Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 2/15 maq. 10-15
  • Lula U Hloekile ka ho Sireletsa Pelo ea Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lula U Hloekile ka ho Sireletsa Pelo ea Hao
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sireletsa Pelo ea Hao
  • Balehelang Bohlola
  • Qoba Likotsi Tsa ho Bapala ka Maikutlo a Lerato
  • Ke’ng se Phoso ka ho Bapala ka Maikutlo a Lerato a Motho e Mong?
    Tsoha!—1998
  • Ke Eng se Kotsi ka ho Bapala ka Maikutlo a Lerato?
    Tsoha!—1991
  • Na ho Ratana ho Lokafatsa ho Kopanela Liphate Pele ho Lenyalo?
    Tsoha!—2006
  • Sireletsa Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 2/15 maq. 10-15

Lula U Hloekile ka ho Sireletsa Pelo ea Hao

“Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.”—LIPROVERBIA 4:23.

1-3. (a) Batho ba atisa ho bontša joang hore ha ba ananele bohloeki ba bona? Bontša. (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlahloba bohlokoa ba bohloeki?

SETŠOANTŠO se pentiloeng se ne se ka ’na sa bonahala eka ke sa khale. Mohlomong se ne se se se sa nyallane hantle le tsela eo ntlo e khabisitsoeng ka eona. Leha ho le joalo, ho bonahala eka mong’a sona o ne a nka hore ha se sa na thuso hakaalo. Qetellong setšoantšo seo se ile sa rekisoa le lintho tse ling tsa khale, ka lidolara tse 29 (tsa United States). Leha ho le joalo, lilemo tse seng kae hamorao, ha fumaneha hore ke sa boleng ba lidolara tse ka bang milione! E, ha e le hantle se ne se entsoe ka botsebi bo boholo. Ak’u nahane kamoo eo e neng e le mong’a sona ea ileng a halala letlotlo lena a ileng a ikutloa kateng!

2 Ho atisa ho etsahala ntho e tšoanang ka bohloeki, e leng tsela e hloekileng eo motho a itšoarang ka eona. Batho ba bangata kajeno ha ba nke bohloeki ba bona e le ba bohlokoa. Ba bang ba bo nka e le khopolo e siiloeng ke nako, e sa lumellaneng le mokhoa oa kajeno oa bophelo. Kahoo, baa bo lahla e le hore ba fumane ho seng hokae feela. Ba bang baa bo lahla e le hore ba be le metsotso e seng mekae ea monyaka oa ho kopanela liphate. Ba bang ba bo tela ba tšepile hore ba tla amoheleha haholoanyane lithakeng tsa bona kapa ho motho ea itseng oa bong bo fapaneng.—Liproverbia 13:20.

3 Ba bangata ba elelloa e se e le morao hore bohloeki ba bona e ne e le letlotlo la bohlokoa haholo. Ba atisa ho lahleheloa ka tsela e utloisang bohloko. Ho ea ka Bibele, liphello tsa boitšoaro bo litšila li joaloka chefo, e ba tse ‘babang joaloka lengana.’ (Liproverbia 5:3, 4) Ka lebaka la ho hlepha ha boitšoaro kajeno, u ka baballa bohloeki le ho lula u hloekile joang? Re tla tšohla mehato e meraro e amanang eo re ka e nkang.

Sireletsa Pelo ea Hao

4. Pelo ea tšoantšetso ke eng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho e sireletsa?

4 Ntho e hlokahalang hore motho a lule a hloekile ke ho sireletsa pelo ea hae. Bibele e re: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) “Pelo ea hao” eo ho buuoang ka eona moo ke efe? Hase pelo ea sebele. Ke pelo ea tšoantšetso. Ke motho eo u leng eena ka hare, ho akarelletsa menahano ea hao, maikutlo le lintho tse u susumetsang. Bibele e re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle.” (Deuteronoma 6:5) Jesu o ile a re taelo ena ke eona e khōlō ka ho fetisisa. (Mareka 12:29, 30) Ho hlakile hore lipelo tsa rōna ke tsa bohlokoa haholo. Re lokela ho li sireletsa.

5. Pelo e ka ba ea bohlokoa ea ba ea e-ba kotsi ka nako e le ’ngoe joang?

5 Leha ho le joalo, Bibele e boetse e re “pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jeremia 17:9) Ke joang pelo e ka bang bolotsana—ea e-ba kotsi ho rōna? Ka mohlala, koloi ke sesebelisoa sa bohlokoa, ebile e ka pholosa bophelo boemong ba tšohanyetso. Empa haeba mokhanni a sa laole koloi, ka ho lula a sotha lebili la koloi, habonolo feela koloi eo e ka fetoha sebetsa se bolaeang. Ka ho tšoanang, haeba u sa sireletse pelo ea hao, u tla laoloa ke litakatso le litšusumetso tsohle tseo u nang le tsona, ’me bophelo ba hao bo tla leba tlokotsing. Lentsoe la Molimo le re: “Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello, empa ea tsamaeang ka bohlale ke eena ea tla phonyoha.” (Liproverbia 28:26) Ha e le hantle, u ka tsamaea ka bohlale ’me ua qoba tlokotsi haeba u sebelisa Lentsoe la Molimo ho u tataisa, feela joalokaha u ne u tla sheba ’mapa oa tsela pele u qala leeto.—Pesaleme ea 119:105.

6, 7. (a) Khalalelo ke eng, hona ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa ho bahlanka ba Jehova? (b) Re tseba joang hore batho ba sa phethahalang ba ka bonahatsa khalalelo ea Jehova?

6 Ka tlhaho lipelo tsa rōna ha lia sekamela bohloeking. Re lokela ho li lebisa tseleng eo. Tsela e ’ngoe ea ho etsa seo ke ka ho nahanisisa ka bohlokoa ba sebele ba bohloeki. Tšobotsi ena e amahanngoa le khalalelo, e bolelang ho hloeka, ho se silafale, ho ikarola sebeng. Khalalelo ke tšobotsi ea bohlokoa eo e leng karolo ea botho ba Jehova Molimo. Litemana tsa Bibele tse makholo li amahanya tšobotsi eo le Jehova. Ha e le hantle, Bibele e re “Khalalelo ke ea Jehova.” (Exoda 28:36) Joale, tšobotsi eo e phahameng e amana joang le rōna batho ba sa phethahalang?

7 Ka Lentsoeng la hae, Jehova oa re bolella: “Le halalele, hobane kea halalela.” (1 Petrose 1:16) E, re ka etsisa khalalelo ea Jehova; re ka ba ba hloekileng ka pel’a hae, ’me ra lula re hloekile. Kahoo ha re qoba liketso tse sa hloekang, tse silafatsang, re hahamalla tokelo e phahameng, e hlollang—ea ho bonahatsa tšobotsi e ntle ea Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa! (Baefese 5:1) Ha rea lokela ho nka hore re ke ke ra khona ho etsa seo, kaha Jehova ke Monghali ea bohlale le ea nang le kahlolo e molemo eo le ka mohla a sa batleng hore re etse seo re ke keng ra se khona. (Pesaleme ea 103:13, 14; Jakobo 3:17) Ke ’nete hore ho lula re hloekile moeeng le boitšoarong ho hloka boiteko. Moapostola Pauluse o ile a re ‘botšepehi le tlhoeko li lokela Kreste.’ (2 Bakorinthe 11:3) Ka hona, na ha rea lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho lula re hloekile boitšoarong ka lebaka la Kreste le Ntate oa hae? Etsoe ba re bontšitse lerato le tebileng hoo re ke keng ra khona ho ba buseletsa letho. (Johanne 3:16; 15:13) Ke ho loketseng hore re bonahatse teboho ka ho phela bophelo bo hloekileng, bo nang le boitšoaro. Ka ho nahana ka bohloeki ba rōna ka tsela ena, re tla bo ananela, re sireletse lipelo tsa rōna.

8. (a) Re ka matlafatsa pelo ea tšoantšetso joang? (b) Lintho tseo re qoqang ka tsona li ka ’na tsa senola eng ka rōna?

8 Re boetse re sireletsa lipelo tsa rōna ka tsela eo re iphepang ka eona. Re lokela ho matlafatsa likelello le lipelo tsa rōna ka ho iphepa kamehla ka lijo tse hahang tsa moea le ka ho lula re lebisitse tlhokomelo ea rōna litabeng tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Bakolose 3:2) Lintho tseo re qoqang ka tsona le tsona li lokela ho bontša hore re lebisitse tlhokomelo ea rōna ho seo. Haeba re tumme ka ho bua ka lintho tsa nama, boitšoaro bo litšila, seo se senola ho hong ka boemo ba lipelo tsa rōna. (Luka 6:45) Ho e-na le hoo, a re beng le botumo ba ho bua ka lintho tsa moea le tse hahang. (Baefese 5:3) E le hore re sireletse lipelo tsa rōna, ho na le likotsi tse tebileng tseo re lokelang ho li qoba. A re tšohleng tse peli tsa tsona.

Balehelang Bohlola

9-11. (a) Ke hobane’ng ha ho batla ho le bonolo hore ba hlokomolohang keletso e ho 1 Bakorinthe 6:18 ba oele kotsing ea boitšoaro bo nyonyehang? Bontša. (b) Haeba re balehela bohlola, re qoba eng? (c) Monna ea tšepahalang Jobo o ile a re behela mohlala ofe o motle?

9 Jehova o ile a bululela moapostola Pauluse hore a ngole keletso e ’ngoe e thusitseng ba bangata ho sireletsa lipelo tsa bona le ho lula ba hloekile. Pauluse o ile a re: “Balehelang bohlola.” (1 Bakorinthe 6:18) Hlokomela hore ha aa ka a re feela, “Qobang bohlola.” Bakreste ba lokela ho etsa ho fetang hoo. Ba lokela ho balehela liketso tse joalo tsa boitšoaro bo litšila, feela joalokaha ba ne ba tla baleha kotsi e sokelang bophelo. Haeba re hlokomoloha keletso eo, re ipepesetsa ho oela kotsing ea boitšoaro bo nyonyehang le ea ho se amoheloe ke Molimo.

10 Ka mohlala: ’Mè o qeta ho hlapisa moshemanyana oa hae le ho mo apesa e le hore ba lokele ho ea ketsahalong ea bohlokoa. Moshemane o kōpa ho ea bapala kantle pele lelapa le tsamaea, ’mè oa lumela—haeba a ka etsa ntho e le ’ngoe feela. O re: “U se ke be ua elella mola letangoaneng la metsi a litšila. Ha u ka ba ua tla u le liretse, ke tlil’o u shapa.” Leha ho le joalo, ka mor’a metsotso e se mekae o bona moshemane eo a okametse letangoana la metsi a litšila. Eena ha a e-s’o be liretse. Empa o hlokomolohile temoso ea ’mè ea hore a se ke a elella letangoaneng, ebile ha ho pelaelo hore o tl’o kena khathatsong. (Liproverbia 22:15) Bacha le batho ba baholo ba bangata ba lokelang hore ebe ba tseba hamolemo ba etsa phoso e tšoanang. Joang?

11 Mehleng ena ha ba bangata ba ineheletse “litakatso tsa botona kapa tsa botšehali tse tlotlollang,” ho hlahile mofuta o mocha oa khoebo o emeng ka maoto ho buella likamano tse litšila tsa ho kopanela liphate. (Baroma 1:26, 27) Seoa sa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro se hohle limakasineng, libukeng, livideong le ho Internet. Ba khethang ho kenya litšoantšo tse joalo likelellong tsa bona ka sebele ha ba balehele bohlola. Ba bapalla ho bona, ba okametse selomo, ba hlokomolohile temoso ea Bibele. Ho e-na le ho sireletsa lipelo, ba li fepa chefo ka litšoantšo tse ke keng tsa lebaleha tse ka ’nang tsa nka lilemo ho tsoa kelellong. (Liproverbia 6:27) A re ithuteng mohlaleng oa Jobo ea tšepahalang, ea neng a entse selekane le mahlo a hae, hore a se ke a sheba se ka mo hohelang hore a etse se fosahetseng. (Jobo 31:1) Oo ke oona mohlala oo re lokelang ho o etsisa!

12. Baratani ba Bakreste ba ka ‘balehela bohlola’ joang nakong ea lefereho?

12 Ke habohlokoa ka ho khetheha ho ‘balehela bohlola’ nakong ea lefereho. Nako eo e lokela ho ba e thabisang e tletseng tšepo le tabatabelo, empa baratani ba bang ba bacha ba e senya ka ho bapala ka boitšoaro bo litšila. Ka ho etsa joalo, ba nkelana motheo o motle ka ho fetisisa oa lenyalo—e leng kamano e thehiloeng leratong le se nang boithati, ho beng le boitšoaro le ho utloeng Jehova Molimo. Banyalani ba bang ba Bakreste ba ile ba kopanela boitšoarong bo litšila nakong ea lefereho la bona. Ka mor’a hore ba nyalane, mosali o ile a lumela hore letsoalo le ile la mo khathatsa le hore seo se ile sa mo hlokisa thabo letsatsing la hae la lechato. O re: “Ke kōpile Jehova ka makhetlo a mangata hore a ntšoarele, empa le hoja ho se ho fetile lilemo tse supileng, letsoalo le ntse le nkhoebetha.” Ke habohlokoa hore ba entseng libe tse joalo ba batle thuso ea baholo ba Bakreste. (Jakobo 5:14, 15) Leha ho le joalo, baratani ba bangata ba Bakreste ba itšoara ka bohlale ’me ba qoba likotsi tsena nakong ea lefereho. (Liproverbia 22:3) Ba lekanyetsa lipontšo tsa bona tsa lerato. Ba tsamaea le motho e mong ’me ka hloko ba qoba ho ba bang libakeng tse poteletseng.

13. Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho kena leferehong le batho ba sa sebeletseng Jehova?

13 Bakreste ba kenang leferehong le batho ba sa sebeletseng Jehova ba ka ’na ba thulana le mathata a tebileng. Ka mohlala, u ka imatahanya joang le motho ea sa rateng Jehova Molimo? Ke habohlokoa hore Bakreste ba kene jokong feela le ba ratang Jehova le ho hlompha litekanyetso tsa hae tsa bohloeki. Lentsoe la Molimo lea re bolella: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi?”—2 Bakorinthe 6:14.

14, 15. (a) Ba bang ba na le maikutlo afe a fosahetseng ka se boleloang ke “bohlola”? (b) “Bohlola” bo akarelletsa liketso life, hona Bakreste ba ka ‘balehela bohlola’ joang?

14 Tsebo le eona ke ea bohlokoa. Re ke ke ra balehela bohlola ka ho loketseng haeba re hlile re sa tsebe hore na ke eng. Ba bang lefatšeng la kajeno ba amohetse khopolo e fosahetseng ea se boleloang ke “bohlola.” Ba nahana hore ba ka khotsofatsa litakatso tsa bona tsa ho kopanela liphate kantle ho lenyalo, hafeela ba qoba ho kopanela liphate ka tsela e tobileng. Esita le litsi tse ling tse hlomphehang tsa bophelo bo botle ’meleng tse lekang ho fokotsa lenane la ho ima ha bacha ho sa batleheng li ’nile tsa khothalletsa bacha ho sebelisa litsela tse ling tsa ho kopanela liphate tse ke keng tsa fella ka ho ima. Ka masoabi keletso e joalo e fosahetse. Ho qoba ho ima motho a sa nyaloa ho fapane ka ho feletseng le ho lula motho a hloekile, ’me ha e le hantle tlhaloso ea “bohlola” ha e felle moo empa e namme.

15 Lentsoe la Segerike por·neiʹa, le fetoletsoeng e le “bohlola,” le batla le e-na le moelelo o pharaletseng. Le amana le ho kopanela liphate ha batho ba sa nyalanang ebile moelelo oa lona o ka sehloohong ke ho sebelisoa hampe ha litho tsa botona kapa botšehali. Por·neiʹa e akarelletsa liketso tse kang ho nyanyana litho tsa ka sephiring, ho li kenya ka morao le ho phollana litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa—e leng boitšoaro bo atisang ho amahanngoa le matlo a botekatse. Batho ba nahanang hore liketso tse joalo hase “bohlola” baa ithetsa ’me ba oetse ho le leng la maraba a Satane. (2 Timothea 2:26) Ho feta moo, ho lula motho a hloekile ha ho bolele feela ho qoba ketso leha e le efe ea bohlola. E le hore re ‘balehele bohlola,’ re lokela ho qoba mekhoa eohle e litšila e amanang le ho kopanela liphate le ea boitšoaro bo hlephileng e ka re lebisang sebeng se tebileng sa por·neiʹa. (Baefese 4:19) Ka tsela eo re tla lula re hloekile.

Qoba Likotsi Tsa ho Bapala ka Maikutlo a Lerato

16. Lipontšo tsa lerato li loketse maemong afe, hona see se bontšoa ke mohlala ofe oa Mangolo?

16 E le hore re lule re hloekile, kotsi e ’ngoe eo re lokelang ho e ela hloko ke ea ho bapala ka maikutlo a lerato. Ba bang ba ka ’na ba tsitlella hore ho bapala ka maikutlo a lerato ke boithabiso feela tjee ba batho ba bong bo fapaneng, ha ho kotsi. Ke ’nete hore ho na le nako le sebaka sa ho bontšana lerato. Isaka le Rebeka ba ile ba bonoa ba “ithabisa,” ’me ho hlakile hore bashebelli ba ile ba bona hore hase feela motho le khaitseli ea hae. (Genese 26:7-9) Empa e ne e le monna le mosali. Lipontšo tsa lerato tseo ba neng ba li etsa li ne li loketse. Ho bapala ka maikutlo a lerato hona ke taba e ’ngoe e fapaneng.

17. Ho bapala ka maikutlo a lerato ke’ng, hona bothata boo bo ka rarolloa joang?

17 Ho bapala ka maikutlo a lerato ho ka hlalosoa e le: ho fana ka maikutlo a hore motho o thahasella e mong a e-na le maikutlo a lerato empa a se na sepheo sa hore ba nyalane. Batho ke libōpuoa tse rarahaneng, kahoo ha ho pelaelo hore ho na le litsela tse ngata tsa ho bapala ka maikutlo a lerato, tse ling ke tse poteletseng haholo. (Liproverbia 30:18, 19) Ka hona, ha ho na melao e thata-thata e ka hlang ea rarolla taba ena. Ho e-na le hoo, ho hlokahala ho hong ho phahameng le ho feta—ho itlhahloba ka botšepehi le ho leka ka hloko ho sebelisa melao-motheo ea Bibele.

18. Ke’ng se etsang hore ba bang ba bapale ka maikutlo a lerato, hona ke hobane’ng ha ho bapala ka maikutlo a lerato ho le kotsi?

18 Haeba re itlhahloba ka botšepehi, ba bangata ba rōna re ka ’na ra tlameha ho lumela hore ha re bona eka motho ea itseng oa bong bo fapaneng o re thahasella a e-na le maikutlo a lerato, rea nkeha. Seo se iketsahalla ka tlhaho. Empa na re bapala ka maikutlo a lerato ho tsosa thahasello e joalo—ho etsa hore re ikutloe re hlompheha haholoanyane kapa ho etsa hore motho e mong a re nke ka tsela eo? Haeba ho joalo, na re nahanne ka bohloko boo re ka ’nang ra bo bakela ba bang? Ka mohlala, Liproverbia 13:12 e re: “Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo.” Haeba re bapala ka boomo ka maikutlo a motho e mong a lerato, re ka ’na ra se ke ra tseba kamoo seo se tlang ho mo ama kateng. A ka ’na a ba le tšepo ea ho kena leferehong esita le ho qetella a le lenyalong. Ho soetseha ka seo ho ka ’na ha mo ama habohloko maikutlong. (Liproverbia 18:14) Ho bapala ka maikutlo a ba bang ka boomo ke sehlōhō.

19. Ho bapala ka maikutlo a lerato ho ka beha manyalo a Bakreste kotsing joang?

19 Ke habohlokoa ka ho khetheha hore batho ba lenyalong ba itebele khahlanong le ho bapala ka maikutlo a lerato. Ho bontša maikutlo a lerato ho motho ea lenyalong—kapa hore motho ea lenyalong a bontše thahasello e joalo ho motho eo a sa nyalanang le eena—ho fosahetse. Ka masoabi, Bakreste ba bang ka phoso ba ’nile ba nahana hore ho loketse ho hlaolela maikutlo a lerato ho ba bong bo fapaneng ntle ho balekane ba bona. Ba bang ba bile ba phetlela “motsoalle” ea joalo sefuba, ba mo bolella makunutu ao ba sa a bolelleng balekane ba bona. Qetellong, maikutlo a lerato a ’nile a hōla ho fihlela moo e mong a seng a itšetleha ka e mong, e leng se ka ’nang sa fokolisa lenyalo esita le ho le qhala. Bakreste ba lenyalong ba lokela ho hopola temoso e bohlale ea Jesu ka bofebe—ea hore bo qala pelong. (Matheu 5:28) Ka hona, a re sireletseng lipelo tsa rōna ’me re qobe maemo a ka re lebisang liphellong tse joalo tsa tlokotsi.

20. Re lokela ho ikemisetsa ho nka ho hloeka ha rōna joang?

20 Ke ’nete hore ha ho bonolo ho lula motho a hloekile lefatšeng la kajeno le hlephileng boitšoarong. Empa hopola hore ho bonolo haholo ho lula u hloekile ho e-na le ho fumana bohloeki hang ha bo lahlehile. Ke ’nete hore Jehova o khona ho “tšoarela ka tsela e khōlō” ebile o khona ho hloekisa ba baketseng libe tsa bona e le kannete. (Esaia 55:7) Leha ho le joalo, Jehova ha a sireletse ba kopanelang boitšoarong bo litšila liphellong tsa liketso tsa bona. Ba ka ’na ba kotula liphello tsa seo ka lilemo-lemo, esita le bophelo bohle ba bona. (2 Samuele 12:9-12) Etsa sohle hore u lule u hloekile ka ho sireletsa pelo ea hao. Nka ho ba boemong bo hloekileng ka pel’a Jehova Molimo e le letlotlo la bohlokoa—’me le ka mohla u se ke ua lumela hore le u phonyohe!

U ka Araba Joang?

• Bohloeki ke eng, hona ke hobane’ng ha e le ba bohlokoa?

• Re ka sireletsa lipelo tsa rōna joang?

• Ho ameha eng ho baleheleng bohlola?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho bapala ka maikutlo a lerato?

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Koloi e ka ba kotsi haeba e sa laoloe ka nepo

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

Ho ka etsahala’ng haeba re hlokomoloha litemoso?

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Lefereho le hloekileng lea thabisa ’me le tlotlisa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela