Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Batho ba Tšepahalang ba Rorisa Jehova
LEFATŠENG lohle, Lipaki Tsa Jehova—tse khōlō le tse nyenyane—li tsejoa ka botšepehi. Ak’u nahane ka mehlala ena e tsoang lik’honthinenteng tse tharo.
Ka letsatsi le leng, Olusola oa Nigeria ea lilemo li 17 o ne a e-tsoa sekolong a e-ea lapeng ha a tla thola phese fatše. O ile a e isa ho mosuoe-hlooho, ea ileng a bala chelete e neng e le ka pheseng eo, ’me e ne e ka ba R280. Mosuoe-hlooho eo o ile a khutlisetsa phese eo ho mosuoe eo e neng e mo lahlehetse. A tletse teboho, mosuoe eo o ile a fa Olusola hoo e ka bang R45 eaba o mo bolella hore a lefe chelete ea sekolo ka eona. Ha bana ba bang ba sekolo ba utloa ka seo, ba ile ba soma Olusola. Libeke li se kae hamorao, morutoana e mong o ile a tlaleha hore o utsoelitsoe chelete, kahoo ho ile ha kōptjoa mesuoe hore e phenyekolle mekotla ea barutoana bohle. Mosuoe e mong o ile a re ho Olusola: “Ema mona. Kea tseba hore u ke ke ua utsoa kaha u e mong oa Lipaki Tsa Jehova.” Chelete eo e ile ea fumanoa ho bashemane ba babeli ba neng ba le har’a ba neng ba soma Olusola, ’me ba ile ba fuoa kotlo e bohloko. Olusola o ile a ngola tjena: “Ke thabile haholo hore ebe ke tsejoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, eo le ka mohla a ke keng a utsoa, e leng se tlotlisang Jehova.”
Ka letsatsi le leng ha monna e mong oa Argentina ea bitsoang Marcelo a tloha lapeng, o ile a thola mokotla oa libuka fatše o le limithara li se kae ho tloha monyakong o ka mor’a ntlo ea hae. O ile a nka mokotla oo, a kena le oona ka tlung eaba eena le mosali oa hae ba o bula ka hloko. Se ileng sa ba makatsa haholo ke chelete e ngata eo ba ileng ba e fumana e le k’heshe, e le likarete tsa ho lefa mokitlane le licheke tse ngata tse tekennoeng, e ’ngoe ea tsona e ne e le ea liranta tse limilione tse 2. Ka mokotleng oo, ba ile ba fumana linomoro tsa founo. Ba ile ba founela mong’a oona eaba ba lokisetsa hore a kopane le Marcelo moo a sebetsang teng e le hore ba mo tholise mokotla oo le se neng se le ka har’a oona. Ha mong’a oona a fihla, o ne a bonahala a tšohile. Mohiri oa Marcelo o ile a mo kokobetsa matšoafo hobane Marcelo ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Mong’a mokotla o fumanoeng, o ile a hlatsoa Marcelo mahlo ka ho mo fa hoo e ka bang R40 feela. Mpho eo e nyenyane e ile ea halefisa mohiri oa Marcelo haholo hobane o ne a hloletsoe ke botšepehi ba Marcelo. Sena se ile sa fa Marcelo monyetla oa ho hlalosa hore kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o batla ho lula a tšepahala ka linako tsohle.
Phihlelo e tsoang Kyrgyzstan e re: Moshanyana ea lilemo li tšeletseng ea bitsoang Rinat, o ile a thola phese ea mosali e mong oa moahisani. Phese eo e ne e tšetse R150. Ha Rinat a tholisa mosali eo phese e neng e lahlehile, o ile a bala chelete eaba o bolella ’mè oa Rinat hore R30 ha e eo. Rinat o ile a re ha a nka chelete eo. Eaba kaofela ha bona baa tsoa ho ea batla chelete e lahlehileng ’me ba e fumana pel’a moo phese eo e neng e fumanoe teng. Mosali eo o ne a hloletsoe. O ile a bolella Rinat le ’mè oa hae hore o qala ka ho leboha hore ebe o tholisitsoe chelete e neng e lahlehile, le hore ebe ’mè oa hae o mo ruta ho ba Mokreste.