Ho Ithuta Lelapeng Labo Jesu la Lefatšeng
UTSEBA eng ka lelapa labo Jesu, batho bao a phetseng le bona ka lilemo tsa pele tse 30 lefatšeng, pele a kolobetsoa? Litlaleho tsa Likosepele li re bolella eng? Re ka ithuta eng ka ho hlahloba lelapa labo ka ho eketsehileng? U ka rua molemo likarabong tsa lipotso tsena.
Na re ka re Jesu o ile a tsoalloa lelapeng le hafang ka nkatana? Mosebetsi oa ntat’ae ea mo nketseng ka lapeng e leng Josefa, e ne e le ho betla mapolanka. Mosebetsi ona o ne o hloka ho sebetsa ka thata, hoo hangata ho neng ho akarelletsa ho rema lifate tseo ho tla etsoa mapolanka ka tsona. Ha batsoali ba Jesu ba e-ea Jerusalema hoo e ka bang matsatsi a 40 ka mor’a hore a tsoaloe, ba ile ba nyehela sehlabelo se neng se boletsoe Molaong. Na ba ile ba nyehela pheleu hammoho le leebana-khoroana le leebana joalokaha Molao o ne o bolela? Che. Ho bonahala eka ba ne ba ke ke ba khona ho fana ka linyehelo tse joalo. Leha ho le joalo, Molao o ne o entse tokisetso e itseng bakeng sa mafutsana. Tumellanong le eona, Josefa le Maria ba ile ba nyehela “maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli.” Ho khetha linonyana tsena tsa theko e tlaase ho ile ha bontša hore e ne e le lelapa la mafutsana.—Luka 2:22-24; Levitike 12:6, 8.
U ka bona hore Jesu Kreste, ’Musi oa ka moso oa batho bohle, o ile a tsoalloa har’a batho ba boemo bo tlaase, har’a ba neng ba tlameha ho sebetsa ka thata hore ba iphelise. Ha a se a hōlile e ile ea e-ba ’metli oa mapolanka, joaloka ntat’ae ea mo nketseng ka lapeng. (Matheu 13:55; Mareka 6:3) “Le hoja [Jesu] a ne a ruile” ha e ne e le sebōpuoa se matla sa moea leholimong, Bibele e bolela hore “e ile ea e-ba mofutsana” ka lebaka la rōna. Ha e le motho, o ile a ba boemong bo tlaase ’me a hōlela lelapeng la batho ba boemo bo tlaase. (2 Bakorinthe 8:9; Bafilipi 2:5-9; Baheberu 2:9) Jesu ha aa ka a tsoalloa lelapeng la barui, ’me mohlomong sena se ile sa thusa batho ba bang hore ba phutholohe ha ba e-na le eena. Ba ne ba sa tšoenngoe ke boemo ba hae. Ba ne ba ka mo nka e le oa bohlokoa ka lebaka la lithuto tsa hae, litšobotsi tsa hae tse ipiletsang le mesebetsi ea hae e hlollang. (Matheu 7:28, 29; 9:19-33; 11:28, 29) Re ka bona bohlale ba Jehova Molimo ka ho etsa hore Jesu a tsoalloe lelapeng la boemo bo tlaase.
Joale, a re tšohleng taba e mabapi le litho tsa lelapa labo Jesu ’me re bone hore na re ka ithuta eng ho tsona.
Josefa—Monna ea Lokileng
Ha Josefa a sibolla hore molebeletsuoa oa hae o imme “pele ba kopana,” e tlameha ebe o ile a ferekana hore na o khetha eng pakeng tsa ho rata Maria le ho nyonya seo ho neng ho bonahala eka ke boitšoaro bo bobe. Sena sohle se ne se bonahala se kena-kenana le tokelo ea hae e le monna ea neng a tla nyala Maria. Mehleng ea hae, mosali ea lebelelitsoeng o ne a nkoa e le mosali oa monna ea mo lebelelitseng. Ka mor’a hore Josefa a inahane ka nako e telele, o ile a etsa qeto ea ho hlala Maria ka lenyele, e le hore a ka mo qobisa ho tlepetsoa ka majoe joaloka mosali oa mofebi.—Matheu 1:18; Deuteronoma 22:23, 24.
Nakong eo, lengeloi le ile la hlaha ho Josefa ka toro ’me la re: “U se ke ua tšaba ho isa Maria mosali oa hao lapeng, etsoe se emotsoeng ka ho eena se teng ka moea o halalelang. O tla tsoala mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu, etsoe o tla pholosa batho ba habo libeng tsa bona.” Ka mor’a ho fumana taelo ena e tsoang ho Molimo, Josefa o ile a e latela eaba o isa Maria lapeng.—Matheu 1:20-24.
Qeto ena e ile ea etsa hore monna eo ea lokileng le ea tšepahalang a amehe phethahatsong ea seo Jehova a neng a ile a se bua ka moprofeta Esaia, a re: “Bonang! Ruri moroetsana o tla ima, ’me o tla tsoala mora, ’me ka sebele o tla mo reha lebitso la Emanuele.” (Esaia 7:14) Ka sebele Josefa e ne e le motho oa moea ea neng a ananela tlotla ea ho ba ntate ea tla nkela Mesia ka lapeng la hae, ho sa tsotellehe ’nete ea hore mora oa Maria oa letsibolo e ne e ke ke ea e-ba oa hae.
Josefa ha aa ka a kopanela liphate le Maria ho fihlela a belehile mora oa hae. (Matheu 1:25) Ho banyalani bana ba bacha, ho se kopanele liphate e ne e ka ’na ea e-ba bothata, empa ho hlakile hore ba ne ba sa batle hore ho be le pherekano ea hore na ke mang eo e hlileng e leng Ntate oa lesea lena. See ke mohlala o motle hakaakang oa boitšoaro! Josefa o ne a etsa hore lintho tsa moea li tle pele ho litakatso tsa hae tsa tlhaho.
Ka makhetlo a mane, lengeloi le ile la tataisa Josefa hore na a hōlise joang mora oa hae eo a mo nketseng ka lapeng la hae. Makhetlo a mararo ho ana a ne a le mabapi le hore na a hōlisetse moshemane enoa hokae. Ho ne ho hlokahala hore Josefa a potlakele ho etsa seo a se laeloang molemong oa ho pholosa ngoana enoa. Liketsahalong tsena kaofela, Josefa o ile a nka bohato ka potlako, a isa ngoana Egepeta ’me hamorao a mo khutlisetsa Iseraele. Sena se ile sa sireletsa Jesu ha Heroda a ne a bolaea masea ka sehlōhō. Ntle ho moo, ho mamela ha Josefa ho ile ha fella ka hore boprofeta bo mabapi le Mesia bo phethahale.—Matheu 2:13-23.
Josefa o ile a ruta Jesu mosebetsi e le hore a ka iphelisa. Kahoo, Jesu o ne a sa tsejoe feela ka hore ke “mora oa ’metli oa mapolanka,” empa o ne a boetse a tsejoa e le “’metli oa mapolanka.” (Matheu 13:55; Mareka 6:3) Moapostola Pauluse o ile a ngola hore Jesu o ile a ‘lekoa ka litsela tsohle joaloka rōna.’ Ho hlakile hore sena se ne se akarelletsa ho sebetsa ka thata hore a thuse ho hlokomela lelapa.—Baheberu 4:15.
Qetellong, tlalehong ea ho qetela eo ho buuoang ka Josefa ho eona ka Mangolong a Segerike a Bakreste, re bona bopaki ba hore o ne a inehetse borapeling ba ’nete. Josefa o ne a e-ea Pasekeng le lelapa la hae Jerusalema. Ke batho ba batona feela ba neng ba tlameha ho ba teng pasekeng, empa Josefa o ne a tloaetse ho tsamaea le lelapa la hae “selemo le selemo” ha a e-ea Jerusalema. O ne a itela haholo hobane ba ne ba tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse 100 ho tloha Nazaretha ho ea Jerusalema. Leha ho le joalo, ketsahalong ena e tlalehiloeng ka Mangolong, Jesu o ile a arohana le sehlopha sa habo. O ile a fumanoa tempeleng, a ntse a mametse mesuoe ea Molao a bile a e botsa lipotso. Le hoja Jesu a ne a le lilemo li 12 feela, o ile a bonahatsa bohlale bo boholo le tsebo ea Lentsoe la Molimo. Ketsahalo ena e re bontša hore e tlameha ebe batsoali ba Jesu ba ne ba mo rutile hantle, ba mo hōliselitse hore e be moshemane ea sekametseng linthong tsa moea. (Luka 2:41-50) Kamoo ho bonahalang kateng, Josefa o ile a shoa neng-neng ka mor’a mona, kaha Mangolo ha a sa bua ka eena litlalehong tse latelang.
Ha ho pelaelo hore Josefa e ne e le monna ea lokileng ea neng a hlokomela lelapa la hae hantle, moeeng le nameng. Na uena, joaloka Josefa, u etelletsa pele lintho tsa moea bophelong ba hao ha u lemoha hore na Molimo o rata ha re etsa eng kajeno? (1 Timothea 2:4, 5) Na u chesehela ho mamela seo Molimo a se buang ka Lentsoeng la hae, kahoo u bontša hore u ikokobelitse joaloka Josefa? Na u ruta bana ba hao e le hore ba ka qoqa le batho ba bang ka lintho tsa moea tse utloahalang?
Maria—Mohlanka oa Molimo ea se Nang Boikhabi
Maria, ’mè oa Jesu, e ne e le mohlanka ea khabane oa Molimo. Ha lengeloi Gabriele le ne le mo tsebisa hore o tla beleha, o ile a makala. Kaha e ne e le moroetsana, o ne a e-s’o “kopanele liphate le monna.” Ha a utloa hore o ne a tla emolisoa ke moea o halalelang, ka boikokobetso o ile a amohela molaetsa oo a re: “Bona! Lekhabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.” (Luka 1:30-38) O ile a nka monyetla ona o khethehileng oa moea e le oa bohlokoa haholo hoo a ileng a ikemisetsa ho mamella bothata leha e le bofe bo neng bo ka ’na ba tlisoa ke qeto ena ea hae.
Ha ho pelaelo hore, ha a amohela taelo ena, bophelo bohle ba hae e le mosali bo ile fa fetoha. Ha a ne a ile Jerusalema ho ea itlhoekisa, monna-moholo e mong ea nang le tlhompho ea borapeli ea bitsoang Simeone o ile a re ho eena: “Sabole e telele e tla phunyeletsoa moeeng oa hao.” (Luka 2:25-35) Ho hlakile hore o ne a bolela kamoo Maria a neng a tla ikutloa kateng ha a bona batho ba bangata ba sa amohele Jesu ’me qetellong a khokhotheloa thupeng ea tlhokofatso.
Ha Jesu a ntse a hōla, Maria o ile a lula a hopotse lintho tse etsahetseng bophelong ba Jesu, a “nahanisisa ka pelong ea hae.” (Luka 2:19, 51) Joaloka Josefa, e ne e le motho oa moea ’me a nka liketsahalo le lipolelo tse phethahatsang boprofeta e le tsa bohlokoa. E tlameha ebe seo lengeloi Gabriele le ileng la mo bolella sona se ile sa lula kelellong ea hae: “O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Ha ho pelaelo hore o ne a nka tlotla ea ho ba ’mè oa Mesia e le ea bohlokoa.
Ho bontša hore Maria e ne e le motho oa moea ho ile ha totobala hape ha a ne a teana le Elizabetha, mong ka eena eo le eena a neng a imme ka mohlolo. Ha Maria a bona Elizabetha, o ile a roka Jehova, a senola hore o rata Lentsoe la Molimo. O ile a bua ka mokhoa o sa tobang ka thapelo ea Anna e tlalehiloeng ho 1 Samuele khaolo ea 2 a ba a akarelletsa le lintlha tse tsoang libukeng tse ling tsa Mangolo a Seheberu. Tsebo e joalo ea Mangolo e ile ea bontša hore o ne a tšoaneleha hore e ka ba ’mè ea lerato, ea nang le boitelo le ea tšabang Molimo. O ne a tla sebelisana le Josefa ha ba hōlisa mora oa hae moeeng.—Genese 30:13; 1 Samuele 2:1-10; Malakia 3:12; Luka 1:46-55.
Maria o ne a e-na le tumelo e matla ea hore mora oa hae ke Mesia, ’me e ile ea tsoela pele le ka mor’a lefu la Jesu. Nakoana ka mor’a tsoho ea Jesu, o ne a le teng har’a barutuoa ba tšepahalang ba ileng ba kopana bakeng sa ho rapela hammoho le baapostola. (Liketso 1:13, 14) O ile a lula a tšepahala ho sa tsotellehe hore o ile a tlameha ho mamella bohloko bo otlang pelo ba ho bona ha mora oa hae ea ratoang a e-shoa thupeng ea tlhokofatso.
U ka rua molemo joang ka ho ithuta ka bophelo ba Maria? Na u amohela tlotla ea ho sebeletsa Molimo ho sa tsotellehe boitelo bo hlokahalang? Na u amehile ka hore na tlotla ee e bohlokoa hakae kajeno? Na u lula u nahana ka seo Jesu a ileng a se bolela e sa le pele ebe u se bapisa le se etsahalang kajeno, ‘u se nahanisisa ka pelong ea hao’? (Matheu, khaolo ea 24 le ea 25; Mareka, khaolo ea 13; Luka, khaolo ea 21) Na u etsisa Maria ka ho tseba Lentsoe la Molimo hantle, u le sebelisa kamehla meqoqong ea hao? Na u tla ’ne u lumele ho Jesu ho sa tsotellehe bohloko bo boholo ba maikutlo boo u ka ’nang ua bo utloa ka lebaka la ho ba molateli oa hae?
Barab’abo Jesu ba Bontšitse Hore Phetoho ea Khoneha
Ho bonahala eka barab’abo Jesu ha baa ka ba lumela ho eena pele ho lefu la hae. Mohlomong lena ke lona lebaka le ileng la etsa hore ba be sieo ha a shoella thupeng ea tlhokofatso le leo ka lona a ileng a fa moapostola Johanne boikarabelo ba ho hlokomela ’m’ae. Litho tsa lelapa labo Jesu li ile tsa bontša hore ha li mo hlomphe, ka lekhetlo le leng li ile tsa ba tsa bolela hore Jesu “o lahlehetsoe ke kelello.” (Mareka 3:21) Kaha litho tse ling tsa lelapa labo Jesu e ne e se balumeli, malapeng ao ho ’ona ho nang le batho ba sa lumelang kajeno, ba lumelang ba ka kholiseha hore Jesu oa utloisisa hore na ba ikutloa joang ha beng ka bona ba ba soma ka lebaka la tumelo ea bona.
Leha ho le joalo, ho bonahala eka ka mor’a tsoho ea Jesu, barab’abo ba ile ba qala ho lumela ho eena. Ba ne ba le teng sehlopheng se ileng sa kopana Jerusalema pele ho Pentekonta ea 33 C.E. ’me ba rapela ka tieo le baapostola. (Liketso 1:14) Ho hlakile hore ho tsoha ha Jesu ho ile ha ba susumelletsa hore ba fetole lipelo tsa bona, hoo e ileng ea e-ba barutuoa ba hae. Le ka mohla ha rea lokela ho tela ha beng ka rōna e se balumeli-’moho le rōna.
Ho latela Mangolo, Jakobo, mor’abo Jesu ka ’m’a bona, eo Jesu a ileng a itlhahisa ho eena, o bile le karolo ea bohlokoa haholo ka phuthehong ea Bokreste. O ile a ngolla Bakreste-’moho le eena lengolo le bululetsoeng ke Molimo, a ba khothatsa hore ba boloke tumelo ea bona. (Liketso 15:6-29; 1 Bakorinthe 15:7; Bagalata 1:18, 19; 2:9; Jakobo 1:1) Juda, mora e mong oabo Jesu ka ’m’a bona, o ile a ngola lengolo le khothatsang balumeli-’moho le eena hore ba loane ntoa e thata bakeng sa tumelo. (Juda 1) Ke ho thahasellisang hore Jakobo le Juda Mangolong a bona, ha baa ka ba bolela hore na ba amana joang le Jesu e le hore ba kholise Bakreste-’moho le bona. Ke thuto ea bohlokoa hakaakang ea boinyenyefatso eo re ka ithutang eona ho bona!
Kahoo, ke lintho life tse ling tseo re ithutang tsona ho ba lelapa labo Jesu? Ka sebele, ke lintho tse re rutang boinehelo bo ka bontšoang ka litsela tse kang tsena: (1) Ikokobelletse ka botšepehi thato ea Molimo e boletsoeng ka ho hlaka ’me u jare liteko tsohle tse hlahisoang ke ho etsa seo. (2) Etelletsa lintho tsa moea pele, esita le haeba seo se bolela ho itela. (3) Ruta bana ba hao tumellanong le Mangolo. (4) U se ke ua tela ha beng ka uena e se balumeli-’moho le uena. (5) U se ke ua ikhantša ka kamano efe kapa efe eo e ka ’nang eaba u na le eona le ba hlahelletseng ka phuthehong ea Bokreste. E, ho ithuta ka lelapa labo Jesu la lefatšeng ho re atametsa ho eena ’me ho etsa hore re lebohe Jehova haholo hore ebe o ile a khetha lelapa la boemo bo tlaase hore le hōlise Jesu bongoaneng ba hae.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Josefa o ile a nyala Maria eaba o ameha phethahatsong ea boprofeta bo mabapi le Mesia
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Josefa le Maria ba ile ba ruta bana ba bona lintho tsa bohlokoa tsa moea le kamoo mosebetsi o leng bohlokoa kateng
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Le hoja barab’abo Jesu ba ne ba hōliselitsoe lelapeng le neng le sekametse linthong tsa moea, ha baa ka ba lumela ho eena pele ho lefu la hae
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
Jakobo le Juda, barab’abo Jesu ka ’m’a bona, ba ile ba khothatsa Bakreste-’moho le bona