Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 3/1 maq. 22-27
  • Ke Matlafalitsoe ke Khotsofalo ea Bomolimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Matlafalitsoe ke Khotsofalo ea Bomolimo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokōpa-kōpa o Mpha Matlotlo
  • Ke “Utsoa” Banab’eso
  • ‘Ho Ithuta Sephiri’
  • Ho Sebeletsa Liphutheho re le Lelapa
  • Mahlomola a Ntoa ea Lehae
  • Ho Loantša Tlala ea Moea
  • Khotsofalo e Tlisa Melemo e Eketsehileng
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Holisoa ke Batsoali ba Lipaki ho Ile ha Nthusa Hore ke Atlehe Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Sebeletsa Tlas’a Letsoho la Jehova le Lerato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 3/1 maq. 22-27

Pale ea Bophelo

Ke Matlafalitsoe ke Khotsofalo ea Bomolimo

JOALOKAHA HO BOLETSE BENJAMIN IKECHUKWU OSUEKE

Nakoana ka mor’a hore ke ikakhele ka setotsoana tšebeletsong ea nako e tletseng, ke ile ka etela lapeng. Eitse ha Ntate a mpona, o ile a nchoba ka lihempe eaba oa hoeletsa o re, “Lesholu!” O ile a nka sabole ea hae e nyenyane eaba o nkotla ka eona ka bophareng. Batho ba bang ba motse ba ile ba bitsoa ke lerata eaba ba bokana lapeng. Ke ne ke utsoitse eng? E re nke ke hlalose.

KE HLAHETSE motseng oa Umuariam o ka boroa-bochabela Nigeria ka 1930, ’me ke ne ke le letsibolo la bana ba supileng. Khaitseli ea ka e khōlō e ile ea hlokahala ha e le lilemo li 13. Batsoali ba ka ba ne ba kena Kereke ea Chache. Ntate e ne e le sehoai, ’Mè eena e le mohoebi e monyenyane. O ne a tsamaea ka maoto lik’hilomithara tse ka bang 30 a e-ea limmarakeng tse haufi le motse oa heso ho ea reka thini ea oli ea palema ebe o khutla mantsiboeeng a letsatsi lona leo. Joale, hoseng haholo ka letsatsi le latelang, o ne a tsamaea ka maoto lik’hilomithara tse ka bang 40 ho ea toropong e haufi e nang le seteishene sa terene ho ea rekisa oli eo. Haeba a ne a fumane phaello, eo hangata e neng e le chelete e ka etsang ranta e le ’ngoe, o ne a reka lijo tse tla jeoa ke lelapa ebe o khutla hona letsatsing leo. O ile a etsa ntho ena ka lilemo tse ka bang 15 ho fihlela a hlokahala ka 1950.

Sekolo sa pele seo ke ileng ka se kena motseng oa heso e ne e le sa Kereke ea Chache, empa e le hore ke qetele lithuto sekolong sa mathomo, ke ile ka tlameha ho ea sekolong se nang le bolulo se neng se le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 35. Kaha batsoali ba ka ba ne ba se na chelete ea hore ke ntšetse thuto ea ka pele, ke ile ka qala ho batla mosebetsi. Qalong ke ile ka sebetsa ha molaoli e mong oa terene Lagos, Nigeria bophirimela, ka mor’a moo ka sebetsa Kaduna ha mohlanka e mong oa ’muso, Nigeria leboea. Ke ile ka fumana mosebetsi oa ho ba tlelereke ea ’muelli e mong oa molao Motseng oa Benin, Nigeria ka bophirimela bo hare, ’me hamorao ke ile ka sebetsa moo ho etsoang mapolanka. Ha ke tloha moo, ke ile ka ea Cameroon ka 1953 ke il’o lula le malome, ea ileng a nthusa hore ke fumane mosebetsi moo ho lengoang lifate tsa rabara. Moputso oa ka ka khoeli e ne e ka ba liranta tse 62. Ke ne ke fumana mesebetsi ea boemo bo tlaase feela, empa ke ne ke khotsofala hafeela ke e-na le lijo tse lekaneng.

Mokōpa-kōpa o Mpha Matlotlo

Motho e mong eo ke neng ke sebetsa le eena ea bitsoang Silvanus Okemiri, e ne e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ha re ntse re hela joang ’me re bo beha hore bo sireletse metso ea lifate tsa rabara, o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong hore a bue le ’na ka tsebo ea hae ea Bibele. Le hoja ke ne ke mo mamela, ka nako eo ke ne ke sa etse letho ka seo ke se utloang. Leha ho le joalo, ha malome a tseba hore ke buisana le Lipaki, o ile a etsa sohle se matleng a hae ho ’nyahamisa. O ile a ntemosa, a re: “Benji, u se ke ua chakela Ntate Okemiri. O lumela ho Jehova ebile ke mokōpa-kōpa. Mang kapa mang ea tloaelanang le eena o tla tšoana le eena.”

Ka lebaka la ho hlōloa ke maemo a boima a mosebetsi a k’hamphani ena, ke ile ka khutlela hae mathoasong a 1954. Matsatsing ao, Kereke ea Chache e ne e batla e tiisitse haholoanyane melaong ea boitšoaro. Ke ile ka hōla ke nyonya boitšoaro bo bobe. Leha ho le joalo, ka potlako ke ile ka khopisoa ke boikaketsi ba batho bao ke neng ke kena kereke le bona. Le hoja ba ne ba bolela ka matla hore ba latela litekanyetso tsa Bibele, ba ne ba phela ka tsela e sa lumellaneng le seo ba se buang. (Matheu 15:8) Re ne re ngangisana kamehla le Ntate, ’me sena se ile sa senya likamano tsa rōna hampe. Bosiung bo bong ke ile ka tloha lapeng.

Ke ile ka ea torotsoaneng e nang le seteishene sa terene e bitsoang Omoba. Ke hona moo ke ileng ka boela ka kopana le Lipaki Tsa Jehova teng. Priscilla Isiocha, eo ke neng ke mo tsebella motseng oa heso, o ile a mpha bukana ea “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso” le ea Kamor’a Harmagedone—Lefatše Le Lecha La Molimo.a Ke ile ka li bala ka cheseho, ke kholisehile hore ke fumane ’nete. Kerekeng ea ka re ne re sa ithute Bibele, re ne re tsepamisa maikutlo lineanong tsa batho. Leha ho le joalo, lingoliloeng tsa Lipaki li ne li qotsa Bibele hangata.

Pele khoeli e fela ka mor’a moo, ke ile ka botsa Mor’eso le Morali’eso Isiocha hore na ba ea kerekeng ea bona ka letsatsi lefe. Ha ke ne ke le sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova ka lekhetlo la pele, ha kea ka ka utloisisa letho. Sehlooho sa Molula-Qhooa se ne se bua ka ‘Gogo oa Magogo,’ ea boletsoeng bukeng ea boprofeta ea Ezekiele. (Ezekiele 38:1, 2) Ho ne ho buuoa mantsoe a mangata ao ke sa a tsebeng, empa ke ile ka khahloa haholo ke kamohelo e mofuthu eo ke ileng ka e fumana hoo ke ileng ka etsa qeto ea ho khutlela ka Sontaha se latelang. Sebokeng sa bobeli, ke ile ka utloa ho buuoa ka boboleli. Kahoo, ke ile ka botsa Priscilla hore na ba ea boboleling neng. Ka Sontaha sa boraro, ke ile ka ea le bona, ke nkile Bibele e nyenyane. Ke ne ke se na mokotlana oa boboleli kapa lingoliloeng tsa Bibele. Leha ho le joalo, ke ile ka ba mohoeletsi oa ’Muso ’me ka tlaleha mosebetsi oa tšimo bofelong ba khoeli eo!

Ha ho motho ea ileng a nthuta Bibele, empa neng le neng ha ke ne ke etela ba ha Isiocha, ke ne ke ithuta mantsoe a tumelo le khothatso e tsoang ka Mangolong ke bile ke fumana lingoliloeng tsa Bibele. Ka la 11 December, 1954, kopanong ea setereke e neng e le Aba, ke ile ka bontša boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing. Moholoane oa ka e mong ka lelapa labo Ntate, e leng eena eo ke neng ke lula le eena le eo ke neng ke mo sebeletsa ke bile ke ntse ke ithuta mosebetsi ho eena, o ile a ntima lijo, a se ke a hlola a nthuta mosebetsi eaba ha a ntefe leha e le sente bakeng sa mosebetsi oo ke neng ke mo etselitse oona. Leha ho le joalo, ha kea ka ka mo jara ka pelo, ke ile ka leboha feela hore ke na le kamano le Molimo. Sena se ile sa ntšelisa le ho mpha khotso ea kelello. Lipaki tsa moo li ile tsa nthusa. Ba ha Isiocha ba ile ba mpha lijo, ba bang bona ba nkalima chelete ea ho qalisa khoebo e nyenyane. Bohareng ba 1955, ke ile ka reka baesekele ea khale, ’me ka March 1956, ka kenela mosebetsi oa bopula-maliboho ba kamehla. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka lefa melato ea ka. Phaello eo ke neng ke e fumana ka ho rekisa e ne e le nyenyane haholo, leha ho le joalo ke ne ke khona ho fumana lintho tseo ke li hlokang. Seo Jehova a neng a mpha sona, se ne se lekane.

Ke “Utsoa” Banab’eso

Kapele feela ka mor’a hore ke be le ha ka, ntho ea pele eo ke ileng ka ameha ka eona ke hore ke thuse banab’eso linthong tsa moea. Kaha Ntate o ne a e-na le lehloeo a bile a e-na le lipelaelo tse tebileng, o ne a hanyetsa hore ke be Paki. Ebe joale ke ne ke tla thusa banab’eso joang hore ba ithute ’nete ea Bibele? Ke ile ka ithaopela ho thusa moena oa ka Ernest ka chelete, ka lebaka leo Ntate o ile a mo lumella hore a lule le ’na. Ernest o ile a amohela ’nete kapele eaba o kolobetsoa ka 1956. Ho fetoha ha hae ho ile ha etsa hore Ntate a lomahanye meno ho nkhanyetsa. Leha ho le joalo, khaitseli ea ka ea neng a se a nyetsoe le eena o ile a amohela ’nete le monna oa hae. Ntate o ile a lumela ka monyebe ha ke lokisetsa hore Felicia, khaitseli ea ka ea bobeli, a tle ho ’na bakeng sa matsatsi a sekolo a phomolo. Ka mor’a nakoana, Felicia le eena o ile a kolobetsoa ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.

Ka 1959, ke ile ka ea hae ho ea lata Bernice, khaitseli ea ka ea boraro, hore a tl’o lula le Ernest. Ke nako eo ka eona Ntate a ileng a ntlhasela, a nqosa ka hore ke utsoa bana ba hae. O ne a sa utloisise hore ke bona ba neng ba ikhethetse ho sebeletsa Jehova. Ntate o ile a ikana hore o ne a ke ke a lumella Bernice hore a tsamaee le ’na. Empa letsoho la Jehova le ne le se lekhutšoanyane, hobane selemong se latelang feela, Bernice o ile a etela Ernest nakong ea matsatsi a sekolo a phomolo. Joaloka bo-ausi’ae, o ile a amohela ’nete a ba a kolobetsoa.

‘Ho Ithuta Sephiri’

Ka September 1957, ke ile ka qala ho sebetsa ke le pula-maliboho ea khethehileng, ka khoeli ke ne ke sebetsa lihora tse ka bang 150 mosebetsing oa boboleli. ’Na le mphato oa ka, Sunday Irogbelachi, re ne re sebetsa tšimo e khōlō ea Akpu-na-abuo, Etche. Kopanong ea pele ea potoloho eo re ileng ra ea ho eona ha re ntse re le moo, ho ile ha kolobetsoa batho ba 13 ba tsoang sehlopheng sa moo re neng re kopanela teng. Hona joale re hlolloa hakaakang ha re bona liphutheho tse 20 tikolohong eo!

Ka 1958, ke ile ka tseba Christiana Azuike, eo e neng e le pula-maliboho oa kamehla Phuthehong ea Aba East. Ke ile ka khahloa ke cheseho ea hae, ’me re ile ra nyalana ka December hona selemong seo. Mathoasong a 1959, ke ile ka khetheloa ho ba molebeli ea tsamaeang, ke etela liphutheho tsa barab’abo rōna ke bile ke li matlafatsa moeeng. Ho tloha ka nako eo ho fihlela ka 1972, ’na le mosali oa ka re ile ra etela hoo e ka bang liphutheho tsohle tsa batho ba Jehova tse ka bochabela le ka bophirimela bo hare Nigeria.

Liphutheho li ne li qaqolohane, ’me sepalangoang sa rōna se seholo e ne e le baesekele. Ha re ne re sebeletsa liphutheho tsa litoropo tse khōlō, barab’abo rōna ba ne ba hira tekesi hore e re ise phuthehong e latelang. Libakeng tse ling re ne re fihlela likamoreng tse liloang ka mobu fatše ebile li se na siling. Re ne re robala libetheng tse entsoeng ka lipalo tsa sefate sa palema. Libethe tse ling li ne li etselitsoe materase a joang ao holim’a oona ho neng ho aloa moseme; tse ling li ne li se na materase ho hang. Re ne re sa tšoenngoe ke hore na lijo ke tsa mofuta ofe kapa hore na li kae. Kaha nakong e fetileng re ne re ithutile ho ba le lintho tse hlokahalang feela, re ne re thabela lijo tsa mofuta ofe kapa ofe tseo re neng re li fuoa, ’me beng ba matlo ba ne ba thabela sena. Mehleng eo, metse e meng e ne e se na motlakase, kahoo kamehla re ne re nka lebone la rōna la parafine la lantherene. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe maemo a thata, re ne re e-ba le nako e ngata ea ho thaba le liphutheho.

Lilemong tseo, re ile ra elelloa kamoo keletso ea moapostola Pauluse e leng ea bohlokoa kateng ha e re: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” (1 Timothea 6:8) Ho feta pel’a tsietsi ho ile ha ruta Pauluse sephiri se ileng sa mo thusa hore a lule a khotsofetse. Sephiri seo e ne e le sefe? O ile a se hlalosa tjena: “Ka sebele ke tseba ho haelloa ke lijo, ke tseba ho ba le ho hongata haholo. Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka.” Re ile ra ithuta sephiri seo. Pauluse o ile a boela a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la [Molimo] ea mphang bonatla.” (Bafilipi 4:12, 13) Sena se ile sa re etsahalla! Re ile ra hlohonolofatsoa ka ho khotsofala, mesebetsi e hahang ea Bokreste e lekaneng liatla, hammoho le khotso ea kelello.

Ho Sebeletsa Liphutheho re le Lelapa

Bofelong ba selemo sa 1959, mora oa rōna oa letsibolo, ea bitsoang Joel, o ile a hlaha, ’me ka 1962, ho ile ha latela moshemane oa bobeli, ea bitsoang Samuel. ’Na le Christiana re ile ra tsoela pele mosebetsing oa ho tsamaea, ra ’na ra etela liphutheho re e-na le bashemane ba rōna. Ka tšohanyetso, ho ile ha qhoma ntoa ea lehae Nigeria ka 1967. Likolo li ile tsa koaloa ka lebaka la litlhaselo tse sa feleng tsa moeeng. Mosali oa ka e ne e le mosuoe pele a qala ho ba le ’na mosebetsing oa ho tsamaea, kahoo, ha ntoa e ntse e kupa, o ile a rutela bana lapeng. Ha Samuel a e-na le lilemo tse tšeletseng, o ne a tseba ho bala le ho ngola. Ha a e-ea sekolong ka mor’a ntoa, o ne a le ka pele ho lithaka tsa hae ka lihlopha tse peli.

Nakong eo, re ne re sa hlokomele ka ho feletseng mathata a ho hōlisa bana ebile re ntse re le mosebetsing oa ho tsamaea. Leha ho le joalo, re ile ra rua molemo ha re fuoa kabelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ka 1972. Sena se ile sa re thusa hore re lule sebakeng se le seng e le hore re ka hlokomela lelapa la rōna moeeng ka tsela e khotsofatsang. Re ile ra ruta bana ba rōna ba sa le banyenyane kamoo khotsofalo ea bomolimo e leng bohlokoa kateng. Samuel o ile a kolobetsoa ka 1973, ’me Joel o ile a kenela bopula-maliboho ba kamehla selemong sona seo. Bara ba rōna ka bobeli ba ile ba nyala basali ba khabane ba Bakreste ’me hona joale ba hōlisetsa bana ba bona ’neteng.

Mahlomola a Ntoa ea Lehae

Ha ntoa ea lehae e qhoma, ke ne ke etetse phutheho ea Onitsha ke le molebeli oa potoloho, ke e-na le lelapa la ka. Ntoa eo e ile ea re hlakisetsa haholoanyane hore ho bokella maruo kapa ho a tšepa ke halefeela. Ke ile ka bona batho ba balehisa bophelo ba bona—ba siea matlotlo a bona a bohlokoa literateng.

Ha ntoa e ntse e tota, banna bohle ba phelang hantle ba ne ba isoa sesoleng ka sheshe. Barab’abo rōna ba bangata ba neng ba hana ho kenela sesole ba ne ba hlorisoa. Re ne re sitoa ho tsamaea ka bolokolohi. Khaello ea lijo e ile ea baka pherekano ka hare ho naha. Theko ea halofo ea k’hilograma ea cassava e ile ea nyoloha ho tloha ho lisente tse 48 ho ea ho liranta tse 96 ’me kopi ea letsoai ea tloha ho liranta tse 55 ea nyolohela ho liranta tse 290. Lebese, botoro le tsoekere li ile tsa fela ho tu! Re ne re phela ka hore re sile papaya e tala ’me re e kopanye le bohashana ba phofo ea cassava. Hape, re ne re ja marutle, makhapetla a cassava, makhasi a hibiscus, peō ea mosèka—makhasi a eng kapa eng ao re neng re ka a fumana. Nama e ne e tura, kahoo, ke ne ke tšoasa mekholutsoane hore bana ba je. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na ho ne ho le boima hakae, Jehova o ne a re hlokomela kamehla.

Empa, tlala ea moea e neng e bakiloe ke ntoa ke eona e neng e le kotsi ka ho fetisisa. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba balehela likhoeng kapa metseng e meng ba tloha moo ntoa e neng e kupa, ’me ha ba ntse ba baleha, ba ne ba lahleheloa ke boholo ba lingoliloeng tsa bona tsa Bibele haeba li ne li sa ba lahlehele kaofela. Ho phaella moo, thibelo e neng e entsoe ke mabotho a ’muso e ile ea sitisa lingoliloeng tse ncha tsa Bibele ho kena tikolohong ea Biafra. Le hoja liphutheho tse ngata li ne li leka ho tšoara liboka, bomoea ba barab’abo rōna bo ile ba ameha habohloko hobane tataiso e tsoang ofising ea lekala e ne e sa fihle ho bona.

Ho Loantša Tlala ea Moea

Balebeli ba tsamaeang ba ne ba etsa sohle seo ba neng ba ka se khona ho ntšetsa pele tokisetso ea ho etela phutheho e ’ngoe le e ’ngoe. Kaha barab’abo rōna ba bangata ba ne ba balehile litoropong, ke ne ke ba batla kae kapa kae moo ba neng ba ka fumanoa. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka siea mosali oa ka le bana sebakeng se sireletsehileng eaba ke tsamaea ke le mong ka libeke tse tšeletseng, ka etela metse e sa tšoaneng le likhoa ke ntse ke batla barab’abo rōna.

Ha ke ntse ke sebeletsa phutheho e ’ngoe ea Ogbunka, ke ile ka tsebisoa hore ho na le moo Lipaki li leng ngata teng tikolohong ea Isuochi seterekeng sa Okigwe. Kahoo, ke ile ka kōpa hore ho laetsoe barab’abo rōna ba tikolohong eo hore ba bokane sebakeng seo ho lengoang semela sa cashew ho sona motseng oa Umuaku. ’Na le mor’eso e mong ea seng a hōlile re ile ra palama libaesekele ho ea sebakeng seo sa temo se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 15, moo ho neng ho bokane Lipaki tse ka bang 200 tse neng li akarelletsa basali le bana. Ke ile ka thusoa ke morali e mong oeso oa pula-maliboho hore ke fumane sehlopha se seng sa Lipaki tse ka bang lekholo, tse neng li balehetse morung oa Lomara.

Lawrence Ugwuegbu e ne e le e mong oa sehlopha sa barab’abo rōna ba sebete ba neng ba lula motseng o neng o ruthuthiloe ke ntoa oa Owerria. O ile a ntsebisa hore ho ne ho e-na le Lipaki tse ngata tikolohong ea Ohaji. Li ne li sa khone ho tsamaea ka bolokolohi hobane masole a ne a lula sebakeng seo. Re ile ra tsamaea ka libaesekele re le babeli ho ea sebakeng seo bosiu ’me ra kopana le Lipaki tse ka bang 120 moo mor’abo rōna e mong a neng a hahile matlo a mangata teng. Monyetla ona re ile ra boela ra o sebelisetsa ho etela Lipaki tse ling moo li neng li ipatile teng.

Mor’abo rōna Isaac Nwagwu o ile a beha bophelo ba hae kotsing ho nthusa ho batla bara ba bang babo rōna ba neng ba balehile mahahabo bona. O ile a ntšelisa Nōka ea Otamiri ka seketsoana hore ke e’o kopana le Lipaki tse fetang 150 tse neng li bokane Egbu-Etche. Mono mor’abo rōna e mong o ile a bua ka thabo a re: “Letsatsi lena le ’natefetse ho feta ’ohle bophelong! Ke ne ke sa lumele hore ke sa tla hlola ke bona molebeli oa potoloho hape. Le haeba nka shoa ntoa ena e sa ntse e kupa, ke khotsofetse.”

Ke ne ke le kotsing ea ho kenngoa sesoleng ka sheshe, empa nako le nako ke ne ke bona hore Jehova o ntširelelitse. Thapameng e ’ngoe, ha ke khutlela moo ke neng ke lula teng, ka mor’a ho teana le barab’abo rōna ba ka bang 250, ke ile ka emisoa ke sehlopha sa masole moo se neng se thibile tsela teng. A ile a mpotsa, “Ke hobane’ng ha u sa kena sesoleng?” Ke ile ka hlalosa hore ke moromuoa ea rutang ka ’Muso oa Molimo. Ke ile ka hlokomela hore a ne a ikemiselitse ho ntšoara. Ka mor’a ho rapella ka pelong hakhutšoanyane, ke ile ka re ho molaoli oa ’ona: “Ke kōpa hore u ntokolle.” Ke ile ka makala ha a re, “U re re u tlohele u tsamaee?” Ke ile ka araba ka re: “E, ntokolleng.” O ile a re, “U lokolohile, tsamaea.” Ha ho na lesole le ileng la ahlamisa molomo.—Pesaleme ea 65:1, 2.

Khotsofalo e Tlisa Melemo e Eketsehileng

Ka mor’a hore ntoa e lale ka 1970, ke ile ka tsoela pele ka mosebetsi oa ho potoloha. Ho ’na e ile ea e-ba tokelo e babatsehang hore ebe ke ile ka kenya letsoho ha ho ne ho hlophisoa liphutheho bocha. Ka mor’a moo, ’na le Christiana re ile ra sebetsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng ho fihlela ka 1976 ha ke ne ke khetheloa ho ba molebeli oa potoloho hape. Hoo e ka bang ho ea bohareng ba selemo seo, ke ile ka abeloa ho ba molebeli oa setereke. Lilemo tse supileng hamorao, ’na le mosali oa ka re ile ra mengoa hore re e’o sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Nigeria, moo e leng lapeng labo rōna hona joale. Kamehla lekaleng mona re thaba haholo ha re boetse re bona bara le barali babo rōna bao re ileng ra kopana le bona nakong ea ntoa ea lehae le ka linako tse ling, ’me re ba bona ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.

Ka lilemo tsena tsohle, Christiana e bile seikokotlelo se babatsehang ho ’na le molekane ea tšepahalang. Boikutlo ba hae bo botle le boikemisetso ba hae bo botle, ho sa tsotellehe mathata a bokuli ao a ’nileng a a mamella ho tloha ka 1978, bo nthusitse hore ke ’ne ke phethe boikarabelo ba ka. Mantsoe ana a mopesaleme a phethahetse ho rōna: “Jehova o tla mo tšehetsa holim’a setulo sa hae se kang moalo sa ho kula.”—Pesaleme ea 41:3.

Ha ke nahana ka lilemo tsena tsohle tsa tšebeletso ea puso ea Molimo, ka sebele ke leboha Jehova ka litlhohonolofatso tsa hae tse babatsehang. Kaha ke khotsofaletse seo a fanang ka sona, ka sebele nka bolela hore ke fumane thabo e khōlō. Thabo ea hore ke bone banab’eso, bana ba ka le malapa a bona kaofela ba sebeletsa Jehova le ’na le mosali oa ka, ke tlhohonolofatso e fetang tsohle. Jehova o nkhotsofalitse ka bophelo bo monate le bo nang le morero. Ha ho na takatso ea ka e sa phethahalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Ha li sa hatisoa hona joale.

[Lebokose le leqepheng la 27]

Tokisetso e Nakong e Tšehetsa Mokhatlo oa Bara ba Motho

Bohareng ba lilemo tsa bo-1960, lehloeo le neng le le teng pakeng tsa merabe ea ka leboea le ea ka bochabela ea Nigeria le ile la baka meferefere, bofetoheli, ho hloka molao le pefo ea merabe. Lintho tsena li ile tsa imela Lipaki Tsa Jehova tse neng li ikemiselitse ho lula li sa jele paate ka ho feletseng khohlanong ena. Ho ile ha bolaoa tse ka bang 20. Tse ngata li ile tsa senyeheloa ke thepa eohle ea tsona.

Ka la 30 May, 1967, liprofinse tsa Nigeria tse ka bochabela li ile tsa ikhula ’musong o moholo, tsa theha Rephabliki ea Biafra. Ho ile ha bokelloa sesole sa ’muso o moholo, eaba Biafra e thibelloa ka ho feletseng. Ho ile ha qhoma ntoa ea lehae e mahlo-mafubelu.

Ho se jele paate ha Lipaki Tsa Jehova, ho ile ha li etsa bo-’mutla-lintjeng tikolohong ea Biafra. Likoranta li ile tsa phatlalatsa lipolelo tse bohale, li hlohlelletsa batho hore ba tsohele Lipaki matla. Leha ho le joalo, Jehova o ile a tiisa hore bahlanka ba hae ba fumana lijo tsa moea. Joang?

Mathoasong a 1968, mohlanka e mong oa ’muso o ile a fuoa mosebetsi Europe ’me e mong eena a o fuoa boema-fofane ba Biafra. Ka bobeli e ne e le Lipaki. Mesebetsi ea bona e ile ea ba beha ka mahlakoreng a sa tšoaneng a sebaka seo e neng e le sona feela se neng se kopanya Biafra le linaha tse ling. Lipaki tsena tse peli li ile tsa ithaopela ho phetha mosebetsi o kotsi oa ho fetisetsa lijo tsa moea Biafra. Hape li ile tsa thusa ho isa liphallelo ho barab’abo tsona ba tsielehileng. Bara bana babo rōna ba ile ba khona ho tsoela pele ka tokisetso ena ea bohlokoa nakong eohle ea ntoa, e ileng ea fela ka 1970. E mong oa bona hamorao o ile a re, “Tokisetso ena e ne e se ntho e neng e ka reroa ke motho.”

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ka 1956

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ka 1965, re e-na le bara ba rōna, Joel le Samuel

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke tlhohonolofatso e kaakang ho sebeletsa Jehova re le lelapa!

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Kajeno, ’na le Christiana re sebetsa lekaleng la Nigeria

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela