Na Maemo a Hao a Laola Bophelo ba Hao?
MAEMO le mathata a sithabetsang a jele setsi ‘linakong tsena tse mahlonoko.’ (2 Timothea 3:1) Mathata a mang ke a nakoana, ka hona qetellong a tla feta. A mang a nka likhoeli esita le lilemo. Ka lebaka leo, ba bangata ba ikutloa kamoo mopesaleme Davida a neng a ikutloa kateng, ha a hooa a re ho Jehova: “Mahlomola a pelo ea ka a atile; u ’ntše likhatellong tse holim’a ka.”—Pesaleme ea 25:17.
Na u loantšana le mathata a sithabetsang? Haeba ho joalo, u ka fumana thuso le khothatso ka Bibeleng. A re hlahlobeng bophelo ba bahlanka ba Jehova ba babeli ba ileng ba atleha ho hlōla mathata: Josefa le Davida. Ka ho hlahloba hore na ba ile ba etsa joang ha ba le tsietsing, re ka ithuta lithuto tsa bohlokoa tse tla re thusa ho hlōla mathata a tšoanang kajeno.
Ho Thulana le Mathata a Tebileng
Ha Josefa a le lilemo li 17, o ne a e-na le bothata bo tebileng ka lapeng labo. Baholoane ba hae ba ile ba hlokomela hore ntat’a bona Jakobo o ne a “rata [Josefa] ho feta barab’abo bohle.” Ka lebaka leo, “ba qala ho mo hloea, ’me ba ne ba sa khone ho bua ka khotso le eena.” (Genese 37:4) Re ka inahanela hore na boemo bona bo ile ba bakela Josefa matšoenyeho le khatello tse kaakang. Qetellong lehloeo la baholoane ba Josefa le ile la e-ba matla hoo ba ileng ba mo rekisa bokhobeng.—Genese 37:26-33.
Ha Josefa e ntse e le lekhoba Egepeta, o ile a tlameha ho loantša boiteko ba mosali oa mong’a hae ba ho mo ekela boitšoarong bo bobe. A halefisitsoe ke hore Josefa o mo hanne, mosali eo o ile a mo qosa ka hore o ne a leka ho mo beta. Josefa o ile a ‘isoa ntlong ea chankana,’ moo ba ileng “ba utloisa maoto a hae bohloko ka litlamo, moea oa hae oa kena litšepeng.” (Genese 39:7-20; Pesaleme ea 105:17, 18) E tlameha ebe ee e ile ea e-ba teko e kaakang! Ka lilemo tse ka bang 13, Josefa e ne e le lekhoba kapa e le motšoaruoa ka lebaka la ho tšoaroa ka ho hloka toka ke ba bang, ho akarelletsa le litho tsa lelapa labo.—Genese 37:2; 41:46.
Davida oa Iseraele ea boholo-holo le eena o ile a thulana le liteko ha e sa le mohlankana. Ka lilemo tse ’maloa, o ile a tlameha ho ba ’malehi, Morena Saule a mo tsoma joaloka phoofolo. Bophelo ba Davida bo ne bo lula bo le kotsing. Ka lekhetlo le leng, o ile a ea kōpa lijo ho moprista Akimeleke. (1 Samuele 21:1-7) Ha Saule a utloa hore Akimeleke o thusitse Davida, o ile a laela hore Akimeleke a bolaoe hammoho le baprista bohle le malapa a bona. (1 Samuele 22:12-19) Na u ka inahanela bohloko boo e tlamehang ebe Davida o ile a bo utloa ka lebaka la hore o ne a bakile tlokotsi ee ka tsela e sa tobang?
Nahana ka lilemo tseo Josefa le Davida ba ileng ba li qeta ba mameletse tlokotsi le tšoaro e mpe. Ka ho hlahloba kamoo ba ileng ba hlōla maemo a bona a thata kateng, re ka ithuta lithuto tsa bohlokoa. A re hlahlobeng litsela tse tharo tseo ho tsona banna bana ba lokelang ho etsisoa.
U se ke Ua Jara Motho ka Pelo le ho Koetla Sekhopi
Pele, banna bana ba tšepahalang ba ile ba hana ho tšoasoa ke leraba la ho koetla sekhopi le ho jara motho ka pelo. Ha Josefa a ntse a le teronkong, ho ka be ho bile bonolo hore a lule a hlonamisitsoe ke ho ekoa ke baholoane ba hae, mohlomong a lohotha hore na a ka iphetetsa joang haeba a ka boela a ba bona. Re tseba joang hore Josefa o ile a loantša monahano o kotsi joalo? Nahana kamoo a ileng a itšoara kateng ha a fumana monyetla oa ho iphetetsa ho barab’abo ba neng ba tlil’o reka lijo-thollo Egepeta. Tlaleho e re: “[Josefa] a ba furalla eaba o qala ho lla. . . . Ka mor’a moo Josefa a fana ka taelo, ’me [bahlanka ba hae] ba qala ho tlatsa lijo-thollo ho lintho tseo [barab’abo] ba tšelang ho tsona. Hape, ba ne ba lokela ho khutlisetsa chelete ea banna bao ka mokotleng oa e mong le e mong le ho ba fa mofaho bakeng sa tsela.” Hamorao, ha a re barab’abo ba e’o lata ntat’a bona ba mo tlise Egepeta, Josefa o ile a ba khothatsa ka mantsoe a reng: “Le se ke la khenelana tseleng.” Ka mantsoe le ka liketso, Josefa o ile a paka hore o ne a sa lumella ho koetla sekhopi le ho jara motho ka pelo hore ho senye bophelo ba hae.—Genese 42:24, 25; 45:24.
Ka ho tšoanang, Davida ha aa ka a lula a jere Morena Saule ka pelo. Ka makhetlo a mabeli Davida o ne a e-na le monyetla oa ho bolaea Saule. Leha ho le joalo, ha banna ba hae ba mo phehella hore a mo bolaee, Davida o ile a re: “Ke ho sa utloahaleng, ponong ea Jehova, hore ke etse ntho ena ho moren’a ka, motlotsuoa oa Jehova, ka ho otlolla letsoho la ka khahlanong le eena, kaha ke motlotsuoa oa Jehova.” Davida o ile a tlohella taba matsohong a Jehova, a re ho banna ba hae: “Ka Jehova ea phelang, Jehova o tla mo otla; kapa letsatsi la hae le tla tla ’me o tla lokela ho shoa, kapa o tla theohela ntoeng, ’me ka sebele o tla felisoa.” Hamorao, Davida o bile a qapa koli-ea-malla ka lebaka la lefu la Saule le mor’a Saule, Jonathane. Joaloka Josefa, Davida ha aa ka a itumella hore a qetoe ke ho jara motho ka pelo.—1 Samuele 24:3-6; 26:7-13; 2 Samuele 1:17-27.
Na re jara motho ka pelo le ho koetla sekhopi ha re utloisoa bohloko ke ho hloka toka ho itseng? Sena se ka etsahala habonolo. Haeba re itumella hore re laoloe ke maikutlo, phello e ka re ntša kotsi le ho feta ho hloka toka hoo ka bohona. (Baefese 4:26, 27) Le hoja re ke ke ra laola seo ba bang ba se etsang, re ka laola boitšoaro ba rōna. Ho bonolo ho lesa ho jara motho ka pelo le ho koetla sekhopi haeba re e-na le tumelo ea hore Jehova o tla lokisa litaba ka nako ea hae e loketseng.—Baroma 12:17-19.
Sebelisa Boemo ba Hao Hamolemo
Thuto ea bobeli eo re ka ithutang eona ke hore re se lumelle maemo a rōna ho re nyotobetsa bophelong. Re ka ’na ra tšoenyeha haholo ka lintho tseo re sa khoneng ho li etsa hoo re ka sitoang ho bona lintho tseo re ka li etsang. Ha e le hantle, maemo a rōna a qala ho re laola. Sena se ka be se ile sa etsahalla Josefa. Ho e-na le hoo, o ile a khetha ho sebelisa boemo ba hae hamolemo. Ha e ntse e le lekhoba, Josefa o ile “a ’na a fumana kamohelo mahlong a [mong’a hae] ’me a mo sebeletsa a sa khaotse, hoo a ileng a mo beha hore a laole ntlo ea hae.” Josefa o ile a etsa se tšoanang ha a le teronkong. Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova le mahlahahlaha a Josefa, “molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana a beha batšoaruoa bohle ba ntlong ea chankana letsohong la Josefa; sohle seo ba se etsang moo ke eena ea neng a re se etsoe.”—Genese 39:4, 21-23.
Lilemong tseo ka tsona Davida e neng e le ’malehi, le eena o ile a sebelisa maemo a hae hamolemo. Ha a ntse a lula lefeelleng la Parane, eena le banna ba hae ba ile ba sireletsa mehlape ea Nabale ho lihlopha tsa bafutuhi. E mong oa balisa ba Nabale o ile a re: “E bile lerako ho re potoloha bosiu le motšehare.” (1 Samuele 25:16) Hamorao, ha a ntse a lula Ziklage, Davida o ile a futuhela metse e hapiloeng ke lira tsa Iseraele tse ka boroa, ka tsela eo a sireletsa meeli ea Juda.—1 Samuele 27:8; 1 Likronike 12:20-22.
Na ho hlokahala hore re ikitlaetse haholoanyane e le hore re sebelise maemo a rōna hamolemo? Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho etsa joalo, re ka atleha. Ha moapostola Pauluse a nahana ka bophelo ba hae, o ile a ngola a re: “Maemong afe kapa afe ao ke leng ho ’ona, ke ithutile ho khotsofala. . . . Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka.” Ho tlile joang hore Pauluse a talime bophelo ka tsela ee? Ka hore a lule a itšetlehile ka Jehova. O ile a lumela: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:11-13.
Letela Jehova
Thuto ea boraro ke hore ho e-na le ho sebelisa mekhoa e khahlanong le Mangolo ho fetola maemo a rōna, re lokela ho letela Jehova. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Mamello mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng, e le hore le ka ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle, le sa haelloe ke letho.” (Jakobo 1:4) Mamello e lokela ho lumelloa hore “mosebetsi oa eona e ke e be o feletseng” ka hore re mamelle teko ho fihlela qetellong re sa retelehele mekhoeng e khahlanong le Mangolo ho etsa hore e fele kapele. Joale tumelo ea rōna e tla lekoa le ho hloekisoa, ’me matla a eona a tšehetsang a tla senoloa. Josefa le Davida ba ne ba e-na le mamello ea mofuta ona. Ha baa ka ba leka ho iphumanela tharollo e neng e ke ke ea thabisa Jehova. Ho e-na le hoo, ba ile ba leka ka hohle ho sebelisa maemo a bona hamolemo. Ba ile ba letela Jehova, ’me ba ile ba hlohonolofatsoa hakaakang ka ho etsa joalo! Bobeli ba bona Jehova o ile a ba sebelisa ho lopolla batho ba hae le ho ba etella pele.—Genese 41:39-41; 45:5; 2 Samuele 5:4, 5.
Le rōna re ka ’na ra thulana le maemo ao ho ’ona re ka lekehang hore re batle tharollo e khahlanong le Mangolo. Ka mohlala, na u nyahamisitsoe ke hore ha u e-s’o fumane molekane oa lenyalo ea loketseng? Haeba ho joalo, qoba teko leha e le efe ea ho se mamele taelo ea Jehova ea hore u nyale “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Na u na le mathata lenyalong la hao? Ho fapana le ho inehela moeeng oa lefatše o khothalletsang karohano le tlhalo, lekang ka hohle ho rarolla mathata hammoho. (Malakia 2:16; Baefese 5:21-33) Na u na le mathata a ho hlokomela lelapa la hao ka lebaka la boemo ba hao ba moruo? Ho letela Jehova ho akarelletsa hore u qobe ho etsa mesebetsi e belaetsang kapa e sa lumelloeng ke molao e le ho leka ho fumana chelete. (Pesaleme ea 37:25; Baheberu 13:18) E, kaofela ha rōna re tlameha ho loanela ho sebelisa maemo a rōna hamolemo le ho ikitlaetsa ho etsa seo Jehova a tla se hlohonolofatsa. Ha re ntse re etsa joalo, a re ikemisetseng ho letela Jehova hore a tlise tharollo e phethahetseng.—Mikea 7:7.
Jehova o Tla U Tšehetsa
Ho nahanisisa kamoo batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba kang Josefa le Davida ba ileng ba sebetsana le ho nyahama le maemo a thata kateng ho ka re tsoela molemo. Le hoja lipale tsa bona li hlalositsoe maqepheng a seng makae feela ka Bibeleng, liteko tsa bona li ile tsa nka lilemo tse ngata. Ipotse: ‘Bahlanka ba Molimo ba joalo ba ile ba ithuta ho amohela maemo a bona joang? Ba ile ba etsa eng hore ba lule ba thabile? Ba ne ba lokela ho hlaolela litšobotsi life?’
Hape ho ka ba hotle hore re nahane ka mamello ea bahlanka ba Jehova ba kajeno. (1 Petrose 5:9) Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li ba le lipale tse ngata tsa bophelo selemo se seng le se seng. Na u bala mehlala ea Bakreste baa ba tšepahalang u be u thuise ka eona? Ho phaella moo, ka liphuthehong tsa habo rōna ho na le bao ka botšepehi ba mameletseng maemo a sa thabiseng. Na u thabela botsoalle le bona kamehla le ho ithuta ho bona ha u le libokeng tsa phutheho?—Baheberu 10:24, 25.
Ha u thulana le mathata a boima, kholiseha hore Jehova oa u tsotella ’me o tla u tšehetsa. (1 Petrose 5:6-10) Leka ka hohle hore u se lumelle maemo a hao ho laola bophelo ba hao. Latela mohlala oa Josefa, Davida le ba bang ka ho lesa ho jara motho ka pelo, ho sebelisa boemo ba hao hamolemo, le ka ho letela Jehova hore a fane ka tharollo e phethahetseng. Atamela ho eena ka thapelo le ka mesebetsi ea moea. Ka tsela ena, le uena u tla fumana thabo le nyakallo esita le linakong tse thata.—Pesaleme ea 34:8.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Josefa o ile a leka ka hohle ho sebelisa maemo a hae hamolemo
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Davida o ile a letela Jehova hore a rarolle mathata a hae