Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 6/1 maq. 12-15
  • Khotsofatsoa ke ho Sebelisa Melao-motheo ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotsofatsoa ke ho Sebelisa Melao-motheo ea Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba le Pono ea Sebele
  • Elelloa Hore Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e Nka Nako
  • U se ke Ua Ipapisa le ba Bang—Ipehele Lipakane Tse Utloahalang
  • Ho Tla ba le Meputso
  • Na Hoa Khoneha Hore Motho a Khotsofale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na u se u “Ithutile Seo Batho ba Bangata ba sa se Tsebeng” ka ho Khotsofala?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ke Joang U ka Lulang U E-na le Pono e Leka-lekaneng ka Chelete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Papiso ea Basebetsi ba Tšimo ea Morara
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 6/1 maq. 12-15

Khotsofatsoa ke ho Sebelisa Melao-motheo ea Bibele

HA ho pelaelo hore u kile ua bona katse e iphinne ebile e rora hamonate—e leng ho bontšang hore e khotsofetse. Ho ne ho tla ba monate hakaakang ho phomola hamonate joalo ’me u khotsofale ka tsela e tšoanang! Leha ho le joalo, ba bangata ba thatafalloa ho fumana khotsofalo, le ha ba e fumane e ba ntho ea nakoana feela. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

Kaha ha rea phethahala, hangata re etsa liphoso ebile re lokela ho mamella mefokolo ea ba bang. Ho feta moo, re phela nakong eo Bibele e e bitsang ‘matsatsi a ho qetela,’ a khetholloang ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5) Esita le haeba re hopola ka thabo khotsofalo eo re neng re e-na le eona bongoaneng, hona joale boholo ba rōna re utloa likhatello tse boima tse bakoang ke ‘linako tsena tse mahlonoko.’ Na ho ka khoneha hore re khotsofale mehleng ee ea rōna?

Hlokomela hore Mangolo a bolela hore ho ne ho tla ba thata ho sebetsana le linako tsena tse mahlonoko, eseng hore ho ne ho ke ke ha khoneha ho sebetsana le tsona. Re ka sebetsana le tsona ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Hase hore kamehla re tla rarolla mathata a rōna, empa re tla khotsofala ka tsela e itseng. A re hlahlobeng melao-motheo e joalo e meraro.

E-ba le Pono ea Sebele

Hore re khotsofale, re lokela ho ba le pono ea sebele ka mefokolo ea rōna le ea ba bang. Lengolong la moapostola Pauluse le neng le ea ho Baroma, o re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Ho hang re ke ke ra utloisisa litšobotsi tse ngata tsa khanya ea Jehova. Mohlala o mong ke oa taba e tloaelehileng e boletsoeng ho Genese 1:31 e reng: “Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.” Neng le neng ha Jehova a khetha ho hopola nako e fetileng le seo a se entseng, kamehla a ka bolela hore ‘se ne se le molemo haholo.’ Ha ho motho eo kamehla a ka buang joalo. Bohato ba pele ba hore re khotsofale ke ho lumela hore re na le mefokolo. Leha ho le joalo, ho boetse ho na le taba e ’ngoe e hlokahalang. Re lokela ho utloisisa pono ea Jehova ea litaba re be re e amohele.

Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “sebe” le tsoa kutung ea lentsoe le bolelang “ho fosa pakane.” Ho etsa mohlala: Nahana ka motho ea batlang ho hapa moputso ka hore a hlabe ntho e itseng ka motsu. O na le metsu e meraro. O betsa motsu oa pele ’me o otla thōko ka mithara e le ’ngoe. Lekhetlong la bobeli o korola hantle ka motsu oa hae ’me o otla thōko ka lisenthimithara tse 30. Lekhetlong la ho qetela o tsepamisa mohopolo le ho feta ’me o betsa motsu oa ho qetela ebe o otla thōko ka lisenthimithara tse peli. O batlile a e otla, empa ’nete ke hore o ntse a e fositse.

Kaofela ha rōna re tšoana le motho eo ea fulang metsu ea khathetseng matla. Ka linako tse ling re “fosa pakane” haholo. Ka linako tse ling re atamela haufi le eona empa re ntse re e fosa. Re ferekane kaha re lekile ka thata, empa ho ne ho ntse ho sa lekana. Joale a re nahaneng hape ka papiso ena ea motho ea fulang metsu.

Ke eo o furalla butle, a nyahame kaha o ne a hlile a batla moputso oo. Ka tšohanyetso, motho ea ikarabellang tlhōlisanong eo oa mo bitsa ’me o mo fa moputso, o re: “Ke batla ho u fa sena hobane kea u rata, ’me ke bone kamoo u ikitlaelitseng kateng.” Motho eo ea fulang metsu o thaba hona hoo!

O thabile haholo! E mong le e mong ea fumanang “mpho” ea Molimo ea bophelo bo sa feleng a phethahetse o tla ikutloa ka tsela ena. (Baroma 6:23) Ka mor’a moo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla ba molemo—a ke ke a hlola a fosa pakane hape. O tla khotsofala ka botlalo. Haeba re hopola sena, re tla thabela seo rōna le batho ba bang re khonang ho se etsa hona joale.

Elelloa Hore Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e Nka Nako

Ke ’nete hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nka nako. Empa na u hlokometse kamoo ho leng thata kateng ho lula u khotsofetse ha ntho eo u e letetseng e bonahala e nka nako e telele ho feta eo u neng u e nahanne kapa ha boemo bo sa jeseng litheohelang bo bonahala bo nka nako e telele ho feta eo u neng u e lebeletse? Leha ho le joalo, ba bang ba khonne ho lula ba khotsofetse esita le maemong ao. Nahana ka mohlala oa Jesu.

Pele Jesu a e-tla lefatšeng o ne a beha mohlala o ikhethang oa ho mamela ha a le leholimong. Empa o ile “a ithuta ho mamela” ha a ne a le mona lefatšeng. Ka tsela efe? “Ka tse bohloko tse mo hlahetseng.” Pele ho moo, o ne a ile a bona ha batho ba utloa bohloko empa o ne a e-s’o ka a utloa bohloko ka boeena. Ha a ne a le lefatšeng, haholo-holo ho tloha ha a qeta ho kolobetsoa Jordane ho fihlela a e-shoa Golgotha, o ile a feta litekong tse ngata. Ha re tsebe lintlha tsohle tse amehang mabapi le kamoo Jesu a ileng a “etsoa ea phethahetseng” ntlheng ena, empa seo re se tsebang ke hore ho ithuta hona ho ile ha nka nako e telele.—Baheberu 5:8, 9.

Jesu o ile a atleha hobane o ile a thuisa ka “thabo e neng e behiloe ka pel’a hae,” e leng moputso oa ho tšepahala ha hae. (Baheberu 12:2) Leha ho le joalo, ka linako tse ling o ne a “nyehela lithapeli le likōpo tse matla . . . ka mehoo e matla le meokho.” (Baheberu 5:7) Ka linako tse ling re ka ’na ra iphumana re rapela ka mokhoa o tšoanang. Jehova o talima see joang? Eona temana eo e bontša hore Jehova o ile a utloa Jesu “ka mokhoa o amohelehang.” Le rōna Molimo o tla re utloa. Hobane’ng?

Hobane Jehova o tseba mefokolo ea rōna ebile oa re thusa. Mamello ea motho e mong le e mong e na le moeli. Batho ba Benin, Afrika, ba tloaetse ho re: “Metsi a mangata haholo a tla qetella a khamme le tsona lihohoana.” Jehova ke eena ea tsebang ho re feta ha re le mothating oa ho fihla moo matla a rōna a fellang teng. Ka lerato o fana ka “mohau le . . . mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.” (Baheberu 4:16) O ile a etsa sena ho Jesu, ebile o se entse ho ba bang ba bangata. Nahana kamoo Molimo a ileng a thusa Monika kateng tabeng ena.

Monika o hōtse e le motho ea neng a sa tšoenyehe ka letho, ea mahlahahlaha a bile a thabile. Ka 1968, ha a le lilemo li ka holimonyana ho 20, o ile a tšoha haholo ha a tseba hore o na le lefu la ho satalla mesifa, e leng lefu leo ka tloaelo le qetellang ka hore motho a shoe litho tse ling. Sena se ile sa fetola bophelo ba hae ka ho feletseng ’me sa mo hloka hore a etse liphetoho tse khōlō tšebeletsong ea hae ea nako e tletseng. Monika o ile a elelloa hore boloetse ba hae e ne e tla ba ba nako e telele. Lilemo tse leshome le metso e tšeletseng hamorao, o ile a re: “Boloetse ba ka bo ntse bo e-s’o phekolehe ’me ho ka etsahala hore bo lule bo sa phekolehe ho fihlela tsamaiso e ncha ea Molimo ea lintho e nchafatsa lintho tsohle.” O ile a lumela hore ho ne ho se bonolo: “Le hoja metsoalle ea ka e bolela hore ke ntse ke thabile joalo ka pele ebile ke ntse ke bonahala ke tletse tšepo kamehla, . . . metsoalle ea ka e haufi haholo ea tseba hore ka linako tse ling meokho ea ka ea keleketla.”

Leha ho le joalo, o ile a re: “Ke ithutile ho ba le mamello le ho thabela phetoho le e nyenyane feela ea hore bophelo ba ka boa ntlafala. Kamano ea ka le Jehova e matlafalitsoe ke ho bona kamoo motho a hlōlehang kateng ho loantša maloetse. Ke Jehova feela ea ka phekolang ka ho feletseng.” Ka thuso ea Jehova, Monika o ’nile a lula a khotsofetse ’me hona joale o nahana ka lilemo tse fetang 40 tseo a li qetileng a le tšebeletsong ea nako e tletseng.

Bonneteng, boemo bo tšoanang le ba Monika ha bo bonolo. Empa ka sebele u tla khotsofala ha u hlokomela hore lintho tse ling li ka ’na tsa nka nako e telele ho feta kamoo u neng u lebeletse kateng. Joaloka Monika, le uena u ka kholiseha hore Jehova o tla u ‘thusa ka nako e nepahetseng.’

U se ke Ua Ipapisa le ba Bang—Ipehele Lipakane Tse Utloahalang

Ha u tšoane le batho ba bang. Ha ho na motho ea hlileng a tšoanang le uena hantle. Ka Sesotho, taba ena e ka behoa ka mantsoe a bonolo a reng: “Batho ha ba lekane e se meno.” E ne e tla ba booatla ho bapisa leino le leng ka le leng. U ne u ke ke ua rata hore Jehova a u bapise le motho e mong, ebile le ka mohla a ke ke a etsa joalo. Leha ho le joalo, batho bona ba tloaetse ho ipapisa le ba bang ’me mokhoa oo o ka etsa hore ba se ke ba khotsofala. Hlokomela kamoo Jesu a ileng a etsa papiso e matla kateng mabapi le sena, joalokaha re bala ho Matheu 20:1-16.

Jesu o ile a bua ka “mong’a serapa” ea neng a batla basebetsi bakeng sa serapa sa hae sa morara. O ile a fumana banna ba hlokang mosebetsi eaba oa ba hira “hoseng haholo,” mohlomong ka 6:00. Ba ile ba lumellana ka moputso oa letsatsi o neng o tloaelehile mehleng eo, e leng denari e le ’ngoe ka lihora tse 12 tsa mosebetsi oa letsatsi. Ha ho pelaelo hore banna bao ba ne ba thabile hore ebe ba fumane mosebetsi le hona e le oa moputso o tloaelehileng. Hamorao mong’a serapa o ile a fumana lihlopha tse ling tsa banna ba hlokang mosebetsi eaba o re ba kene mosebetsing ka 9:00 hoseng, ka 12:00 motšehare, ka 3:00 thapama esita le morao haholo ka 5:00 thapama. Ha ho le ea mong lihlopheng tsena ea neng a tla etsa mosebetsi oa letsatsi lohle. Mong’a serapa o ile a ba tšepisa moputso oa “eng kapa eng e loketseng,” ’me basebetsi bao ba ile ba lumela.

Qetellong ea letsatsi, mong’a serapa o ile a laela motho oa hae ea ikarabellang hore a ba lefe. A laela hore basebetsi ba bitsoe ’me a qale ka ho lefa ba neng ba hiriloe qetellong. Bana ba ne ba sebelitse hora e le ’ngoe feela, empa ho makatsang ke hore ba ile ba fuoa moputso oa letsatsi lohle. Re ka inahanela hore na ba ne ba thabile hakaakang ha ba ntse ba qoqa. Ba neng ba sebelitse lihora tse feletseng tse 12 ba ile ba phetha ka hore le bona ba ne ba tla fumana moputso o mongata ho feta. Leha ho le joalo, le bona ba ile ba fumana moputso o tšoanang.

Joale ba ile ba re’ng? “Ha ba e amohela ba qala ho korotlela mong’a ntlo ’me ba re, ‘Bana ba ho qetela ba entse mosebetsi oa hora e le ’ngoe; ho ntse ho le joalo u ba lekantse le rōna ba jereng moroalo oa letsatsi lena le mocheso o bataolang!’”

Leha ho le joalo, mong’a serapa o ne a sheba litaba ka tsela e fapaneng. O ile a bolela hore ba fumane seo ba neng ba lumellane le eena ka sona, ke phetho tu! Ha e le ba bang, o ile a etsa qeto ea ho ba fa moputso oa letsatsi lohle, ntle ho pelaelo, e leng se fetang seo ba neng ba se lebeletse. Bonneteng, ha ho le ea mong ea ileng a fumana moputso o ka tlaase ho oo ho neng ho lumellanoe ka oona; ha e le hantle, ba bangata ba ile ba fumana moputso o fetang oo ba neng ba o lebeletse. Kahoo, qetellong, mong’a serapa o ile a botsa a re: “Na ha ho lumelloe ke molao hore ke etse seo ke se batlang ka lintho tsa ka?”

Nahana haeba motho ea ikarabellang a ne a qalile ka ho lefa sehlopha sa pele eaba se itsamaela kapele-pele. Ba ka be ba khotsofetse. Ho se khotsofale ho ile ha hlahisoa feela ke ha ba bona ba bang ba fumana moputso o tšoanang le oa bona empa ba sebelitse hanyenyane. Sena se ile sa ba halefisa hoo ba ileng ba korotlela mong’a bona, eo e tlamehang ebe qalong ba ne ba ile ba mo leboha haholo kahobane a ne a ba hirile.

Sena se bontša ka ho hlaka se etsahalang ha re ipapisa le ba bang. Haeba u nahana ka kamano ea hao le Jehova u bile u ananela kamoo a u hlohonolofatsang kateng, u tla khotsofala. U se ke ua bapisa boemo ba hao le ba batho ba bang. Haeba ho bonahala eka Jehova o entse qeto ea ho etsetsa ba bang ntho e itseng e khōloanyane, ba thabele u be u thabe le bona.

Leha ho le joalo, ho na le ntho eo Jehova a lebeletseng hore u e etse. Ke’ng eona eo? Bagalata 6:4 e re: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong.” Ka mantsoe a mang, ipehele lipakane tse utloahalang. E-ba le sepheo ka ntho eo kannete u ka khonang ho e etsa, ebe joale u lula u nahana kamoo u ka e etsang kateng. Haeba e le pakane e utloahalang ’me u e finyella, u tla “ba le sesosa sa thabo.” U tla khotsofala.

Ho Tla ba le Meputso

Melao-motheo e meraro eo re e tšohlileng e bontša hore ruri re ka thaba ha re sebelisa melao-motheo ea Bibele esita le matsatsing ana a ho qetela, ho sa tsotellehe hore ha rea phethahala. Ha u ntse u bala Bibele letsatsi le letsatsi, ke hobane’ng ha u sa shebe melao-motheo e joalo, ebang e boletsoe ka ho hlaka kapa ka mokhoa o poteletseng litlalehong le lipapisong?

Haeba u utloa eka u ntse u felloa ke khotsofalo, leka ho fumana lebaka la seo. Ebe joale u batla melao-motheo eo u ka e sebelisang hore u lokise boemo boo. Ka mohlala, u ka hlahloba buka ea “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” leqepheng la 110-11.a Mono, ho tšohloa buka ea Liproverbia, ’me u tla fumana melao-motheo e mengata le likeletso tse thathamisitsoeng lihloohong tse 12. The Watch Tower Publications Indexb le Watchtower Library e ho CD-ROMc ke mehloli e metle haholo ea boitsebiso. Ha u li sebelisa kamehla, u tla ba le tsebo ea ho fumana melao-motheo e loketseng.

Nako ea tla eo ka eona Jehova a tla fa batho ba tšoanetseng bophelo bo sa feleng, ebe ba phela ba phethahetse lefatšeng la paradeise. Ba tla lula ba khotsofetse ka botlalo bophelong ba bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

b Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

c Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

“Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.”—Baroma 3:23

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Jesu “o ile a ithuta ho mamela linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko ke tsona.”—Baheberu 5:8, 9

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

“O tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”—Bagalata 6:4

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela