Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ka mor’a Moroallo, Noe o ile a ntša leeba arekeng eaba le khutla le nkile “lekhasi la mohloaare.” Leeba le ile la nka lekhasi leo hokae?
Bibele e re bolella hore “metsi a [ile a] koahela lefatše haholo hoo lithaba tsohle tse telele tse ka tlas’a maholimo ’ohle li ileng tsa koaheloa.” (Genese 7:19) Ha metsi a Moroallo a ntse a kokobela, Noe o ile a ntša leeba ka makhetlo a mararo—a tlōlisa beke lekhetlo ka leng. Lekhetlong la bobeli, leeba le ile la khutla ‘molomong oa lona ho e-na le lekhasi la mohloaare le qetang ho khuoa, kahoo Noe a tseba hore metsi a kokobetse lefatšeng.’—Genese 8:8-11.
Ke ’nete hore hona joale ha ho kamoo ho ka tsejoang kateng hore na metsi a Moroallo a ne a koahetse karolo e itseng ea lefatše nako e telele hakae, kaha ha ho potang hore Moroallo o ile oa fetola sebōpeho sa lefatše. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe metsi a ile a koahela libaka tse ngata nako e telele hoo lifate tse ngata li ileng tsa shoa. Empa ho bonahala eka tse ling li ile tsa lula li ntse li phela, e leng ho ileng ha etsa hore li khone ho hlahisa letlōbō le lecha ha metsi a kokobela.
Ha e bua ka sefate sa mohloaare, The New Bible Dictionary e re: “Haeba se rengoa, ho hlaha letlōbō le lecha methapong, hoo ho ka hlahang likutu tse ncha tse hlano. Lifate tsa mohloaare [tse seng li le haufi le ho shoa] le tsona li atisa ho hlahisa lehlomela ka tsela ena.” The New Schaff-Herzog Encyclopedia of Religious Knowledge e re ho “joalokaha eka se hana ho shoa.” Kajeno ha ho motho ea tsebang makolopetso, a kang a hore na metsi a Moroallo a ne a le letsoai hakae le hore na a ne a bata kapa a chesa hakae. Kahoo, ha ho kamoo re ka tsebang hantle hore na ebe a ile a ama lifate tsa mohloaare le limela tse ling joang.
Leha ho le joalo, lifate tsa mohloaare tse melang naheng ha li khone ho phela moo ho batang, joaloka lithabeng tse telele. Li atisa ho mela libakeng tse ka tlaase ho bophahamo ba limithara tse 1 000, moo ka tloaelo mocheso o bang ka holimo ho likhato tse 10 tsa Celsius. Buka ea The Flood Reconsidered e re: “Ka hona, ha Noe a bona lekhasi le sa tsoa khuoa o ne a ka lemoha hore metsi a ne a se a qephile liphuleng tse tlaasana.” Ha Noe a ntša leeba beke hamorao, ha lea ka la khutla, e leng ho ileng ha bontša hore ho ne ho se ho e-na le limela tse ngata le libaka tseo leeba le ka lulang ho tsona.—Genese 8:12.