Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 12/15 maq. 9-13
  • Ba Ile ba Batla Tsela e Patisaneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Batla Tsela e Patisaneng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba ne ba Furalla Pefo ba Bile ba Hana ho Sekisetsa
  • Thuso ea ho Utloisisa Liketsahalo Tsa Nakong e Fetileng
  • Bonngoe bo Fella ka Karohano
  • Ho Bua ka Sebete le ho Hlorisoa
  • Ke ne ke Khopisoa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Eona
    Tsoha!: Ke ne ke Khopisoa ke Tsela eo Batho ba Bang ba Aparang le ho Itokisa ka Eona
  • “Bara ba Motho ba Poland”—Ke Hobane’ng ha ba Ile ba Hlorisoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Na ke Liphathi Tsohle Tse Thabisang Molimo?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Mawaldense ho Tloha Bokhelohing ho ea Boprostanteng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 12/15 maq. 9-13

Ba Ile ba Batla Tsela e Patisaneng

HOO e ka bang lilemong tse fetileng tse 550, lihlotšoana tsa batho ba ipitsang Bakreste ba neng ba lula Prague, Chelčice, Vilémov, Klatovy le metseng e meng ea moo e leng Rephabliki ea Czech hona joale, ba ile ba siea mahae a bona. Ba ile ba lula haufi le motse oa Kunwald, phuleng e ’ngoe ka leboea-bochabela Bohemia, moo ba ileng ba haha matlo a manyenyane, ba lema masimo, ba bala Bibele ’me ba ipitsa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho kapa Unitas Fratrum ka Selatine.

Bajaki bana ba ne ba akarelletsa batho ba limelo tse sa tšoaneng. E ne e le batho ba boemo bo tlaase, ba boemo bo phahameng, liithuti tsa univesithi, barui le mafutsana, banna le basali, bahlolohali le likhutsana, ’me kaofela ba ne ba e-na le sepheo se tšoanang. Ba ile ba ngola ba re: “Re ile ra rapela Molimo ka Boeena, ’me ra Mo kōpa ka tieo hore A re senolele thato ea Hae e mosa linthong tsohle. Re ne re batla ho tsamaea litseleng tsa Hae.” Ha ho pelaelo hore Mokhatlo ona oa Bonngoe ba Bara ba Motho, kapa Bara ba Motho ba Maczech, e leng tsela eo sehlopha sena sa bolumeli se ileng tsa tsejoa ka eona hamorao, ba ile ba batla ‘tsela e patisaneng e isang bophelong.’ (Matheu 7:13, 14) Ke linnete life tsa Bibele tseo ba ileng ba li fumana ha ba ntse ba etsa lipatlisiso? Lintho tseo ba neng ba li lumela li ne li fapana joang le tse neng li amoheleha mehleng eo, hona re ka ithuta eng ho bona?

Ba ne ba Furalla Pefo ba Bile ba Hana ho Sekisetsa

Bohareng ba lekholo la bo15 la lilemo mekhatlo e mengata ea bolumeli e ile ea kenya letsoho ho thehoeng ha Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho. O mong e ne e le oa Mawaldense, e leng mokhatlo o bileng teng morao

koana lekholong la bo12 la lilemo. Qalong, Mawaldense a ile a ikhula Roma e K’hatholike, eo e neng e le bolumeli ba Naha Europe Bohareng. Leha ho le joalo, hamorao a ile a khutlela lithutong tsa K’hatholike empa e se ka ho feletseng. Sehlopha se seng se matla e ne e le sa Mahus, balateli ba Jan Hus. Karolo e khōlō ea baahi ba Czech e ne e le batho ba bolumeli bona, empa ho hang ba ne ba se bonngoeng. Karolo e ’ngoe e ne e tseka litaba tsa kahisano, ha e ’ngoe e ne e sebelisa bolumeli ho ntšetsa pele merero ea lipolotiki. Litho tsa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho li ne li boetse li susumetsoa ke lihlopha tse neng li lumela pusong ea lilemo tse sekete hammoho le litsebi tsa Bibele tsa habo tsona le tsa linaheng lisele.

Peter Chelčický (oa hoo e ka bang ka 1390 ho ea ho hoo e ka bang ka 1460), eo e neng e le setsebi sa Bibele sa Moczech ebile e le raliphetoho, o ne a tseba lithuto tsa Mawaldense le Mahus. O ile a tlohela Mahus kahobane mokhatlo oa bona o ne o qalile ho ba mabifi, ’me o ile a furalla Mawaldense ka lebaka la ho sekisetsa ha ’ona. O ile a nyatsa ntoa a bolela hore ha e lumellane le Bokreste. O ne a utloisisa hore Mokreste o lokela ho laoloa ke “molao oa Kreste,” ho sa tsotellehe hore na phello e tla ba efe. (Bagalata 6:2; Matheu 22:37-39) Ka 1440, Chelčický o ile a ngola lithuto tsa hae bukeng e bitsoang Net of the Faith.

Gregory oa Prague, ea phetseng mehleng ea setsebi Chelčický, empa a ne a le monyenyane ho sona, o ile a khahloa haholo ke lithuto tsa Chelčický hoo a ileng a ikhula mokhatlong oa Mahus. Ka 1458, Gregory o ile a khothalletsa lihlopha tse nyenyane tsa bao e neng e le Mahus hore li siee mahae a tsona libakeng tse fapa-fapaneng tsa Czechia. Ba ne ba le har’a ba ileng ba ea le eena motseng oa Kunwald, moo ba ileng ba theha sehlopha se secha sa bolumeli. Hamorao, lihlopha tsa Mawaldense a Maczech le a Majeremane li ile tsa ikopanya le bona moo.

Thuso ea ho Utloisisa Liketsahalo Tsa Nakong e Fetileng

Ho tloha ka 1464 ho fihlela ka 1467, sehlopha sena se secha empa e le se hōlang se ile sa tšoara liboka tse ngata tikolohong ea Kunwald sa ba sa amohela liqeto tse ngata tse neng li hlalosa mokhatlo oa sona o mocha oa bolumeli. Liqeto tsohle li ile tsa tlalehoa ka hloko letotong la libuka tseo hona joale li bitsoang Acta Unitatis Fratrum (Liketso Tsa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho), tse ntseng li le teng le hona joale. Acta ke thuso ea ho utloisisa liketsahalo tsa nakong e fetileng, e bontša ka ho hlaka seo litho tsa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho li neng li se lumela. Libuka tsena li na le mangolo, lipuo tse hatisitsoeng haesita le makolopetso a liphehisano tsa bona.

Mabapi le lintho tseo Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho o neng o li lumela, Acta e re: “Re entse qeto ea hore tsamaiso ea rōna e tla thehoa feela ho Baleng Bibele le mehlaleng ea Morena oa rōna le baapostola ba halalelang, sena re se etsa ka ho thuisa, boikokobetso le ho mamella, ho rata lira tsa rōna, ho li etsa hantle le ho li lakaletsa botle re bile re li rapella.” Libuka tsena li bontša hore qalong litho tsa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho li ne li bolela litaba tse molemo. Li ne li tsamaea ka bobeli, ’me ho bonahala basali e ne e le baromuoa ba atlehang metseng ea habo bona. Litho tsa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho li ne li sa amohele litulo pusong, li sa nke likano, li sa ikamahanye le mesebetsi ea sesole, ebile li sa nke lihlomo.

Bonngoe bo Fella ka Karohano

Leha ho le joalo, ka mor’a mashome a lilemo, Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho o ile oa hlōleha ho phelela lebitso la oona. Liphehisano tsa hore na ha e le hantle lintho tseo ba neng ba li lumela li lokela ho phethahatsoa joang, li ile tsa baka likarohano. Ka 1494 Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho o ile oa aroha lihlopha tse peli, ea e-ba Mokha o Moholo le Mokha o Monyenyane. Le hoja Mokha o Moholo o ile oa bebofatsa tumelo ea oona ea pele, Mokha o Monyenyane o ile oa ruta hore litho tsa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho li lokela ho ema li tiile khahlanong le lipolotiki le lefatše.—Bona Lebokose le nang le sehlooho se reng “Ho Thoe’ng ka Mokha o Moholo?”

Ka mohlala, setho se seng sa Mokha o Monyenyane se ile sa ngola sa re: “Batho ba tsamaeang litseleng tse peli ha ba na bonnete ba hore ba tla tsamaea le Molimo, kaha ke ka seoelo ebile e le linthong tse nyenyane feela moo ba ikemiselitseng ho itela le ho ikokobelletsa Eena, athe linthong tse khōlō teng ba iketsetsa borata. . . . Re labalabela ho ba har’a batho ba nang le likelello tse tsitsitseng le ba nang le letsoalo le letle—bao letsatsi le leng le le leng ba latelang Morena Kreste tseleng e patisaneng ba nkile lifapano tsa bona.”

Litho tsa Mokha o Monyenyane li ne li nka moea o halalelang e le matla a sebetsang a Molimo, “monoana” oa hae. Ba ne ba utloisisa hore thekollo e entsoeng ke Jesu e bolela hore motho ea phethahetseng Jesu, o ile a lefella ka bophelo ba hae ba lefatšeng se ileng sa lahloa ke moetsalibe Adama. Ba ne ba sa rapele Maria, ’mè oa Jesu. Ba ile ba tsosolosa thuto ea hore balumeli bohle ke baprista ntle le hore ba nke kano ea bosoha. Ba ne ba khothalletsa hore litho tsohle tsa phutheho li bolele phatlalatsa ’me ba ne ba leleka baetsalibe ba sa bakeng. Ba ne ba ikarola ka ho feletseng mesebetsing ea sesole le ea lipolotiki. (Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Se Neng se Lumeloa ke Mokha o Monyenyane oa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho.”) Kaha Mokha o Monyenyane o ne o khomarela liqeto tse ngotsoeng ho Acta, o ne o nka hore ke oona oo kannete e leng mohlahlami oa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho oa pele.

Ho Bua ka Sebete le ho Hlorisoa

Mokha o Monyenyane ka sebete o ne o nyatsa malumeli a mang, ho akarelletsa le Mokha o Moholo. Litho tsa mokha ona li ile tsa ngola se latelang ka malumeli ao: “Le ruta hore bana ba banyenyane ba se nang tumelo ba kolobetsoe, ’me ho sena le etsisa se ileng sa thehoa ke mobishopo e mong ea bitsoang Dionysius, eo ka lebaka la ho hlohlelletsoa ke batho ba bang ba seng bohlale a ileng a khothalletsa ho kolobetsoa ha masea . . . Thuto ena e lumeloa ke mesuoe eohle le lingaka, Luther, Melanchthon, Bucerus, Korvín, Jiles, Bullinger, . . . Mokha o Moholo, kaofela ba momahane.”

Ha ho makatse hore ebe Mokha o Monyenyane o ile oa hlorisoa. Ka 1524 e mong oa baeta-pele ba oona, e leng Jan Kalenec, o ile a shapuoa a ba a tlaboloa. Hamorao litho tse tharo tsa Mokha o Monyenyane li ile tsa chesetsoa thupeng. Ho bonahala Mokha o Monyenyane o ile oa fela hoo e ka bang ka 1550, ka mor’a lefu la moeta-pele oa oona oa ho qetela.

Leha ho le joalo, balumeli ba Mokha o Monyenyane ba ile ba e-ba le tšusumetso bolumeling ba Europe ea boholo-holo. Ke ’nete hore kaha “tsebo ea ’nete” e ne e e-s’o ate mehleng ea Mokha o Monyenyane, ha oa ka oa atleha ho leleka lefifi la moea leo e neng e le khale le le teng. (Daniele 12:4) Leha ho le joalo, takatso ea bona e matla ea ho batla tsela e patisaneng le ho e latela ho sa tsotellehe khanyetso, ke ntho eo Bakreste ba lokelang ho e ela hloko kajeno.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Ho boleloa hore libuka tse 50 ho tse 60 tsa Sebohemia (Seczech) tse hatisitsoeng ho tloha ka 1500 ho ea ho 1510 li ne li ngotsoe ke litho tsa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho

[Lebokose le leqepheng la 11]

Ho Thoe’ng ka Mokha o Moholo?

Qetellong ho ile ha etsahala eng ka Mokha o Moholo? Ka mor’a hore Mokha o Monyenyane o nyamele, Mokha o Moholo o ile oa tsoela pele e le mokhatlo oa bolumeli, o ntse o tsejoa e le Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho. Qetellong, sehlopha sena se ile sa fetola lintho tseo mokhatlo ona o neng o li lumela qalong. Qetellong ea lekholo la bo16 la lilemo, Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho o ile oa etsa selekane le Mautraquista a Czech, ao hantle-ntle e neng e le Malutere. Leha ho le joalo, litho tsa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho li ile tsa lula li le mafolofolo, li fetolela le ho hatisa Bibele hammoho le lingoliloeng tse ling tsa bolumeli. Hoa thahasellisa hore ebe leqepheng la pele la libuka tsa bona tsa pele ho ngotsoe Tetragrammaton, e leng kamoo litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo li tsejoang kateng.

Ka 1620, ’muso oa Czech o ile oa khutlisetsoa ka likhoka taolong ea Roma e K’hatholike. Ka lebaka leo, litho tse ngata tsa Mokha o Moholo oa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho li ile tsa tsoa ka hare ho naha eaba li tsoela pele ka mesebetsi ea tsona linaheng tse ling. Hamorao ha sehlopha sena se se se le linaheng tse ling, se ile sa tsejoa e le Kereke ea Moravia (Moravia ke karolo ea linaha tsa Czech), e ntseng e le teng le hona joale.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le tsoa lentsoeng la Selatine utraque, le bolelang “e ’ngoe le e ’ngoe ho tse peli.” Ho fapana le baprista ba Roma e K’hatholike, ba neng ba hanela batho feela ho noa veine nakong ea Selallo, Mautraquist (lihlopha tse fapa-fapaneng tsa Mahus) a ne a fana ka bohobe le veine.

[Lebokose le leqepheng la 12]

Se Neng se Lumeloa ke Mokha o Monyenyane oa Mokhatlo oa Bonngoe ba Bara ba Motho

Likarolo tse latelang tse qotsitsoeng ho Acta Unitatis Fratrum ea ho tloha lekholong la bo15 le la bo16 la lilemo li bontša tse ling tsa lintho tse neng li lumeloa ke Mokha o Monyenyane. Lipolelo tsena tse ngotsoeng ke baeta-pele ba Mokha o Monyenyane, li tobisitsoe ka ho khetheha ho Mokha o Moholo.

Boraro-bo-bong: “Ha u sheba Bibeleng kaofela, u ke ke ua fumana moo Molimo a arotsoeng e le Boraro-bo-bong, batho ba bararo ba nang le mabitso, kamoo batho ba ileng ba nahana kateng.”

Moea o Halalelang: “Moea o halalelang ke monoana oa Molimo le mpho ea Molimo, kapa motšelisi, kapa Matla a Molimo, ao Ntate a a fang balumeli ka Kreste. Mangolong a Halalelang ha ho moo re fumanang hore moea o halalelang o lokela ho bitsoa Molimo kapa Motho, esita le lithuto tsa baapostola ha li bontše seo.”

Boprista: “Ka bohata ba u fa tlotla ea “moprista”; haeba u sa beola bohareng ba hlooho u bile u se na moriana o tlolang, ha ho moo u fapaneng teng le batho feela ba bangata. Mohalaleli Petrose o batla hore Bakreste bohle e be baprista, o re: Le boprista bo halalelang bo nyehelang mahlabelo a moea. (1 Petrose 2)”

Kolobetso: “Morena Kreste o ile a re ho baapostola ba hae: E-eang le lefatše lohle, le bolelle lefatše lohle Kosepele, le bolelle ba tla lumela. (Mareka, khaolo ea 16) ’Me ba tla pholosoa feela ka mor’a ho etsa sena le ka mor’a ho kolobetsoa. ’Me le ruta hore bana ba se nang tumelo ba kolobetsoe.”

Ho se Jele Paate: “Seo barab’abo lōna ba nakong e fetileng ba neng ba nka hore se sebe ebile ha sea hloeka, e leng ho kenela sesole le ho bolaea kapa ho tsamaea litseleng motho a jere lihlomo, le nka hore lintho tsena kaofela li lokile . . . Kahoo re nahana hore lōna, hammoho le mesuoe e meng, le sheba mantsoe a boprofeta ka mahlo a lerootho ha a re: Kahoo o felisitse matla a liqha, lithebe le lisabole le ntoa. (Pesaleme ea 75 [Pesaleme ea 76 ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Hape: Ba ke ke ba utloisa bohloko kapa hona ho senya thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše la Morena le tla tlala tsebo ea Molimo, le tse ling tse joalo. (Esaia, khaolo ea 11).”

Boboleli: “Re tseba hantle hore, qalong, basali ba atlehile ho feta baprista bohle hammoho le babishopo ho thusa batho ba eketsehileng hore ba bake. ’Me hona joale baprista ba lutse ba khatholohile libakeng tsa bona tseo ba li filoeng ke kereke. Sena ke phoso e khōlō hakaakang! E-eang le lefatše lohle. Bolelang . . . lefatšeng lohle.”

[Limmapa tse leqepheng la 10]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

JEREMANE

POLAND

REPHABLIKI EA CZECH

BOHEMIA

Nōka ea Elbe

PRAGUE

Nōka ea Vltava

Klatovy

Chelčice

Kunwald

Vilémov

MORAVIA

Nōka ea Danube

[Litšoantšo tse leqepheng la 10, 11]

Ka ho le letšehali: Peter Chelčický; tlaase: leqephe le tsoang ho “Net of the Faith”

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Gregory oa Prague

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

All images: S laskavým svolením knihovny Národního muzea v Praze, C̆esko

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela