Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 9/15 maq. 10-12
  • Ponse Pilato e ne e le Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ponse Pilato e ne e le Mang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boemo, Boikarabelo le Matla
  • Bajuda Baa Halefisoa
  • “’Nete ke Eng?”
  • Ho Etsahetse’ng ka Pilato?
  • Ho Tloha ho Pilato ho ea ho Heroda le ho Khutlela Morao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Pilato le Heroda ba Fumana Jesu a se Molato
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Tloha ho Pilato ho ea ho Heroda le ho Khutlela Morao
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Nehelanoa ka Jesu Hore a Il’o Bolaoa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 9/15 maq. 10-12

Ponse Pilato e ne e le Mang?

“PILATO oa mosomi le ea lekhonono, e ne e le motho ea tummeng historing eo batho ba ntseng ba ipotsa lipotso ka eena. Ba bang ba nahana hore e ne e le mohalaleli, ha ba bang bona ba re e ne e le motho ea fokolang, ea neng a tšoana le bo-ralipolotiki ba ikemiselitseng ho lumella hore motho a le mong a shoe e le hore feela ba boloke khotso sechabeng.”—Pontius Pilate, ea Ann Wroe.

Ho sa tsotellehe hore na u lumellana le maikutlo ao kapa che, Ponse Pilato o ile a tuma ka tsela eo a ileng a tšoara Jesu Kreste ka eona. Pilato e ne e le mang? Re tseba eng ka eena? Ho utloisisa boemo ba hae ho tla re thusa hore re utloisise hamolemo liketsahalo tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse kileng tsa etsahala lefatšeng.

Boemo, Boikarabelo le Matla

Moemphera oa Roma ea bitsoang Tiberiase o ile a khetha Pilato hore e be ’musisi oa profinse ea Judea ka 26 C.E. Liofisiri tse phahameng tsa boemo ba hae e ne e le banna bao ho neng ho thoe ke lebotho la masole a palamang lipere a marenana, ba fapane le sehlopha sa bahlomphehi bao e neng e le litho tsa senate. Mohlomong ha Pilato a kena sesoleng e ile ea e-ba molaoli oa sesole, kapa molaoli ea tlaasana; ’me o ile a hloella maemong a sa tšoaneng ha a le sesoleng; eaba o khetheloa ho ba ’musisi le pele a ka ba lilemo li 30.

Seaparo sa Pilato sa ntoa se ne se entsoe ka letlalo se bile se e-na le tšireletso ea sefuba ea tšepe. Ha a ne a hlaha ka pel’a batho o ne a apara purapera e nang le mophetho o pherese. O ne a fokotsa moriri ’me a beola litelu. Le hoja ba bang ba lumela hore o ne a tsoa Spain, lebitso la hae le bontša hore e ne e le oa leloko la Pontii—e leng bahlomphehi ba Masamni ba ka boroa ho Italy.

Ka tloaelo liofisiri tse phahameng tsa maemo a Pilato li ne li romeloa libakeng tse sa tsoelang pele. Baroma ba ne ba nka Judea e le sebaka se sa tsoelang pele. Ho phaella mosebetsing oa ho boloka taolo, Pilato o ne a okametse mosebetsi oa ho bokella makhetho a sa lefuoeng ka ho toba le lekhetho le lefuoang ke bohle. Mosebetsi oa letsatsi le letsatsi oa hore ho be le toka o ne o etsoa ke makhotla a molao a Bajuda, empa kamoo ho bonahalang kateng, linyeoe tsa kahlolo ea lefu li ne li isoa ho ’musisi, eo e neng e le eena ea ka sehloohong ea nang le matla a boahloli.

Pilato le mosali oa hae ba ne ba lula motseng oa boema-kepe oa Cesarea hammoho le bangoli ba seng bakae, metsoalle le baromuoa. Pilato o ne a laola lihlopha tse hlano tsa masole a tsamaeang ka maoto, sehlopha ka seng se ne se e-na le banna ba tlohang ho ba 500 ho isa ho ba 1 000 hammoho le lebotho la bapalami ba lipere leo mohlomong le neng le e-na le banna ba 500. Masole a hae a ne a tloaetse ho khokhothela batlōli ba molao thupeng. Nakong ea khotso, batho ba ne ba ahloleloa lefu ka mor’a hore linyeoe tsa bona li mameloe hakhutšoanyane, empa ha ho ne ho tsoha morusu, marabele a ne a bolaoa ka eona nako eo le hona a le mangata. Ka mohlala, Baroma ba ile ba khokhothela makhoba a 6 000 thupeng e le ho felisa bofetoheli boo Spartacus a neng a li hula pele ho bona. Ha ho ne ho bonahala eka ho tla tsoha morusu Judea, ka tloaelo ’musisi o ne a ipiletsa ho lenģosa la moemphera le neng le le Syria, le neng le laola mabotho a sesole. Leha ho le joalo, boholo ba nako eo Pilato a e qetileng e le ’musisi, lenģosa la moemphera le ne le le sieo, kahoo Pilato o ne a lokela ho felisa merusu eo kapele.

Babusisi ba ne ba buisana le moemphera khafetsa. Litaba tse amanang le seriti sa moemphera kapa ntho leha e le efe e neng e ka beha ’muso oa Roma kotsing e ne e lokela ho tlaleheloa moemphera ’me eena o ne a ntša litaelo tsa hore na ho etsoe joang. ’Musisi o ne a ka ’na a ba le tjantjello ea ho hlalosetsa moemphera lintho tse etsahetseng profinseng ea hae pele batho ba hlahisa litletlebo tsa bona. Kaha ho ne ho bonahala hore ho tla ba le likhathatso Judea, ho ne ho loketse hore Pilato a amehe ka maemo ao.

Ntle ho litlaleho tsa Likosepele, rahistori Flavius Josephus le Philo ke bona ba fanang ka boitsebiso ba bohlokoa ka Pilato. Tacitus, e leng rahistori oa Moroma, le eena o bolela hore Pilato o ile a bolaea Christus, eo Bakreste ba rehelletsoeng ka eena.

Bajuda Baa Halefisoa

Josephus o re babusisi ba Baroma ba ne ba sa kene Jerusalema ba nkile liflaga tsa sesole tse nang le litšoantšo tsa moemphera hobane ba ne ba tseba hore Bajuda ba ne ba hanyetsa ho etsoa ha litšoantšo. Kaha Pilato eena o ne a se na bothata ka tsona, Bajuda ba halefileng ba ile ba mathela Cesarea ho ea tletleba ka taba ena. Ho ile ha feta matsatsi a mahlano Pilato a sa etse letho ka taba ena. Ka letsatsi la botšelela, o ile a laela masole a hae hore a lika-liketse baipelaetsi bao le ho ba tšosa ka hore ba tla ahloleloa lefu haeba ba sa qhalane. Eitse ha Bajuda ba re ba ka mpa ba shoa ho e-na le hore ba phuthe matsoho ebe ba shebella ha batho ba tlōla Molao oa bona, Pilato o ile a inehela eaba o laela hore litšoantšo tseo li tlosoe.

Pilato o ne a le likhoka. Josephus o tlaleha hore ka lekhetlo le leng Pilato o ile a qala mosebetsi oa ho cheka kotopo e tlisang metsi Jerusalema eaba o sebelisa chelete e tsoang letlōleng la tempele ho tšehetsa morero ona ka lichelete. Pilato ha aa ka a inkela chelete eo feela tjee, hobane o ne a tseba hore ho tlatlapa tempele e ne e le ketso e bontšang ho se hlomphe lintho tse halalelang ’me seo se ne se ka etsa hore Bajuda ba halefileng ba kōpe Tiberiase hore a mo tlose setulong. Kamoo ho bonahalang kateng Pilato o ne a sebelisana le balaoli ba tempele. Ho ne ho lumeletsoe hore chelete e nehetsoeng, e neng e bitsoa “korbane,” e ka sebelisetsoa mesebetsi ea sechaba e molemong oa motse. Empa Bajuda ba likete ba ile ba khobokana e le hore ba bontše hore ba khopisitsoe ke ketso eo.

Pilato o ile a laela hore masole a kene ka har’a letšoele leo eaba o a laela hore a se ke a sebelisa lisabole empa a otle baipelaetsi bao ka melamu. Kamoo ho bonahalang kateng o ne a batla ho laola mokhopi oo kantle le ho bolaea batho ba bangata ka sehlōhō. Leano lena le ile la sebetsa, le hoja ho na le batho ba ileng ba e-shoa. E ka ’na eaba batho ba itseng ba ileng ba tlalehela Jesu hore Pilato o ile a tsoaka mali a Bagalilea le mahlabelo a bona ba ne ba bua ka ketsahalo ena.—Luka 13:1.

“’Nete ke Eng?”

Se ileng sa etsa hore Pilato a tume hampe ke ha a ne a batlisisa liqoso tse entsoeng ke baprista ba ka sehloohong le banna ba baholo ba Bajuda tsa hore Jesu o ne a iketsa Morena. Ha Pilato a utloa hore Jesu o ne a tlile ho tla pakela ’nete, o ile a bona hore motšoaruoa enoa o ne a se kotsi ’musong oa Roma. Ho bonahala eka ha a ne a re “’nete ke eng?” o ne a nahana hore ’nete hase ntho eo motho a ka e utloisisang ebile ha ho hlokahale hore a itšoenye ka eona. O ile a phetha ka ho re’ng? O ile a re: “Ha ke fumane molato ho monna enoa.”—Johanne 18:37, 38; Luka 23:4.

Seo se ka be se felisitse nyeoe ea Jesu, empa Bajuda ba ile ba tsitlella hore Jesu o ne a khelosa sechaba. Baprista ba ka sehloohong ba ne ba qetiloe ke mohono ha ba ne ba nehelana ka Jesu, ’me Pilato o ne a tseba seo. O ne a bile a tseba hore ha a ne a ka lokolla Jesu seo se ne se tla tsosa moferefere, e leng ntho eo a neng a batla ho e qoba. Moferefere o ne o se ntse o le teng, hobane Barabase le ba bang ba ne ba kentsoe chankaneng ka lebaka la bofetoheli le polao. (Mareka 15:7, 10; Luka 23:2) Ho feta moo, liqabang tseo Pilato a neng a bile le tsona le Bajuda li ne li mo sentse lebitso ho Tiberiuse, ea neng a tumme hampe ka hore o khopo ho babusisi ba sa etseng mosebetsi oa bona hantle. Leha ho le joalo, ho inehela ho Bajuda ho ne ho tla bontša hore oa fokola. Kahoo Pilato o ile a thulana le bothata.

Ha Pilato a utloa hore na Jesu o tsoa hokae, o ile a leka ho fetisetsa nyeoe ena ho Heroda Antipase, e leng ’musi oa setereke oa Galilea. Ha seo se hlōleha, Pilato o ile a leka ho hlohlelletsa ba neng ba le ka ntle ho ntlo ea hae ea borena hore ba kōpe hore Jesu a lokolloe, ho latela tloaelo ea ho lokolla motšoaruoa ka Paseka. Letšoele leo le ile la hoeletsa la re le batla hore ho lokolloe Barabase.—Luka 23:5-19.

E ka ’na eaba Pilato o ne a batla ho etsa ntho e nepahetseng, empa o ne a boetse a batla ho sireletsa boemo ba hae le ho thabisa letšoele. Qetellong, ho e-na le ho mamela letsoalo la hae le ho sebelisa toka, o ile a etelletsa mosebetsi oa hae pele. O ile a kōpa metsi, ’me a hlatsoa matsoho eaba o bolela hore ha a na molato ka ho ntša taelo ea kahlolo ea lefu.a Le hoja Pilato a ne a lumela hore Jesu ha a molato, o ile a laela hore a shapuoe ’me a lumella masole hore a mo fetole litšeho, a mo otle le ho mo tšoela ka mathe.—Matheu 27:24-31.

Pilato o ile a etsa boiteko ba ho qetela ba ho lokolla Jesu, empa letšoele le ile la mo tlatsetsa lerata la re haeba a ka mo lokolla, e ne e se motsoalle oa Cesare. (Johanne 19:12) Eitse ha Pilato a utloa seo, a inehela. Setsebi se seng se itse mabapi le qeto ea Pilato: “Tharollo e ne e le bonolo: ahlolela monna eo lefu. Ho ne ho tla shoa Mojuda a le mong feela eo ho neng ho hlakile hore hase motho oa bohlokoa; e ne e tla ba bothoto haeba a ne a ka lumella hore ho be le likhathatso ka lebaka la motho eo.”

Ho Etsahetse’ng ka Pilato?

Ketsahalo ea ho qetela e tlalehiloeng e ileng ea etsahala bophelong ba Pilato e ile ea baka khohlano e ’ngoe. Josephus o re matšoele a Basamaria ba hlometseng a ile a khobokana Thabeng ea Gerizime a tšepile hore a tla tsetolla matlotlo ao ho nahanoang hore Moshe o ne a a patile moo. Pilato o ile a kenella, eaba masole a hae a rinya batho ba bangata har’a letšoele leo. Basamaria ba ile ba tletleba ka sena ho mookameli oa Pilato ea bitsoang Lucius Vitellius, eo e neng e le ’musisi oa Syria. Ha hoa boleloa hore na ebe Vitellius o ne a nahana hore Pilato o fetelelitse lintho kapa che ka khato eo a e nkileng. Leha ho le joalo, o ile a laela Pilato hore a ee Roma ho ea hlalosetsa moemphera ka seo a se entseng. Empa Tiberiuse o ile a shoa pele Pilato a fihla.

Makasine e ’ngoe e re: “Ho tloha ka nako eo, Pilato o ile a nyamela historing, empa ho buuoa ka eena feela litšōmong.” Leha ho le joalo ba bangata ba lekile ho fana ka boitsebiso bo bong bo sa tlalehoang. Ho ’nile ha thoe Pilato e ile ea e-ba Mokreste. “Bakreste” ba Maethiopia ba ile ba mo fa tlotla ea “mohalaleli.” Eusebius, ea ileng a ngola qetellong ea lekholo la boraro la lilemo le mathoasong a lekholo la bone la lilemo, ke eena oa pele har’a batho ba bangata ea ileng a bolela hore Pilato o ile a ipolaea joaloka Judase Iskariota. Leha ho le joalo, ha ho ea tsebang hore na hantle-ntle ho etsahetse’ng ka Pilato.

Ka linako tse ling Pilato o ne a le manganga, a tella a bile a khahlapetsa. Empa o ile a lula setulong ka lilemo tse leshome, athe liofisiri tse ngata tsa Judea tsona li ile tsa lula setulong nako e khutšoanyane haholo. Ka hona, ho Moroma, Pilato e ne e le motho ea bohlale. O ’nile a bitsoa lekoala leo ka bokhopo le ileng la etsa hore Jesu a hlokofatsoe le ho bolaoa e le hore a itšireletse. Ba bang ba bolela hore hase hore Pilato o ne a hlile a loanela toka, empa o ne a batla ho tlisa khotso le ho thabisa ’muso oa Roma.

Mehla ea Pilato e ne e fapane haholo le ea rōna. Leha ho le joalo, ha ho moahloli eo ka toka a neng a ka ahlola motho eo a neng a mo nka a se molato. Hoja Ponse Pilato a se ke a teana le Jesu, mohlomong lebitso la hae e ka be e bile lebitso feela le hlahang libukeng tsa histori.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ke Bajuda, eseng Baroma ba neng ba hlatsoa matsoho e le ho bontša hore ha baa ka ba tšolla mali.—Deuteronoma 21:6, 7.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Letlapa lena le nang le mongolo o bontšang Ponse Pilato e le ofisiri ea Judea le ile la fumanoa Cesarea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela