666—Hase Selotho Feela Tjee
“Ho se ke ha e-ba le ea ka khonang ho reka kapa ho rekisa haese motho ea nang le letšoao, lebitso la sebata kapa palo ea lebitso la sona. Mona ke moo bohlale bo kenellang: Ea kelello a ke a sebetse palo ea sebata, etsoe ke palo ea motho; palo ea sona ke makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng.”—Tšenolo 13:17, 18.
KE LINTLHA tse seng kae feela ka Bibeleng tse tsositseng thahasello e khōlō le kameho e ngata joaloka boprofeta bona bo buang ka letšoao, kapa lebitso le qakang la “sebata”—e leng palo ea 666. Letšoao la sebata e ’nile ea e-ba taba eo ho buuoang sena le sane ka eona ho sa qetoe thelevisheneng, Interneteng, haesita le lifiliming, libukeng le limakasineng.
Ba bang ba lumela hore 666 ke letšoao la mohanyetsi oa Kreste eo Bibele e buang ka eena. Ba bang ba re ke letšoao le itseng la boitsebahatso bo tlamang, joaloka mongolo o cheselelitsoeng letlalong kapa phatsa e kentsoeng ’meleng e nang le boitsebiso ba elektronike e khethollang motho e le mosebeletsi oa sebata. Ba bang bona ba nka hore 666 ke letšoao la bapapa ba K’hatholike. Ha ba sebelisa lipalo tsa Seroma sebakeng sa litlhaku tsa tlotla e fuoang mopapa, e leng Vicarius Filii Dei (Moemeli oa Mora oa Molimo) ’me ba fetola lipalo tseo ho se hokae, ba fumana palo ea 666. Ba bang ba re ho ka fumanoa palo eo ka ho sebelisa lebitso la Selatine la Moemphera Diocletian oa Roma le ha ho fetoleloa lebitso la Nero Cesare ka Seheberu.a
Leha ho le joalo, litlhaloso tsena tse inahaneloang le tse iqapetsoeng li fapane hōle le seo Bibele eona e se buang ka letšoao la sebata, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang. Bibele e senola hore ba nang le letšoao leo ba tla tleloa ke khalefo ea Molimo ha a tlisa bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. (Tšenolo 14:9-11; 19:20) Ka hona, ho utloisisa se boleloang ke 666 hase feela taba ea ho rarolla selotho se thahasellisang. Ka thabo, Jehova Molimo, eo e leng mothofatso oa lerato le Mohloli oa leseli la moea, ha aa siea bahlanka ba hae lefifing tabeng ena ea bohlokoa.—2 Timothea 3:16; 1 Johanne 1:5; 4:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa ho tšohloa ha linomoro, bona Tsoha! ea September 8, 2002.