Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 5/1 maq. 18-22
  • Tšepo ea Tsoho—E Bolela’ng ho Uena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo ea Tsoho—E Bolela’ng ho Uena?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono ea Tsoho ea Lefatšeng
  • ‘Tsoho ea Bophelo’ Kapa ‘Tsoho ea Kahlolo’
  • Lintho Tseo re ka Ithutang Tsona Hona Joale
  • Ho Khotsofatsa Litakatso Tsa Rōna
  • Matla a Tšepo ea Tsoho
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Tsoho—Thuto e U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Tla ba le Tsoho ea ba Lokileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Tsoho—Na ke ea Sebele ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 5/1 maq. 18-22

Tšepo ea Tsoho—E Bolela’ng ho Uena?

“U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—PESALEME EA 145:16.

1-3. Ba bang ba na le tšepo efe ka bokamoso? Bontša.

CHRISTOPHER ea lilemo li robong le moholoan’ae ba ne ba hlotse hoseng ho hong le ’mangoan’a bona le mora oa hae le malom’a bona le mora oa hae, ba ntse ba e-ea ka ntlo le ntlo mosebetsing oa bona oa Bokreste haufi le Manchester, Engelane. Makasine ea rōna e tsamaisanang le ena, e leng Tsoha!, e ile ea hlalosa se ileng sa etsahala. “Thapama, ba ile ba tsamaea hammoho leetong le thabisang la ho ea Blackpool, haufi le lebōpo la leoatle. Ka botšelela ba bona ba bile har’a batho ba 12 ba ileng ba bolaoa hang kotsing ea koloi, eo mapolesa a e hlalositseng e le ‘koluoa e khōlō.’”

2 Bosiung ba pele ho koluoa ena, lelapa le ne le ile Thutong ea Buka ea Phutheho, moo ho neng ho tšohloa taba ea lefu. Ntat’ae o ile a re: “Kamehla Christopher e ne e le moshanyana ea bohlale. Bosiung boo, o buile ka ho hlakileng ka lefatše le lecha le ka tšepo ea hae ea bokamoso. Joale, ha puisano ea rōna e ntse e tsoela pele, hang feela Christopher o ile a re: ‘Ntho e ’ngoe ka ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ke hore le hoja lefu le utloisa bohloko, rea tseba hore re tla bonana hape lefatšeng ka letsatsi le leng.’ Ha ho le ea mong oa rōna ea neng a le teng ea ileng a elelloa kamoo mantsoe ao a neng a tla hopoleha kateng.”a

3 Lilemo pele ho mona, ka 1940, Franz, e leng Paki ea Moaustria, o ne a tobane le ho bolaoa ka ho khaoloa hlooho ka lebaka la ho hana ho sekisetsa botšepehi ba hae ho Jehova. Franz o ile a ngolla ’mè oa hae a le litlamong Berlin: “Ho latela seo ke se tsebang, haeba ke ne nka etsa kano ea [sesole], seo e ne e tla ba sebe se lokeloang ke lefu. Seo e ne e tla ba bobe ho ’na. Ke ne nke ke ka tsoha bafung. . . Joale, ’Mè ea ratehang le banab’eso kaofela, kajeno ke bolelletsoe kahlolo ea ka, ’me le se ke la tšoha, ke lefu, ’me ke tla bolaoa hosasane hoseng. Ke na le matla a tsoang ho Molimo, a tšoanang le ao Bakreste bohle ba ’nete ba ’nileng ba ba le ’ona nakong e fetileng. . . . Haeba le tla ema le tiile ho fihlela lefung, re tla kopana hape tsohong ea bafu. . . . Ho fihlela re kopana hape.”b

4. Liphihlelo tse boletsoeng moo li u ama joang, hona re tla tšohla eng?

4 Tšepo ea tsoho e ne e le ea bohlokoa haholo ho Christopher le Franz. Ba ne ba e nka e le ntho ea sebele. Ruri litlaleho tsena li re ama pelo! E le hore re tebise kananelo ea rōna bakeng sa Jehova le ho matlafatsa tšepo ea rōna tsohong, a re ke re hlahlobeng hore na ke hobane’ng ha tsoho e tla ba teng le kamoo ho tseba sena ho lokelang ho re ama kateng re le motho ka mong.

Pono ea Tsoho ea Lefatšeng

5, 6. Pono e tlalehiloeng ke moapostola Johanne ho Tšenolo 20:12, 13 e senola eng?

5 Ponong e mabapi le liketsahalo tsa nakong ea Puso ea Kreste Jesu ea Lilemo Tse Sekete, moapostola Johanne o ile a bona ha tsoho ea lefatšeng e etsahala. O ile a tlaleha: “Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane. . . . Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.” (Tšenolo 20:12, 13) Batho ba maemo ’ohle—ho sa tsotellehe hore na “ba baholo” kapa “ba banyenyane”—bohle ba leng litlamong tsa Hadese (Sheole), e leng lebitla le tloaelehileng la batho, ba tla lokolloa. Ba shoetseng leoatleng le bona ba tla boela ba phele hape ka nako eo. Ketsahalo ena e hlollang ke karolo ea morero oa Jehova.

6 Ha Kreste a qala puso ea hae ea lilemo tse sekete, o tla tlama Satane ’me a mo kenye ka mohohlong. Kaha Satane o tla be a sa sebetse nakong ea puso eo, a ke ke a khona ho khelosa motho leha e le ofe ea tsositsoeng kapa motho leha e le ofe ea pholohileng matšoenyehong a maholo. (Tšenolo 20:1-3) Lilemo tse sekete li ka ’na tsa bonahala e le nako e telele ho uena, empa ha e le hantle, ho Jehova li “joaloka letsatsi le le leng.”—2 Petrose 3:8.

7. Motheo oa kahlolo nakong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete e tla ba ofe?

7 Ho ea ka pono eo, Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete e tla ba nako ea kahlolo. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo. Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona. . . . Eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona.” (Tšenolo 20:12, 13) Hlokomela hore motheo oa kahlolo ena hase seo motho a se entseng kapa seo a sa kang a se etsa pele a e-shoa. (Baroma 6:7) Ho e-na le hoo, o amana le “meqolo” e tla buloa. Lintho tseo motho a li etsang ha a se a ithutile se fuperoeng ke meqolo ena e tla ba oona motheo o tla lekanyetsa hore na ebe lebitso la hae le ngoloa ‘moqolong oa bophelo’ kapa che.

‘Tsoho ea Bophelo’ Kapa ‘Tsoho ea Kahlolo’

8. Ke liphello life tse peli tse tla ba teng bakeng sa ba tsositsoeng?

8 Pejana ponong ea Johanne, Jesu o hlalosoa e le ea nang le “linotlolo tsa lefu le tsa Hadese.” (Tšenolo 1:18) O sebeletsa e le ‘Moemeli oa Jehova ea ka Sehloohong oa bophelo,’ ea filoeng matla a ho ahlola “ba phelang le bafu.” (Liketso 3:15; 2 Timothea 4:1) O tla etsa see joang? Ka ho tsosa ba robetseng lefung. Jesu o ile a re ho matšoele ao a neng a a pakela: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” Eaba o phaella ka ho re: “Ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.” (Johanne 5:28-30) Kahoo, banna le basali ba tšepahalang ba boholo-holo ba letetsoe ke bokamoso bofe?

9. (a) Ke eng seo ntle ho pelaelo ba bangata ba tla ithuta sona ha ba khutla ka tsoho? (b) Ke mosebetsi ofe o moholohali oa ho ruta o tla etsoa?

9 Ha batho bana ba tšepahalang ba boholo-holo ba khutla ka tsoho, kapele feela ba tla hlokomela hore litšepiso tseo ba neng ba li lebeletse joale e se e le ntho ea sebele. Ba tla thahasella haholo ho tseba hore na Peō ea mosali oa Molimo e boletsoeng boprofeteng ba pele ba Bibele ho Genese 3:15, ke mang! Ba tla thaba hakaakang ha ba utloa hore Mesia enoa ea tšepisitsoeng, e leng Jesu, o ile a lula a tšepahetse ho isa lefung, ’me kahoo a nehelana ka bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo! (Matheu 20:28) Ba tla ba amohela ha ba tsoha ba tla thabela haholo ho ba thusa ho utloisisa hore tokisetso ena ea thekollo ke pontšo ea mosa o sa tšoanelang oa Jehova le mohau oa hae. Ha ba tsositsoeng ba hlokomela seo ’Muso oa Molimo o se etsang ho phethahatsa morero oa Jehova ka lefatše, ha ho pelaelo hore mantsoe a liteboho tse lebisoang ho Jehova a tla khaphatseha ka lipelong tsa bona. Ba tla ba le monyetla o lekaneng oa ho bontša botšepehi ba bona ho Ntate oa bona ea lerato oa leholimo le ho Mora oa hae. Motho e mong le e mong ea phelang o tla thabela ho kopanela mosebetsing o moholohali oa ho ruta o lokelang ho etsoa e le hore ho rutoe batho ba likete tse limilione ba tsoang mabitleng, bao le bona ba lokelang ho amohela tokisetso ea Molimo ea thekollo.

10, 11. (a) Nako ea Lilemo Tse Sekete e tla fa batho bohle lefatšeng menyetla efe? (b) See se lokela ho re ama joang?

10 Ha Abrahama a tsosoa, o tla fumana matšeliso a maholo ha a phela bophelo ba sebele pusong ea “motse” oo a neng a o lebeletse. (Baheberu 11:10) Jobo ea tšepahalang oa boholo-holo o tla thaba haholo ha a tseba hore tsela eo a neng a phela ka eona e ile ea matlafatsa bahlanka ba bang ba Jehova ba neng ba tobane le liteko tsa botšepehi! ’Me Daniele o tla thahasella haholo ho tseba ka ho phethahala ha boprofeta boo a ileng a bululeloa hore a bo ngole!

11 Ka sebele, bohle ba fumanang bophelo lefatšeng le lecha la ho loka, ebang ke ka tsoho kapa ka ho pholoha matšoenyeho a maholo, ba tla ithuta ho hongata ka morero oa Jehova ka lefatše le ka baahi ba lona. Ka sebele tšepo ea ho phela ka ho sa feleng le ho rorisa Jehova kamehla le mehla e tla etsa hore lenaneo la thuto la Lilemo Tse Sekete e be le thabisang e le kannete. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e tla ba seo re se etsang re le motho ka mong ha re ntse re ithuta se fuperoeng ke meqolo eo. Na re tla sebelisa seo re ithutang sona? Na re tla thuisa le ho sebelisa boitsebiso boo ba bohlokoa bo tla re thusa ho hanela boiteko ba ho qetela ba Satane ba ho re khelosa ’neteng?

12. Ke eng e tla thusa bohle ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho ruta le oa ho fetola lefatše paradeise?

12 Ha rea lokela ho lebala litlhohonolofatso tse hlollang tse tla ba teng ha ho sebelisoa melemo ea sehlabelo sa Kreste sa thekollo. Ba tsositsoeng ba ke ke ba e-ba le mefokolo eo ba nang le eona hona joale kapa ho holofala. (Esaia 33:24) Ho phela hantle ’meleng le tebello ea bophelo bo phethahetseng li tla fa baahi bohle ba lefatše le lecha monyetla oa ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho ruta batho bao ba likete tse limilione ba tsositsoeng tsela ea bophelo. Baahi bao ba tla boela ba kopanele mosebetsing o moholohali oo ho seng mohla o kileng oa lekoa lefatšeng—e leng oa ho fetola lefatše lohle paradeise tlotlisong ea Jehova.

13, 14. Morero oa hore Satane a lokolloe bakeng sa teko ea ho qetela ke ofe, hona see se tla hlahisa phello efe bakeng sa rōna re le motho ka mong?

13 Ha Satane a lokolloa ka mohohlong bakeng sa teko ea ho qetela, o tla leka ho khelosa batho hape. Ho ea ka Tšenolo 20:7-9, ‘lichaba tsohle tse khelositsoeng,’ kapa lihlopha tsa batho, tse khelosoang ke tšusumetso e mpe ea Satane li tla ahloleloa timetso: ‘Mollo o tla theoha leholimong ’me o li chese.’ Bakeng sa ba tla beng ba tsositsoe nakong ea Lilemo Tse Sekete, timetso ena e tla bolela hore ba fumane tsoho ea ho ahloleloa tsuo. Ho fapana le moo, baboloki ba botšepehi ba tsositsoeng, ba tla fumana mpho ea bophelo bo sa feleng. Ka sebele, tsoho ea bona e tla ba ‘tsoho ea bophelo.’—Johanne 5:29.

14 Tšepo ea tsoho e ka re tšelisa joang esita le hona joale? Ke ntho efe ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa ho tiisa hore re tla fumana melemo ea eona nakong e tlang?

Lintho Tseo re ka Ithutang Tsona Hona Joale

15. Ho ba le tumelo tsohong e ka ba thuso joang hona joale?

15 Mohlomong u sa tsoa shoeloa ke motho eo u mo ratang ’me e ka ’na eaba u ntse u sebetsana le phetoho e khōlō e tlisoang ke tahlehelo eo e khōlō. Tšepo ea tsoho e u thusa hore u be le khutso le matla tseo batho ba sa tsebeng ’nete ba se nang tsona. Pauluse o ile a tšelisa Bathesalonika a re: “Ha re batle hore le hloke tsebo malebana le ba robalang lefung; e le hore le se ke la sareloa feela joalokaha ba bang kaofela ba se nang tšepo le bona ba sareloa.” (1 Bathesalonika 4:13) Na u ipona u le lefatšeng le lecha, u bona tsoho e etsahala? Fumana matšeliso hona joale ka ho thuisa ka tšepo ea ho kopana le baratuoa ba hao hape.

16. Mohlomong u tla ikutloa joang ha tsoho e etsahala?

16 Ho ka etsahala hore ebe hona joale u ntse u utloa bohloko ba liphello tsa borabele ba Adama, mohlomong li u baketse bokuli. U se ke ua lumella hore ho tšoenyeha ho tlisoang ke sena ho etse hore u lebale tšepo e thabisang ea ho tsosoa le ea ho boela u phela lefatšeng le lecha u nchafetse ’meleng u bile u le sehlahlo. Joale etlare ha u bula mahlo ’me u bona lifahleho tse thabileng tsa batho ba labalabelang ho thaba le uena ha u tsositsoe, ka sebele u tla leboha Molimo ka lebaka la mosa oa hae o lerato.

17, 18. Ke lithuto life tse peli tsa bohlokoa tseo re lokelang ho li hopola?

17 Khabareng, nahana ka lithuto tse peli tseo re lokelang ho li hopola. Thuto e ’ngoe ke ea bohlokoa ba ho sebeletsa Jehova ka moea oohle hona joale. Ka ho etsisa Monghali oa rōna, Kreste Jesu, bophelo ba rōna ba boitelo bo bontša hore re rata Jehova le batho ba bang. Haeba khanyetso kapa mahloriso a re amoha mokhoa oa rōna oa ho iphelisa kapa tokoloho ea rōna, re ikemiselitse ho lula re tiile tumelong ho sa tsotellehe liteko tseo re ka ’nang ra tobana le tsona. Haeba bahanyetsi ba rōna ba ka re sokela ka ho re ba tla re bolaea, joale tšepo ea tsoho e tla re tšelisa ebe e re matlafaletse ho lula re tšepahala ho Jehova le ’Musong oa hae. Ka sebele, ho chesehela ha rōna mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa ho re fa tšepo ea ho fumana litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tseo Jehova a li boloketseng ba lokileng.

18 Thuto ea bobeli e amana le kamoo re tobanang kateng le liteko tse bakoang ke ho se phethahale. Tsebo ea rōna ka tšepo ea tsoho le kananelo ea rōna ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova li matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re tiile tumelong. Moapostola Johanne o ile a lemosa a re: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena; hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng. Ho feta moo, lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:15-17) Lintho tse bonahalang tsa lefatše tse hohelang li ke ke tsa re hohela haholo haeba re li bapisa le “bophelo ba sebele.” (1 Timothea 6:17-19) Haeba re lekeha hore re kopanele boitšoarong bo bobe, re tla hanela seo ka matla. Rea tseba hore haeba re ne re ka shoa pele ho Armagedone, ho tsoela pele ka boitšoaro bo sa khahliseng Jehova ho ne ho ka re beha boemong bo tšoanang le ba batho ba se nang tšepo ea tsoho.

19. Ke tlotla efe e khōlō eo re sa lokelang ho e lebala?

19 Ka holim’a tsohle, le ka mohla ha rea lokela ho lebala tlotla e khōlō ea ho thabisa pelo ea Jehova hona joale le ka ho sa feleng. (Liproverbia 27:11) Ho tšepahala ha rōna ho isa lefung kapa ho tsoela pele re bolokile botšepehi ho fihlela bofelong ba tsamaiso ena e khopo ho bontša Jehova hore na re eme hokae tsekong ea bobusi ba bokahohleng. Joale e tla ba thabo e kaakang ho phela lefatšeng la Paradeise ebang ke ka ho pholoha matšoenyeho a maholo kapa ka ho bona mohlolo oa tsoho!

Ho Khotsofatsa Litakatso Tsa Rōna

20, 21. Ke eng e tla re thusa ho lula re tšepahala esita leha re e-na le lipotso tse ngata tse se nang likarabo mabapi le tsoho? Hlalosa.

20 Puisano ea rōna ka tsoho ha ea araba lipotso kaofela. Jehova o tla etsa joang ka ba neng ba le lenyalong ha ba e-shoa? (Luka 20:34, 35) Na batho ba tla tsosetsoa libakeng tseo ba shoetseng ho tsona? Na ba tsositsoeng ba tla tsosetsoa haufi le ba malapa a bona? Ho na le lipotso tse ling tse ngata tse mabapi le litokisetso tsa tsoho tse se nang likarabo. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola mantsoe a Jeremia: “Jehova o molemo ho ea mo tšepang, ho moea o ntseng o mo batla. Ho molemo hore motho a lete, a bile a khutsitse, bakeng sa poloko ea Jehova.” (Lillo Tsa Jeremia 3:25, 26) Ka nako ea Jehova e loketseng, lipotso tsa rōna kaofela li tla arajoa ka mokhoa o khotsofatsang ka ho feletseng. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha ka seo?

21 Nahana ka mantsoe a bululetsoeng a mopesaleme ha a ne a binela Jehova: “U fuparolla seatla sa hao u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (Pesaleme ea 145:16) Ha re ntse re hōla, litakatso tsa rōna lia fetoha. Seo re neng re se lakatsa ha re ne re le bana ha re sa se lakatsa hona joale. Tsela eo re talimang bophelo ka eona e angoa ke lintho tse re hlahelang hammoho le lintho tseo re li lebeletseng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re tla ba le litakatso life tse loketseng lefatšeng le lecha, ka sebele Jehova o tla li khotsofatsa.

22. Ke hobane’ng ha re e-na le lebaka le utloahalang la ho rorisa Jehova?

22 Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa e mong le e mong oa rōna hona joale ke hore re tšepahale. “Se batloang ho batsamaisi ke hore motho a fumanoe a tšepahala.” (1 Bakorinthe 4:2) Re batsamaisi ba litaba tse molemo tse thabisang tsa ’Muso oa Molimo. Ho khothalla ha rōna ho bolela litaba tsena tse molemo ho batho bohle bao re teanang le bona ho re thusa ho lula tseleng e isang bophelong. Le ka mohla u se ke ua lebala hore bohle re hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) E le hore u fokotse ho tšoenyeha leha e le hofe ho sa hlokahaleng ho bakoang ke maemo a sa tsitsang a bophelo, tšoarella ka tieo tšepong e thabisang ea tsoho. Kholiseha hore haeba ho bonahala eka u tla shoa pele Puso ea Lilemo Tse Sekete ea Kreste e qala, u ka tšeliseha hore ruri topollo e tla tla. Ka nako ea Jehova u tla pheta mantsoe ao Jobo a neng a a lebisitse ho ’Mōpi: “U tla hooa, ’me ke tla u araba.” Thoriso eohle e isoa ho Jehova, ea hlolohetsoeng ho tsosa bohle ba leng mohopolong oa hae!—Jobo 14:15.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Tsoha! ea July 8, 1988, leqepheng la 24, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

b Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 662, e hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

Na U sa Hopola?

• Batho ba tla ahloloa motheong ofe nakong ea Lilemo Tse Sekete?

• Ke hobane’ng ha ba bang ba tla ‘tsohela bophelo’ ’me ba bang ba ‘tsohele kahlolo’?

• Tšepo ea tsoho e ka re tšelisa joang hona joale?

• Mantsoe a Pesaleme ea 145:16 a re thusa joang ho sebetsana le lipotso tse se nang likarabo tse mabapi le tsoho?

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Ho lumela tsohong ho ka re thusa joang hona joale?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela