“Ketsahalo e Tšoantšetsang” ea Bohlokoa ho Rōna
KA SEBELE ho ne ho tla ba thata hore re utloisise ka botlalo litemana tse itseng tsa Bibele haeba likarolo tse ling tsa eona li ne li sa re hlakisetse tsona! Litlaleho tsa histori tsa Lentsoe la Molimo li ka baloa e le pale feela. Empa tse ling tsa litlaleho tsena li fupere linnete tse tebileng tseo ho seng bonolo ho li hlokomela. Mohlala o mong oa tsona ke tlaleho e buang ka basali ba babeli ba lelapa la mopatriareka Abrahama. Moapostola Pauluse o ile a e bitsa “ketsahalo e tšoantšetsang.”—Bagalata 4:24.
Re lokela ho ela hloko ketsahalo ena hobane lintho tsa sebele tseo e li emelang ke tsa bohlokoa haholo ho bohle ba lakatsang ho fumana tlhohonolofatso ea Jehova Molimo. Pele re hlahloba hore na ke hobane’ng ha ho le joalo, a re boneng maemo a ileng a susumeletsa Pauluse hore a senole bohlokoa ba ketsahalo ena.
Ho ne ho e-na le bothata har’a Bakreste ba Galatia ea lekholong la pele la lilemo. Ba bang ba bona ba ne ba “boloka ka hloko matsatsi le likhoeli le linako le lilemo”—e leng lintho tseo Molao oa Moshe o neng o laetse hore li bolokoe. Batho bana ba ne ba bolela hore ho ne ho hlokahala hore balumeli ba boloke Molao haeba ba batla ho amoheloa ke Molimo. (Bagalata 4:10; 5:2, 3) Leha ho le joalo, Pauluse o ne a tseba hore ho ne ho sa hlokahale hore Bakreste ba boloke mekete eo. Ho paka sena, o ile a bua ka tlaleho eo Mojuda leha e le ofe a neng a e tseba.
Pauluse o ile a hopotsa Bagalata hore Abrahama, e leng ntat’a sechaba sa Bajuda, o ile a ba le Ishmaele le Isaka. Oa pele, e leng Ishmaele o ile a belehoa ke lekhabunyane, e leng Hagare, ’me Isaka, a belehoa ke mosali ea lokolohileng, e leng Sara. Ha ho pelaelo hore e tlameha ebe batho ba Galatia ba neng ba khothaletsa hore ho bolokoe Molao oa Moshe ba ne ba tseba tlaleho ea hore qalong Sara e ne e le nyopa le hore o ile a fa Abrahama lekhabunyane la hae Hagare hore e be lona le mo etsetsang ngoana. Ba ne ba tla tseba hore ka mor’a ho emola Ishmaele, Hagare o ile a nyelisa mong’a hae, e leng Sara. Leha ho le joalo, ho ea ka tšepiso ea Molimo, qetellong Sara o ile a beleha Isaka botsofaling ba hae. Hamorao, Abrahama o ile a leleka Hagare le Ishmaele hobane Ishmaele o ne a sotla Isaka.—Genese 16:1-4; 17:15-17; 21:1-14; Bagalata 4:22, 23.
Basali ba Babeli, Lilekane Tse Peli
Pauluse o ile a hlalosa likarolo tse itseng tsa ‘ketsahalo ena e tšoantšetsang.’ O ile a ngola a re: “Basali bana ba bolela lilekane tse peli, sa Thabeng ea Sinai, se hlahisang bana ba bokhoba, seo hape e leng Hagare. . . . O tšoana le Jerusalema kajeno, kaha o bokhobeng le bana ba hae.” (Bagalata 4:24, 25) Hagare o ne a emela Iseraele ea sebele, eo motse-moholo oa eona e neng e le Jerusalema. Sechaba sa Bajuda se ne se tlameletsoe ho Jehova ka selekane sa Molao se ileng sa thehoa Thabeng ea Sinai. Tlas’a selekane sa Molao, Baiseraele ba ne ba hopotsoa kamehla hore e ne e le makhoba a sebe le hore ba ne ba hloka topollo.—Jeremia 31:31, 32; Baroma 7:14-24.
Ebe joale, Sara, e leng “mosali ea lokolohileng” le mora oa hae Isaka, ba ne ba tšoantšetsa mang? Pauluse o ile a bontša hore Sara, e leng “nyopa,” o ne a tšoantšetsa mosali oa Molimo, karolo ea leholimo ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Mosali enoa oa leholimo e ne e le nyopa ka hore pele Jesu a tla lefatšeng, mosali enoa o ne a se na “bana” ba tlotsitsoeng lefatšeng. (Bagalata 4:27; Esaia 54:1-6) Leha ho le joalo, ka Pentekonta ea 33 C.E., moea o halalelang o ile oa tšolleloa holim’a sehlopha sa banna le basali bao ka tsela eo ba ileng ba tsoaloa hape e le bana ba mosali enoa oa leholimo. Bana ba hlahisitsoeng ke mokhatlo ona o hlophisitsoeng ba ile ba amoheloa e le bara ba Molimo ’me e ile ea e-ba majalefa-’moho le Jesu Kreste ba le kamanong ea selekane se secha. (Baroma 8:15-17) E mong oa bana bana, e leng moapostola Pauluse, o ne a ka ngola a re: “Jerusalema oa holimo o lokolohile, ’me ke ’m’a rōna.”—Bagalata 4:26.
Bana ba Basali Bao
Ho ea ka tlaleho ea Bibele, Ishmaele o ile a hlorisa Isaka. Ka mokhoa o tšoanang, lekholong la pele la lilemo C.E., bana ba Jerusalema e entsoeng lekhoba ba ile ba soma le ho hlorisa bana ba Jerusalema oa holimo. Pauluse o ile a hlalosa a re: “Feela joalokaha nakong eo ea neng a tsoetsoe ka mokhoa oa nama [Ishmaele] a ile a qala ho hlorisa ea neng a tsoetsoe ka mokhoa oa moea [Isaka], ho joalo le hona joale.” (Bagalata 4:29) Ha Jesu Kreste a ne a hlahella ka pel’a batho ’me a qala ho bolela ka ’Muso, baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ile ba etsisa tsela eo ka eona Ishmaele, mora oa Hagare, a ileng a tšoara Isaka, eo e neng e le mojalefa oa sebele oa Abrahama. Ba ile ba soma le ho hlorisa Jesu Kreste, ka ho hlakileng ba inka e le bona majalefa a molao a Abrahama ’me ba nka Jesu e le moitšunyatšunyi.
Nakoana pele babusi ba Iseraele ea tlhaho ba etsa hore a bolaoe, Jesu o ile a re: “Jerusalema, Jerusalema, ’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena,—ke hangata hakaakang ke ileng ka batla ho bokella bana ba hao, ka tsela eo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona! Empa le ne le sa batle. Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.”—Matheu 23:37, 38.
Tlaleho e bululetsoeng ea liketsahalo tsa lekholong la pele la lilemo e bontša hore hase feela ka tlhaho sechaba seo sa nama se neng se tšoantšetsoa ke Hagare se ileng sa hlahisa bara bao e neng e tla ba majalefa-’moho le Jesu. Bajuda bao ka boikakaso ba neng ba lumela hore ka tsoalo ba na le tokelo ea ho fumana lefa leo, Jehova o ile a ba leleka, a ba lahla. Ke ’nete hore, batho ba bang bao e leng karolo ea Iseraele ea tlhaho e ile ea e-ba majalefa-’moho le Kreste. Leha ho le joalo, ba ile ba fuoa monyetla oo o khethehileng ka lebaka la tumelo ea bona ho Jesu eseng ka lebaka la lesika leo ba tsoaletsoeng ho lona.
Ba bang bao e neng e tla ba majalefa-’moho le Kreste ba ile ba tsebahala ka Pentekonta ea 33 C.E. Ha nako e ntse e tsamaea, Jehova o ile a tlotsa batho ba bang hore e be bara ba Jerusalema oa holimo.
Morero oa Pauluse oa ho hlalosa “ketsahalo [ena] e tšoantšetsang” e ne e le ho bontša kamoo selekane se secha se neng se phahame kateng ha se bapisoa le selekane sa Molao seo Moshe e neng e le mokena-lipakeng oa sona. Ha ho motho ea neng a ka amoheloa ke Molimo ka lebaka la mesebetsi ea Molao oa Moshe, hobane batho bohle ha baa phethahala ’me Molao o ne o totobatsa feela hore ke makhoba a sebe. Leha ho le joalo, joalokaha Pauluse a hlalositse, Jesu o ile a tla “e le hore ka theko a ka lokolla ba tlas’a molao.” (Bagalata 4:4, 5) Kahoo, ho ba le tumelo ea hore sehlabelo sa Kreste ke sa bohlokoa ho ile ha etsa hore ba lokolloe tsuong ea Molao.—Bagalata 5:1-6.
Molemo oa Tšoantšiso Ena ho Rōna
Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella tlhaloso e bululetsoeng ea Pauluse ea tšoantšiso ee? Lebaka le leng ke hore e re thusa ho utloisisa moelelo oa Mangolo oo haeba re ne re sa o hlalosetsoa re neng re tla lula re sa o utloisise. Tlhaloso ena e matlafatsa tšepo ea rōna ea hore Bibele ke ntho e le ’ngoe le hore ea lumellana.—1 Bathesalonika 2:13.
Ho feta moo, lintho tsa sebele tse emeloang ke tšoantšiso ena ke tsa bohlokoa bakeng sa thabo ea rōna ea ka moso. Hoja ponahalo ea “bara” e ne e sa ka ea etsahala ho ea ka tšepiso ea Molimo, tšepo feela eo re neng re ka ba le eona e ne e tla ba ea ho ba makhoba a sebe le lefu. Leha ho le joalo, ka tlas’a tataiso e lerato ea Kreste le majalefa-’moho le eena a tšepiso eo Molimo a ileng a e tšepisa Abrahama, “lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa.” (Genese 22:18) Sena se tla etsahala ha li lokolloa ka ho sa feleng liphellong tsa sebe, ho se phethahale, masoabi le lefu. (Esaia 25:8, 9) Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang!
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Selekane sa Molao se ile sa etsoa Thabeng ea Sinai
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Bohlokoa ba “ketsahalo e tšoantšetsang” e boletsoeng ke moapostola Pauluse ke bofe?