Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 12/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Kamoreng e Notletsoeng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Jesu oa Phela!
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • O Ile a Mamella Bohloko bo Otlang Pelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Jesu oa Phela!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 12/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ke hobane’ng ha Jesu ea tsositsoeng a ile a lumella Thomase ho mo ama empa pejana ho moo a ile a thibela Maria Magdalena ho mo ama?

Liphetolelo tse ling tsa khalenyana tsa Bibele li fana ka maikutlo a hore Jesu o ile a laela Maria Magdalena hore a se ke a mo ama. Ka mohlala, Bibele ea Sesotho e fetolela mantsoe a Jesu tjena: “Se nkame, hobane ha ke e-so ho nyolohele ho Ntate.” (Johanne 20:17) Leha ho le joalo, leetsi la Segerike sa pele, leo hangata le fetoleloang e le ‘ama,’ hape le bolela “ho mamarela, ho itšoarella, ho shakarela, ho tšoara.” Ka ho utloahalang, Jesu o ne a sa hanele Maria Magdalena ho mo ama feela tjee, kaha o ile a lumella basali ba bang ba neng ba le lebitleng ho “mo tšoara maoto.”—Matheu 28:9.

Liphetolelo tse ngata tsa puo ea kajeno, tse kang Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, The New Jerusalem Bible le The New English Bible, li re thusa ho utloisisa moelelo oa sebele oa mantsoe a Jesu ka ho a fetolela tjena: “Khaotsa ho ’mamarela.” Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bua seo ho Maria Magdalena, eo e neng e le motsoalle ea haufi?—Luka 8:1-3.

Ka ho hlakileng, Maria Magdalena o ne a tšohile hore Jesu o se a le haufi le ho tsamaea ’me a nyolohele leholimong. A susumelitsoe ke takatso e matla ea hore a be le Morena oa hae, o ne a khomaretse Jesu, a sa mo lumelle ho tsamaea. E le ho mo tiisetsa hore o ne a e-s’o tsamaee ka nako eo, Jesu o ile a laela Maria hore a khaotse ho mo mamarela empa ho e-na le hoo a tsamaee ’me a phatlalatse litaba tsa tsoho ea hae ho barutuoa ba hae.—Johanne 20:17.

Puisano pakeng tsa Jesu le Thomase e ne e fapane. Ha Jesu a itlhahisa ho barutuoa ba bang, Thomase o ne a le sieo. Hamorao, Thomase o ile a bolela hore oa belaela hore Jesu o tsohile bafung, a bolela hore o ne a ke ke a lumela ntle le hore a bone maqeba a lipekere ho Jesu le hore a kenye letsoho lehlakoreng la Jesu moo a hlabiloeng ka lerumo. Matsatsi a robeli hamorao, Jesu o ile a boela a itlhahisa ho barutuoa. Lekhetlong lena, Thomase o ne a le teng, ’me Jesu o ile a mo lumella ho ama maqeba ao.—Johanne 20:24-27.

Kahoo, tabeng ea Maria Magdalena, Jesu o ne a bua ka takatso e sa lokelang ea ho mo thibela ho tsamaea; athe tabeng ea Thomase teng Jesu o ne a thusa motho ea neng a e-na le lipelaelo. Maemong ao ka bobeli, Jesu o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho etsa lintho ka tsela eo a ileng a li etsa ka eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela