Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ho kolobelletsoa bafu ho bolela’ng?
Ha moapostola Pauluse a ne a ngola ka ho tsohela leholimong, o ile a ngola temana e sa tloaelehang ka ho fetisisa. Bibeleng ea Sesotho e tloaelehileng re bala se latelang: “Ha ho se joalo, ba kolobelletsoang bafu ba ea etsa eng? Ha bafu ba fela ba sa tsohe, na ba kolobelletsoa’ng bafu?” Bibele—Phetolelo e Ncha e fetolela temana ena tjena: “Haeba ho sa be joalo, ba kolobetsoang bakeng sa bafu ba tla fumana eng? Haeba ho hang bafu ha ba na ho tsoha, ke ka baka la’ng ha ba kolobetsoa bakeng sa bafu?”—1 Bakorinthe 15:29.
Na moo Pauluse o ne a fana ka maikutlo a hore batho ba phelang ba kolobetsoe molemong oa ba ileng ba shoa ba sa kolobetsoa? Ho ka ’na ha bonahala eka liphetolelo tsena tsa Bibele le tse ling li fana ka maikutlo ana. Leha ho le joalo, ho hlahlobisisa Mangolo le Segerike sa mathomo se sebelisitsoeng ke Pauluse ho etsa hore re fihlele qeto e ’ngoe. Pauluse o ne a bolela hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba kolobelletsoa, kapa ba qoelisetsoa ho phela bophelo bo tla fella ka hore ba shoe ba tšepahala joaloka Kreste. Ka mor’a moo, ba ne ba tla tsosetsoa bophelong ba moea joaloka eena.
Mangolo a tšehetsa tlhaloso ena. Lengolong leo Pauluse a le ngoletseng Baroma o ile a re: “Ha le tsebe hore kaofela ha rōna ba ileng ba kolobetsoa ho kena ho Kreste Jesu re ile ra kolobetsoa ho kena lefung la hae?” (Baroma 6:3) Lengolong la hae le eang ho Bafilipi, Pauluse o ile a ipolela tjena: “Ke . . . ba le karolo litlhokofatsong [tsa Kreste], ke ipeha tlas’a lefu le tšoanang le la hae, ho bona haeba ka mokhoa leha e le ofe nka fihlela tsoho ea pejana bafung.” (Bafilipi 3:10, 11) Pauluse o ne a bontša hore bophelo ba molateli ea tlotsitsoeng oa Kreste bo akarelletsa hore motho a lule a tšepahala har’a liteko, a tjameloe ke lefu letsatsi le leng le le leng le hore qetellong a shoe a tšepahala, a ntoo tsohela leholimong.
Hoa hlokomeleha hore litemana tsena le tse ling tse buang ka ho toba ka lefu le ka ba kolobelitsoeng, li bua ka batho ba phelang ba neng ba se ba kolobelitsoe, eseng ka ba neng ba se ba shoele. Pauluse o ile a boela a re ho Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng: “Le ile la patoa le eena kolobetsong ea hae, ’me ka ho amana le eena le lōna le ile la tsosoa hammoho ka tumelo ea lōna tšebetsong ea Molimo, ea ileng a mo tsosa bafung.”—Bakolose 2:12.
Lentsoe la Segerike hy·perʹ, le fetoletsoeng e le “bakeng sa” kapa “molemong oa” ho 1 Bakorinthe 15:29, liphetolelong tse sa tšoaneng tsa Bibele, le ka boetse la bolela “ka morero oa.” Tumellanong le litemana tse ling tsa Bibele, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e fetolela temana ena ka nepo e re: “Ho seng joalo, ba tla etsa’ng ba ntseng ba kolobetsoa ka morero oa ho ba ba shoeleng? Haeba bafu ba ke ke ba tsosoa ho hang, ke hobane’ng ha le bona ba ntse ba kolobetsoa ka morero oa ho ba ba joalo?”