Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 12/15 maq. 14-19
  • Hona Joale ho Potlakile Haholo Hore re Lebele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hona Joale ho Potlakile Haholo Hore re Lebele
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Lemosoa ka “Lintho Tse E-s’o Bonoe”
  • Ho Kopanela Liphate ho Litšila Hoa Ata
  • Lefatše le ‘Tlala Pefo’
  • Ho Boleloa Molaetsa
  • Ho Pholoha ba Fokolang Feela ka Palo
  • “Le Lule le Lebetse”
  • Na u Ahlola Lefatše ka Tumelo ea Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Molimo o Ile a Pholosa Noe ka Lebaka Lefe?—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hore re Tsebe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Topollo e Haufi Bakeng sa Batho ba Boinehelo ba Bomolimo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tumelo ea Noe e Ahlola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 12/15 maq. 14-19

Hona Joale ho Potlakile Haholo Hore re Lebele

“Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.”—MATHEU 24:42.

1, 2. Ke eng se bontšang hore re phela qetellong ea tsamaiso ea hona joale ea lintho?

MONGOLI Bill Emmott o re: “Lekholo la mashome a mabeli la lilemo le ile la angoa haholo ke lintoa ho feta eng kapa eng.” Le hoja a ntse a lumela hore historing eohle ea motho ho ’nile ha e-ba le liketsahalo tse bohloko tsa lintoa le pefo, o eketsa ka ho re: “Lekholo la mashome a mabeli la lilemo le bile le lintoa le pefo joaloka makholo a fetileng a lilemo, empa lintoa tsa lona le pefo li bile mpe haholo. Ebile lona lekholo la pele la lilemo leo ho lona ho ileng ha e-ba le ntoa ea sebele e ileng ea akaretsa lefatše . . . ’Me, joalokaha eka ho ne ho totobatsoa taba ena hantle, ntoa eo ha ea ka ea e-ba ’ngoe feela, empa li bile peli.”

2 Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le lintoa tseo ho tsona ‘sechaba se neng se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tsohele ’muso matla.’ Leha ho le joalo, lintoa tsena ke karolo e le ’ngoe feela ea ‘pontšo ea ho ba teng ha Kreste le ea qetello ea tsamaiso ea lintho.’ Boprofeteng bona bo boholo, Jesu o ile a boela a bua ka litlala tsa sekoboto, mafu a seoa le litšisinyeho tsa lefatše. (Matheu 24:3, 7, 8; Luka 21:6, 7, 10, 11) Mahlomola ana a totile ka litsela tse ngata. Bobe ba motho bo atile, joalokaha ho bonahala ka tsela eo a ikutloang ka eona ka Molimo le ka batho ba bang. Boitšoaro bo senyehileng le keketseho ea tlōlo ea molao le pefo li totobetse. Batho e se e le ba ratang chelete ho e-na le ho rata Molimo, ba tšoarehile ka menate. Lintho tsena tsohle li paka hore re phela ‘linakong tse mahlonoko.’—2 Timothea 3:1-5.

3. “Lipontšo tsa linako” li lokela ho re ama joang?

3 Maikutlo a hao ke afe ka mekhoa ea batho e ntseng e senyeha ho ea pele? Batho ba bangata baa iphapanya ba bile ba ithatafatsa lipelo, ha ba bona liketsahalo tse sithabetsang tsa letsatsi ka leng. Batho ba lefatše ba nang le tšusumetso le ba bohlale ha ba lemohe se boleloang ke “lipontšo tsa linako,” baeta-pele ba bolumeli le bona ha baa fana ka tataiso e nepahetseng tabeng ena. (Matheu 16:1-3) Empa Jesu o ile a lemosa balateli ba hae a re: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.” (Matheu 24:42) Mona Jesu ha a re khothalletse feela hore re lebele, empa o re khothalletsa hore re ‘lule re lebetse.’ E le hore re lule re lebetse, re lokela ho lula re falimehile ’me re hlaphohetsoe likelellong. Sena hase hloke feela ho lumela hore re phela matsatsing a ho qetela, hase hloke feela ho hlokomela hore mehla e thata. Re lokela ho kholiseha ka tieo hore “bofelo ba lintho tsohle bo atametse.” (1 Petrose 4:7) Sena ke sona feela se ka etsang hore re lebele re utloisisa hore metsotso e jele babeli. Kahoo, potso eo re lokelang ho nahana ka eona ke ena: ‘Ke eng e tla re thusa hore re matlafatse kholiseho ea rōna ea hore bofelo bo haufi?’

4, 5. (a) Ke eng e tla matlafatsa kholiseho ea rōna ea hore qetello ea tsamaiso ena e khopo e haufi, hona hobane’ng? (b) Ke nthong efe moo ho nang le ho tšoana pakeng tsa matsatsi a Noe le ho ba teng ha Mor’a motho?

4 Nahana ka maemo a neng a atile nakoana pele ho Moroallo o moholo oa matsatsing a Noe, oo e leng ketsahalo e ikhethang historing ea batho. Batho ba ne ba le khopo hoo Jehova a ileng a ‘utloa pelo ea hae e le bohloko.’ O ile a re: “Ke tla felisa batho bao ke ba bōpileng holim’a lefatše.” (Genese 6:6, 7) ’Me o ile a fela a etsa joalo. Ha Jesu a ne a bontša kamoo matsatsi ao a tšoanang le a rōna kateng, o ile a re: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.”—Matheu 24:37.

5 Hoa utloahala ho lumela hore tsela eo Jehova a ikutloang ka eona ka lefatše la hona joale e tšoana le eo a ileng a ikutloa ka eona ka lefatše la pele ho Moroallo. Kaha o ile a felisa lefatše le sa tšabeng Molimo la matsatsing a Noe, ka sebele o tla timetsa lefatše le khopo la kajeno. Ho ba le kutloisiso e hlakileng ea ho tšoana ho teng pakeng tsa nako eo le mehla ea rōna ho lokela ho re kholisa kannete hore qetello ea lefatše la hona joale e haufi. Ebe lefatše leo le tšoana joang le la kajeno? Bonyane ho na le lintlha tse hlano tseo le tšoanang ka tsona. Ea pele ke hore temoso ea timetso e tlang e fanoa ka mokhoa o hlakileng.

O Lemosoa ka “Lintho Tse E-s’o Bonoe”

6. Jehova o ile a ikemisetsa ho etsa eng matsatsing a Noe?

6 Matsatsing a Noe, Jehova o ile a re: “Moea oa ka o ke ke oa sebetsa ho motho ka nako e sa lekanyetsoang kaha ebile ke nama. Ka lebaka leo matsatsi a hae e tla ba lilemo tse lekholo le mashome a mabeli.” (Genese 6:3) Ho phatlalatsoa ha qeto ena ea Molimo ka 2490 B.C.E., ho ile ha tšoaea ho qaleha ha qetello ea lefatše leo la batho ba sa tšabeng Molimo. Nahana feela hore na taelo eo e bile ea bohlokoa hakaakang ho batho ba neng ba phela nakong eo! Ho ne ho setse lilemo tse 120 feela hore Jehova a tlise “moroallo oa metsi holim’a lefatše ho felisa nama eohle eo matla a bophelo a sebetsang ho eona tlas’a maholimo.”—Genese 6:17.

7. (a) Noe o ile a etsa’ng ha a lemosoa ka Moroallo? (b) Re lokela ho etsa’ng ha re lemosoa ka qetello ea tsamaiso ee?

7 Mashome a lilemo esale pele, Noe o ile a lemosoa ka tlokotsi e neng e tla tla, ’me o ile a sebelisa nako eo ka bohlale ho lokisetsa ho pholoha. Moapostola Pauluse o re: “Ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, [Noe] o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae.” (Baheberu 11:7) Ho thoe’ng ka rōna? Ho se ho fetile lilemo tse ka bang 90 esale matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho a qala ka 1914. Ka sebele re “nakong ea bofelo.” (Daniele 12:4) Re lokela ho nka bohato bofe ka litemoso tseo re li filoeng? Bibele e re: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Kahoo, ena ke nako ea ho etsa thato ea Jehova re utloisisa hantle hore metsotso e jele babeli.

8, 9. Ho fanoe ka litemoso life mehleng ea kajeno, ’me li ntse li boleloa joang?

8 Mehleng ea kajeno, liithuti tse khothetseng tsa Bibele li ithutile tlalehong e bululetsoeng ea Mangolo hore tsamaiso ena e ahloletsoe timetso. Na re lumela see? Hlokomela seo Jesu Kreste a ileng a se bolela ka ho hlaka ha a re: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” (Matheu 24:21) Jesu o ile a boela a bolela hore o tla tla e le Moahloli ea khethiloeng ke Molimo le hore o tla arola batho joalokaha molisa a arola linku ho lipōli. Ba fumanoang ba sa tšoanelehe “ba tla ea phelisong e sa feleng, empa ba lokileng ba ee bophelong bo sa feleng.”—Matheu 25:31-33, 46.

9 Jehova o file batho ba hae litemoso tsena ka likhopotso tse nakong tsa lijo tsa moea tseo “lekhoba le tšepahalang le le masene” le fanang ka tsona. (Matheu 24:45-47) Ho feta moo, lichabeng tsohle, melokong eohle, malemeng ’ohle le bathong bohle, ho ntse ho etsoa mokhosi o reng: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile.” (Tšenolo 14:6, 7) Karolo ea bohlokoa ea molaetsa oa ’Muso oo Lipaki Tsa Jehova li o bolelang lefatšeng ka bophara ke temoso ea hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlosa puso ea batho. (Daniele 2:44) Temoso ena ha ea lokela ho nkoa habobebe. Kamehla Molimo ea Matla ’Ohle o boloka lentsoe la hae. (Esaia 55:10, 11) O ile a le boloka matsatsing a Noe, ’me o tla le boloka matsatsing a rōna.—2 Petrose 3:3-7.

Ho Kopanela Liphate ho Litšila Hoa Ata

10. Ho ka thoe’ng ka ho kopanela liphate ho litšila ha matsatsing a Noe?

10 Mehla ea rōna e tšoana le matsatsi a Noe ntlheng e ’ngoe hape. Jehova o ne a laetse monna oa pele le mosali oa pele hore ba ‘tlatse lefatše’ batho, ba sebelisa litokelo tseo Molimo a ba fileng tsona tsa hore ba kopanele liphate ka tsela e hlomphehang tokisetsong ea lenyalo. (Genese 1:28) Matsatsing a Noe, mangeloi a sa mameleng a ile a silafatsa batho ka ho kopanela liphate hoo e seng ha tlhaho. A ile a theohela lefatšeng, a iphetola batho ba nama, eaba a lula le basali ba batle, a ’na a tsoala bana bao e neng e le batho-bademona—Banefilime. (Genese 6:2, 4) Sebe sa mangeloi ana a neng a chesitsoe ke takatso se tšoantšoa le boitšoaro bo litšila ba batho ba Sodoma le Gomora. (Jude 6, 7) Ka lebaka leo, ho kopanela liphate ho litšila ho ne ho jele setsi matsatsing ao.

11. Ke boitšoaro ba mofuta ofe bo etsang hore mehla ea rōna e tšoane le matsatsi a Noe?

11 Ho thoe’ng ka boitšoaro kajeno? Mehleng ena ea qetello, bophelo ba batho ba bangata bo laoloa ke ho kopanela liphate. Pauluse o hlalosa batho ba joalo ka mokhoa o hlakileng a bolela hore ba ‘feletsoe ke kutlo eohle ea boitšoaro’; ba bangata ba “ineheletse boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.” (Baefese 4:19) Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, ho kopanela liphate pele ho lenyalo, ho khahlapetsa bana ka ho kopanela liphate le bona le bosodoma, ke kobo-anela. Ba bang ba se ba ntse “ba amohela ka ho bona puseletso e feletseng” e le mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho senyeha ha bophelo ba lelapa le mathata a mang a sechaba.—Baroma 1:26, 27.

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa ho hloea se sebe?

12 Matsatsing a Noe, Jehova o ile a romela Moroallo o moholo eaba o felisa lefatše leo le neng le hlanyetsa ho kopanela liphate. Ho hang ha rea lokela ho lebala hore ka sebele matsatsi a rōna a tšoana hantle le matsatsi a Noe. “Matšoenyeho a maholo” a tlang a tla felisa ‘lihlola, bafebi, banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho le banna ba robalang le banna.’ (Matheu 24:21; 1 Bakorinthe 6:9, 10; Tšenolo 21:8) Ho potlakile hakaakang hore re sebeletse ho hloea se sebe le hore re balehele maemo a ka lebisang boitšoarong bo bobe!—Pesaleme ea 97:10; 1 Bakorinthe 6:18.

Lefatše le ‘Tlala Pefo’

13. Ke hobane’ng ha lefatše le ne le “tletse pefo” matsatsing a Noe?

13 Ha Bibele e bua ka tšobotsi e ’ngoe ea matsatsi a Noe, e re: “Lefatše le ne le senyehile mahlong a Molimo oa ’nete ’me lefatše le ne le tletse pefo.” (Genese 6:11) Ha e le hantle, pefo e ne e se ntho e ncha. Mora oa Adama, Kaine, o ile a bolaea moen’ae ea lokileng. (Genese 4:8) Lameke o ile a bonahatsa moea oa pefo ea matsatsing a hae ka ho qapa thoko eo ho eona a ithokang ka hore o bolaile mohlankana e mong, mohlomong e le ha a ne a itšireletsa. (Genese 4:23, 24) Ntho e neng e le ncha matsatsing a Noe e ne e le keketseho ea pefo. Ha bara ba Molimo ba mangeloi ba sa mameleng ba ne ba nyala basali lefatšeng ’me ba tsoala bana—Banefilime—pefo e ile ea eketseha ka tekanyo e neng e sa tsejoe pele ho moo. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e bontša hore lentsoe la pele la Seheberu le buang ka lifonthoane tsena tse mabifi le bolela “Balihi”—“ba lihang batho ba bang.” (Genese 6:4) Ka lebaka leo, lefatše le ne “le tletse pefo.” (Genese 6:13) Nahana feela hore na Noe o ne a le bothateng bo bokaakang ba ho hōlisetsa bana ba hae tikolohong e joalo! Leha ho le joalo, Noe o ne a ‘lokile ka pel’a Jehova har’a moloko oo.’—Genese 7:1.

14. “Pefo e tletse” hakae lefatšeng la kajeno?

14 Pefo e bile teng molokong oa batho ka nako e telele. Empa joaloka matsatsing a Noe, le rōna nakong ena re ’nile ra bona pefo ka tekanyo e phahameng ka ho fetisisa. Khafetsa re utloa ho boleloa ka pefo ea ka malapeng, liketso tsa bokhukhuni, liphutuho tse reretsoeng ho felisa morabe o itseng le bo-rasethunya ba bolaileng batho ba bangata ntle ho mabaka. Ho phaella linthong tsena tsohle ho na le tšollo ea mali e bakoang ke lintoa. Lefatše le boetse le tletse pefo. Hobane’ng? Keketseho ee e bakiloe ke eng? Karabo e senola ntho e ’ngoe e tšoanang le ea matsatsing a Noe.

15. (a) Ke eng e ekelitseng pefo matsatsing aa a ho qetela? (b) Re ka kholiseha hore phello e tla ba efe?

15 Ha ’Muso oa Molimo oa Bomesia o ne o hlongoa maholimong ka 1914, Morena ea behiloeng teroneng, Jesu Kreste, o ile a nka bohato ba bohlokoa historing. Satane Diabolose le bademona ba hae ba ile ba ntšoa leholimong, ba lelekeloa lefatšeng. (Tšenolo 12:9-12) Pele ho Moroallo, mangeloi a sa mameleng a ile a ikhethela ho tlohela libaka tsa ’ona leholimong; empa mehleng ea kajeno, a ile a lelekoa ka likhoka. Ho feta moo, hona joale ha a sa na matla a ho iketsa batho lefatšeng e le hore a thabele menyaka e haneloang ea nama. Kahoo, kahobane a tsielehile, a halefile a bile a tšohile kahlolo e haufi, a susumelletsa batho le mekhatlo ho etsa liketso tse khopo tsa tlōlo ea molao le tsa pefo tse bileng li fetang tsa matsatsing a Noe. Jehova o ile a felisa lefatše la pele ho Moroallo ka mor’a hore mangeloi a sa mameleng le bana ba ’ona ba le tlatse bobe. Ha ho tikatiko hore o tla etsa se tšoanang matsatsing a rōna! (Pesaleme ea 37:10) Leha ho le joalo, ba lulang ba lebetse kajeno baa tseba hore poloko ea bona e haufi.

Ho Boleloa Molaetsa

16, 17. Ntlha ea bone eo matsatsi a Noe a tšoanang le a rōna ka eona ke efe?

16 Ntlha ea bone eo ka eona matsatsi a hona joale a tšoanang le lefatše la pele ho Moroallo e bonoa mosebetsing oo Noe a ileng a laeloa hore a o etse. Noe o ile a haha areka e khōlō. E ne e boetse e le “’moleli.” (2 Petrose 2:5) O ne a bolela molaetsa ofe? Ho hlakile hore boboleli ba Noe bo ne bo akarelletsa hore batho ba bake le ho ba lemosa ka timetso e tlang. Jesu o itse batho ba matsatsing a Noe ha baa ka “ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.”—Matheu 24:38, 39.

17 Ka ho tšoanang, molaetsa oa ’Muso oa Molimo o ntse o boleloa lefatšeng ka bophara ha Lipaki Tsa Jehova li ntse li etsa mosebetsi oa tsona oa boboleli. Hoo e ka bang likarolong tsohle tsa lefatše, batho ba ka utloa molaetsa oa ’Muso ba ba ba o bala ka lipuo tsa habo bona. Ho tsamaisoa limakasine tsa Molula-Qhooa o tsebahatsang ’Muso oa Jehova, tse ka holimo ho 25 000 000, ’me o hatisoa ka lipuo tse fetang 140. Ka sebele, litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ntse li boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” Ha mosebetsi oo o se o phethiloe ho latela kamoo Molimo a tla beng a khotsofetse kateng, joang kapa joang bofelo bo tla tla.—Matheu 24:14.

18. Batho ba bangata ba arabela joang boboleling ba rōna ha ba bapisoa le ba matsatsing a Noe?

18 Ha re nahana ka batho ba matsatsing a pele ho Moroallo ba neng ba sa natse lintho tsa moea ka ho feletseng le ka boitšoaro ba bona bo hlephileng, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha baahelani ba se nang tumelo ba ne ba fetotse lelapa la Noe litšeho le hore na ke hobane’ng ha ba ne ba le hlapaola ba bile ba le soma. Leha ho le joalo, bofelo bo ile ba fela ba tla. Ka ho tšoanang, “basomi ka ho soma ha bona,” ba ntse ba eketseha matsatsing ana a bofelo. Bibele e re: “Leha ho le joalo letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu.” (2 Petrose 3:3, 4, 10) Ha ho pelaelo hore le tla tla ka nako e behiloeng. Le ke ke la lieha. (Habakuke 2:3) Re tla be re bontša bohlale bo bokaakang haeba re lula re lebetse!

Ho Pholoha ba Fokolang Feela ka Palo

19, 20. Re ka etsa qeto ea hore ho na le ho tšoana hofe pakeng tsa Moroallo le ho timetsoa ha tsamaiso ea hona joale ea lintho?

19 Matsatsi a Noe le a rōna ha a tšoane feela ka bobe ba batho le ho timetsoa ha bona. Joalokaha ho e-na le batho ba ileng ba pholoha Moroallo, ho na le batho ba tla pholoha bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho. Baphonyohi ba Moroallo e ne e le batho ba bonolo ba neng ba sa phele joaloka bongata. Ba ile ba mamela temoso ea Molimo ’me ba lula ba ikarotse lefatšeng le khopo la nakong eo. Bibele e re: “Noe a fumana kamohelo mahlong a Jehova. . . . O ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae.” (Genese 6:8, 9) Har’a moloko oohle oa batho, ke lelapa le le leng feela, “batho ba seng bakae, ke hore, meea e robeli, ba ileng ba pholosoa ba sireletsehile metsing.” (1 Petrose 3:20) ’Me ke bona bao Jehova Molimo a ileng a ba fa taelo e reng: “Atang le ngatafale le tlale lefatše.”—Genese 9:1.

20 Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore “bongata bo boholo” bo tla ‘tsoa matšoenyehong a maholo.’ (Tšenolo 7:9, 14) Bongata boo bo boholo bo tla ba bokae ka palo? Jesu ka boeena o ile a re: “Heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:13, 14) Ha ho bapisoa le batho ba likete tse limilione ba phelang lefatšeng hona joale, baphonyohi ba matšoenyeho a maholo a tlang ba tla fokola ka palo. Empa ba ka ’na ba fuoa monyetla o tšoanang le o ileng oa fuoa baphonyohi ba Moroallo. Mohlomong ka nakoana baphonyohi ba ka ’na ba e-ba le bana e le karolo ea mokhatlo oa lefatše le lecha.—Esaia 65:23.

“Le Lule le Lebetse”

21, 22. (a) Ho tšohla tlaleho ee ea Moroallo ho u tsoetse molemo joang? (b) Temana ea selemo ea 2004 ke efe, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho mamela keletso ea eona?

21 Le hoja ho ka bonahala eka ha ho moo Moroallo o amanang teng le matsatsi a rōna kaha ke khale o etsahetse, ka ho hlakileng o fana ka temoso eo re sa lokelang ho e hlokomoloha. (Baroma 15:4) Ho tšoana pakeng tsa matsatsi a Noe le a rōna ho lokela ho re hlokomelisa ka ho eketsehileng hore lintho tse etsahalang ke tsa bohlokoa le ho re lemosa hore Jesu o tla tla joaloka lesholu ha a tlil’o ahlola ba khopo.

22 Kajeno, Jesu Kreste o laola mosebetsi o moholo oa ho haha oa moea. E le hore barapeli ba ’nete ba sireletsehe le hore ba pholohe, ho na le paradeise ea moea e tšoanang le areka. (2 Bakorinthe 12:3, 4) Re lokela ho lula ka paradeiseng eo e le hore re tle re pholosoe matšoenyehong ao a maholo. Lefatše la Satane le pota-potile paradeise ena ea moea, le laletse ho felisa bohle ba ntseng ba otsela moeeng. Ke habohlokoa hore ‘re lule re lebetse’ ’me re itokiselitse letsatsi la Jehova.—Matheu 24:42, 44.

Na Ua Hopola?

• Jesu o ile a fana ka temoso efe mabapi le ho tla ha hae?

• Jesu o bapisa nako ea ho ba teng ha hae le eng?

• Mehla ea rōna e tšoana joang le matsatsi a Noe?

• Ho nahana ka ho tšoana ho teng pakeng tsa matsatsi a Noe le a rōna ho lokela ho ama kutloisiso ea rōna ea hore metsotso e jele babeli joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 18]

Temana ea selemo ea 2004 e tla ba: “Le lule le lebetse . . . Le itokise.”—Matheu 24:42, 44.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Noe o ile a mamela temoso ea Molimo. Na re nka bohato bo tšoanang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

“Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela