Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 4/15 maq. 4-7
  • Ho Rua Tsebo—Hona Joale le ka ho sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rua Tsebo—Hona Joale le ka ho sa Feleng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re ka Khona ho Fumana Tsebo e Phelisang
  • Ho Ithuta ka Bouena
  • Ho Ithuta le Lelapa la Hao
  • Moloko oa Batho o Hloka Tsebo ea Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Thusa ba Bang ho Fumana Tsebo e Isang Bophelong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • U ka ba le Bokamoso bo Thabileng!
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 4/15 maq. 4-7

Ho Rua Tsebo—Hona Joale le ka ho sa Feleng

NGAKA ea Mojeremane Ulrich Strunz e ile ea ngola letoto la libuka le bitsoang Forever Young. Libukeng tseo e tsitlella hore boikoetliso, phepo e nepahetseng le ho phela ka mokhoa o hloekileng li ka ntlafatsa bophelo ba motho ’me mohlomong tsa lebisa bophelong bo bolelele. Ho ntse ho le joalo, ha e tšepise babali hore ha ba latela keletso ea eona, ba ka phela ka ho sa feleng ka tsela ea sebele.

Leha ho le joalo, ho na le mofuta o itseng oa tsebo e hlileng e tšepisang bophelo bo sa feleng. Ka lehlakoreng le leng, haeba u ne u hlile u phela ka ho sa feleng, u ne u ka rua tsebo e molemo ka ho sa feleng. Ha Jesu a rapela Molimo o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) A re qaleng ka ho hlalosa poleloana ena e reng “bophelo bo sa feleng” ebe joale re hlalosa hore na tsebo ena e khethehileng e kopanyelletsa eng le hore na u ka e fumana joang.

Ho ea ka Bibele, haufinyane ’Mōpi o tla fetola lefatše hore e be paradeise ea sebele, e leng maemo a tla etsa hore ho be le bophelo bo bolelele. Hore Paradeise eo e be teng, ho tla hlokahala hore ho nkoe khato e matla, e tšoanang le ea Moroallo oa mehleng ea Noe. Matheu khaolo ea 24, temana ea 37 ho ea ho 39, e bontša hore Jesu o ile a bapisa nako ea rōna le “matsatsi a Noe,” ao ka ’ona ‘batho ba sa kang ba elelloa’ boemo ba bona bo mahlonoko. Hape ba ile ba hlokomoloha molaetsa oo Noe a neng a o bolela. Joale ha fihla ‘letsatsi leo Noe a ileng a kena arekeng ka lona’ ’me Moroallo oa timetsa bohle ba neng ba hanne tsebo eo. Ke Noe le ba neng ba e-na le eena ka arekeng feela ba ileng ba sala ba phela.

Jesu o ile a bontša hore “letsatsi” le tšoanang le leo lea tla mehleng ea rōna. Ba elang hloko tsebo e amanang le ketsahalo eo ba ke ke ba pholoha feela empa hape ba tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Ho phaella moo, bafu ba leng mohopolong oa Molimo ba tla tsosetsoa bophelong ba e-na le tšepo ea ho se shoe le ka mohla. (Johanne 5:28, 29) Hlokomela kamoo Jesu a ileng a hlalosa likhopolo tsena tse peli kateng. Ha a bua le Maretha ka tsoho ea bafu, o ile a re: “Ea bontšang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela; e mong le e mong ea phelang ’me a bontša tumelo ho ’na ho hang a ke ke a shoa le ka mohla.” Bopaki bohle bo bontša hore “letsatsi” lena le haufi haholo, e leng ho bolelang hore mohlomong u ‘ke ke ua shoa le ka mohla.’—Johanne 11:25-27.

Joale Jesu o ile a botsa Maretha: “Na u lumela see?” A araba a re: “E, Morena.” Haeba kajeno Jesu a ne a ka u botsa potso eo, u ne u tla arabela joang? Mohlomong u ne u tla thatafalloa ke ho lumela hore ho ka etsahala hore le ka mohla u se ke ua shoa. Esita le haeba u ne u tla nahana joalo, ha ho pelaelo hore u ne u tla rata ho lumela seo. Ak’u nahane hore na u ne u tla ithuta lintho tse ngata hakae haeba u ne u ‘ke ke ua shoa le ka mohla’! Nahana feela u se u thabela lintho tsohle tseo hona joale u lakatsang ho ithuta tsona le ho li etsa empa u se na nako. Hape nahana u se u boela u kopana le baratuoa ba hao ba shoeleng! Ke tsebo ea mofuta ofe e ka etsang hore lintho tse joalo li etsahale, hona u ka e fumana joang?

Re ka Khona ho Fumana Tsebo e Phelisang

Na ho rua tsebo ka Molimo le Kreste ke ntho e ka re sitang? Che. Ke ’nete hore tsebo e mabapi le mesebetsi ea ’Mōpi e ke ke ea fela. Empa Jesu o ne a sa bue ka botsebi ba linaleli kapa likarolo tse ling tsa saense ha a ne a amahanya “tsebo” le “bophelo bo sa feleng.” Liproverbia khaolo ea 2, temana ea 1 ho ea ho 5, e bolela hore “lipolelo” le “litaelo” tse fumanoang ka Bibeleng ke motheo oa “tsebo ea Molimo.” Ha e bua ka Jesu, Johanne 20:30, 31 e bontša hore lintho tse ngotsoeng li lekane hore re “ka ba le bophelo.”

Kahoo, tsebo ka Jehova le Jesu Kreste, joalokaha e fumanoa ka Bibeleng, e lekane hore e u bontše tsela ea ho fumana bophelo bo sa feleng. Bibele ke buka e ikhethang. Ka mosa, ’Mōpi o ile a e bululela ka tsela eo le batho ba sa rutehang, ba nang le menyetla e fokolang ea ho ithuta ba ka ruang tsebo e lekaneng hore ba fumane bophelo bo sa feleng. Ka ho tšoanang, le motho ea khonang ho ithuta kapele ea bileng a nang le nako le matla, kamehla o tla ithuta ntho e itseng e ncha Mangolong a bululetsoeng. Hore ebe u khona ho bala sehlooho sena ke bopaki ba hore u na le matla a ho ithuta, empa u lokela ho sebelisa matla ao joang?

Lefatšeng lohle, phihlelo e bontša hore tsela e atlehang ka ho fetisisa ea ho fumana tsebo ena ke hore u ithute Bibele u tataisoa ke motho e mong ea seng a ntse a utloisisa boitsebiso boo. Feela joalokaha Noe a ile a leka ho fetisetsa tsebo ho batho ba phelang mehleng ea hae, Lipaki Tsa Jehova li ikemiselitse ho tla lelapeng la hao ho tla tšohla Bibele le uena. Li ka ’na tsa sebelisa bukana e bitsoang Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa buka e nkehang habobebe e nang le sehlooho se loketseng se reng, Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.a Esita le haeba u utloa ho le thata ho lumela hore ba tšepahalang ‘ba ke ke ba shoa le ka mohla’ lefatšeng la Paradeise, u ka ithuta ho tšepa tšepiso eo ka hore u be le meqoqo ena e thehiloeng Bibeleng. Kahoo haeba u rata ho phela ka ho sa feleng kapa u batla feela ho bona hore na ke ntho e utloahalang ho lumela hore u ka phela ka ho sa feleng, u lokela ho etsa’ng? U lokela ho amohela monyetla ona oa ho ithuta Bibele.

Thuto e joalo ea Bibele e tla nka nako e kae? Bukana e maqephe a 32 e sa tsoa boleloa e fumanehang ka lipuo tse makholo, e na le lithuto tse khutšoanyane tse 16 feela. Kapa haeba u ka khona ho behella hora e le ’ngoe ka thōko hanngoe ka beke, u tla nka likhoeli tse ’maloa feela hore u ithute lihlooho tsa bohlokoa tsa Bibele u sebelisa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Libuka tsena li thusitse ba bangata ho fumana tsebo e ngata le hore ba be le lerato le tebileng ho Molimo. Mōpi o tla putsa bao ruri ba mo ratang, a ba nolofaletse ho fumana bophelo bo sa feleng.

Ruri re ka khona ho fumana tsebo e phelisang, ebile e fumaneha habonolo. Bonyane Bibele e fetoletsoe ka lipuo tse ka holimo ho 2 000, e feletse kapa e le likarolo tse itseng tsa eona. Linaheng tse 235, Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa le ho u fa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng hore u eketse tsebo ea hao haholoanyane.

Ho Ithuta ka Bouena

Kamano ea hao le Molimo ke taba e pakeng tsa hao le ’Mōpi. Ke uena feela ea ka e sireletsang le ho e matlafatsa, ’me ke eena feela ea ka u fang bophelo bo sa feleng. Ka hona, u lokela ho tsoela pele u ithuta Lentsoe la hae le ngotsoeng. Haeba motho e mong a u etela lelapeng la hao kamehla, u ka ’na ua nolofalloa ho behella nako e itseng ka thōko hore u ithute.

Kaha Bibele le libuka tse thusang ho ithuta Bibele li fupere “tsebo ea Molimo,” ehlile ho loketse hore re li hlokomele hantle. (Liproverbia 2:5) Ka tsela eo, u tla ba le tsona ka lilemo tse ngata. Haeba u lula naheng e tsoelang pele moruong, mohlomong u ne u sa sebelise libuka tse ngata tsa ho ithuta ha u ntse u kena sekolo, e ka ’na eaba u ne u ithuta haholo-holo ka ho mamela le ho shebella. Ka mohlala, Benin ho buuoa lipuo tse ka holimo ho 50. Ho tloaelehile hore batho ba bue lipuo tse ’nè kapa tse hlano ka mokhoa o phollatsi, le hoja ho se mohla ba kileng ba e-ba le libuka tsa ho ithuta lipuo tseo. Matla ao u nang le ’ona a ho ithuta ka ho mamela, ho shebella le ho tsepamisa kelello ke tlhohonolofatso. Ho sa tsotellehe seo, libuka li ka u thusa haholo hore u ithute.

Esita le haeba lehae la hao le lenyenyane, leka hore u be le sebaka se loketseng moo u behang Bibele ea hao le libuka tse thehiloeng ho eona. Li behe moo u ka li fihlelang habonolo le moo li ke keng tsa senyeha.

Ho Ithuta le Lelapa la Hao

Haeba u motsoali, u lokela ho thahasella ho thusa bana ba hao hore ba be le tsebo eo u ntseng u e fumana. Linaheng tse tsoelang pele moruong, hangata batsoali ba tloaetse ho ruta bana ba bona mahlale a mangata a hlokahalang bophelong. Sena se ka ’na sa kopanyelletsa ho ba ruta ho pheha, ho roalla, ho ea selibeng, ho ea masimong, ho tšoasa litlhapi le ho bapatsa ’marakeng. Ruri ena ke thuto ea bohlokoa bophelong. Leha ho le joalo, batsoali ba bangata ha ba kenyelletse tsebo e ka isang bophelong bo sa feleng thutong eo ba e fang bana ba bona.

Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, mohlomong u nahana hore ha u na nako e ngata e itjang feela. ’Mōpi le eena o hlokomela seo. Hlokomela seo a ileng a se bua khale koana, mabapi le ho ruta bana litsela tsa hae: ‘U a rute mora [kapa morali] oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robala le ha u tsoha.’ (Deuteronoma 6:7) U itšetlehile ka likhopolo tsena, ke hobane’ng ha u sa iketsetse lenaneo la hao la ho ruta, le kang le latelang:

1. “Ha u lutse ka tlung ea hao”: Leka hore u qoqe le bana ba hao kamehla ka Bibele ha u le lapeng, mohlomong beke le beke, feela joalokaha e ka ’na eaba motho e mong o qoqile le uena joalo. Lipaki Tsa Jehova li fana ka libuka tse thehiloeng Bibeleng tse loketseng ho ruta bana ba lilemong tsohle.

2. “Ha u tsamaea tseleng”: Bua ka Jehova ha u iqoqela feela le bana ba hao, ka mokhoa o tšoanang leha u ba ruta lintho tse ling tsa bohlokoa bophelong kapa u ba fa tataiso u iqoqela feela.

3. ‘Ha u robala’: Rapela le bana ba hao mantsiboea a mang le a mang.

4. “Ha u tsoha”: Malapa a mangata a fumane liphello tse putsang ka ho hlahloba temana ea Bibele hoseng ho hong le ho hong. Lipaki Tsa Jehova li sebelisa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehlab hore li etse seo.

Linaheng tse tsoelang pele moruong, batsoali ba bangata ba etsa boiteko bo matla ho tiisa hore e mong oa bana ba bona o fumana thuto e ntle ea lefatše. Ka tsela eo, ngoana o tla khona ho hlokomela batsoali ha ba se ba tsofala. Leha ho le joalo, ha u ithuta Bibele ’me u thusa bana bohle ba hao hore le bona ba ithute eona, u tla fumana tsebo e tla nolofalletsa uena le lelapa lohle la hao hore le phele ka ho sa feleng.

Na ho na le mohla re tla ke re tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe? Che. Ha lefatše la rōna le ntse le tsoela pele ka leeto la lona bokahohleng bo se nang moo bo fellang teng, re tla tsoela pele re ntse re rua tsebo. Ha e le hantle, Moeklesia 3:11 e re: “[Molimo] o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona. O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.” Ho rua tsebo ke monyaka oo le ka mohla o ke keng oa fela.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka bobeli li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo . . . ”

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Thusa lelapa la hao ho rua tsebo hona joale le ka ho sa feleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela