Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 4/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Lona U Lokelang ho Qoba ho Sebelisana le Meea
    Tsoha!—2000
  • Hanela Makhotla a Moea a Khopo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Kamoo Libōpuoa Tsa Moea li re Amang Kateng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Re ka Hanyetsa Bademona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 4/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Haeba motho a tšoenngoa ke bademona, o lokela ho etsa’ng?

Lentsoe la Molimo le bontša hore ba hlaseloang ke bademona ba ka lokoloha matšoenyehong ao. Thapelo e bohlokoa haholo hore motho a lokolohe ho bademona. (Mareka 9:25-29) Empa ho ka ’na ha hlokahala hore motho ea khathatsoang ke bademona a nke mehato e meng. Liketsahalo tse amang Bakreste ba lekholong la pele la lilemo li bontša hore na ke eng eo ho ka ’nang ha hlokahala hore motho a boele a e etse.

Pele batho ba bang ba Efese ea boholo-holo e e-ba balateli ba Kreste, ba ne ba sebetsana le bademona. Leha ho le joalo, ka mor’a hore ba etse qeto ea ho sebeletsa Molimo, “ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose [ba ile] ba bokella libuka tsa bona ’me ba li chesa ka pel’a bohle.” (Liketso 19:19) Ka hore balumeli bao ba bacha ba Efese ba chese libuka tsa bona tsa bonohe, ba ile ba beha mohlala o motle bakeng sa batho leha e le bafe ba ratang ho itokolla litlhaselong tsa bademona kajeno. Ke habohlokoa hore ba joalo ba lahle lintho tsohle tse amanang le ho sebelisana le meea. Lintho tseo li kopanyelletsa libuka, limakasine, lifilimi, litaba tse tlang ka mokhoa oa elektronike, lipina tse rekotiloeng tse buang ka tsela e itseng ka ho sebelisana le meea, hammoho le lithatho kapa lintho tse ling tseo batho ba li roalang hore ba “itšireletse” kapa tse amanang le ho sebelisana le meea.—Deuteronoma 7:25, 26; 1 Bakorinthe 10:21.

Lilemo tse seng kae hoba Bakreste ba Efese ba senye libuka tsa bona tsa boselamose, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Re loana le . . . makhotla a moea a khopo.” (Baefese 6:12) Pauluse o ile a khothatsa Bakreste a re: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti [liketso tse bolotsana, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW] a Diabolose.” (Baefese 6:11) Keletso eo e ntse e sebetsa. Bakreste ba lokela ho matlafatsa tšireletso ea bona ea moea e le hore ba itšireletse ho meea e khopo. Pauluse o ile a hatisa tjena: “Ka holim’a lintho tsohle, le nke thebe e khōlō ea tumelo, eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo.” (Baefese 6:16) Motho o matlafatsa tumelo ea hae ka hore a ithute Bibele. (Baroma 10:17; Bakolose 2:6, 7) Kahoo, ho ithuta Bibele kamehla ho re thusa ho ba le tumelo e re sireletsang hore re se ke ra susumetsoa ke meea e khopo.—Pesaleme ea 91:4; 1 Johanne 5:5.

Ho ne ho hlokahala hore Bakreste bao ba Efese ba nke bohato bo bong hape ba bohlokoa. Pauluse o ile a ba bolella a re: “Ka thapelo ea mofuta o mong le o mong le thapeli . . . le [tsoele] pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea.” (Baefese 6:18) Ka sebele, ke habohlokoa hore ba batlang ho lokoloha litlhaselong tsa bademona kajeno, ba rapele ka matla haholo hore Jehova a ba sireletse. (Liproverbia 18:10; Matheu 6:13; 1 Johanne 5:18, 19) Ka nepo Bibele e re: “Ka hona, ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.”—Jakobo 4:7.

Le hoja motho ea hlaseloang ke bademona a lokela ho rapella thuso ka tieo, Bakreste ba bang ba ’nete le bona ba ka rapella motho eo ea labalabelang ho sebeletsa Jehova le eo kannete a lekang ho loantša makhotla a khopo. Ba ka kōpa Molimo hore motho ea hlaseloang ke bademona a be matla moeeng hore a hanyetse tlhaselo ea bademona. Kaha Lentsoe la Molimo le bolela hore “thapeli ea motho ea lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo,” ka sebele lithapelo tsa bahlanka ba Molimo li tla thusa batho ba hlaseloang ke bademona, ba etsang sohle se matleng a bona hore ba “hanyetse Diabolose.”—Jakobo 5:16.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Balumeli ba Efese ba ile ba senya libuka tsa bona tsa boselamose

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela