Na ho na le Motho ea Hlileng a ka Fetolang Lefatše?
“Batho ba futsanehileng ba re bolella hore ka holim’a tsohle, ba batla khotso le tšireletseho—joale e ntan’o ba menyetla ea ho ntlafatsa bophelo ba bona. Ba batla hore tsela eo lintho li etsoang ka eona linaheng tsa habo bona le linaheng tse ling e be e nang le toka e le hore matsapa a bona a se ke a nyopisoa ke khatello e matla ea linaha tse ruileng le lik’hamphani tse ruileng.”
KE KAMOO motsamaisi e mong oa mokhatlo oa machaba oa liphallelo a ileng a hlalosa lintho tseo batho ba futsanehileng ba tšepang ho li fumana le tseo ba li labalabelang. Ha e le hantle, mantsoe a hae a hlalosa ka nepo takatso ea batho bohle ba hlaseloang ke litlokotsi le ho hloka toka tse teng lefatšeng. Kaofela ba labalabela lefatše le nang le khotso ea ’nete le tšireletseho. Na lefatše le joalo le sa tla ke le be teng? Na ho na le motho leha e le ofe ea nang le matla le bokhoni ba ho fetola lefatše lee le se nang toka ka ho feletseng?
Boiteko ba ho Tlisa Liphetoho
Batho ba bangata ba lekile ho tlisa liphetoho. Ka mohlala, mosali e mong oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo, ea bitsoang Florence Nightingale, o ile a nehela bophelo ba hae mosebetsing oa ho oka bakuli ka bohloeki, kutloelo-bohloko le ho ba tsotella. Mehleng ea hae—pele ho e-ba le meriana e bolaeang likokoana-hloko le e thibelang mafu—booki ba sepetlele bo ne bo se kamoo re bo tsebang kateng kajeno. Buka e ’ngoe e bolela hore “baoki ba ne ba sa ruteha, ba sa hloeka, ebile ba tumme hampe ka botahoa le boitšoaro bo bobe.” Na Florence Nightingale o ile a atleha ka tsela leha e le efe boitekong ba hae ba ho fetola mosebetsi oa booki? E, o ile a atleha. Ka ho tšoanang, batho ba bangata ba tsotellang, ba se nang boithati ba atlehile ka tsela e ikhethang ho thusa batho ba bang likarolong tse ngata tsa bophelo—tse kang ho tseba ho bala le ho ngola, thuto, ho fumana meriana, ho fumana matlo, mananeo a phepo, ha re bolela tse seng kae. Ka lebaka leo, bophelo ba batho ba limilione ba sotlehileng bo ntlafalitsoe haholo.
Leha ho le joalo, re ke ke ra balehela ’nete ena e bohloko: Batho ba limilione tse makholo ba ntse ba utloisoa bohloko ke ntoa, bonokoane, boloetse, tlala ea sekoboto le litlokotsi tse ling. Mokhatlo o mong oa Ireland o fanang ka lithuso o bitsoang Concern o re “bofutsana bo bolaea batho ba 30 000 letsatsi le letsatsi.” Esita le bokhoba boo bo-raliphetoho ba bangata ba neng ba bo loantša lilemong tse makholo tse fetileng, bo ntse bo le teng. Buka ea Disposable People—New Slavery in the Global Economy e re: “Kajeno ho na le makhoba a mangata ho feta batho bohle ba ileng ba utsuoa Afrika nakong eo makhoba a neng a rekisetsoa linaha tse ka mose ho leoatle la Atlantic.”
Ke eng e nyopisitseng boiteko ba batho ba ho tlisa phetoho ka ho feletseng, ebile e le e tšoarellang? Na e mpa feela e le ho hatelloa ke batho ba ruileng le ba matla, kapa ho na le lintho tse ling hape tse amehang?
Lintho Tse Sitisang Hore Phetoho e be Teng
Ho ea ka Lentsoe la Molimo, Satane Diabolose ke eena tšitiso e ka sehloohong boitekong ba motho ba ho etsa hore ruri lefatše le hloke leeme. Moapostola Johanne o re bolella hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Ha e le hantle, hona joale Satane o ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) Hafeela tšusumetso ea hae e mpe e e-s’o ka e felisoa, ho tla ’ne ho be le batho ba utloisoang bohloko ke bobe le ho hloka toka. Ke eng e bakileng boemo boo bo bohloko?
Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ne ba filoe lefatše le neng le reretsoe hore e be lehae le phethahetseng la paradeise bakeng sa moloko oohle oa batho—e leng lefatše le neng le le “molemo haholo.” (Genese 1:31) Ke’ng e ileng ea fetola lintho? Ke Satane. O ile a belaella tokelo ea Molimo ea ho etsetsa monna le mosali melao eo ba neng ba lokela ho phela ka eona. A fana ka maikutlo a hore tsela eo Molimo a busang ka eona e ne e se na toka. Eaba o susumelletsa Adama le Eva hore ba khethe tsela ea boitaolo e le hore ba ka iketsetsa qeto ea hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. (Genese 3:1-6) Sena se ile sa baka tšitiso ea bobeli e etsang hore motho a sitoe ho hlahisa lefatše le nang le toka—e leng sebe le ho se phethahale.—Baroma 5:12.
Ke Hobane’ng ha a ho Lumeletse?
Ba bang ba ka ’na ba botsa ba re, ‘Empa ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella hore sebe le ho se phethahale li be teng? Ke hobane’ng ha a sa ka a sebelisa matla a hae a se nang moeli hore a felise marabele ao ’me a qale lintho bocha?’ Seo se utloahala e le tharollo e bonolo. Leha ho le joalo, ho sebelisa matla ho hlahisa lipelaelo tse tebileng. Na tšebeliso e mpe ea matla hase e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tseo mafutsana le batho ba hateletsoeng ba llang ka tsona lefatšeng? Na batho ba lipelo li lokileng ha ba belaele ha ’musi oa mohatelli a sebelisa matla hore a tlose tseleng motho leha e le ofe ea sa lumellaneng le tsela eo a etsang lintho ka eona?
E le ho kholisa batho ba lipelo li tšepahalang hore Eena hase ’mampoli ea sebelisang matla hampe, Molimo o ile a khetha ho lumella Satane le batho ba marabele hore ba itaole ba sa tataisoe ke melao ea Molimo le melao-motheo ea hae—empa e le ka nako e itseng feela. Ha nako e ntse e ea ho ne ho tla hlaka hore tsela eo Molimo a busang ka eona ke eona feela e nepahetseng. Ho ne ho tla bonahala hore lithibelo leha e le life tseo a re behelang tsona li molemong oa rōna. Ha e le hantle, liphello tse bohloko tsa ho fetohela puso ea Molimo li se li bontšitse hore lithibelo tseo Molimo a re behelang tsona li molemong oa rōna. Li bontšitse hore ka sebele Molimo o na le lebaka le utloahalang la ho sebelisa matla a hae a maholo hore a felise bokhopo bohle ka nako eo a khethang ho etsa seo ka eona. Seo se tla etsahala haufinyane haholo.—Genese 18:23-32; Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 37:9, 10, 38.
Ha Molimo a ntse a e-s’o nke bohato, re tla lula re qabeletsoe tsamaisong e se nang toka, re “bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho.” (Baroma 8:22) Ho sa tsotellehe hore na re etsa eng ho fetola maemo, re ke ke ra felisa Satane, ebile re ke ke ra felisa ho se phethahale ho bakang mahlomola ana ’ohle ao re fetang ho ’ona. Ka sebele ha ho matleng a rōna ho lokisa liphello tsa sebe seo re se futsitseng ho Adama.—Pesaleme ea 49:7-9.
Jesu Kreste o Tla Tlisa Phetoho e Tšoarellang
Na see se bolela hore joale ha ho na tšepo le e nyenyane feela? Che, ha ho joalo. Motho e mong ea matla ho feta motho oa nama le mali o filoe boikarabelo ba ho tlisa phetoho ea ka ho sa feleng. Motho eo ke mang? Ke Jesu Kreste. Ka Bibeleng o hlalosoa e le Moemeli ea ka Sehloohong oa Molimo molemong oa ho pholosa lelapa la motho.—Liketso 5:31.
Hona joale o emetse ho nka bohato ka “nako e behiloeng” ke Molimo. (Tšenolo 11:18) Hantle-ntle o tla etsa’ng? O tla tlisa “tsosoloso ea lintho tsohle tseo Molimo a ileng a bua ka tsona ka melomo ea baprofeta ba hae ba halalelang ba nakong ea khale.” (Liketso 3:21) Ka mohlala, Jesu o tla “lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. . . . O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.” (Pesaleme ea 72:12-16) A sebelisa Jesu Kreste, Molimo o tšepisa hore o tla “felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:9) O tšepisa hore: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Ba foufetseng, ba sa utloeng litsebeng, ba holofetseng—bohle ba anngoeng ke ho kula le maloetse—ba tla boela ba phele bophelo bo phethahetseng. (Esaia 33:24; 35:5, 6; Tšenolo 21:3, 4) Esita le ba shoeleng lilemong tse makholo tse fetileng ba tla rua molemo. O tšepisa hore o tla tsosa batho ba neng ba tšoeroe ka ho hloka toka ebile ba hateletsoe.—Johanne 5:28, 29.
Jesu Kreste o tla tlisa phetoho e feletseng, eseng ea nakoana feela. O tla tlosa lintho tsohle tse sitisang hore ho be le lefatše le nang le toka e le kannete. O tla felisa sebe le ho se phethahale ’me a timetse Satane Diabolose le bohle ba latelang tsela ea hae ea borabele. (Tšenolo 19:19, 20; 20:1-3, 10) Tsieleho le mahlomola ao Molimo a a lumeletseng ka nakoana a “ke ke a tsoha ka lekhetlo la bobeli.” (Nahume 1:9) Jesu o ne a nahanne ka sena ha a ne a re ruta ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle le hore thato ea Molimo e “etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:10.
U ka ’na ua re: ‘Empa na Jesu ka boeena ha aa ka a re “kamehla re tla ba le mafutsana”? Na seo ha se bolele hore kamehla ho tla ’ne ho be le ho hloka toka le bofutsana?’ (Matheu 26:11) E, Jesu o ile a bolela hore ho ne ho tla ’ne ho be le mafutsana kamehla. Leha ho le joalo, seo a neng a bua ka sona le seo Lentsoe la Molimo le se tšepisang se bontša hore o ne a bolela hore ho ne ho tla ’ne ho lule ho e-na le mafutsana hafeela tsamaiso ena ea lintho e ntse e le teng. O ne a tseba hore ho ke ke ha e-ba le motho ea ka felisang bofutsana le ho hloka toka lefatšeng. Hape o ne a tseba hore eena o ne a tla fetola seo sohle. Haufinyane o tla tlisa tsamaiso e ncha ka ho feletseng ea lintho—“maholimo a macha le lefatše le lecha” leo ho lona ho ke keng ha hlola ho e-ba le bohloko, ho kula, bofutsana le lefu.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1.
“Le se ke la Lebala ho Etsa se Molemo”
Na see se bolela hore ha ho na molemo oa letho ha re etsa seo re ka se khonang ho thusa batho ba bang? Che, ha ho joalo. Bibele e re khothalletsa ho thusa ba bang ha ba thulana le liteko le maemo a sithabetsang. Morena Solomone oa boholo-holo o ile a ngola a re: “U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.” (Liproverbia 3:27) Moapostola Pauluse o re khothatsa ka ho re: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang.”—Baheberu 13:16.
Jesu Kreste ka boeena o ile a re khothalletsa hore re etse sohle se matleng a rōna ho thusa ba bang. O ile a pheta papiso ea Mosamaria ea ileng a kopana le monna ea neng a otliloe ebile a tlatlapiloe. Jesu o ile a re monna eo oa Mosamaria o ile “a susumetsoa ke khauho” hore a sebelise lintho tseo a neng a e-na le tsona ho tlamisa maqeba a monna eo ea otliloeng le ho mo thusa hore a hlaphoheloe tlhaselong eo. (Luka 10:29-37) Mosamaria eo ea nang le kutloelo-bohloko ha aa ka a fetola lefatše, empa o ile a tlisa phetoho e khōlō bophelong ba motho e mong. Re ka etsa se tšoanang.
Leha ho le joalo, Jesu Kreste a ke ke a fella feela ka ho thusa batho. Ruri a ka tlisa phetoho, ’me haufinyane o tla e tlisa. Ha a tlisa phetoho eo, batho ba utloisoang bohloko ke ho hloka toka kajeno ba tla ntlafatsa bophelo ba bona ’me ba be le khotso ea ’nete le tšireletseho.—Pesaleme ea 4:8; 37:10, 11.
Ha re ntse re emetse hore seo se etsahale, le ka mohla a re se keng ra qeaqea ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ‘sebetsa se molemo,’ moeeng le nameng, ho bohle ba utloisoang bohloko ke lefatše lena le se nang toka.—Bagalata 6:10.
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Florence Nightingale o ile a tlisa phetoho ea bohlokoa le e tšoarellang mosebetsing oa booki
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy National Library of Medicine
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Balateli ba Kreste ba etsa ba bang hantle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
The Star, Johannesburg, S.A.