Ha ho Tsoha Likhang Lenyalong
HA HO monna kapa mosali ea phelang hantle kelellong ea thabelang likhohlano tse bang teng lenyalong, empa li tloaelehile. Li bakoa ke hore molekane e mong o bua ntho e itseng e halefisang e mong. Baa tlerohelana ebe baa halefelana, ’me ka mor’a moo ho latela khang e mabifi ea mantsoe a hlabang. Joale baa ngalana ebe ha ba sa buisana. Ka mor’a nako e itseng, bohale boa kokobela ’me ba kopana tšoarelo. Khotso e tsosolosoa ka nakoana ho fihlela ha ho boetse ho e-ba le khohlano e ’ngoe hape.
Likomang tsa banyalani ke litaba tse ka sehloohong tsa metlae e mengata haholo le lipale tsa mananeo a thelevishene, empa moo li etsahalang teng, ruri ha li tšehise. Ka sebele, maele a Bibele a re: “Polelo tsa ea phasolohang li hlaba [haholo] joaloka sabole.” (Liproverbia 12:18, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ha ho pelaelo hore polelo e hlabang e ka u hlaba maikutlong ka nako e telele leha qabang e se e fetile. Ho pheha khang ho ka baka le pefo.—Exoda 21:18.
Ha e le hantle, kaha batho ha baa phethahala, ka linako tse ling mathata a lenyalo aa itlisa. (Genese 3:16; 1 Bakorinthe 7:28) Ho sa tsotellehe seo, liqabang tse tlang khafetsa le tse matla ha lia lokela ho nkoa feela e le ntho e tloaelehileng. Litsebi li ’nile tsa hlokomela hore ho ngangisana kamehla ho eketsa monyetla oa hore banyalani ba qetelle ba hlalane. Kahoo, ke habohlokoa hore uena le molekane oa hao le ithute ho lokisa likhohlano ka moea oa khotso.
Ho Seka-seka Boemo
Haeba le pheha khang kamehla lenyalong la lōna, lekang ho fumana hore na ho na le tsela e itseng eo le itšoarang ka eona ha le sa lumellane. Ha e le hantle, ho etsahala’ng ha uena le molekane oa hao le sa lumellane ka taba e itseng? Na puisano ea lōna e tsoa tseleng ka potlako ebe le se le rohakana le bile le behana molato? Haeba ho joalo, le ka etsa joang?
Ntho ea pele, itlhahlobe ka botšepehi kamoo e ka ’nang eaba uena ka bouena u rotetsa bothata kateng. Na u halefa le feela? Na u motho ea ratang ho pheha khang? Ebe molekane oa hao a ka re’ng ka uena ntlheng ee? Ke habohlokoa hore u nahane ka potso ena ea ho qetela, hobane ho ka etsahala hore ebe uena le molekane oa hao le na le maikutlo a sa tšoaneng ka hore na ho rata ho pheha khang ke eng.
Ka mohlala, nka hore molekane oa hao ke motho ea sa bueng haholo, empa uena u phatloha feela ebile u halefa kapele. U ka ’na ua re: “Ke hōtse lapeng kaofela re bua joalo. Ha ke phehe khang!” ’Me mohlomong ho uena seo hase ho pheha khang. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe seo u nkang hore ke ho toba taba, ho molekane oa hao e ka ba puo e bohloko le ho ba leqhoko. Ho elelloa feela hore uena le molekane oa hao le na le mekhoa e sa tšoaneng ea ho bua, ho ka le thusa ho felisa liphapang.
Hape, u hopole hore hase kamehla ho phehisana khang ho akarelletsang ho tlatsa lerata. Pauluse o ile a ngolla Bakreste a re: “Ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna.” (Baefese 4:31) “Ho tleroha” ke tsela e ’ngoe ea ho bua ka lentsoe le phahameng, athe “puo e nyefolang” e bolela seo molaetsa o leng sona. Ka lebaka leo, esita le mantsoe a hoeshetsoang a ka baka likhang haeba a halefisa kapa a nyelisa.
U ntse u hopotse sena, ak’u boele u itlhahlobe hore na u etsa joang ha u sa lumellane le molekane oa hao. Na u rata ho pheha khang? Joalokaha re bone, ke habohlokoa haholo hore u nahanele pono ea molekane oa hao ha u araba potso eo. Ho e-na le ho nka feela hore molekane oa hao ke sefela-peloana, leka ho icheba ka leihlo la hae, ebe u fetola maemo moo ho hlokahalang. Pauluse o ile a ngola a re: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.”—1 Bakorinthe 10:24.
‘Ela Hloko Kamoo U Mamelang Kateng’
Mokhoa o mong oa ho lokisa liphapang o fumanoa mantsoeng ana a Jesu: “Le ele hloko kamoo le mamelang kateng.” (Luka 8:18) Ke ’nete hore Jesu o ne a sa bue ka puisano ea batho ba lenyalong. Leha ho le joalo, molao-motheo ona oa sebetsa le ho batho ba lenyalong. U mamela molekane oa hao hantle hakae? Na u ikhathatsa ho mo mamela? Kapa na u mo kena hanong ka tharollo e se nang thuso ea bothata boo u sa kang ua bo utloisisa ka ho feletseng? Bibele e re: “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena le tlotlollo.” (Liproverbia 18:13) Kahoo, ha u sa lumellane le molekane oa hao, ho hlokahala hore le buisane ka taba eo ’me le mamelane e le kannete.
Ho e-na le ho nyenyefatsa maikutlo a molekane oa hao, loanela ho bontša moea oa “ho utloelana bohloko.” (1 Petrose 3:8) Segerikeng sa pele, poleloana ena e bolela ho utloa bohloko boo motho e mong a bo utloang. Haeba ho e-na le se tšoentseng molekane oa hao, le uena u lokela ho tšoenyeha. Leka ho bona taba kamoo a e bonang kateng.
Ho hlakile hore Isaka, monna ea neng a tšaba Molimo, o ile a etsa joalo. Bibele e re bolella hore mosali oa hae, Rebeka, o ne a tšoenyehile haholo ka taba ea lelapa e neng e ama mora oa hae Jakobo. O ile a re ho Isaka: “Ke nyonya bophelo ba ka ka lebaka la barali ba Hethe. Haeba le ka mohla Jakobo a ka nka mosali ho barali ba Hethe joaloka bana ba tsoang har’a barali ba naha, bophelo bo na le molemo oa eng ho ’na?”—Genese 27:46.
Ke ’nete hore kaha Rebeka o ne a tšoenyehile, mohlomong o ile a feteletsa litaba. Ha e le hantle, na o ne a hlile a nyonya bophelo ba hae? Na o ne a tla hle a khethe ho shoa haeba mora oa hae a ne a ka nyala barali ba Hethe? Ha ho bonahale eka ho ne ho tla ba joalo. Leha ho le joalo, Isaka ha aa ka a nyenyefatsa maikutlo a Rebeka. Ho e-na le hoo, Isaka o ile a elelloa hore hoa utloahala hore ebe Rebeka o amehile, ’me o ile a nka khato e loketseng. (Genese 28:1) U lokela ho etsa joalo nakong e tlang ha molekane oa hao a tšoentsoe ke taba e itseng. Ho e-na le ho nka feela hore hase ea bohlokoa, mamela molekane oa hao, hlompha maikutlo a hae, ’me u mo arabe ka qenehelo.
Ho Mamela le Temohisiso
Maele a Bibele a re: “Temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.” (Liproverbia 19:11) Ha khang e sa ntse e le matla, ho bonolo hore u arabe ka potlako u sa nahana ha molekane oa hao a bua lentsoe le leng le le leng le hlabang. Leha ho le joalo, hangata sena se rotetsa hlaha. Kahoo, ha u ntse u mametse molekane oa hao, ikemisetse hore u se ke ua latella mantsoe ao a a buang empa u lemohe hore na u a bua ka lebaka lefe. Temohisiso eo e tla u thusa hore u se ke ua sitisoa ke ntho e u khopisitseng empa e tla u thusa hore u sebetsane le sesosa sa bothata.
Ka mohlala, a re re mosali oa hao o re ho uena, “Ha u na nako ea ka!” U ka ’na ua halefa eaba u latola qoso eo ka lebaka le bontšang ho se tsotelle. Mohlomong u araba ka ho re: “Ke qetile letšehare lohle ke e-na le uena khoeling e fetileng!” Empa haeba u mamela ka hloko, u ka ’na ua fumana hore mosali oa hao ha a hlile ha a kōpe nako e eketsehileng. Ho e-na le hoo, ha a u bolella hore o utloa eka ua mo hlokomoloha ebile ha u mo rate, e ka ’na eaba o kōpa hore u mo kholise hore ua mo rata.
Ha re re u mosali ’me monna oa hao o bontša hore o amehile ka ntho eo u sa tsoa e reka. O botsa a maketse, “Ke hobane’ng ha u sebelisitse chelete e ngata hakaalo?” U ka ’na ua potlakela ho ikemela ka maemo a lichelete a lelapa kapa ka ho bapisa seo u se rekileng le se seng seo eena a kileng a se reka. Leha ho le joalo, temohisiso e tla u thusa ho bona hore e ka ’na eaba monna oa hao ha a bue ka chelete. Ho e-na le hoo, e ka ’na eaba o tšoentsoe ke hore ha ua mo rerisa ha u etsa qeto ea ho reka ntho e batlang chelete e ngata.
Ha e le hantle, banyalani ba bang le ba bang ba ka ba le tsela e fapaneng ea ho rera hore na ba ba hammoho ka nako e kae le hore na ba etsa liqeto life tsa ho reka. Taba ke hore ha le sa lumellane, temohisiso e tla theola bohale ba hao, e u thuse ho bona moo bothata bo hlileng bo leng hona teng. Ho e-na le ho araba ka potlako, latela keletso ena ea mongoli oa Bibele Jakobo, ‘potlakela ho utloa, u liehe ho bua, u liehe ho halefa.’—Jakobo 1:19.
Ha u se u bua, hopola hore tsela eo u buang ka eona le molekane oa hao ke ea bohlokoa. Bibele e re: “Maleme a ba bohlale ke pholiso.” (Liproverbia 12:18) Ha uena le molekane oa hao le bua ka bohale ka seo le sa lumellaneng ka sona, na mantsoe a hao a utloisa bohloko kapa aa folisa? Na a thiba tsela ea poelano kapa aa e bula? Joalokaha re se re bone, ho araba ka bohale kapa ka potlako ho baka likhang feela.—Liproverbia 29:22.
Haeba ho se lumellane ho fetoha ntoa ea mantsoe, ikitlaelletse ho toba taba. Toba sesosa sa bothata, eseng motho. Ameha haholo ka hore na ke eng e nepahetseng e ka etsoang eseng hore na ke mang ea nepileng. Hlokomela hore mantsoe a se ke a rotetsa hlaha. Bibele e re: “Lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) Ha e le hantle, seo u se buang le tsela eo u se buang ka eona se ka etsa phapang pakeng tsa hore na u tla susumelletsa molekane oa hao hore a sebelisane le uena kapa che.
Ikitlaelletse ho Rarolla Khang, Eseng ho e Hlōla
Ha re sebetsana le ho se lumellane, sepheo ke ho rarolla bothata eseng ho hlōla khang. Le ka finyella pheko joang? Tsela e atlehang ka ho fetisisa ke ea ho batla keletso ea Bibele le ho e sebelisa, ’me bonneteng ho hlokahala hore banna ebe bona ba nkang bohato ba pele. Ho e-na le ho potlakela ho bua ka thata ka lebaka la litsekisano kapa mathata, ke hobane’ng ha le sa shebe taba ka leihlo la Jehova? Le rapele, ’me le batle khotso ea Molimo e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello. (Baefese 6:18; Bafilipi 4:6, 7) Ka bomong le ikitlaelletse ho se batle lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape e mong le e mong a batle lithahasello tsa molekane oa hae.—Bafilipi 2:4.
Hangata litaba li senyeha haholo haeba monahano le liketso li laoloa ke ho hlabeha le maikutlo a sa laoloeng. Ka lehlakoreng le leng, ho ikemisetsa ho khutlisetsoa tseleng ke keletso ea Lentsoe la Molimo ho isa khotsong, tumellanong le tlhohonolofatsong ea Jehova. (2 Bakorinthe 13:11) Kahoo, tataisoang ke “bohlale bo tsoang holimo,” bonahatsang litšobotsi tsa bomolimo, ’me le rue melemo joaloka “ba etsang khotso.”—Jakobo 3:17, 18.
Ka sebele, bohle ba lokela ho ithuta ho sebetsana ka khotso le taba ea ho se lumellane, esita le haeba sena se bolela ho tela lintho tseo re li ratang. (1 Bakorinthe 6:7) Ha e le hantle, sebelisang keletso ea Pauluse ea hore le tlose “khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ea lōna. . . . Hlobolang botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me le ikapese botho bo bocha.”—Bakolose 3:8-10.
Ka linako tse ling, u tla bua lintho tseo u tla ikoahlaela tsona hamorao. (Jakobo 3:8) Ha sena se etsahala, ikōpele tšoarelo ho molekane oa hao. Tsoela pele ho ikitlaetsa. Ka mor’a nako, uena le molekane oa hao le ka ’na la bona phetoho e khōlō tseleng eo le rarollang likhang ka eona.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
Mehato e Meraro ea ho Nyopisa Khang
• Mamela molekane oa hao.—Liproverbia 10:19
• Hlompha maikutlo a hae.—Bafilipi 2:4
• Araba ka lerato.—1 Bakorinthe 13: 4-7
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Seo U ka se Etsang Hona Joale
Botsa molekane oa hao lipotso tsena tse ka tlaase, ebe u mamela likarabo u sa mo kene hanong. Molekane oa hao le eena a ka etsa se tšoanang.
• Na ke rata ho pheha khang?
• Na e hlile kea u mamela ha u bua, kapa na ke potlakela ho u kena hanong?
• Na u utloa mantsoe a ka e le a ho se nahanele kapa a khalefo?
• Ebe re ka etsa joang ho ntlafatsa mokhoa oa rōna oa ho bua—haholo ha e le taba eo re sa lumellaneng ka eona?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Na ua mamela?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
“Ke ikutloa ke hlokomolohiloe ebile ke sa ratoe”
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
“Ha u na nako ea ka!”
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
“Ke qetile letšehare lohle ke e-na le uena khoeling e fetileng!”