Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 6/15 leq. 3
  • Mathata a ho Koetlisa Ngoana Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mathata a ho Koetlisa Ngoana Kajeno
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao
    Tsoha!—2007
  • Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
    Tsoha!—1996
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Haha Boinehelo ba Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 6/15 leq. 3

Mathata a ho Koetlisa Ngoana Kajeno

KE SHOALANE e khōlō, ’me mong’a reschorente o lokisetsa ho koala reschorente a ee hae. Joale ho kena basali ba babeli le ngoana ’me ba kōpa ho rekisetsoa lijo. Kaha mong’a reschorente o khathetse haholo, o nahana hore a ba bolelle hore reschorente e koetsoe, empa o etsa qeto ea hore a ba lokisetse lijo tseo ba li batlang. Ha basali bana ba babeli ba ntse ba bua ba bile ba ja, ngoana o matha hohle ka reschorenteng, a ntse a lahlela likuku fatše ’me a li hatakela ka maoto. Ho e-na le hore ’mè oa ngoana enoa a mo khalemele, oa bososela. Qetellong ha basali bana ba tsamaea, mong’a reschorente ea khathetseng o tlameha ho hloekisa bohlasoa bo entsoeng fatše.

Joalokaha e ka ’na eaba ua tseba, ketsahalo ena ea sebele bophelong e bontša hore malapeng a mangata, ho koetlisa bana ha ho atlehe. Mabaka ha a tšoane. Batsoali ba bang ba lumella bana ho iketsetsa borata, ba nahana hore bana ba lokela ho hōlisetsoa moo ho nang le bolokolohi. Kapa kaha bophelo ba batsoali bo phathahane, ba ka ’na ba se ke ba e-ba le nako ea ho hlokomela bana ba bona le ho ba koetlisa ka tsela e hlokahalang. Batsoali ba bang ba nahana hore thuto ea ngoana oa bona ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, kahoo, ba fa ngoana bolokolohi bo batlang bo se na moeli hafeela a fumana limaraka tse ntle sekolong ’me a amoheloa kolecheng e tummeng.

Empa, ba bang ba bolela hore melao ea boitšoaro eo batsoali le batho ka kakaretso ba nahanang hore ke ea bohlokoa, e lokela ho lokisoa. Ba beha lebaka la hore bana ba ameha mefuteng eohle ea tlōlo ea molao le hore pefo ea likolong e ntse e phahama letsatsi le leng le le leng. Kahoo, mosuoe-hlooho oa sekolo se seng se bohareng sa Seoul, Rephabliking ea Korea, o ile a hatisa hore ho ruta bana hore ba ntlafatse botho ba bona ke habohlokoa. O ile a re: “Ha u se u mo rutile mekhoa e metle, u ka mo fa tsebo.”

Batsoali ba bangata ba batlang ha ngoana oa bona a e-ea kolecheng le ba batlang hore a atlehe bophelong, ba hlokomoloha litemoso. Haeba u motsoali, u rata ha ngoana oa hao e e-ba motho oa mofuta ofe? Na u rata ha e ka ba motho e moholo ea tsebang ho itšoara le ea nang le boikarabelo? Ea nahanelang batho ba bang, ea tenyetsehang le maemo le ea ratang ho thusa batho ba bang? Haeba ho joalo, re kōpa hore u hlahlobe sehlooho se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela