Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 10/1 maq. 20-23
  • Na U Letile ka Tsela e Nepahetseng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Letile ka Tsela e Nepahetseng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Leta ka Lebaka le Fosahetseng
  • Lebaka Leo ka Lona Jehova a sa Feleng Pelo
  • Ho Leta ka Tsela e Loketseng
  • Ho ba Mafolofolo ha li Ntse li Letile
  • Ho se Fele Pelo ha Morena oa Rōna ho Bolela Poloko
  • O Ile a Ithuta Bohlokoa ba ho Bontša Mohau
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Ithuta Thuto Mabapi le Mohau
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jehova o Ile a Mamella Jonase
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Buka ea Bibele ea 32—Jonase
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 10/1 maq. 20-23

Na U Letile ka Tsela e Nepahetseng?

LEFATŠENG la kajeno hase ba bangata ba thabelang ho letela motho kapa ntho e itseng. Ba fela pelo. Leha ho le joalo, Mangolo a khothalletsa batho ba Molimo hore ba ithute ‘ho leta.’ Ho fapana le batho ba neng ba mo potolohile, moprofeta Mikea o ile a re: “Ke tla letela Molimo oa poloko ea ka.”—Mikea 7:7; Lillo Tsa Jeremia 3:26.

Empa ho letela Jehova ho bolela’ng? Mokreste o lokela ho letela Molimo joang? Na ho na le litsela tse loketseng le tse sa lokelang tsa ho leta? Phihlelo ea moprofeta Jonase oa lekholong la borobong la lilemo B.C.E. e re ruta ho hongata tabeng ena.

Ho Leta ka Lebaka le Fosahetseng

Jehova Molimo o ile a laela Jonase hore a e’o bolela har’a batho ba Ninive, e leng motse-moholo oa ’Muso oa Assyria. Ninive e ne e tsebahala ka ho ba “motse oa tšollo ea mali” ka lebaka la hore o ne o etsa bokhopo le sehlōhō ka pelo e mpe, e leng ’nete e tiisoang ke bo-rahistori le baepolli ba lintho tsa khale. (Nahume 3:1) Qalong Jonase o ile a leka ho qoba kabelo ena, empa Jehova o ile a tiisa hore moprofeta eo o qetella a ile Ninive.—Jonase 1:3–3:2.

“Jonase a qala ho kena motseng sebaka se ka tsamauoang letsatsi le le leng, ’me a ’na a phatlalatsa a re: ‘Ho setse matsatsi a mashome a mane feela, ’me Ninive e tla lihuoa.’” (Jonase 3:4) Boiteko ba Jonase bo ile ba hlahisa liphello tse babatsehang: “Batho ba Ninive ba qala ho beha tumelo ho Molimo, eaba ba phatlalatsa hore ho itingoe lijo ’me ho aparoe lesela la mokotla, ho tloha ho e moholo ho bona esita le ho ea ho e monyenyane ho bona.” (Jonase 3:5) Ka lebaka leo, Jehova, Molimo ‘ea sa lakatseng hore leha e le mang a timetsoe empa ea lakatsang hore bohle ba fihle pakong,’ a boloka motse oo.—2 Petrose 3:9.

Jonase o ile a ikutloa joang? Tlaleho eo e re: “Leha ho le joalo, ho Jonase e ne e le ho sa khahliseng ho hang, ’me a tuka ke bohale.” (Jonase 4:1) Hobane’ng? Ho ka etsahala hore ebe Jonase o ile a nahana hore ho se phethahale ha phatlalatso ea hae ea hore motse o tla timetsoa ka nako e itseng ho mo tlosa seriti e le moprofeta. Ho bonahala eka o ile a ameha haholo ka botumo ba hae ho feta ka ho hauheloa le ho bolokeha ha ba bang.

Ho hlakile hore Jonase ha aa ka a beha meja fatše eaba o khaotsa ho ba moprofeta. Leha ho le joalo, o ile a letela ho “bona se neng se tla etsahalla motse oo.” E, o ile a ba lekhonono, a ba le boikutlo ba hore o se a tla bona teng. Ha a hlokomela hore ha hoa etsahala kamoo a neng a lebeletse kateng, o ile a haha lephephe, a lula moriting eaba ka pelo e bohloko o letela ho bona hore na ho tla etsahala’ng. Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a rata boikutlo ba Jonase, kahoo ka lerato o ile a lokisa monahano o fosahetseng oa moprofeta eo oa hae.—Jonase 4:5, 9-11.

Lebaka Leo ka Lona Jehova a sa Feleng Pelo

Le hoja batho ba Ninive ba ile ba baka ’me ba bolokoa, hamorao ba ile ba khutlela litseleng tsa bona tse khopo. Ka baprofeta Nahume le Sofonia, Jehova o ile a bolela esale pele hore e tla timetsoa. Ha a bua ka “motse oa tšollo ea mali,” Jehova o ile a re o ne a tla timetsa Assyria ’me a fetole Ninive lesupi. (Nahume 3:1; Sofonia 2:13) Ka 632 B.C.E., Ninive e ile ea timetsoa, ’me ha ea ka ea hlola e tsosoa.

Ka tsela e tšoanang, kajeno lefatše le na le molato o moholo haholo oa tšollo ea mali e sa laoleheng ho feta Ninive ea boholo-holo. Ka lebaka lena le ka mabaka a mang, Jehova o laetse hore tsamaiso ea lintho e khopo ea hona joale e tla felisoa ‘matšoenyehong a maholo’ a e-s’o ka a e-ba teng.—Matheu 24:21, 22.

Ho ntse ho le joalo, Jehova ha a e-s’o tlise timetso eo a e tšepisitseng e le hore batho ba tšepahalang kajeno ba ka baka ’me ba bolokoa joaloka Baninive ba ileng ba baka. Moapostola Petrose o bua ka ho se fele pelo ha Molimo ka mantsoe ana: “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.”—2 Petrose 3:9, 10, 13.

Ho Leta ka Tsela e Loketseng

Petrose o tsoela pele ho re: “Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, le letile ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova!” (2 Petrose 3:11, 12) Hlokomela hore ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova, re lokela ho bontša ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo’—re lokela ho sebetsa, re se ke ra lula re sa etse letho.

E, boikutlo bo loketseng ba ho leta bo bontša kholiseho e tletseng ea hore letsatsi la Jehova le tla tla hantle feela ka nako eo Jehova a e rerileng. Tumelo e joalo e hlahisa liketso tse halalelang le liketso tsa bomolimo, ’me boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ke bona bo ka sehloohong har’a tsona. Jesu o ile a beha mohlala o motle oa boboleli, ’me o ile a fa balateli ba hae ba tlotsitsoeng taelo e reng: “Matheka a lōna a ke a tlangoe ’me mabone a lōna a ke a tuke, ’me le be joaloka batho ba letetseng mong’a bona ha a khutla lenyalong, e le hore ha a fihla ’me a kokota hang-hang ba ka mo bulela. Ho thaba makhoba ao monghali ha a fihla a a fumanang a lebetse!”—Luka 12:35-37.

Makhoba a lekholong la pele la lilemo a ne a ‘itlama matheka’ ka ho fina mophetho oa liaparo tsa ’ona tsa ka ntle ebe a li subela tlas’a senyepa e le hore a khone ho etsa mosebetsi o boima. Ka hona, Mokreste o lokela ho ba mahlahahlaha, ho cheseha mesebetsing e metle. O lokela ho loantša tšekamelo leha e le efe ea ho “ba botsoa” mosebetsing oa moea, mohlomong a iqeta matla ka ho batla menyaka kapa lintho tse bonahalang. Ho e-na le hoo, o lokela ho ba le “ho hongata hoo [a] ka ho etsang mosebetsing oa Morena” ha a ntse a letetse letsatsi la Jehova le leholo le tšosang.—Baroma 12:11; 1 Bakorinthe 15:58.

Ho ba Mafolofolo ha li Ntse li Letile

Lipaki Tsa Jehova li lutse li tšoarehile ha li ntse li letetse letsatsi la Jehova. Ka mohlala, selemong sa tšebeletso sa 2003, li ile tsa qeta lihora tse 3 383 000 ka karolelano letsatsi le leng le le leng li ntse li bolela lentsoe la Jehova. Nahana, motho a le mong o ne a tla lokela ho bolela mocha-o-chele ka lilemo tse 386 e le hore a finyelle se entsoeng ka letsatsi le le leng!

Leha ho le joalo, ho ka ba hotle hore re ipotse, ‘Na ’na ke letile ka tsela e nepahetseng?’ Jesu o ile a etsa papiso e hlalosang mahlahahlaha ao ho lebeletsoeng hore Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ba a bontše. O ile a bua ka makhoba a mararo: “Le leng [monghali] a le fa litalenta tse hlano, le leng tse peli, le leng hape e le ’ngoe, le leng le le leng ho ea ka bokhoni ba lona, ’me a ea hōle. Kapele-pele le ileng la amohela litalenta tse hlano la tsamaea ’me la etsa khoebo ka tsona ’me la fumana tse eketsehileng tse hlano. Ka tsela e tšoanang le ileng la amohela tse peli la fumana tse eketsehileng tse peli. Empa le ileng la amohela e le ’ngoe feela la tloha, ’me la cheka fatše la pata chelete eo ea silevera ea mong’a lona. Ka mor’a nako e telele mong’a makhoba ao a fihla ’me a lokisa litlaleho le ’ona.”—Matheu 25:15-19.

Makhoba ao a mararo kaofela a ile a letela hore mong’a ’ona a khutle. Ha mong’a makhoba a fihla o ile a bolella a mabeli a ileng a lula a tšepahala mantsoe ana: “U entse hantle, lekhoba le molemo le le tšepahalang!” Leha ho le joalo, le ileng la lula le sa etse letho ha le ntse le letile le ile la tšoaroa ka tsela e fapaneng. Mong’a lona o ile a re: “Lahlelang lekhoba lena le se nang molemo lefifing ka ntle.”—Matheu 25:20-30.

Le hoja papiso ena e sebetsa ho Bakreste ba tlotsitsoeng, ho na le seo kaofela ha rōna re ka ithutang sona ho eona ho sa tsotellehe hore na tšepo ea rōna ke efe. Mong’a rōna, Jesu Kreste, o lebeletse hore e mong le e mong oa rōna a ikitlaetse tšebeletsong ea hae ha re ntse re letetse hore a fihle ka letsatsi la Jehova le leholo. O ananela mosebetsi oa e mong le e mong ‘ho ea ka bokhoni ba hae’ le maemo a hae. E tla ba ho thabisang hakaakang ho utloa ha Mong’a rōna a re “u entse hantle” qetellong ha nako ea ho leta e fela!

Ho se Fele Pelo ha Morena oa Rōna ho Bolela Poloko

Ho thoe’ng haeba tsamaiso ee ea lintho e tšoareletse halelele ho feta kamoo re neng re nahanne kapa kamoo re neng re tšepile kateng? Ho na le lebaka leo ka lona tsamaiso ena ea lintho e tšoareletseng halelele hakana. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Le nke ho se fele pelo ha Morena oa rōna e le poloko.” (2 Petrose 3:15) Ho ba le tsebo e nepahetseng ea morero oa Molimo le ho hlokomela ha rōna ka boikokobetso hore ha re ba bohlokoa hakaalo ha re bapisoa le morero oo oa hae ho tla re thusa hore re se fele pelo hafeela Jehova a sa ntse a bona ho loketse hore a se felle tsamaiso ena ea khale pelo.

E le ho khothalletsa Bakreste hore ba se fele pelo, mongoli oa Bibele Jakobo o ile a pheta papiso. O ile a ngola: “Bonang! Sehoai se lula se letetse litholoana tsa bohlokoa tsa lefatše, ha se fele pelo mabapi le tsona ho fihlela se fumana pula ea pele le pula ea morao. Le lōna le se ke la fela pelo; tiisang lipelo tsa lōna, hobane ho ba teng ha Morena ho atametse.”—Jakobo 5:7, 8.

Jehova Molimo ha a batle hore re khathale kapa re tele ha re ntse re letile. O re file mosebetsi oo re lokelang ho o etsa ’me oa thaba haeba re sebelisa nako ea ho leta ho etsa mosebetsi oo ka mafolofolo. O batla hore re be har’a bao moapostola Pauluse a ba hlalosang lengolong la hae le eang ho Baheberu ha a re: “Re lakatsa hore e mong le e mong oa lōna a bontše mafolofolo a tšoanang e le hore a be le kholiseho e feletseng ea tšepo ho fihlela bofelong, e le hore le se ke la noaboloha, empa le be baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.”—Baheberu 6:11, 12.

Kahoo, a re se keng ra khathala. Ho fapana le hoo, e se eka kamano ea rōna ka bomong le Jehova Molimo, tumelo ea rōna sehlabelong sa thekollo sa Jesu le tšepo ea rōna e khanyang tsamaisong e ncha ea lintho li ka tsoela pele ho re susumetsa le ho re matlafatsa bophelong. Joaloka makhoba a ‘molemo le a tšepahalang’ ao ho builoeng ka ’ona papisong ea Jesu, e se eka re ka ipaka re tšoanela ho babatsoa le ho putsoa ka hore re lule re tšoarehile ho roriseng Molimo oa rōna, joalokaha mopesaleme a ile a etsa joalo a ba a re: “Ha e le ’na, ke tla leta kamehla, ke tla ekeletsa thorisong eohle ea hao.”—Pesaleme ea 71:14.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Kaha o ne a soetsehile, Jonase o ile a letela ho bona hore na ho tla etsahala’ng ka Ninive

[Litšoantšo tse leqepheng la 22, 23]

A re bonahatseng boinehelo ba bomolimo ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela