Na U Ipapisa le ba Bang?
KE MANG har’a rōna ea e-s’o teane le motho e motle ho mo feta, ea bonahalang a rateha ho mo feta, ea utloisisang kapele ho mo feta, kapa ea mo theolang lithutong tsa sekolo? Mohlomong ba bang ba na le bophelo bo botle kapa mosebetsi o khotsofatsang haholoanyane, ba atlehile, kapa ba bonahala ba e-na le metsoalle e mengata ho re feta. E ka ’na eaba ba na le thepa e ngata ho feta ea rōna, chelete e ngata, koloi e ncha ho feta ea rōna, kapa ba ka bonahala ba thabile ho re feta. Ha re bua ka lintho tsee, na re ipapisa le ba bang? Na ho ipapisa ha ho qobehe? Ke hobane’ng ha Mokreste a ka ’na a batla ho ho qoba? Re ka khotsofala joang re sa ipapise le motho leha e le ofe?
Lebaka la ho Ipapisa le ba Bang le Nako ea ho ho Etsa
Khopolo e ’ngoe e ka ’nang ea etsa hore batho ba ipapise le ba bang ke ea hore ho ipapisa le ba bang ho sireletsa seriti ba bona kapa hoa se hōlisa. Hangata batho ba khotsofatsoa ke ho bona hore ba atlehile joaloka batho bao ba lekanang le bona. Khopolo e ’ngoe ke ea hore ho ipapisa le ba bang ke boiteko ba ho tlosa ho ikhalala, ho utloisisa seo re ka khonang ho se etsa le moo re fellang teng. Re sheba lintho tseo ba bang ba li finyeletseng. Haeba ba tšoana le rōna likarolong tse ngata ’me ba finyeletse lipakane tse itseng, re ka ’na ra nka hore le rōna re ka finyella lipakane tse tšoanang.
Hangata ho ipapisa batho ba tšoanang—ba bong bo tšoanang, lithaka le ba nang le maemo a lekanang sechabeng ba bile ba tsebana. Ha ho bonahale eka re ka ipapisa le motho e mong eo re nahanang hore re fapane hōle le eena. Ka mantsoe a mang, ha ho bonahale eka ngoanana feela ea tloaelehileng a ka ipapisa le ’mabotle ea tummeng empa a ka ipapisa le bana bao a kenang sekolo le bona, ebile ha ho bonahale eka ’mabotle eo le eena a ka ipapisa le ngoanana eo.
Ke maemong afe moo batho ba ipapisang le ba bang? Thepa kapa tšobotsi leha e le efe e nkoang e le ea bohlokoa sechabeng—ebang ke bohlale, botle, leruo, liaparo—e ka ’na ea e-ba lintho tseo batho ba ipapisang le ba bang ka tsona. Leha ho le joalo, re tloaetse ho ipapisa le ba bang ka lintho tseo re li thahasellang. Ka mohlala, ho ka etsahala hore re se ke ra khalla pokello ea litempe e entsoeng ke metsoalle ea rōna, ntle le haeba ka ho khetheha re thahasella ho bokella litempe.
Ho ipapisa le ba bang ho ka etsa hore motho a itšoare ka litsela tse fapa-fapaneng, a ka qala a khotsofetse a qetella a tepeletse maikutlo, a ka qala a rata ntho a bile a e-na le takatso ea ho etsa se tšoanang a qetella a sa phutholoha kapa a e-na le lehloeo. A mang a maikutlo ana a kotsi, ’me ha a lumellane le litšobotsi tsa Bokreste.
Ho Ipapisa le ba Bang ka Tsela ea Tlhōlisano
Ba bangata ba loanelang ho ba “bahlōli” ha ba ipapisa le ba bang, ba bontša moea oa tlhōlisano. Ba batla ho feta ba bang, ’me ha ba khotsofale ho fihlela ba ikutloa hore baa ba feta. Ha ho monate ho ba har’a batho ba joalo. Ho thata ho ba metsoalle ea bona, likamano le bona lia tsitsipana. Hase feela hore batho ba joalo ha baa ikokobetsa, empa hangata ba hlōleha ho sebelisa keletso ea Bibele ea ho rata batho ba bang, etsoe ho bonolo hore boitšoaro ba bona bo etse hore ba bang ba ikutloe e se letho kapa ba soabile.—Matheu 18:1-5; Johanne 13:34, 35.
Ho etsa hore batho ba ikutloe eka “hase letho” ho ba lematsa ka tsela e itseng. Ho latela mongoli e mong, “ho utloisa bohloko haholo ha ho bonahala hore moo re hlōlehileng teng, batho ba boemong bo kang ba rōna ba atlehile ho fumana lintho tseo re neng re li batla.” Kahoo, moea oa tlhōlisano o etsa hore motho a honoheloe, a hlonameloe kapa a se ratoe ka lebaka la thepa eo a nang le eona, leruo, boemo, botumo, menyetla le lintho tse ling. O ka baka tlhōlisano e ngata—e leng bothata bo tsoalang mathata a mang. Bibele e nyatsa ‘ho hlohlelletsa tlhōlisano.’—Bagalata 5:26.
Ha batho ba mohono ba nyenyefatsa katleho ea bao ba qothisanang lehlokoa le bona, ba leka ho boloka seriti sa bona se thunthelitsoeng. Boitšoaro bo joalo bo ka bonahala e le ntho e nyenyane, empa ha bo sa hlokomeloe le ho thibeloa, bo ka fella ka liketso tse lonya. Nahana ka litlaleho tse peli tsa Bibele tseo ho tsona mohono o neng o ameha.
Ha Isaka a ne a jakile har’a Bafilista, o ile a hlohonolofatsoa ka “mehlape ea linku le mehlape ea likhomo le sehlopha se seholo sa bahlanka, hoo Bafilista ba ileng ba qala ho mo honohela.” Ka lebaka leo, ba ile ba thiba liliba tse neng li chekiloe ke ntat’a Isaka, e leng Abrahama, eaba morena oa bona o bolella Isaka hore a tlohe sebakeng sa bona. (Genese 26:1-3, 12-16) Mohono oa bona o ne o tletse lehloeo o bile o le kotsi. Ho hang ba ne ba ke ke ba hlola ba lumella Isaka hore a atlehe a ntse a le har’a bona.
Makholo a lilemo hamorao, Davida o ile a ipabola lebaleng la ntoa. Basali ba Iseraele ba ile ba thabela tlhōlo ea hae, ’me ba bina ba re: “Saule o bolaile likete tsa hae, Davida o bolaile likete tsa hae tse mashome.” Le hoja Saule a ne a rorisoa ka tekanyo e itseng, o ile a nka papiso eo e mo tlotlolla, ’me seo se ile sa fehla mohono ka pelong ea hae. Ho tloha ka nako eo, o ile a koetlela Davida lehloeo. Kapele ka mor’a moo, o ile a etsa teko ea ho qala ea tse ngata tsa ho bolaea Davida. Mohono o ka tsoala bokhopo bo bokaakang!—1 Samuele 18:6-11.
Kahoo haeba ho ipapisa le ba bang—ho bapisa katleho ea rōna le ea bona kapa lintho tseo ba li finyeletseng—ho re tsosetsa maikutlo a tšoanang le mohono kapa tlhōlisano, a re itlhokomeleng! Ana ke maikutlo a mabe, a sa tsamaisaneng le monahano oa Molimo. Empa pele re hlahloba hore na re ka loantša maikutlo a joalo joang, a re ke re hlahlobeng ntho e ’ngoe hape e etsang hore batho ba ipapise le ba bang.
Ho Ipeha Sekaleng le ho Khotsofala
‘Na ke bohlale, ke motle, ke na le bokhoni, ke shahlile hantle, kea hlompheha, kea rateha? Ke bonahatsa litšobotsi tsee hakae?’ Ke ka seoelo re emang seiponeng ebe re ipotsa lipotso tse joalo. Leha ho le joalo, ho latela mongoli e mong, “ho hlakile hore hangata batho ba ipotsa lipotso tsena ’me ba ntse ba thotse, ba iphumanela likarabo tseo ka tsela e itseng li ka ’nang tsa ba khotsofatsa.” Motho ea sa kholisehang mabapi le seo a ka se finyellang a ka ’na a nahana ka lintho tsena a se na moea leha e le ofe oa tlhōlisano leha e le tlhasenyana feela ea mohono. O mpa a ipeha sekaleng. Bonneteng ha ho letho le phoso ka seo. Leha ho le joalo, tsela e nepahetseng ea ho etsa sena ke ho se ipapise le ba bang.
Re na le bokhoni bo sa tšoaneng, bo itšetlehileng ka maemo a fapa-fapaneng. Ho tla lula ho ntse ho e-na le batho ba bang ba atlehang ho re feta. Kahoo, ho e-na le hore re ba shebe ka ho ba honohela, re lokela ho lekanyetsa bokhoni ba rōna ka litekanyetso tse lokileng tsa Molimo, e leng sekala se setlehali sa se nepahetseng le se molemo. Jehova o thahasella seo re leng sona ka bomong. Ha ho hlokahale hore a re bapise le mang kapa mang. Moapostola Pauluse oa re eletsa: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”—Bagalata 6:4.
Ho Loantša Mohono
Kahobane batho bohle ha baa phethahala, ho ka ’na ha hlokahala boiteko bo matla le bo tsoelang pele hore re loantše mohono. Ho bonolo ho tseba hore Mangolo a re ho rōna: “Etellang pele ho bontšaneng tlhompho,” empa ho thata ho etsa joalo. Pauluse o ile a lemoha hore o na le tšekamelo ea ho etsa sebe. E le hore a e loantše, o ne a lokela ho “teteka ’mele oa [hae le ho] o tšoara joaloka lekhoba.” (Baroma 12:10; 1 Bakorinthe 9:27) Ho rōna, seo se ka ’na sa bolela ho loantša menahano ea ho hlōlisana, ebe sebakeng sa eona re kenya menahano e metle. Re lokela ho rapela, re kōpe Jehova hore a re thuse hore re se ke ra “inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.”—Baroma 12:3.
Ho ithuta Bibele le ho thuisa ka eona le hona ho ka re thusa. Ka mohlala, nahana ka Paradeise ea ka moso eo Molimo a e tšepisang. Ka nako eo, bohle ba tla ba le khotso, bophelo bo botle, matletsetletse a lijo, matlo a matle le mosebetsi o khotsofatsang. (Pesaleme ea 46:8, 9; 72:7, 8, 16; Esaia 65:21-23) Na ho na le motho leha e le ofe ea tla ikutloa a tlameha ho hlōlisana le ba bang? Le hanyenyane. Ho tla be ho sa hlokahale. Ke ’nete hore Jehova ha aa re fa boitsebiso bohle mabapi le hore na bophelo bo tla ba joang ka nako eo, empa hoa utloahala ho nahana hore batho bohle ba tla be ba khona ho hahamalla mesebetsi le tsebo ea lintho e ipiletsang ho bona. E mong a ka ’na a ithutela botsebi ba linaleli, e mong a qapa masela a matle. Motho o tla honohela e mong ka mabaka afe? Mesebetsi ea batho ba bang e tla ba e re tsosang molota, eseng e re hlonamisang. Maikutlo a tlhōlisano a tla be a felile.
Haeba boo ke bophelo boo re bo laba-labelang, na hona joale ha rea lokela ho ikitlaelletsa ho hlaolela boikutlo bo tšoanang? Re se re ntse re le paradeiseng ea moea, e se nang mathata a mangata a lefatše lena le re potolohileng. Kaha lefatšeng le lecha la Molimo ho ke ha e-ba le moea oa tlhōlisano, ruri ho na le lebaka le utloahalang la ho o qoba hona joale.
Joale, na ho phoso ho ipapisa le ba bang? Kapa na ho na le linako tseo ka tsona e ka ’nang ea e-ba ho loketseng?
Ho Ipapisa ho Loketseng
Ka makhetlo a mangata, ho ipapisa le ba bang ho ile ha fella ka ho utloa bohloko le ho nyahama, empa ha hoa lokela ho ba joalo kamehla. Tabeng ena, mamela keletso ena ea moapostola Pauluse: “Le be baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.” (Baheberu 6:12) Ho loanela ho hlaolela litšobotsi tse kang tsa bahlanka bao ba khale ba Jehova ba tšepahalang ho ka ba molemo. Bonneteng, seo se ka ’na sa akarelletsa ho ipapisa ka litsela tse itseng. Leha ho le joalo, ho ka re thusa ho bona mehlala eo re ka e etsisang le moo ho hlokahalang hore re ntlafatse teng.
Nahana ka Jonathane. E mong o ne a ka re, o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho ba mohono. Kaha e ne e le mora oa letsibolo oa Morena Saule oa Iseraele, mohlomong ka nako e ’ngoe Jonathane o ile a lebella ho ba morena, empa Jehova o ile a khetha monna ea neng a le monyenyane ho eena ka lilemo tse 30, e leng Davida e mocha. Ho e-na le ho mo jara ka pelo, Jonathane o ile a ipabola ka ho ba motsoalle le motšehetsi ea se nang boithati oa Davida ea neng a khethiloe ke Jehova hore e tle e be morena. Ruri Jonathane e ne e le monna oa moea. (1 Samuele 19:1-4) Ho fapana le ntat’ae, ea neng a nka Davida e le sera sa hae, Jonathane o ile a hlokomela hore letsoho la Jehova le ne le laola litaba eaba o ikokobelletsa thato ea Hae; ha aa ka a ipapisa le Davida ka hore a re, “Ke hobane’ng ha ho khethiloe Davida eseng ’na?”
Ha re e-na le Bakreste-’moho le rōna, ha rea lokela ho ikutloa re tšohile, joalokaha eka ba bang ba leka ho hlōlisana le rōna kapa ho re nkela sebaka. Bora ha boa loka. Bakreste ba hōlileng moeeng ba bonahala ka tšebelisano, bonngoe le lerato, eseng ka tlhōlisano. Setsebi se seng sa likamano tsa batho Francesco Alberoni se re: “Lerato ke sera se seholo sa mohono. Haeba re rata motho e mong, re mo lakaletsa se molemo, ’me rea thaba ha a atlehile a bile a thabile.” Kahoo, haeba motho e mong ka phuthehong ea Bokreste a khetheloa kabelo e itseng, ntho e lerato eo re ka e etsang ke ho khotsofalla seo. E ne e le mokhoa oa Jonathane oo. Le rōna re tla hlohonolofatsoa haeba joaloka eena re tšehetsa ba maemong a boikarabelo ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova.
Ho loketse hore re khahloe ke mohlala o motle o behoang ke Bakreste-’moho le rōna. Ho ipapisa le bona ka tsela e leka-lekaneng ho ka re susumetsa hore re etsise tumelo ea bona ka tsela e molemo. (Baheberu 13:7) Empa haeba re sa hlokomele, ho etsisa ba bang ho ka fella ka tlhōlisano. Haeba re ikutloa re hlōtsoe ke motho eo re mo hlomphang eaba re leka ho mo nyenyefatsa kapa ho mo nyatsa, re tla be re se re sa mo etsise empa, re tla be re mo honohela.
Ha ho na motho ea sa phethahalang ea ka behang mohlala o phethahetseng. Kahoo, Mangolo a re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” Hape, “Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (Baefese 5:1, 2; 1 Petrose 2:21) Re lokela ho loanela ho etsisa litšoaneleho tsa Jehova le Jesu—e leng lerato, mofuthu, kutloelo-bohloko le boikokobetso. Re lokela ho nka nako re itekanya ka litšobotsi tsa bona, ka merero ea bona le ka litsela tseo ba etsang lintho ka tsona. Ho ipapisa joalo ho ka ntlafatsa bophelo ba rōna, ha re fa tataiso ea ’nete, botsitso le tšireletso, ho ka ba ha re thusa ho fihla boemong ba banna le basali ba hōlileng moeeng ba Bakreste. (Baefese 4:13) Haeba re etsa sohle se matleng a rōna hore re etsise mohlala oa bona o phethahetseng, ka sebele re ke ke ra sekamela mokhoeng oa ho ipapisa le batho ba bang.
[Setšoantšo se leqepheng la 28, 29]
Morena Saule o ile a honohela Davida
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Jonathane ha aa ka a talima Davida e monyenyane ho eena e le sera sa hae