Na U Lemoha Pontšo ea ho ba Teng ha Jesu?
HA HO motho ea ratang ho kula kapa ho hlaheloa ke tlokotsi. Motho ea bohlale o ela hloko lipontšo tse bontšang hore kotsi e ka ’na ea hlaha ebe o nka khato e loketseng, e le hore a qobe tlokotsi e joalo. Jesu Kreste o ile a bua ka pontšo e ’ngoe eo re lokelang ho e lemoha. Pontšo eo a neng a bua ka eona e ne e tla ama lefatše lohle le batho bohle. Hoo ho akarelletsa uena le ba lelapa la hao.
Jesu o ile a bua ka ’Muso oa Molimo, o tla felisa bokhopo ’me o etse lefatše paradeise. Barutuoa ba hae ba ne ba labalabela ho tseba seo le hore na ’Muso oo o tla tla neng. Kahoo ba ile ba botsa: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?”—Matheu 24:3.
Jesu o ne a tseba hore ka mor’a hore a bolaoe ’me a tsosoe bafung, ho ne ho tla feta lilemo tse makholo pele a behoa teroneng leholimong e le Morena oa Bomesia hore a buse moloko oa batho. Kaha batho ba ne ba ke ke ba bona ha a behoa teroneng, Jesu o ile a fana ka pontšo e neng e tla nolofalletsa balateli ba hae hore ba lemohe “ho ba teng” ha hae le “qetello ea tsamaiso ea lintho.” Pontšo ena e na le likarolo tse ’maloa, tseo ha li kopana li etsang letšoao le khethollang—e leng pontšo ea ho ba teng ha Jesu.
Matheu, Mareka le Luka, ba ile ba tlaleha karabo ea Jesu ka hloko Likosepeleng tseo ba li ngotseng. (Matheu, khaolo ea 24 le ea 25; Mareka, khaolo ea 13; Luka, khaolo ea 21) Bangoli ba bang ba Bibele ba ile ba fana ka lintlha tse ling tse eketsehileng tse buang ka pontšo. (2 Timothea 3:1-5; 2 Petrose 3:3, 4; Tšenolo 6:1-8; 11:18) Re ke ke ra khona ho tšohla lintlha tseo kaofela, empa re tla hlahloba likarolo tse hlano feela tsa sehlooho tse etsang pontšo eo Jesu a buileng ka eona. U tla hlokomela hore taba ena ea u ama le hore ke ea bohlokoa ho uena.—Bona lebokose le leqepheng la 6.
“Ho Qaleha ha Mehla e Mecha”
“Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” (Matheu 24:7) Makasine ea Jeremane e bitsoang Der Spiegel e tlaleha hore pele ho 1914, batho “ba ne ba lumela hore bokamoso e tl’o ba bo babatsehang bo nang le tokoloho e eketsehileng, khatelo-pele le nala.” Eaba lintho lia fetoha. Makasine ea GEO e re: “Ntoa e qalileng ho kupa ka August 1914 ’me ea lala ka November 1918 e bile ketsahalo e tšosang. E ile ea arola histori likoto tse peli, ea khale le e ncha.” Ntoeng eo e mahlo-mafubelu ho ile ha loana masole a fetang limilione tse 60 a tsoang lik’honthinenteng tse hlano. Ka karolelano, ho ile ha bolaoa masole a ka bang 6 000 letsatsi ka leng. Ho tloha nakong eo, bo-rahistori ba phetseng ka lilemo tse sa tšoaneng le ba nang le maikutlo a sa tšoaneng litabeng tsa lipolotiki ba ’nile ba talima “lilemo tsa ho tloha ho 1914 ho isa ho 1918 e le tsa ho qaleha ha mehla e mecha.”
Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea tlisetsa moloko oa batho liphetoho tse ke keng tsa etsolloa ’me ea o kenya matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho. Lilemo tsa ka mor’a moo li ile tsa tšoauoa ka lintoa tse eketsehileng, bokhukhuni le likhohlano tseo ho tsona ho sebelisoang libetsa. Lintho ha lia ka tsa ntlafala mathoasong a lilemo tsa bo-2000. Hase lintoa feela tse totobetseng empa le likarolo tse ling tsa pontšo li totobetse.
Tlala, Mafu a Seoa le Litšisinyeho Tsa Lefatše
“Ho tla ba le likhaello tsa lijo.” (Matheu 24:7) Linaha tsa Europe li ile tsa hlaseloa ke tlala nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ’me moloko oa batho o ’nile oa apareloa ke tlala ea boja-likata esale ho tloha nakong eo. Rahistori Alan Bullock o ile a ngola hore ka 1933 Russia le Ukraine, “batho ba bangata ba lapileng ba ne ba phaila har’a naha . . . Litopo li ne li phaellane ka thōko ho tsela.” Ka 1943 moqolotsi e mong oa litaba, e leng T. H. White o ile a bona tlala e neng e hlasetse profinse e ’ngoe ea Chaena, e bitsoang Henan. O ile a ngola, a re: “Ha batho ba hlile ba lapile hantle, ba ja hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, baa e sila, ba e je ebe ’mele o e sebelisa ho hlahisa matla. Empa ke feela ha motho a tjametsoe ke lefu moo a ka nahanang ho ja ntho eo pele a neng a ke ke a e ja.” Ka masoabi, lilemong tsa morao tjena tlala e iphile matla linaheng tsa Afrika. Le hoja lefatše le hlahisa lijo tse lekaneng ho fepa motho e mong le e mong, Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lijo le Temo o hakanya hore batho ba ka bang limilione tse 840 lefatšeng ka bophara ha ba na lijo tse lekaneng tseo ba ka li jang.
‘Mafu a seoa sebakeng se seng ka mor’a se seng.’ (Luka 21:11) Süddeutsche Zeitung e tlaleha hore, “e ka ’na eaba Mokakallane o bolaile batho ba limilione tse 20 ho isa ho tse 50 ka 1918, e leng palo e fetang ea ba bolailoeng ke lefu la seoa le ileng la hlasela Asia le Europe lilemong tsa bo-1400 kapa ba bolailoeng ke ntoa ea pele ea lefatše.” Ho tloha nakong eo, batho ba bangata ba ’nile ba hlaseloa ke maloetse a kang malaria, sekholopane, lefuba, pholio le k’holera. ’Me lefatše le tšositsoe haholo ke lebuba la AIDS. Hona joale re bona boemo bo makatsang ba maloetse a sa phekoleheng le hoja ho entsoe tsoelo-pele e babatsehang phekolong ea tsa meriana. Boemo bona bo makatsang, boo batho ba qalang ho bo bona, bo re thusa ho lemoha hore re phela linakong tse ikhethang.
“Litšisinyeho tsa lefatše.” (Matheu 24:7) Lilemong tse 100 tse fetileng, litšisinyeho tsa lefatše li bolaile batho ba likete tse makholo. Ho ea ka mohloli o mong, hoo e ka bang selemo le selemo ho tloha ka 1914 ho bile le litšisinyeho tse 18 tsa lefatše tse matla hoo li ileng tsa senya mehaho le ho petsola lefatše. ’Me hoo e ka bang hang ka selemo, ho bile le litšisinyeho tsa lefatše tse matla hoo li ileng tsa heletsa mehaho. Le hoja ho bile le tsoelo-pele ho tsa theknoloji, palo ea ba shoang e ntse e le holimo ka lebaka la keketseho e sekhahla ea baahi metseng e lutseng holim’a mafika a tletleraneng a ka mpeng ea lefatše.
Litaba Tse Khathollang!
Likarolo tse ngata tsa pontšo ea matsatsi a ho qetela lia nyahamisa. Empa Jesu o ile a boela a bua ka litaba tse khathollang.
“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Mosebetsi oo Jesu a o qalileng—e leng oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso—o lokela ho fihla sehlohlolong matsatsing ana a ho qetela. Sena ke sona se etsahalang. Lipaki Tsa Jehova li bolela molaetsa oa Bibele ’me li ruta batho ba o thabelang hore ba sebelise seo ba ithutileng sona bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. Hona joale, Lipaki tse fetang limilione tse tšeletseng li bolela linaheng tse 235 ka lipuo tse fetang 400.
Hlokomela hore Jesu ha aa ka a re maemo a nyahamisang a lefatše a tla emisa bophelo tsi! Hape ha aa ka a re karolo e tšoanang ea pontšo e tla ba teng lefatšeng lohle. Empa o ile a bolela esale pele liketsahalo tse ngata tseo ha li kopana li neng li tla etsa pontšo e neng e tla hlokomeleha hohle lefatšeng.
Ha u sheba lintho tse etsahalang empa u sa shebe liketsahalo tse itseng feela kapa tse etsahalang sebakeng se itseng feela, na u bona ho tšoana ho teng, pontšo e nang le likarolo tse ngata tse amang lefatše lohle? Se etsahalang sea u ama ebile se ama ba lelapa la hao. Empa re ka ’na ra ipotsa hore na ke hobane’ng ha e le batho ba seng bakae feela ba elang hloko seo?
Ba Amehile ka Seo ba se Thahasellang
“Se ke Ua Sesa Mona,” “Motlakase o Kotsi,” “Fokotsa Lebelo.” Ana ke a mang a matšoao le litemoso tseo re atisang ho bona batho ba li hlokomoloha. Hobane’ng? Re khelosoa habonolo ke seo re nahanang hore se molemong oa rōna. Ka mohlala, re ka ’na ra nka hore re lokela ho khanna ka lebelo le fetang leo molao o le lumeletseng, kapa re ka ’na ra ba le takatso e matla ea ho sesa moo ho thibetsoeng. Empa ho hlokomoloha matšoao ke booatla.
Ka mohlala, ka linako tse ling lehloa le thetehang Lithabeng Tse Telele tsa Austria, Fora, Italy le Switzerland le bolaea bahahlauli ba hlokomolohang litemoso tse ba lemosang hore ba thellise feela libakeng tse sirelelitsoeng. Ho ea ka Süddeutsche Zeitung, bahahlauli ba bangata ba hlokomolohang litemoso tseo ba na le lepetjo le reng, Ha u sa ipehe kotsing, u ke ke ua utloa monate. Ka masoabi, ho hlokomoloha litemoso ho ka lebisa tlokotsing.
Ke’ng se etsang hore batho ba hlokomolohe pontšo eo Jesu a e hlalositseng? Mohlomong ba foufalitsoe ke meharo ea ho rua, ba iphapantse hobane ba sa tsotelle, ha ba etse letho hobane ba tsilatsila, ba tepelelitsoe ke ho lulela ho etsa ntho e tšoanang letsatsi le chabang le le likelang kapa ba tšaba ho lahleheloa ke botumo. Na ebe e ’ngoe ea lintho tsee tse boletsoeng e etsa hore u hlokomolohe pontšo ea ho ba teng ha Jesu? Na e ne e sa tl’o ba bohlale hore u lemohe pontšo ’me u nke khato e loketseng?
Bophelo Lefatšeng la Paradeise
Batho ba ntseng ba eketseha ba ela hloko pontšo ea ho ba teng ha Jesu. Monna e mong e mocha oa Jeremane ea nang le lelapa, ea bitsoang Kristian, o re ha a ngola: “Ena ke mehla e tepeletsang. Ha ho pelaelo hore re phela ‘matsatsing a ho qetela.’” Eena le mosali oa hae ba qeta nako e ngata ba bua le batho ba bang ka ’Muso oa Bomesia. Frank le eena o lula Jeremane. Eena le mosali oa hae ba khothatsa batho ba bang ka litaba tse molemo tse ka Bibeleng. Frank o re: “Batho ba bangata kajeno ba tšoenyehile ka bokamoso, ka lebaka la lintho tse etsahalang lefatšeng. Re leka ho ba khothatsa ka boprofeta bo ka Bibeleng ba lefatše la paradeise.” Ka tsela eo, Kristian le Frank ba tlatsetsa ho phethahatseng karolo e ’ngoe ea pontšo eo Jesu a buileng ka eona—e leng ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso.—Matheu 24:14.
Ha matsatsi a ho qetela a se a fihlile sehlohlolong sa ’ona, Jesu o tla felisa tsamaiso ena ea khale le batho ba e tšehetsang. ’Muso oa Bomesia o tla laola se etsahalang lefatšeng, le tla beng le fetotsoe Paradeise joalokaha ho boletsoe esale pele. Batho ba ke ke ba hlola ba kula ebile ba ke ke ba hlola ba shoa, ’me bafu ba tla tsosoa hore ba tl’o phela lefatšeng. Ena ke tebello e thabisang eo ba lemohang pontšo ea mehla eo re phelang ho eona ba nang le eona. Na e ke ke ea e-ba bohlale hore re ithute ho eketsehileng ka pontšo ee le ka seo re lokelang ho se etsa e le hore re pholohe bofelo ba tsamaiso ee ea lintho? Ka sebele motho e mong le e mong o lokela ho etsa seo ka potlako.—Johanne 17:3.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Jesu o ile a bolela esale pele liketsahalo tse ngata tseo ha li kopana li neng li tla etsa pontšo e hlokomelehang hohle lefatšeng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Na u bona ho tšoana ho teng, pontšo e nang le likarolo tse ngata tse amang lefatše lohle?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6]
MATŠOAO A KHETHOLLANG MATSATSI A HO QETELA
Lintoa tse e-s’o ka li e-ba teng.—Matheu 24:7; Tšenolo 6:4
Tlala ea boja-likata.—Matheu 24:7; Tšenolo 6:5, 6, 8
Mafu a seoa.—Luka 21:11; Tšenolo 6:8
Ho eketseha ha tlōlo ea molao.—Matheu 24:12
Litšisinyeho tsa lefatše.—Matheu 24:7
Linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.—2 Timothea 3:1
Lerato le feteletseng la chelete.—2 Timothea 3:2
Ho se mamele batsoali.—2 Timothea 3:2
Ho se be le lerato la tlhaho.—2 Timothea 3:3
Ho rata menyaka ho e-na le ho rata Molimo.—2 Timothea 3:4
Ho hloka boitšoaro.—2 Timothea 3:3
Ho hloka lerato la se molemo.—2 Timothea 3:3
Ho se ele hloko tlokotsi e larileng ka pele.—Matheu 24:39
Basomi ba hana bopaki ba hore ana ke matsatsi a ho qetela.—2 Petrose 3:3, 4
Ho boleloa ha ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle.—Matheu 24:14
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 5]
WWI soldiers: From the book The World War—A Pictorial History, 1919; poor family: AP Photo/Aijaz Rahi; polio victim: © WHO/P. Virot