Boithabiso bo Molemo le bo Khathollang
“Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 BAKORINTHE 10:31.
1, 2. Ke hobane’ng ha boithabiso bo ka talingoa e le “mpho ea Molimo,” empa Bibele e fana ka temoso efe e hlakileng?
KA TLHAHO re rata ho etsa lintho tse re thabisang. Molimo oa rōna ea thabileng Jehova, o batla hore re thabele bophelo, ebile o entse litokisetso tsa hore re bo thabele. (1 Timothea 1:11; 6:17) Morena Solomone ea bohlale, o ile a ngola tjena: “Kea tseba hore ha ho letho le molemo . . . ho feta ho thaba . . . le hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.”—Moeklesia 3:12, 13.
2 Ruri ho thaba ho joalo hoa khatholla, haholo-holo ha motho a e-na le lelapa la hae kapa metsoalle, ’me a nahana ka mosebetsi o molemo oo a o entseng. Ka nepo, ho thaba ho joalo ho ka talingoa e le “mpho ea Molimo.” Ka ho hlakileng, hore ebe ’Mōpi o fana haholo hakana ha ho bolele hore o lumella ho ithabisa ka tsela e feteletseng. Bibele e nyatsa botahoa, meharo le boitšoaro bo bobe, ebile e lemosa hore ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo “ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”—1 Bakorinthe 6:9, 10; Liproverbia 23:20, 21; 1 Petrose 4:1-4.
3. Ke’ng e tla re thusa ho lula re falimehile moeeng ebile re hopotse letsatsi le leholo la Jehova?
3 Ho feta leha e le neng pele, matsatsing ana a ho qetela a mahlonoko Bakreste ba tobane le bothata ba ho phela ka bohlale lefatšeng lena le silafetseng empa ba sa amohele mekhoa ea lona. (Johanne 17:15, 16) Joalokaha ho boletsoe esale pele, batho ba moloko oa kajeno ke “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo” hoo ba sa ‘elelloeng’ bopaki ba hore “matšoenyeho a maholo” a atametse haholo. (2 Timothea 3:4, 5; Matheu 24:21, 37-39) Jesu o ile a lemosa balateli ba hae a re: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba.” (Luka 21:34, 35) Joaloka bahlanka ba Molimo, re ikemiselitse ho ela hloko temoso eo ea Jesu. Ho fapana le batho ba sa tšabeng Molimo ba re potolohileng, re loanela ho lula re falimehile moeeng ebile re hopotse letsatsi le leholo la Jehova.—Sofonia 3:8; Luka 21:36.
4. (a) Ke hobane’ng ha ho le boima ho fumana boithabiso bo loketseng? (b) Ke keletso efe e fumanoang ho Baefese 5:15, 16 eo re batlang ho e sebelisa?
4 Ha ho bonolo ho qoba mekhoa e silafetseng ea lefatše, kaha Diabolose o entse hore e be e khahlehang haholo le hore ho be bonolo hore batho ba be le eona. Ho boima haholo-holo tabeng ea ha re batla boikhathollo kapa boithabiso. Boholo ba seo lefatše le fanang ka sona se reretsoe ho ipiletsa ‘litakatsong tsa nama.’ (1 Petrose 2:11) Boithabiso bo kotsi bo fumaneha libakeng tsa sechaba, empa bo ka boetse ba fihla le ka sephiring malapeng a rōna ka lintho tse baloang, thelevishene, Inthanete le livideo. Ka hona, Lentsoe la Molimo le eletsa Bakreste ka bohlale le re: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng, hobane matsatsi a khopo.” (Baefese 5:15, 16) Ke feela ha re latela keletso ena haufi-ufi re ka etsang bonnete ba hore boithabiso bo kotsi bo ke ke ba re hohela, ba re jella nako, esita le ho senya kamano ea rōna le Jehova, ’me phello e be ho timetsoa!—Jakobo 1:14, 15.
5. Ke’ng e re khathollang ka ho fetisisa?
5 Kaha Bakreste ba phathahane bophelong, ho loketse hore ebe ka linako tse ling ba utloa ho hlokahala hore ba ke ba ithabise. Ha e le hantle, Moeklesia 3:4 e bolela hore ho na le “nako ea ho tšeha” le “nako ea ho tlōla-tlōla.” Kahoo Bibele ha e talime boithabiso e le tšenyo ea nako. Empa boithabiso bo lokela ho re khatholla, eseng ho re lematsa moeeng kapa ho kena-kenana le mesebetsi ea rōna ea moea. Bakreste ba hōlileng tsebong baa tseba hore thabo e khōloanyane e tlisoa ke ho fana. Ba etelletsa pele ho etsa thato ea Jehova bophelong ba bona ’me ba fumanela ‘meea ea bona khatholoho’ ea ’nete ka ho amohela joko e mosa ea Jesu.—Matheu 11:29, 30; Liketso 20:35.
Ho Khetha Boithabiso bo Loketseng
6, 7. Ke’ng e ka u thusang ho etsa qeto ea hore na boithabiso bo loketseng kapa bo sa lokelang ke bofe?
6 Re ka kholiseha joang hore mofuta o itseng oa boithabiso ke o loketseng Mokreste? Ha e le hantle, batsoali ba tataisa bana ba bona, ’me baholo baa thusetsa ha ho hlokahala. Bonneteng, ha ho hlokahale hore ba bang ba re bolelle hore buka e itseng, baesekopo, papali, tantši kapa pina ha ea lokela. Pauluse o ile a re ‘batho ba hōlileng ka ho feletseng . . . ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoe ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Baheberu 5:14; 1 Bakorinthe 14:20) Bibele e fana ka melao-motheo e tataisang. Letsoalo la hao, le koetlisitsoeng ke Lentsoe la Molimo, le tla u thusa haeba u le mamela.—1 Timothea 1:19.
7 Jesu o ile a re “sefate se tsejoa ka litholoana tsa sona.” (Matheu 12:33) Haeba boithabiso boo re bo phehellang bo hlahisa litholoana tse bolileng tsa pefo, boitšoaro bo bobe, kapa tšebelisano le meea, bo lokela ho nenoa. Hape ha boa lokela haeba bo beha bophelo ba motho kotsing, bo baka mathata a lichelete kapa ho nyahama, kapa bo khopisa ba bang. Moapostola Pauluse o ile a lemosa hore re etsa sebe haeba re lematsa letsoalo la mor’abo rōna. Pauluse o ile a ngola: “Ha le siteloa barab’abo lōna ka tsela ena ’me le ntša matsoalo a bona a fokolang maqeba, le siteloa Kreste. Ka hona, haeba lijo li etsa hore mor’eso a khoptjoe, le ka mohla nke ke ka boela ka ja nama ho hang, e le hore ke se ke ka etsa hore mor’eso a khoptjoe.”—1 Bakorinthe 8:12, 13.
8. Ho bapala lipapali tsa elektronike le livideo ho na le likotsi life?
8 Mabenkele a tletse lipapali tsa elektronike le livideo. Tse ling li ka ’na tsa fana ka boithabiso le boikhathollo bo seng kotsi, empa lipapali tse ngata tse joalo li bontša lintho tseo Bibele e li nyatsang. Ruri hase boithabiso bo se nang molato ha papali e batla hore batho ba e bapalang ba lematse ba bang ’me ba ba bolaee kapa ba etse boitšoaro bo litšila ka ho feteletseng! Jehova o hloile ba “ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5; Liproverbia 3:31; Bakolose 3:5, 6) Haeba papali eo u e bapalang e u khothalletsa hore u be meharo kapa u be mabifi, e u tepeletsa maikutlo, kapa e etsa hore u senyeheloe ke nako ea bohlokoa, joale hlokomela kotsi eo e u bakelang eona moeeng ’me u potlakele ho etsa liphetoho.—Matheu 18:8, 9.
Ho Ithabisa ka Litsela Tse Molemo
9, 10. Ke’ng seo ba nang le temohisiso ba ka se etsang hore ba ithabise?
9 Ka linako tse ling Bakreste baa botsa: “Hantle-ntle boithabiso bo loketseng ke bo joang? Boithabiso bo bongata ba lefatše bo khahlanong le melao ea Bibele.” Kholiseha hore boithabiso bo khotsofatsang bo teng, empa ho hlokahala boiteko hore u bo fumane. Ho hlokahala hore re rere lintho esale pele, haholo-holo batsoali ke bona ba lokelang ho etsa joalo. Ba bangata ba fumana boikhathollo bo khotsofatsang ka lapeng le ka phuthehong. Ho ja lijo le thabile ebile le sa potlaka ha le ntse le qoqa ka liketsahalo tsa letsatsi leo kapa le qoqa ka taba e itseng ea Bibele e ka ba ntho e monate le e hahang. Ho ka hlophisoa lipikiniki, lipapali tse loketseng, maeto a ho ea sebakeng sa polokelo ea liphoofolo, kapa a ho ea leoatleng. Boithabiso boo bo molemo e ka ba bo thabisang le bo khotsofatsang.
10 Moholo e mong le mosali oa hae, ba hōlisitseng bana ba bararo ba re: “Ho tloha ba sa le banyenyane, bana ba rōna ba ne ba akarelletsoa tabeng ea ho khetha hore na re ee phomolong hokae. Ka linako tse ling, re ne re lumella ngoana ka mong hore a meme motsoalle oa hae ea itšoereng hantle, e leng se neng se natefisa nako eo ea phomolo. Re ne re bontša kananelo ka liketso tse itseng tsa bohlokoa bophelong ba bana ba rōna. Nako le nako, re ne re mema beng ka rōna le metsoalle e ka phuthehong hore ba tle lelapeng la rōna. Re ne re pheha lijo ebe re il’o li jella thōko le hae ebe rea bapala. Re ne re ea lithabeng ka koloi le ka maoto, re sebelisa menyetla e joalo hore re ithute ka pōpo ea Jehova.”
11, 12. (a) U ka etsa’ng hore u kopanyelletse ba bang ha u rera ho ithabisa ka linako tse ling? (b) Ke ’moka oa mofuta ofe oo ho bonahetseng hore ba bangata ha ba o lebale?
11 Na uena kapa lelapa la hao le ka kopanyelletsa ba bang ha le rera ho ba le boithabiso ka linako tse ling? Ba bang ba kang bahlolohali, masoha kapa malapa a batsoali ba se nang balekane, ba ka ’na ba hloka khothatso. (Luka 14:12-14) Hape u ka ’na ua kopanyelletsa ba ’maloa ba qalang ho kopanela le phutheho, empa u hlokomele hore u se ke ua pepesetsa ba bang tšusumetso leha e le efe e kotsi. (2 Timothea 2:20, 21) Haeba ba fokolloang ke bophelo ba sitoa ho intša, mohlomong ho ka etsoa litokisetso tsa hore ho tlisoe lijo ’me li jelloe malapeng a bona.—Baheberu 13:1, 2.
12 ’Moka oo ba bangata ba sa o lebaleng ke oo ho oona baeti ba jang lijo tse bobebe, ba utloang kamoo ba bang ba ileng ba fetoha Bakreste kateng ’me ba ithuta hore na ba thusitsoe ke’ng hore ba lule ba tšepahala ho Molimo. Ho ka qoqoa ka litaba tsa Bibele tseo ho tsona bohle ba leng teng, ho kopanyelletsa le bana, ba fuoang monyetla oa hore ba kopanele moqoqong. Meqoqo e joalo e ka ba khothatsano e molemo ho sa hlokahale hore motho leha e le ofe a ikutloe a sa phutholoha kapa a sa tšoanelehe.
13. Jesu le Pauluse ba ile ba beha mohlala joang ka ho amohela baeti le ho amoheloa e le baeti?
13 Jesu o ile a beha mohlala o motle oa ho amohela baeti esita le oa ho amoheloa e le moeti. Kamehla o ne a sebelisa liketsahalo tse joalo hore a fane ka melemo ea moea. (Luka 5:27-39; 10:42; 19:1-10; 24:28-32) Barutuoa ba hae ba pele ba ile ba etsisa mohlala oa hae. (Liketso 2:46, 47) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ke hlolohetsoe ho le bona, e le hore nka le fa mpho e ’ngoe ea moea e le hore le tiisoe; kapa, ho e-na le hoo, e le hore ho ka ba le ho khothatsana har’a lōna, e mong le e mong ka tumelo ea e mong, ea lōna le ea ka.” (Baroma 1:11, 12) Ka ho tšoanang, ’moka oa rōna o lokela ho re fa monyetla oa ho khothatsana.—Baroma 12:13; 15:1, 2.
Lintho Tseo re Lokelang ho li Hopola le ho li Ela Hloko
14. Ke hobane’ng ha e se bohlale ho ba le ’moka oa boithabiso o moholo?
14 Hase bohlale ho ba le ’moka oa boithabiso o moholo, kaha ha ho bonolo ho beha pokano e joalo leihlo. Nakong e sa sitisaneng le mesebetsi ea moea, malapa a seng makae a ka ’na a etsa qeto ea ho thabela pikiniki hammoho kapa a bapala papali e se nang moea oa tlhōlisano. Ha baholo ba bang, bahlanka ba sebeletsang kapa ba bang ba hōlileng tsebong ba le teng ’mokeng oa boithabiso, ba ka ba le tšusumetso e ntle ’me ketsahalo eo e ka ba e khathollang le ho feta.
15. Ke hobane’ng ha mohlophisi oa ’moka oa boithabiso a lokela ho o beha leihlo ka tsela e loketseng?
15 Ba lokisetsang ’moka oa boithabiso ha baa lokela ho hlokomoloha taba ea ho beha ’moka oo leihlo ka tsela e loketseng. Le hoja u thabela ho amohela baeti, na u ne u ke ke ua ikoahlaea haeba u ne u ka tseba hore ka lebaka la ho se hlokomele ha hao, moeti e mong o ile a khopisoa ke se etsahetseng lelapeng la hao? Nahana ka molao-motheo o boletsoeng ho Deuteronoma 22:8. Ho ne ho hlokahala hore Moiseraele ea neng a qeta ho haha ntlo a hahe lehora ho potoloha le marulelo a eona a bataletseng, ’me hangata le ne le sebelisetsoa ho thabisa baeti. Hobane’ng? “E le hore u se ke ua beha molato oa mali ntlong ea hao hobane e mong a ka ’na a oa a le holim’a eona.” Ka tsela e tšoanang, le hoja ho sa hlokahale hore u etse lithibelo tse sa utloahaleng, seo u se etsang hore u sireletse baeti ba tlileng ’mokeng oa boithabiso se lokela ho etsoa ho nahannoe ka boiketlo ba bona ’meleng le moeeng.
16. Ho lokela ho eloe eng hloko haeba ho fanoa ka lino tse tahang ’mokeng oa boithabiso?
16 Haeba ho fanoa ka lino tse tahang ’mokeng oa boithabiso, sena se lokela ho etsoa ka hloko haholo. Bakreste ba bangata ba hlophisang ’moka oa boithabiso ba etsa qeto ea ho fana ka lino tse tahang hafeela ka bobona ba ka hlokomela seo baeti ba bona ba se fuoang kapa ba se noang. Ha ho letho le lokelang ho lumelloa le ka ’nang la khopisa ba bang kapa la ba leka hore ba noe ka ho feteletseng. (Baefese 5:18, 19) Ka mabaka a sa tšoaneng, baeti ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea ho qoba lino tse tahang. Libakeng tse ngata ho behiloe lilemo tseo batho ba ka qalang ho noa ha ba le ho tsona, ’me Bakreste ba tla mamela melao ea Cesare esita leha litaelo tsena li bonahala li le boima haholo.—Baroma 13:5.
17. (a) Haeba ho letsoa ’mino ’mokeng oa boithabiso, ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore mohlophisi oa ’moka a khethe ’mino ka hloko haholo? (b) Haeba ho etsoa tantši ’mokeng oa boithabiso, boitlhompho bo lokela ho bontšoa ka tsela efe?
17 Mohlophisi oa ’moka o lokela ho tiisa hore haeba ho e-na le ’mino, tantši kapa boithabiso e be tse lumellanang le melao-motheo ea Bokreste. Batho ba rata mefuta e sa tšoaneng ea ’mino, ebile ho na le mefuta e mengata ea ’mino. Leha ho le joalo, boholo ba ’mino oa kajeno ke bo buellang borabele, boitšoaro bo bobe le ho ba mabifi. Ho hlokahala hore motho a khethe. Hore ebe ’mino ke o hlomphehang hase hore e lokela ho ba o robatsang empa le teng ha ea lokela ho ba o tsosang takatso kapa o litšila, o lerata le o morethetho o matla. Ela hloko hore taba ea ho khetha ’mino e se ke ea tloheloa matsohong a motho ea e-song ho ka a utloisisa hore ’mino o lokela ho bapaloa ka molumo o loketseng. Tantši e bontšang boitšoaro bo sa hloekang, e akarelletsang ho tsokotsa letheka le matsoele ka mokhoa o tsosang takatso, ho totobetse hore e ne e ke ke ea e-ba e loketseng Mokreste.—1 Timothea 2:8-10.
18. Batsoali ba ka sireletsa bana ba bona joang ka ho beha boithabiso ba bona leihlo?
18 Batsoali ba Bakreste ba lokela ho tseba hore na ho reriloe hore etsahale eng ’mokeng oa boithabiso oo bana ba bona ba memeloang ho oona, ebile maemong a mangata e ka ba bohlale hore batsoali ba ee le bona. Ka bomalimabe, batsoali ba bang ba lumeletse bana ba bona hore ba ee liphathing tse sa behoang leihlo moo ba ’maloa ba ileng ba tšoasoa hore ba oele boitšoarong bo bobe kapa mokhoeng o mong o sa lokelang. (Baefese 6:1-4) Esita le haeba bacha ba se ba atamela lilemo tse mashome a mabeli ’me ba bontšitse hore ba ka tšeptjoa, ho ntse ho hlokahala hore ba thusoe ho ‘balehela litakatso tsa tlhaho tsa bocha.’—2 Timothea 2:22.
19. Ke boemo bofe ba sebele bo ka re thusang ho ela hloko seo re lokelang ho se ‘batla pele’?
19 Boithabiso bo molemo le bo khathollang bo etsoang ka linako tse ling bo ka natefisa bophelo haholoanyane. Jehova ha a re hanele ho ithabisa, empa ha e le hantle, rea tseba hore lintho tsena ka botsona ha li re thuse ho bokella matlotlo leha e le afe a moea leholimong. (Matheu 6:19-21) Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae ho utloisisa hore ho ‘batla ’muso pele le ho loka ha Molimo’ ke eona ntho ea bohlokoa bophelong, eseng seo re ka se jang kapa ra se noa kapa ra se apara, e leng “lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo.”—Matheu 6:31-34.
20. Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ka lebella lintho life tse molemo ho Mofani e Moholo?
20 Ka sebele, ‘ebang rea ja kapa rea noa kapa re etsa ntho leha e le efe e ’ngoe,’ re ka etsa ‘lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo,’ re leboha Mofani e Moholo ea re fang lintho tseo re li thabelang ka teka-tekano. (1 Bakorinthe 10:31) Lefatšeng la hae la Paradeise le atametseng haholo, ho tla ba le menyetla e sa feleng ea ho thabela ka botlalo matletsetletse ao Jehova a fanang ka ’ona, esita le ho thabela botsoalle le bohle ba mamelang litaelo tsa hae tse lokileng.—Pesaleme ea 145:16; Esaia 25:6; 2 Bakorinthe 7:1.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba thatafalloa hore ba fumane boithabiso bo molemo kajeno?
• Ke mefuta efe ea boithabiso eo ho bonahetseng hore e khotsofatsa malapa a Bakreste?
• Ha re thabela boithabiso bo molemo, ke litemoso le lintho life tseo re lokelang ho li hopola?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Khetha boithabiso bo behang litholoana tse molemo
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Ke mefuta efe ea boithabiso eo Bakreste ba e hanang?