlil’o araba e ’ngoe ea lithapelo tsa Daniele, le ile la hlalosa moprofeta eo e le “ea khahlehang haholo” kapa “ea ratoang haholo.” (Daniele 9:20-23; Bibele—Phetolelo e Ncha) Boprofeteng ba Ezekiele, Jehova o ile a re Daniele ke monna ea lokileng. (Ezekiele 14:14, 20) Bophelong bohle ba hae, ho hlakile hore lithapelo tsa Daniele li ile tsa etsa hore a be le kamano e haufi le Molimo oa hae, e leng ntlha eo Dariuse le eena a ileng a e hlokomela.—Daniele 6:16.
3. Joalokaha ho bontšitsoe phihlelong ea moromuoa e mong, thapelo e ka re thusa ho boloka botšepehi joang?
3 Ho rapela kamehla ho ka boetse ha re thusa ho tobana le liteko tse matla. Ka mohlala, nahana ka taba ea Harold King, moromuoa oa Chaena ea ileng a ahloleloa ho hlola lilemo tse hlano a le mong chankaneng. Ha a bua ka se ileng sa mo etsahalla Mor’abo rōna King o ile a re: “Ke ne nka ’na ka aroloa bathong ba bang, empa ha ho ea neng a ka nkarohanya le Molimo. . . . Kahoo, ke le pooaneng moo nka bonoang ke ba ka ’nang ba feta seleng ea ka, ke ne ke khumama seleng ea ka ka makhetlo a mararo ka letsatsi, ke rapella holimo, ke hopotse Daniele eo Bibele e buang ka eena. . . . Ho ne ho bonahala eka linakong tse joalo moea oa Molimo o tataisa kelello ea ka hore e nahane ka lintho tse molemo ka ho fetisisa ’me o bile o etsa hore ke khobe matšoafo. Thapelo e ile ea ’matlafatsa moeeng le ho ntšelisa hakaakang!”
4. Re tla hlahloba lipotso life tse amanang le thapelo sehloohong see?
4 Bibele e re: “Rapelang le sa phetse. Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.” (1 Bathesalonika 5:17, 18) Re ntse re hopotse keletso ena, a re hlahlobeng lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko lithapelo tsa rōna? Ke mabaka afe a etsang hore re rapele Jehova kamehla? ’Me re lokela ho etsa eng haeba re ikutloa re sa tšoanelehe ho rapela Molimo ka lebaka la mefokolo ea rōna?
Haha Setsoalle ka Thapelo
5. Thapelo e re thusa ho ba le botsoalle bofe bo ikhethang?
5 Na u ka rata hore Jehova a u nke u le motsoalle oa hae? O ile a bolela hore mopatriareka Abrahama ke motsoalle oa hae. (Esaia 41:8; Jakobo 2:23) Jehova o batla hore re be le kamano e joalo le eena. Ha e le hantle, o re memela ho atamela ho eena. (Jakobo 4:8) Na memo e joalo ha e etse hore re nahanisise ka tokisetso e ikhethang ea thapelo? Ho thata hakaakang ho fuoa monyetla oa ho bua le motho ea boholong pusong, re se re sa re letho ka ho ba motsoalle oa hae! Empa, ’Mōpi oa bokahohle o re khothalletsa ho mo atamela ka bolokolohi ka thapelo, neng le neng ha re batla ho mo rapela kapa ha re hloka ho mo rapela. (Pesaleme ea 37:5) Ho rapela ha rōna re sa phetse ho re thusa ho ba le botsoalle bo haufi-ufi le Jehova.
6. Mohlala oa Jesu o re ruta eng ka tlhokahalo ea ho ‘rapela re sa phetse’?
6 Leha ho le joalo, ho bonolo hakaakang ho hlokomoloha thapelo! Ho sebetsana le likhatello tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi feela ho ka etsa hore re tšoarehe hoo re ka hlōlehang ho etsa boiteko ba ho buisana le Molimo. Jesu o ile a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba ‘rapele ba sa khaotse,’ ’me le eena ka boeena o ne a etsa joalo. (Matheu 26:41) Le hoja kamehla a ne a iphumana a phathahane ho tloha hoseng ho fihlela bosiu, o ne a beheletse ka thōko nako ea ho buisana le Ntat’ae oa leholimo. Ka linako tse ling Jesu o ne a tsoha “hoseng haholo, ho sa ntse ho le lefifi,” e le hore a rapele. (Mareka 1:35) Ka makhetlo a mang, o ne a e-ea sebakeng se ka thōko qetellong ea letsatsi e le hore a ka bua le Jehova. (Matheu 14:23) Kamehla Jesu o ne a ipha nako ea ho rapela, le rōna re lokela ho etsa joalo.—1 Petrose 2:21.
7. Ke maemo afe a lokelang ho re susumelletsa ho buisana le Ntate oa rōna oa leholimo letsatsi le letsatsi?
7 Ka makhetlo a mangata letsatsi le leng le le leng re buleheloa ke menyetla e loketseng ea ho rapela boinotšing ha re thulana le mathata, ha re tobana le liteko esita le ha re etsa liqeto. (Baefese 6:18) Ha re batla tataiso ea Molimo nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang bophelong, joang kapa joang botsoalle ba rōna le eena bo tla hōla. Haeba batho ba babeli bao e leng metsoalle ba thulana le mathata ba le ’moho, na botsoalle ba bona ha bo be matla? (Liproverbia 17:17) Ho etsahala se tšoanang ha re itšetleha ka Jehova ’me re bona kamoo a re thusang kateng.—2 Likronike 14:11.
8. Ha re sheba mohlala oa Nehemia, oa Jesu le oa Anna, re ithuta’ng ka bolelele ba lithapelo tsa rōna tsa botho?
8 Re thaba hakaakang hore ebe Molimo ha a re behele meeli ea hore na re mo rapele halelele hakae kapa hangata hakae! Nehemia o ile a rapela ka potlako a khutsitse pele a etsa kōpo e matla ho morena oa Persia. (Nehemia 2:4, 5) Jesu le eena o ile a etsa thapelo e khutšoanyane ha a ne a kōpa Jehova hore a mo fe matla a ho tsosa Lazaro. (Johanne 11:41, 42) Ka lehlakoreng le leng, Anna o ile “a rapela halelele ka pel’a Jehova” ha a ne a tšollela pelo ea hae ho eena. (1 Samuele 1:12, 15, 16) Lithapelo tsa rōna tsa botho li ka ba khutšoanyane kapa tsa ba telele ho itšetlehile ka seo re se hlokang le ka maemo.
9. Ke hobane’ng ha lithapelo tsa rōna li lokela ho akarelletsa thoriso le liteboho bakeng sa lintho tsohle tseo Jehova a re etsetsang tsona?
9 Lithapelo tse ngata ka Bibeleng li bontša kananelo e tsoang pelong ka boholo ba Jehova le mesebetsi ea hae e hlollang. (Exoda 15:1-19; 1 Likronike 16:7-36; Pesaleme ea 145) Ponong, moapostola Johanne o bona baholo ba 24—e leng palo e feletseng ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba le libakeng tsa bona leholimong—ba rorisa Jehova, ba re: “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.” (Tšenolo 4:10, 11) Le rōna re na le lebaka la ho rorisa ’Mōpi kamehla. Batsoali ba thaba hakaakang ha ngoana oa bona a ba leboha ho tsoa pelong ka ntho eo ba mo etselitseng eona! Ho bontša kananelo ka liketso tse mosa tsa Jehova le ho li leboha ho tsoa pelong ke tsela e ntle ea ho ntlafatsa boleng ba lithapelo tsa rōna.
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Rapela re sa Phetse’?
10. Thapelo e phetha karolo efe ho matlafatseng tumelo ea rōna?
10 Ho rapela kamehla ke habohlokoa tumelong ea rōna. Ka mor’a ho etsa papiso e bontšang hore ho hlokahala hore ‘re rapele kamehla ’me re se ke ra tela’ Jesu o ile a botsa, a re: “Ha Mor’a motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?” (Luka 18:1-8) Thapelo e tiileng le e tsoang pelong e haha tumelo. Ha mopatriareka Abrahama a se a hōlile empa leha ho le joalo a e-s’o be le bana, o ile a bua le Molimo ka taba eo. Ha Jehova a mo araba, pele o ile a re a lelalle maholimong ’me a bale linaleli haeba a ne a ka khona ho li bala. Eaba Molimo o tiisetsa Abrahama o re: “Peō ea hao e tla ba joalo.” Liphello e ile ea e-ba life? Abrahama o ile “a beha tumelo ho Jehova; eaba o mo balla hoo e le ho loka.” (Genese 15:5, 6) Haeba re tšollela lipelo tsa rōna ho Jehova ka thapelo, re lumela litšepiso tsa hae tse ka Bibeleng, ebile re mo mamela, o tla matlafatsa tumelo ea rōna.
11. Thapelo e ka re thusa ho sebetsana le mathata joang?
11 Thapelo e ka boetse ea re thusa ho sebetsana le mathata. Na bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi bo boima e bile re kopana le maemo ao ho leng thata ho a mamella? Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.” (Pesaleme ea 55:22) Ha re tobane le liqeto tse thata, re ka etsisa mohlala oa Jesu. O ile a qeta bosiu kaofela a rapela boinotšing pele a khetha baapostola ba hae ba 12. (Luka 6:12-16) ’Me bosiung ba pele a e-shoa, Jesu o ile a rapela ka matla hoo “mofufutso oa hae [o ileng] oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.” (Luka 22:44) Phello e ile ea e-ba efe? O ile “a utluoa ka mokhoa o amohelehang ka lebaka la tšabo ea hae ea bomolimo.” (Baheberu 5:7) Ho rapela ka tieo ebile re sa phetse ho tla re thusa ho sebetsana ka katleho le maemo a sithabetsang le liteko tse boima.
12. Thapelo e bontša joang hore Jehova o amehile ka rōna re le batho ka bomong?
12 Lebaka le leng leo ka lona re ka atamelang ho Jehova ka thapelo ke hobane le eena, ka ho tšoanang, o atamela ho rōna. (Jakobo 4:8) Ha re tšollela lipelo tsa rōna ho Jehova ka thapelo, na ha re hlokomele kamoo a amehileng kateng ka lintho tseo re li hlokang le kamoo a re hlokomelang ka lerato kateng? Re bona lerato la Molimo le sebetsa ho rōna re le batho ka bomong. Jehova ha aa fa mang kapa mang tokelo ea ho mamela lithapelo tsohle tseo bahlanka ba hae ba li lebisang ho eena joaloka Ntate oa bona oa leholimo. (Pesaleme ea 66:19, 20; Luka 11:2) Ebile o re memela hore ‘re lahlele matšoenyeho ’ohle a rōna ho eena, hobane oa re tsotella.’—1 Petrose 5:6, 7.
13, 14. Re na le mabaka afe a hore re rapele re sa phetse?
13 Thapelo e ka re susumetsa hore re chesehe haholoanyane tšebeletsong ea phatlalatsa le ho re matlafatsa ha ho hloka thahasello ha batho kapa khanyetso li ka ’na tsa etsa hore re lakatse eka re ka khaotsa. (Liketso 4:23-31) Hape thapelo e ka re sireletsa khahlanong le “maqiti a Diabolose.” (Baefese 6:11, 17, 18) Ha re loanela ho thulana ka katleho le liteko tsa letsatsi le letsatsi, re ka kōpa Molimo re sa khaotse hore a re matlafatse. Thapelo ea Jesu ea mohlala e akarelletsa ho kōpa Jehova hore a “re lopolle ho ea khopo,” e leng Satane Diabolose.—Matheu 6:13.
14 Haeba re tsoela pele ho rapella thuso ea ho laola tšekamelo ea rōna ea boetsalibe, Jehova o tla re thusa. Re tšepisitsoe sena: “Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa hammoho le moleko o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho o mamella.” (1 Bakorinthe 10:13) Moapostola Pauluse ka boeena o ile a latsoa tlhokomelo ea Jehova e matlafatsang maemong a mangata a fapaneng. O ile a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:13; 2 Bakorinthe 11:23-29.
Phehellang Thapelong ho sa Tsotellehe Mefokolo
15. Ke eng se ka etsahalang haeba boitšoaro ba rōna bo hlōleha ho finyella litekanyetso tsa Molimo?
15 E le hore lithapelo tsa rōna li utluoe ka ho amohelehang, ha rea lokela ho hana keletso ea Lentsoe la Molimo. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Eng kapa eng eo re e kōpang re e amohela ho eena, hobane re boloka litaelo tsa hae ’me re etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.” (1 Johanne 3:22) Leha ho le joalo, ho ka etsahala’ng haeba boitšoaro ba rōna bo hlōleha ho finyella litekanyetso tsa Molimo? Adama le Eva ba ile ba ipata ha ba qeta ho etsa sebe tšimong ea Edene. Le rōna re ka ’na ra ikutloa re batla ho “ipatela sefahleho sa Jehova” ’me ra khaotsa ho rapela. (Genese 3:8) Klaus, eo e leng molebeli ea tsamaeang eo e leng khale a li bona o re: “Ke hlokometse hore maemong a mangata, phoso ea pele eo ba suthelang hōle le Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ba e etsang, ke ho khaotsa ho rapela.” (Baheberu 2:1) Sena ke sona se ileng sa etsahalla José Ángel. O re: “Ka lilemo tse ka bang robeli, ke ne ke rapela Jehova ka seoelo. Ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehe ho bua le eena, le hoja ke ne ke ntse ke mo nka e le Ntate oa ka oa leholimo.”
16, 17. Fana ka mohlala oa kamoo ho rapela khafetsa ho ka re thusang ho hlōla bofokoli ba moea kateng.
16 Ba bang ba rōna re ka ’na ra ikutloa re sa tšoanelehe ho rapela ka lebaka la bofokoli ba moea kapa hobane re ile ra oela phosong. Empa ha e le hantle, ena ke eona nako eo ka eona re lokelang ho rua molemo ka botlalo tokisetsong ea thapelo. Jonase o ile a balehela kabelo ea hae. Empa ‘Jonase o ile a hoeletsa ho Jehova a le mahlomoleng a hae, ’me A mo araba. Jonase a hooa ho kōpa thuso a le ka mpeng ea Sheole, ’me Jehova a utloa lentsoe la hae.’ (Jonase 2:2) Jonase o ile a rapela, Jehova a araba thapelo ea hae, ’me Jonase a hlaphoheloa moeeng.
17 José Ángel le eena o ile a rapella thuso ka tieo. Oa hopola: “Ke ile ka tšollela Molimo se ka pelong ea ka ’me ka mo kōpa hore a ntšoarele. O ile a fela a nthusa. Ha ke lumele hore nka be ke khutletse ’neteng haeba e ne e se ka thuso ea thapelo. Hona joale ke rapela khafetsa letsatsi le leng le le leng, ’me ke tjantjella hore linako tsena tsa ho rapela li fihle.” Ka linako tsohle re lokela ho ikutloa re lokolohile ho buisana le Molimo ka liphoso tsa rōna re sa pate letho ’me ka boikokobetso re kōpe hore a re tšoarele. Ha Morena Davida a ne a ipolela litlōlo tsa hae, Jehova o ile a mo tšoarela libe tsa hae. (Pesaleme ea 32:3-5) Jehova o batla ho re thusa, e seng ho re tsoa. (1 Johanne 3:19, 20) Hape lithapelo tsa banna ba hōlileng ba phutheho li ka re thusa moeeng, kaha lithapelo tsa bona li na le “matla a maholo.”—Jakobo 5:13-16.
18. Bahlanka ba Molimo ba ka kholiseha ka eng ho sa tsotellehe hore na ba khelohile ho le hokae?
18 Ke ntate ofe ea ka khesang mora oa hae eo ka boikokobetso a tlang ho eena a tlil’o kōpa thuso le keletso ha a entse phoso? Papiso ea mora ea lehlasoa e bontša hore ho sa tsotellehe hore na re khelohile ho le hokae, Ntate oa rōna oa leholimo oa thaba ha re khutlela ho eena. (Luka 15:21, 22, 32) Jehova o khothalletsa bohle ba etsang liphoso hore ba ipiletse ho eena, “etsoe o tla tšoarela ka tsela e khōlō.” (Esaia 55:6, 7) Le hoja Davida a ile a etsa libe tse ngata tse tebileng, o ile a ipiletsa ho Jehova, a re: “U mamele thapelo ea ka, Molimo; u se ke ua ipatela kōpo ea ka ea mohau.” O ile a boela a re: “Mantsiboea le hoseng le motšehare ke bontša ho tšoenyeha feela le ho lla, [Jehova] o utloa lentsoe la ka.” (Pesaleme ea 55:1, 17) Seo se khothatsa hakaakang!
19. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho phetha ka hore haeba ho bonahala lithapelo tsa rōna li sa arabeloe seo ke bopaki ba hore Molimo ha a li amohele?
19 Ho thoe’ng haeba likōpo tsa rōna tse matla li sa arabeloe kapele? Joale re lokela ho etsa bonnete ba hore likōpo tsa rōna li lumellana le thato ea Jehova ’me li etsoa ka lebitso la Jesu. (Johanne 16:23; 1 Johanne 5:14) Morutuoa Jakobo o ile a bua ka Bakreste ba bang bao lithapelo tsa bona li neng li sa arabeloe hobane ba ne ba “kōpa bakeng sa morero o fosahetseng.” (Jakobo 4:3) Ka lehlakoreng le leng, ha rea lokela ho potlakela ho phetha ka hore kamehla haeba ho bonahala lithapelo tsa rōna li sa arabeloe seo ke bopaki ba hore Molimo ha a li amohele. Ka linako tse ling Jehova o tlohella barapeli ba tšepahalang ho re ba ’ne ba rapelle taba e itseng ka nakoana pele ho hlaka hore na karabelo ea hae ke efe. Jesu o ile a re: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa.” (Matheu 7:7) Ka hona, re lokela ho ‘phehella thapelong.’—Baroma 12:12.
Rapela Kamehla
20, 21. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela re sa phetse ‘matsatsing aa a ho qetela’? (b) Re tla fumana eng haeba re atamela terone ea mosa o sa tšoanelang oa Jehova letsatsi le leng le le leng?
20 Likhatello le mathata li ntse li eketseha ‘matsatsing ana a ho qetela’ a tšoauoang ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) ’Me habonolo feela re ka iphumana re se re nahana haholo ka liteko. Leha ho le joalo, ho rapela ha rōna re sa phetse, ho tla re thusa hore bophelo ba rōna bo likolohe linthong tsa moea ho sa tsotelle mathata a re manameng, liteko le ho nyahama. Ho rapela Jehova letsatsi le leng le le leng ho ka re fa tšehetso ea bohlokoa eo re e hlokang.
21 Ha ho mohla Jehova, “Ea Utloang thapelo,” a tšoarehileng hoo a ke keng a re mamela. (Pesaleme ea 65:2) A re se keng ra tšoareha hoo re sitoang ho bua le eena. Botsoalle ba rōna le Molimo ke letlotlo la bohlokoahali leo re nang le lona. Le ka mohla a re se keng ra bo nka habobebe. “Ka hona, a re atameleng ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”—Baheberu 4:16.
U ka Araba Joang?
• Re ithuta’ng ho moprofeta Daniele ka bohlokoa ba thapelo?
• Re ka matlafatsa botsoalle ba rōna le Jehova joang?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela re sa phetse?
• Ke hobane’ng ha ho ikutloa re sa tšoanelehe ho sa lokela ho re thibela ho rapela Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Nehemia o ile a etsa thapelo e khutšoanyane, a rapella ka pelong pele a bua le morena
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Anna o ile “a rapela halelele ka pel’a Jehova”
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Jesu o ile a rapela bosiu kaofela pele a khetha baapostola ba hae ba 12
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Letsatsi lohle ho ba le menyetla ea ho rapela