Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 1/1 maq. 27-30
  • Hlokomelang Meetlo e sa Thabiseng Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomelang Meetlo e sa Thabiseng Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boemo ba Bafu ke Bofe?
  • Tsoalo le Mekete ea ho Reha Ngoana Lebitso
  • Ho Tloha Lefung ho Fetela Bophelong
  • Khatello ea Hore re Tšoane le ba Bang
  • Ho Hlompha Jehova ka Tsela eo re Talimang Bafu ka Eona
  • Mapato a Bakreste aa Hlompheha, a Itekanetse a Bile a Khahlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na Bafu ba Lokela ho Fuoa Tlhompho?
    Tsoha!—1999
  • Pono ea Bokreste ka Meetlo ea Lepato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • “Fepa Molomo, Eseng Maoto”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 1/1 maq. 27-30

Hlokomelang Meetlo e sa Thabiseng Molimo

LEBALENG la ntlo ho behiloe lekese le butsoeng letsatsing la Afrika le chesang. Ha mokoloko oa ba tlileng phupung o ntse o feta pel’a lona ho bontša kamoo o saretsoeng kateng, leqheku le leng lona lea ema. Mahlo a lona a qhitsa likeleli, le atamela haufi le sefahleho sa monna ea shoeleng ’me le qala ho re: “Ke hobane’ng ha u nthobetse? Hobane’ng ha u ntšiile ka tsela ee? Joale, kaha u se u ile, na u tla ’ne u nthuse?”

Karolong e ’ngoe ea Afrika, ho hlaha lesea. Ha ho na motho ea lumeletsoeng ho bona ngoana eo. Ke feela ka mor’a nako e itseng lesea leo le ntšetsoang ka ntle hore le bonoe ke batho ’me le etsetsoa mokete oa ho rehoa lebitso.

Ho batho ba bang, ho bua le mofu kapa ho pata lesea le sa tsoa hlaha hore batho ba bang ba se le bone ho ka ’na ha bonahala e le boitšoaro bo makatsang. Leha ho le joalo, litsong le lichabeng tse ling, tsela eo batho ba itšoarang ka eona ba bileng ba talimang lefu le tsoalo ka eona e susumetsoa ke tumelo e matla ea hore hase hore bafu ba hlile ba shoele, empa baa phela ebile ho na le lintho tseo ba li tsebang.

Tumelo ena e matla haholo hoo e leng karolo ea bohlokoa ea meetlo le lineano tse amang hoo e ka bang likarolo tsohle tsa bophelo. Ka mohlala, batho ba limilione ba lumela hore linako tsa bohlokoa bophelong ba motho—tse kang ho tsoaloa, ho kena bonneng kapa bosaling, lenyalo, ho ba le bana le ho shoa—ke likarolo tsa ho fetela sebakeng sa moea sa balimo. Ho lumeloa hore moo, mofu o tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba batho bao a ba siileng ba phela. ’Me a ka tsoela pele ka potoloho ea bophelo ka ho tsoaloa hape.

Ho tiisa hore boemo ba ho fetela karolong e latelang ea potoloho ena ha bo be le mathata, ho etsoa meetlo le litšebeletso tse ngata. Meetlo ena e ntšetsoa pele ke tumelo ea hore re na le ntho e ’ngoe ka hare ho rōna e tsoelang pele e phela ka mor’a lefu. Bakreste ba ’nete ba qoba meetlo leha e le efe e amanang le tumelo ena. Hobane’ng?

Boemo ba Bafu ke Bofe?

Bibele e bua taba e hlakileng ha e hlalosa boemo ba bafu. Habonolo feela e re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho . . . Lerato la bona le lehloeo la bona le poulelo ea bona li se li timetse . . . Ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole [lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho], e leng sebaka seo u eang ho sona.” (Moeklesia 9:5, 6, 10) Ke khale barapeli ba ’nete ba Molimo ba nka ’nete ena ea motheo ea Bibele e le ea bohlokoa. Ba ’nile ba utloisisa hore ho e-na le ho ba ntho e sa shoeng, moea o ka shoa oa ba oa timetsoa. (Ezekiele 18:4) Hape haesale ba ntse ba tseba hore ha ho na meea ea bafu. (Pesaleme ea 146:4) Mehleng ea boholo-holo, Jehova o ile a laela batho ba hae ka thata hore ba khaohane ka ho feletseng le moetlo kapa tšebeletso leha e le efe e neng e amana le tumelo ea hore ho na le seo bafu ba se tsebang le hore ba khona ho susumetsa ba phelang.—Deuteronoma 14:1; 18:9-13; Esaia 8:19, 20.

Ka ho tšoanang, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ile ba qoba moetlo kapa tšebeletso leha e le efe e neng e amana le lithuto tsa bolumeli ba bohata. (2 Bakorinthe 6:15-17) Kajeno, Lipaki Tsa Jehova, ho sa tsotellehe hore na ke tsa morabe ofe, moloko kapa maemo afe a bophelo, li qoba lineano le meetlo e amanang le lithuto tsa bohata tsa hore ho na le ntho e ’ngoe ka har’a motho e tsoelang pele e phela ka mor’a lefu.

Re le Bakreste, ke eng e re tataisang ha re khetha hore na re ka latela moetlo o itseng kapa che? Re tlameha ho nahanisisa ka hloko hore na ebe ha ho moo o kopanang teng le thuto leha e le efe eo e seng ea Mangolo, joaloka thuto ea hore meea ea bafu e na le tšusumetso bophelong ba ba phelang. Ho feta moo, ho hlokahala hore re nahane hore na ho kopanela moetlong kapa moketeng o itseng, ho ke ke ha khopisa ba bang ba tsebang hore na Lipaki Tsa Jehova li lumela le ho ruta eng. Re nahanne ka lintlha tseo, a re hlahlobeng likarolo tse peli tseo ho amehiloeng ka tsona—tsoalo le lefu.

Tsoalo le Mekete ea ho Reha Ngoana Lebitso

Meetlo e mengata e amanang le tsoalo ea ngoana e loketse. Leha ho le joalo, libakeng tseo ho tsona tsoalo e nkoang e le ho fetoha ho tloha sebakeng sa moea sa balimo ho ea lefatšeng la batho, Bakreste ba ’nete ba lokela ho ba hlokolosi. Ka mohlala, likarolong tse ling tsa Afrika, ngoana ea sa tsoa hlaha o koalloa ka motsoetseng ’me ha a rehoe lebitso ho fihlela ho feta nako e itseng. Le hoja nako ea ho leta e ka ’na ea fapana ho ea ka libaka, e qetella ka mokete oa ho reha ngoana lebitso, oo ho oona ngoana a ntšetsoang kantle ebe o hlahisoa ka moetlo ho litho tsa lelapa le metsoalle. Ka nako eo, lebitso la ngoana le phatlalatsoa ka molao ho ba teng.

Ha buka ea Ghana—Understanding the People and Their Culture e hlalosa bohlokoa ba moetlo ona, e re: “Nakong ea matsatsi a supileng a qalang a bophelo ba lesea, le nkoa le le ‘leetong’ ’me le fetoha ho tloha lefatšeng la meea ho ea bophelong ba lefatšeng. . . . Ka tloaelo lesea le koalloa ka motsoetseng ’me batho ba malapeng ha ba lumelloe ho le bona.”

Ke hobane’ng ha ho letoa ka nako e itseng pele lesea le rehoa lebitso ho ea ka moetlo? Buka ea Ghana in Retrospect e hlalosa lebaka tjena: “Pele ho letsatsi la borobeli, lesea ha lea lokela ho nkoa e le motho. Ka kakaretso, le amahanngoa le sebaka sa moea seo le tsoang ho sona.” Buka eo e tsoela pele ho re: “Kaha ke lebitso leo ho ka thoe’ng le etsa lesea hore e be motho, haeba banyalani ba tšaba hore lesea le tla shoa, hangata ba lieha ho le reha lebitso ho fihlela ba kholisehile hore le tla phela. . . . Kahoo, mokete ona oa ho fetela boemong bo latelang, oo ka linako tse ling o bitsoang tlhahiso ea lesea, ho nahanoa hore o na le liphello tse matlahali ho lesea le ho batsoali ba lona. Ke mokete ona o tlisang lesea mokhatlong kapa lefatšeng la batho.”

Hangata hlooho ea leloko e etella pele nakong ea mokete o joalo oa ho reha ngoana lebitso. Se etsahalang moketeng oo se fapana ho ea ka libaka, empa hangata mokete oo o akarelletsa ho tšella balimo joala, lithapelo tse isoang ho meea ea balimo tseo ho tsona e lebohuoang hore ebe lesea le fihlile le sireletsehile, ho bile ho etsoa litšebeletso tse ling.

Mokete ona o fihla sehlohlolong ha lebitso la ngoana le phatlalatsoa. Le hoja batsoali ba ikarabella tabeng ea ho reha ngoana oa bona lebitso, hangata litho tse ling tsa leloko li ba le tšusumetso e matla ha ho khethoa lebitso la ngoana. Mabitso a mang a ka ba le moelelo oa bohlokoa ho latela puo ea moo, joaloka “o ile a ba a khutla,” “’Mè o tlile ka lekhetlo la bobeli,” kapa “Ntate o tlile hape.” Mabitso a mang a na le moelelo o reretsoeng ho thibela balimo hore ba se ke ba khutlisetsa lesea le sa tsoa hlaha lefatšeng la bafu.

Ke ’nete hore ha ho letho le phoso ka ho thabela tsoalo ea ngoana. Meetlo ea ho rehella ngoana ka motho e mong le ea ho mo reha lebitso le bontšang hore na maemo e ne e le afe ha a hlaha, ea amoheleha, hape ho etsa qeto ea hore na ngoana o rehoa lebitso neng ke qeto eo motho a lokelang ho iketsetsa eona. Leha ho le joalo, Bakreste ba batlang ho khahlisa Molimo ba hlokolosi ho qoba meetlo kapa mekete leha e le efe e tla etsa hore batho ba nke hore ba lumellana le pono ea hore lesea le sa tsoa hlaha ke “moeti” ea tsoang lefatšeng la meea ea balimo ea fetelang lefatšeng la batho ba phelang.

Ho phaella moo, haeba motseng batho ba bangata ba nka hore mokete oa ho reha ngoana lebitso ke karolo ea bohlokoa ea ho fetela boemong bo latelang, Bakreste ba lokela ho nahanela matsoalo a ba bang le ho nahana ka boikutlo boo batho bao eseng balumeli ba ka ’nang ba e-ba le bona. Ka mohlala, batho ba bang ba ka ’na ba etsa qeto efe haeba lelapa la Mokreste le koalla lesea ka motsoetseng le sa bonoe ke batho ba bang pele ho mokete oa ho reha ngoana lebitso? Batho ba ne ba tla nahana’ng haeba ho sebelisitsoe mabitso a hanyetsang hore ke mesuoe e rutang ’nete ea Bibele?

Kahoo, ha Bakreste ba etsa qeto ea hore na ba reha bana ba bona mabitso joang le hore na ba ba reha ’ona neng, ba loanela hore ba “etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo” e le hore e se ke ea e-ba lisosa tsa khopiso. (1 Bakorinthe 10:31-33) Ha ba ‘behelle taelo ea Molimo ka thōko e le hore ba boloke lineano’ tseo ha e le hantle li reretsoeng ho hlompha bafu. Ho fapana le hoo, ba hlompha le ho tlotlisa Molimo ea phelang, Jehova.—Mareka 7:9, 13.

Ho Tloha Lefung ho Fetela Bophelong

Joaloka tsoalo, batho ba bangata ba nka lefu e le ho fetela boemong bo latelang; motho ea shoang o tloha lefatšeng le bonahalang o ea sebakeng se sa bonahaleng sa meea ea bafu. Ba bangata ba lumela hore haeba ho sa etsoe meetlo le litšebeletso tse itseng tsa lepato lefung la motho, seo se tla halefisa meea ea balimo, eo ho lumeloang hore e na le matla a ho otla kapa a ho putsa ba phelang. Tumelo ena e na le tšusumetso e matla tseleng eo mapato a hlophisoang le ho tsamaisoa ka eona.

Hangata mapato a reretsoeng ho khutsisa bafu a akarelletsa maikutlo a mangata haholo—ho tloha sellong se otlang habohloko pelong le ho tleroha ha setopo se sa le teng ho ea meketeng ea thabo ka mor’a phupu. Hangata meketeng e joalo ea lepato, batho ba keteka ka mokhoa o sa laoleheng, baa tahoa ebile ba tantšetsa ’mino o lerata. Ho nkoa mapato e le a bohlokoa haholo hoo hangata esita le malapa a kojoana li mahetleng a etsang boiteko bo boholo hore a bokelle chelete e lekaneng hore a etse “phupu e loketseng,” le hoja seo se ka a kenya mathateng le likolotong.

Ho theosa le lilemo, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa pepesa ka ho feletseng meetlo ea mapato e sa lumellaneng le Mangolo.a Meetlo eo e akarelletsa litebelo, ho tšella balimo joala, ho bua le bafu le ho ba kōpa lintho tse itseng, ho keteka mekete ea ho ikhopotsa mapato le meetlo e meng e thehiloeng tumelong ea hore ho na le ntho e ’ngoe e ka hare ho motho e tsoelang pele e phela ka mor’a lefu. Meetlo e joalo e hlomphollang Molimo ke lintho tse “sa hloekang,” “thetso ea lefeela” e thehiloeng ‘neanong ea batho’ eseng Lentsoeng la Molimo la ’nete.—Esaia 52:11; Bakolose 2:8.

Khatello ea Hore re Tšoane le ba Bang

Ho qoba meetlo ea setso e ’nile ea e-ba bothata bo boholo ho batho ba bang, haholo-holo linaheng tseo ho tsona ho hlompha mofu ho nkoang e le habohlokoa haholo. Ka lebaka la ho se latele meetlo e joalo, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa lula li belaelloa esita le ho qosoa ka hore li kotsi sechabeng ebile ha li hlomphe bafu. Ho nyatsoa le ho hatelloa ka matla ho ’nile ha etsa hore le hoja Bakreste ba bang ba e-na le kutloisiso e nepahetseng ea ’nete ea Bibele, ba tšabe ho bonahala ka ho hlakileng hore ha ba tšoane le batho ba bang. (1 Petrose 3:14) Ba bang ba ’nile ba nahana hore meetlo ena ke karolo ea setso sa bona kahoo ha ho khonehe hore e qojoe ka ho feletseng. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba ’nile ba beha mabaka a hore ho hana ho latela meetlo e joalo ho ka ’na ha etsa hore batho ba Molimo ba hlouoe sechabeng.

Ha re batle ho khopisa batho ba bang ho sa hlokahale. Ho ntse ho le joalo, Bibele e re lemosa hore ho emela ’nete re tiile ho tla etsa hore lefatše le ikarotseng ho Molimo le se re amohele. (Johanne 15:18, 19; 2 Timothea 3:12; 1 Johanne 5:19) Re etsa sena ka boithatelo re tseba hore re tlameha ho fapana le ba lefifing la moea. (Malakia 3:18; Bagalata 6:12) Feela joalokaha Jesu a ile a hanela teko ea Satane ea ho etsa ntho e neng e sa tl’o thabisa Molimo, le rōna re hanela khatello ea ho etsa lintho ka tsela e sa thabiseng Molimo. (Matheu 4:3-7) Ho e-na le ho susumetsoa ke ho tšaba batho, ntho e ka sehloohong eo Bakreste ba ’nete ba amehileng ka eona ke ho thabisa Jehova Molimo le ho mo hlompha e le Molimo oa ’nete. Ba etsa joalo ka ho se sekisetse litekanyetso tsa Bibele tsa borapeli bo hloekileng hobane ba hateletsoe ke ba bang.—Liproverbia 29:25; Liketso 5:29.

Ho Hlompha Jehova ka Tsela eo re Talimang Bafu ka Eona

Ke ho tloaelehileng ho utloa bohloko bo tebileng le ho ba mesarelong ha motho eo re mo ratang a e-shoa. (Johanne 11:33, 35) Ho lula re hopola moratuoa le ho mo lokisetsa lepato le hlomphehang ke lipontšo tse nepahetseng le tse loketseng tsa lerato la rōna. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li mamella bohloko bo tebileng ba lefu ka ntle le ho kopanela lineanong leha e le life tse sa thabiseng Molimo. Sena ha se bonolo bakeng sa ba hōliselitsoeng litsong tseo ho tsona ho tšaba bafu ho leng matla. Ho ka ba thata ho lula re tsitsitse maikutlong ha re utloile bohloko ka lebaka la lefu la motho ea haufi le rōna. Leha ho le joalo, Bakreste ba tšepahalang ba matlafatsoa ke Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle,” ba bile ba rua molemo tšehetsong e lerato ea balumeli-’moho le bona. (2 Bakorinthe 1:3, 4) Tumelo ea bona e tiileng ea hore ka letsatsi le leng, bafu ba sa tsebeng letho ba mohopolong oa Molimo ba tla boela ba phele, e fa Bakreste ba ’nete lebaka le matla la ho ikarola ka ho feletseng meetlong ea mapato eo e seng ea Bokreste e hanyetsang hore tsoho ke ntho ea sebele.

Na ha rea nyakallela hore ebe Jehova o re bitsitse ‘ho re ntša lefifing ho re kenya leseling la hae le hlollang’? (1 Petrose 2:9) Ha re ntse re thabela ho tsoaloa ha masea le ho mamella masoabi a tlisoang ke lefu, e se eka ka linako tsohle, takatso ea rōna e matla ea ho etsa se nepahetseng le lerato la rōna le tebileng ho Jehova Molimo e ka ba lintho tse re susumetsang ho ‘tsoela pele ho tsamaea joaloka bana ba leseli.’ E se eka re ke ke ra lumella bomoea ba rōna hore bo silafatsoe ke meetlo eo e seng ea Bokreste e sa thabiseng Molimo.—Baefese 5:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Re kōpa hore u bone bukana e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova e reng Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? le e reng Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela