Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 11/1 maq. 8-12
  • Ke Ile ka Fumana ‘Tseo Pelo ea ka e li Kōpang’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Ile ka Fumana ‘Tseo Pelo ea ka e li Kōpang’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fumana Kutloisiso e Tebileng
  • Ho Qalisa Tšebeletso ea Nako e Tletseng
  • Ho Sebetsana le ho Nyahama
  • Ke Ile ka Qala ka ho Leta Eaba ke Etsa Qeto Kapele
  • Ke ne ke Ntse ke Nahana ka Afrika
  • Ke Ile ka Thabela ho Khutla
  • Ho ea Afrika le Océane
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Bana ba Sireletsehile ha ba E-na le Ntja ea Hao?
    Tsoha!—1997
  • Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Afrika Bophirimela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Joale ke Kholisehile Hore Nka Khona ho Thusa ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 11/1 maq. 8-12

Pale ea Bophelo

Ke Ile ka Fumana ‘Tseo Pelo ea ka e li Kōpang’

JOALOKAHA HO BOLETSE DOMINIQUE MORGOU

Ke ile ka qetella ke fihlile Afrika ka December 1998! Takatso ea ka ea ho tloha bongoaneng joale e ne e phethahetse. Kamehla ke ne ke hlasimoloha ha ke nahana ka libaka tse sabaletseng tsa Afrika le liphoofolo tsa teng tse hlaha tse hlollang. Joale ke ne ke hlile ke le hona teng! Ka nako e tšoanang, takatso e ’ngoe ea ka e ne e phethahetse. Ke ne ke le moevangeli oa nako e tletseng ea sebeletsang naheng esele. Ho ba bangata, ho ne ho ka bonahala eka sena se ke ke sa etsahala. Ha ke bone hantle mahlong, ’me ke tsamaea literateng tse lerōle tsa metse ea Afrika ke thusoa ke ntja e ntataisang e koetliselitsoeng ho tataisa motho literateng tsa metse ea Europe. E-re ke u bolelle hore na ho tlile joang hore ke sebeletse Afrika le kamoo Jehova a mphileng ‘tseo pelo ea ka e li kōpang’ kateng.—Pesaleme ea 37:4.

KE HLAHILE ka la 9 June, 1966, ke hlahela karolong e ka boroa ea Fora. E ne e le ’na oa ho fela baneng ba supileng—bashanyana ba babeli le banana ba bahlano—kaofela ha rōna re ne re hōlisitsoe ke batsoali ba lerato. Leha ho le joalo, ha ke sa le monyenyane ke ile ka hlaheloa ke ntho e bohloko. Joaloka nkhono oa ka, ’Mè le ausi oa ka e mong, ke futsitse boloetse bo etsang hore motho a qetelle a foufetse.

Ha ke sa le mocha, ke ile ka tlameha ho mamella khethollo ea morabe, leeme le boikaketsi, tse ileng tsa nketsa hore ke be lerabele sechabeng. Ke nakong ena e boima moo re ileng ra fallela tikolohong ea Hérault. Ha re le moo, ho ile ha etsahala ntho e babatsehang.

Hoseng ho hong ka Sontaha, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa kokota lapeng. ’Mè o ne a li tseba eaba o re li kene. E mong oa basali bao o ile a botsa ’Mè hore na o ntse a hopola hore o kile a tšepisa hore ka letsatsi le leng o tla amohela thuto ea Bibele. ’Mè o ile a hopola eaba oa botsa o re, “Joale re ka qala neng?” Ba ile ba lumellana hore ba tla kopana hoseng ho hong le ho hong ka Sontaha, eaba ka tsela eo ’Mè o qala ho ithuta “’nete ea litaba tse molemo.”—Bagalata 2:14.

Ho Fumana Kutloisiso e Tebileng

’Mè o ile a ikitlaetsa hore a utloisise le ho hopola seo a ithutileng sona. Kaha o ne a foufetse, o ne a tlameha ho tšoara ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka hlooho. Lipaki li ne li sa mo felle pelo ho hang. Ha e le ’na, neng le neng ha Lipaki li tlile lapeng, ke ne ke ipata ka kamoreng ea ka ebe ke tsoa ha li se li tsamaile. Leha ho le joalo, motšehareng o mong oa mantsiboea, Eugénie, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a kopana le ’na ’me ra buisana. O ile a mpolella hore ’Muso oa Molimo o tla felisa boikaketsi bohle, lehloeo le leeme lefatšeng. A re: “Ke Molimo feela ea ka rarollang mathata.” O ile a mpotsa hore na nka rata ho tseba ho eketsehileng. Letsatsing le latelang, ke ile ka qala ho ithuta Bibele.

Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke ithuta eona, ke ne ke qala ho e utloa. Joale ke ile ka utloisisa hore Molimo o lumeletse bokhopo ka nakoana lefatšeng ka mabaka a utloahalang. (Genese 3:15; Johanne 3:16; Baroma 9:17) Hape ke ile ka ithuta hore Jehova ha a re tlohele feela re se na tšepo. O re file tšepiso e babatsehang ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:29; 96:11, 12; Esaia 35:1, 2; 45:18) Lefatšeng leo la Paradeise, ke tla boela ke bone, kaha ke ne ke ntse ke foufala butle-butle.—Esaia 35:5.

Ho Qalisa Tšebeletso ea Nako e Tletseng

Ka la 12 December, 1985, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing, ke latela ausi oa ka Marie-Claire, ea neng a se a kolobelitsoe. Nakoana ka mor’a moo, abuti oa ka Jean-Pierre le ’mè oa ka ea ratehang le bona ba ile ba kolobetsoa.

Phuthehong eo ke neng ke kopanela ho eona, ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba kamehla ba ’maloa, kapa baevangeli ba nako e tletseng. Ke ile ka khothatsoa ke kamoo ba neng ba thabela tšebeletso kateng ba bile ba e chesehela. Esita le ausi Marie-Claire, ea neng a tšoeroe ke mahlo ebile a kentse litšepe tse tšehetsang leoto, o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. O ntse a tsoela pele ho nkhothatsa moeeng ho fihlela lena le holimo. Ho pota-potoa ke bo-pula-maliboho ka phuthehong le ka lapeng ho ile ha nthusa hore ke be le takatso e matla ea hore le ’na ke kopanele tšebeletsong ea nako e tletseng. Kahoo, ka November 1990, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho motseng oa Béziers.—Pesaleme ea 94:17-19.

Ho Sebetsana le ho Nyahama

Ha ke le tšebeletsong, ke ne ke thusoa ke bo-pula-maliboho ba bang ba neng ba ntlhokomela ka hloko. Leha ho le joalo, nako le nako ke ne ke nyahama ka lebaka la ho sitoa ho etsa lintho tse itseng ’me ke lakatsa eka nka etsa ho eketsehileng. Empa Jehova o ile a ba le ’na linakong tseo tsa ha ke ne ke nyahame. Ke ile ka etsa lipatlisiso ho Watch Tower Publications Index, ke batla lipale tsa bophelo tsa bo-pula-maliboho ba neng ba sa bone hantle mahlong joaloka ’na. Ke ile ka makala ha ke hlokomela hore na ba ne ba le bangata hakae! Litlaleho tsena tsa sebele le tse khothatsang li ile tsa nthuta hore ke ananele seo ke neng ke khona ho se etsa le hore ke amohele mefokolo eo ke nang le eona.

Hore ke fumane lintho tseo ke li hlokang, ke ne ke etsa mosebetsi oa ho hloekisa litsing tsa mabenkele le Lipaki tse ling. Ka letsatsi le leng, ke ile ka hlokomela hore basebetsi-’moho le ’na ba ne ba khutlela libakeng tseo ke neng ke se ke li hloekisitse. Ho hlakile hore ke ne ke siea litšila tse ngata. Ke ile ka ea ho Valérie, e leng pula-maliboho ea neng a okametse sehlopha sa rōna se hloekisang, ka mo kōpa hore a bue ’nete ’me a mpolelle haeba ke ne ke ba thatafaletsa mosebetsi. Ka mosa o ile a ntlohela hore ke iketsetse qeto haeba ke se ke utloa hore nke ke ka khona ho tsoela pele ka mosebetsi oo. Ka March, 1994, ke ile ka tlohela mosebetsi oa ho hloekisa.

Ke ile ka boela ka apareloa ke ho ikutloa ke se na thuso. Ke ile ka rapela Jehova ka tieo, ’me kea tseba hore o ile a utloa likōpo tsa ka tse matla. Ke ile ka boela ka thusoa haholo ke ho ithuta Bibele le lingoliloeng tsa Bokreste. Empa le hoja mahlo a ka a ne a ntse a fifala, takatso ea ka ea ho sebeletsa Jehova eona e ne e ntse e hōla le ho feta. Ke ne ke tla etsa joang?

Ke Ile ka Qala ka ho Leta Eaba ke Etsa Qeto Kapele

Ke ile ka etsa kōpo ea ho koetlisoa Setsing sa Batho ba Foufetseng le ba sa Boneng Hantle se Nîmes ’me qetellong ka amoheloa moo ka likhoeli tse tharo. Ho qeta nako moo ho ile ha ntsoela molemo haholo. Ke ile ka utloisisa hore na bokooa ba ka bo tebile hakae ’me ka ithuta ho phela le bona. Ho kopa-kopana le batho ba neng ba tšoeroe ke mafu a mefuta e sa tšoaneng ho ile ha nthusa ho hlokomela kamoo tšepo ea ka ea Bokreste e leng ea bohlokoa kateng. Bonyane ’na ke ne ke e-na le pakane ebile ke khona ho etsa ntho e itseng e hlahisang molemo. Ho phaella moo, ke ile ka ithuta ho bala Braille ka Sefora.

Ha ke khutlela lapeng, ba lelapa leso ba ile ba hlokomela kamoo koetliso eo e neng e nthusitse kateng. Leha ho le joalo, ntho eo ke neng ke hlile ke sa e rate ke hore ke ne ke tlameha ho sebelisa molangoana o mosoeu. Ho ile ha e-ba boima hore ke tloaele ho sebelisa “thupa” eo. Ho ne ho ka ba molemo ho fumana thuso e ’ngoe—mohlomong ntja e tataisang.

Ke ile ka etsa kōpo ea hore ke fumane ntja ea mofuta oo empa ka bolelloa hore ho ne ho e-na le lethathamo le lelelele la batho ba li emetseng. Hape, mokhatlo o fanang ka tsona o ne o tla tlameha ho etsa lipatlisiso. Ntja e tataisang ha e fuoe motho leha e le ofe feela. Ka letsatsi le leng mosali e mong ea sebetsang mokhatlong oa batho ba foufetseng o ile a mpolella hore sehlopha sa papali ea tenese sa tikolohong eo se ne se tl’o fa motho ea lulang motseng oa habo rōna, ea foufetseng kapa ea sa boneng hantle, ntja e tataisang. O ile a re o ne a nahanne ka ’na. Na ke ne ke tla e amohela? Ke ile ka hlokomela hore Jehova o ne a keneletse tabeng ena eaba ke amohela mpho eo e fanoeng ka mosa. Leha ho le joalo, ke ne ke tlameha ho emela ntja eo.

Ke ne ke Ntse ke Nahana ka Afrika

Ha ke ntse ke letile, ke ile ka nahanisisa ka taba e ’ngoe e fapaneng. Joalokaha ke boletse qalong, esale ke rata Afrika haholo ho tloha bongoaneng. Ho sa tsotellehe hore ebe pono ea ka e ne e ntse e mpefala, lerato leo le ne le le matla ho feta leha e le neng pele, haholo-holo kaha ke ne ke ithutile hore batho ba bangata haholo Afrika ba thahasella Bibele le ho sebeletsa Jehova. Ka le leng ha ke ntse ke iqoqela feela le Valérie ke ile ka mo bolella hore ke ne nka rata ho etela Afrika. Na ebe o ne a tla lumela ho ea le ’na? O ile a lumela, eaba re ngolla makala a ’maloa a Lipaki Tsa Jehova a Afrika moo ho buuoang Sefora.

Ke ile ka fumana karabo e tsoang Togo. Ke ne ke thabile haholo, ’me ke ile ka kōpa Valérie hore a mpalle lengolo leo. Lengolo leo le ne le khothatsa, eaba Valérie o re: “Joale re sa emetse’ng?” Ka mor’a ho ngollana le barab’abo rōna ba lekaleng, ba ile ba mpha lebitso la Sandra, eo e neng e le pula-maliboho motse-moholo, Lomé. Re ile ra khetha hore re tla tsamaea ka la 1 December, 1998.

Seo e ne e le sebaka se fapaneng hakaakang, empa e le se thabisang! Ka mor’a hore sefofane se lule Lomé, re ile ra theoha ’me ra utloa mocheso oa Afrika o re pupetsa joaloka kobo. Re ile ra kopana le Sandra moo. Re ne re qala ho bonana, empa hang feela e ne eka ke khale re le metsoalle. Nakoana pele re fihla, Sandra le mosebetsi-’moho le eena, Christine, ba ne ba khethiloe hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng Tabligbo, e leng motse o monyenyane o karolong e ka hare ea naha. Joale re ile ra ba le tokelo ea ho tsamaea le bona ha ba ea kabelong ea bona e ncha. Re ile ra lula likhoeli tse ka bang peli, ’me ha re tsamaea, ke ne ke tseba hore ke tla boela ke khutle.

Ke Ile ka Thabela ho Khutla

Ha ke le Fora, kapele-pele ke ile ka qala ho lokisetsa leeto la ka la bobeli la ho khutlela Togo. Ka tšehetso ea lelapa leso, ke ile ka khona ho etsa litokisetso tsa ho lula moo ka likhoeli tse tšeletseng. Kahoo, ka September 1999, ke ne ke boetse ke le sefofaneng ke habile Togo. Leha ho le joalo, lekhetlong lena ke ne ke le mong. Ak’u nahane hore na ba lelapa leso ba ile ba ikutloa joang ha ba mpona ke tsamaea ke le mong ho sa tsotellehe bokooa ba ka! Empa ho ne ho se na lebaka la hore ba tšoenyehe. Ke ile ka kholisa batsoali ba ka hore metsoalle ea ka, eo joale e neng e se e tšoana le lelapa leso, e ne e tla nkemela Lomé.

E bile thabo e kaakang ho khutlela tšimong eo ho eona batho ba bangata hakana ba thahasellang Bibele! Ho tloaelehile ho bona batho ba bala Bibele seterateng. Tabligbo teng batho baa u bitsa hore feela u tl’o buisana le bona ka Bibele. Ke ile ka thabela monyetla o ikhethang oa ho lula ntlong ea boemo bo tlaase le baralib’eso ba babeli bao e leng bo-pula-maliboho ba khethehileng! Ke ile ka ithuta mokhoa oo batho ba bang ba phelang ka oona, ho sheba lintho ka tsela e fapaneng. Ntho e ka sehloohong eo ke ileng ka e hlokomela ke hore bara le barali babo rōna ba Afrika ba etelletsa mesebetsi ea ’Muso pele bophelong ba bona. Ka mohlala, hore ebe ba tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse ngata ba ea Holong ea ’Muso ha ho ba sitise hore ba be teng libokeng. Hape ke ile ka ithuta lithuto tse ngata mabapi le kamoo ba leng mofuthu le kamoo ba ratang ho amohela baeti kateng.

Ka letsatsi le leng ha re tsoa tšebeletsong ea tšimo, ke ile ka bolella Sandra lekunutu la hore ke tšaba ho khutlela Fora. Mahlo a ka a ne a se a mpefetse le ho feta. Ke ne ke nahana ka literata tse tletseng batho le tse lerata tsa Béziers, ke nahana ka litepisi tsa mehaho ea lifolete le ka lintho tse ngata tse thatafatsang bophelo ba motho ea sa boneng hantle. Ho fapana le hoo, le hoja literata tsa Tabligbo li ne li sa katoa hantle ka litene, li ne li khutsitse—li se na batho ba bangata ebile li se na sephethephethe se sengata. Ebe ke ne ke tla khona ho phela Fora joang kaha joale ke ne ke se ke tloaetse Tabligbo?

Matsatsi a mabeli hamorao ’Mè o ile a ntetsetsa mohala a ntsebisa hore batho ba sekolo sa lintja tse tataisang ba ne ba nkemetse. Ntjanyana ea mofuta oa Labrador e bitsoang Océane e ne e se e loketse ho ba “mahlo” a ka. Le lekhetlong lena, ke ile ka hlokomeloa ka seo ke se hlokang ’me matšoenyeho a ka a fela. Ka mor’a ho sebeletsa Tabligbo ke thabile ka likhoeli tse tšeletseng, ke ile ka khutlela Fora ho ea kopana le Océane.

Ka mor’a koetliso ea likhoeli tse ’maloa, ke ile ka fuoa Océane hore ke e hlokomele. Qalong, ho ne ho se bonolo. Re ile ra tlameha ho ithuta ho utloisisana. Leha ho le joalo, hanyane ka hanyane ke ile ka hlokomela kamoo ke neng ke hloka Océane kateng. Bonneteng, hona joale ha ho sa na moo ke eang teng ntle le Océane. Batho ba Béziers ba ile ba etsa joang ha ba bona ke e-tla matlong a bona le ntja? Ba ile ba mpontša tlhompho le mosa haholo. Océane e ile ea fetoha “mohale” motseng moo. Kaha batho ba bangata ha ba phutholohe ha ba e-na le motho ea nang le bokooa, ho ba le ntja ho ne ho nthusa hore ke bue ka ho kula ha ka ka bolokolohi. Batho ba ne ba phutholoha ’me ba ’mamela. Ha e le hantle, Océane e ne e le mokhoa o molemo ka ho fetisisa oa ho qalisa moqoqo.

Ho ea Afrika le Océane

Ke ne ke sa lebala Afrika, ’me joale ke ile ka qala ho itokisetsa leeto la ka la boraro. Lekhetlong lena ke ile ka tsamaea le Océane. Hape ke ile ka tsamaea le banyalani ba bacha lilemong, e leng Anthony le Aurore le motsoalle oa ka Caroline—bao kaofela e neng le bo-pula-maliboho joaloka ’na. Ka la 10 September, 2000, re ile ra fihla Lomé.

Qalong, batho ba bangata ba ne ba tšaba Océane. Batho ba ’maloa ba ne ba qala ho bona ntja e khōlō hakaalo Lomé, kaha lintja tse ngata tsa Togo ke tse nyenyane. Ha ba bona marapo ao e fasitsoeng ka ’ona, ba bang ba ne ba nahana hore ke ntja e bohale eo ho hlokahalang hore e fasoe. Ha e le Océane, e ne e sa batle letho ka ’na, e lula e itokiselitse ho ntšireletsa nthong efe kapa efe eo e neng e bona eka e ka ntlhahisa kotsi. Leha ho le joalo, kapele Océane e ile ea tloaela sebaka se secha. Ha e fasitsoe ka marapo a eona, e mosebetsing—e itšoara hantle, e bontša boikarabelo, e lula pel’a ka. Ha e fasolloa marapo ao, e rata ho bapala, ebile ka linako tse ling e setoutu. Ho ba monate ha ke e-na le eona.

Kaofela re ile ra memeloa ho ea lula le Sandra le Christine, Tabligbo. E le ho thusa bara le barali babo rōna ba sebakeng seo hore ba tloaele Océane, re ne re ba mema hore ba re chakele ’me re ba hlalosetsa mosebetsi oa ntja e tataisang, hore na ke hobane’ng ha ke e hloka le hore na ba lokela ho itšoara joang ha e le teng. Baholo ba ile ba lumela hore ke tle le Océane Holong ea ’Muso. Kaha tokisetso ena e ne e sa tloaeleha Togo, ho ile ha etsoa tsebiso ho hlalosetsa phutheho. Ha re ea tšebeletsong, ke ne ke tsamaea le Océane feela ha ke ea maetong a ho boela le ho ea khanna lithuto tsa Bibele—e leng maemong ao ho ’ona batho ba neng ba tla utloisisa habonolo lebaka la hore ebe e teng.

Ho bolela litaba tse molemo tšimong eo e ntse e le ntho e thabisang. Kamehla ke ne ke ananela kamoo batho ba botsoalle ba neng ba ’nahanela kateng, ba bontša seo ka liketso tse mosa, tse kang ho potlakela ho mpha setulo. Ka October 2001, ’Mè o ile a tla le ’na leetong la ka la ho ea Togo ka lekhetlo la bone. Ka mor’a libeke tse tharo o ile a khutlela Fora, a kholisehile hore ke phela hantle a bile a thabile.

Ke leboha Jehova ka ho tebileng ka hore ebe ke khonne ho sebeletsa Togo. Ke kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho mpha ‘tseo pelo ea ka e li kōpang’ ha ke ntse ke tsoela pele ho sebelisa sohle seo ke nang le sona tšebeletsong ea hae.a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Morali’abo rōna Morgou o ile a khutlela Fora ’me a khona ho etela Togo ka lekhetlo la bohlano ho tloha ka la 6 October, 2003, ho fihlela ka la 6 February, 2004. Ka masoabi, ka lebaka la ho kula, e ka ’na eaba leo e ne e le leeto la hae la ho qetela a ea Togo tsamaisong ena ea lintho. Leha ho le joalo, o ntse a e-na le takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Kamehla ke ne ke hlasimoloha ha ke nahana ka libaka tse sabaletseng tsa Afrika le liphoofolo tsa teng tse hlaha tse hlollang

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ke ne ke tsamaea le Océane ha ke ea maetong a ho boela

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Baholo ba ile ba lumela hore nka tla le Océane libokeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela