Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 6/1 maq. 26-30
  • ‘Khethang Bophelo Hore le ’ne le Phele’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Khethang Bophelo Hore le ’ne le Phele’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tokoloho ea ho Ikhethela Iseraele
  • Ho Etsa Khetho e Nepahetseng
  • ‘Le Lokela ho li Tsebahatsa’
  • Khetho ke ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Jehova o re fa Monyetla oa ho Ikhethela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ba ‘Ile ba Fela ba Etsa Joalo’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Buka ea Bibele ea 5—Deuteronoma
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 6/1 maq. 26-30

‘Khethang Bophelo Hore le ’ne le Phele’

“Ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela.”—DEUTERONOMA 30:19.

1, 2. Motho o ne a bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo ka litsela life?

“A RE etse motho ka setšoantšo sa rōna, ho ea ka sebōpeho sa rōna.” Polelo eo ea Molimo e tlalehiloe khaolong ea pele ea Bibele. Tumellanong le seo, Genese 1:26, 27 e tlaleha hore “Molimo [o ile] a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo.” Kahoo motho oa pele o ne a fapane le lintho tse ling tsohle tse bōpiloeng lefatšeng. O ne a tšoana le ’Mōpi oa hae, a khona ho etsisa mokhoa oa Molimo oa ho beha mabaka, oa ho bontša lerato, toka, bohlale le matla. O ne a e-na le letsoalo hore le mo thuse ho etsa liqeto tse neng li tla mo tsoela molemo li be li khahlise Motsoali oa hae oa leholimo. (Baroma 2:15) Ka bokhutšoanyane, Adama o ne a e-na le bolokolohi ba ho ikhethela. Ha Jehova a bona kamoo mora enoa oa hae oa lefatšeng a entsoeng kateng, o ile a fihlela qeto ena ka mosebetsi ona oa liatla tsa hae: ‘Bonang! o . . . molemo haholo.’—Genese 1:31; Pesaleme ea 95:6.

2 Kaha re litloholo tsa Adama, le rōna re entsoe ka setšoantšo sa Molimo le sebōpeho sa hae. Leha ho le joalo, na re hlile re na le boikhethelo ka seo re se etsang? Le hoja Jehova a e-na le matla a ho tseba esale pele se tlang ho etsahala, ha a re khethele liketso tsa rōna esale pele le hore na phello ea liketso tsa rōna e tla ba efe. Ha ho mohla a lumellang hore bana ba hae ba lefatšeng ba laoloe ke ho rereloa qetello esale pele. E le ho re thusa ho utloisisa kamoo ho leng bohlokoa kateng ho sebelisa bolokolohi ba rōna ba ho ikhethela hore re etse liqeto tse nepahetseng, a re qaleng ka ho ithuta ka sechaba sa Iseraele.—Baroma 15:4.

Tokoloho ea ho Ikhethela Iseraele

3. Molao oa pele Melaong e Leshome e ne e le ofe, hona Baiseraele ba tšepahalang ba ile ba khetha ho o mamela joang?

3 Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Ke ’na Jehova Molimo oa hao, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea makhoba.” (Deuteronoma 5:6) Ka selemo sa 1513 B.C.E., sechaba sa Iseraele se ile sa lopolloa ka mohlolo bokhobeng ba Egepeta ’me ka hona se ne se se na lebaka la ho belaella mantsoe ao. Molaong oa pele Melaong e Leshome, Jehova o ile a phatlalatsa sena ka ’muelli oa hae Moshe: “U se ke ua ba le melimo e meng khahlanong le sefahleho sa ka.” (Exoda 20:1, 3) Lekhetlong leo, sechaba sa Iseraele se ile sa khetha ho mamela. Ka ho rata, se ile sa bontša boinehelo bo khethehileng ho Jehova.—Exoda 20:5; Numere 25:11.

4. (a) Moshe o ile a beha khetho efe ka pel’a Baiseraele? (b) Kajeno re na le khetho efe?

4 Lilemo tse ka bang 40 hamorao, Moshe o ile a bua ka matla ha a hopotsa moloko o mong oa Baiseraele ka khetho eo joale ba neng ba lokela ho e etsa. O ile a re: “Kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le lōna, hore ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna.” (Deuteronoma 30:19) Ka ho tšoanang, kajeno le rōna re ka khetha. Ehlile re ka khetha ho sebeletsa Jehova ka botšepehi re e-na le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng, kapa re ka khetha ho se mo mamele ebe re tobana le liphello tsa seo. Nahana ka mehlala e ’meli ea batho ba ileng ba khetha lintho tse fapaneng.

5, 6. Joshua o ile a khetha eng, hona phello ea e-ba efe?

5 Ka 1473 B.C.E., Joshua o ile a kenya Baiseraele Naheng e Tšepisitsoeng. Pejana ho lefu la hae, Joshua o ile a khothatsa sechaba sohle ka matla, a se kōpa ka tieo a re: “Joale haeba ho hobe mahlong a lōna ho sebeletsa Jehova, le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa, ebang ke melimo eo baholo-holo ba lōna ba neng ba le ka lehlakoreng le leng la Nōka ba neng ba e sebeletsa kapa melimo ea Baamore bao le lulang naheng ea bona.” Joale, ha a bua ka lelapa la hae, o ile a tsoela pele ho re: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”—Joshua 24:15.

6 Pejana ho moo, Jehova o ne a ile a khothatsa Joshua hore a be sebete ’me a be matla, a mo laela hore a se ke a kheloha Molao oa Molimo. Ho e-na le hoo, Joshua o ne a tla atlehisa tsela ea hae ka ho bala buka ea Molao ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare. (Joshua 1:7, 8) Joshua o ile a mamela ’me a atleha. Khetho ea Joshua e ile ea fella ka litlhohonolofatso. Joshua o ile a re: “Ha ho tšepiso e ileng ea hlōleha ho phethahala tšepisong eohle e molemo eo Jehova a neng a e entse ho ntlo ea Iseraele; e ile ea phethahala kaofela.”—Joshua 21:45.

7. Mehleng ea Esaia, Baiseraele ba bang ba ile ba khetha eng, hona liphello ea e-ba life?

7 Ha u bapisa litaba, nahana ka boemo ba Baiseraele lilemo tse ka bang 700 hamorao. Nakong eo, Baiseraele ba bangata ba ne ba latela meetlo ea bohetene. Ka mohlala, ka letsatsi le koalang selemo, batho ba ne ba bokana tafoleng ba etsa mokete oa lijo tse hlabosang tsa mefuta-futa le veine e monate. Ona e ne e se ’moka feela oa lelapa oa botsoalle. E ne e le mokete oa bolumeli o neng o tlotlisa melingoana e ’meli ea bohetene. Moprofeta Esaia o ile a tlaleha maikutlo a Molimo ka ho se tšepahale hona: “Ke lōna ba furallang Jehova, ba lebalang thaba ea ka e halalelang, ba lokisang tafole bakeng sa molimo oa Mahlohonolo le ba tlatsang veine e tsoakiloeng bakeng sa molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele.” Ba ne ba lumela hore kotulo ea selemo e ne e sa itšetleha ka hore Jehova a ba hlohonolofatse, empa e ne e itšetlehile ka ho khahlisa “molimo oa Mahlohonolo” le “molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele.” Empa bonneteng, tsela ea bona ea borabele le eo ba e khethileng ka ho rata e ile ea ba tlisetsa liphello tse bohloko. Jehova o ile a re: “Ke tla le abela sabole, ’me kaofela le tla inama hore le bolaoe; ka lebaka la hore ke hoelelitse, empa ha lea ka la araba; ke buile, empa ha lea ka la mamela; le ’nile la etsa se sebe mahlong a ka, ’me la khetha ntho eo ke sa khahloeng ke eona.” (Esaia 65:11, 12) Khetho ea bona e seng bohlale e ile ea ba tlisetsa timetso, ’me molimo oa Qetello e Reriloeng Esale Pele le oa Mahlohonolo e ne e se na matla a ho ba sireletsa.

Ho Etsa Khetho e Nepahetseng

8. Ho ea ka Deuteronoma 30:20, ho etsa khetho e nepahetseng ho akarelletsa eng?

8 Ha Moshe a ne a khothatsa Baiseraele hore ba khethe bophelo, o ile a bolela mehato e meraro eo ba neng ba lokela ho e nka: “Ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele.” (Deuteronoma 30:20) A re hlahlobeng mehato ena ka bonngoe e le hore re ka etsa khetho e nepahetseng.

9. Re ka bontša joang hore re rata Jehova?

9 Ka ho rata Jehova Molimo oa rōna: Re khetha ho sebeletsa Jehova hobane re mo rata. Ho bontša hore re ela hloko mehlala e lemosang ea ho tloha mehleng ea Baiseraele, re hanela meleko eohle ea ho etsa boitšoaro bo bobe re bile re qoba mekhoa e ka re susumetsang ho tšoasoa ke leraba la lefatše la ho rata lintho tse bonahalang. (1 Bakorinthe 10:11; 1 Timothea 6:6-10) Re khomarela Jehova ebile re boloka litaelo tsa hae. (Joshua 23:8; Pesaleme ea 119:5, 8) Pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a ba khothatsa a re: “Bonang, ke le rutile melao ea tsamaiso le liqeto tsa boahloli, feela joalokaha Jehova Molimo oa ka a ntaetse, hore le etse ka tsela eo naheng eo le eang ho e rua. Le li boloke ’me le li phethe, hobane sena ke bohlale ho lōna le kutloisiso ho lōna ka pel’a mahlo a lichaba tse tla utloa melao ena eohle ea tsamaiso.” (Deuteronoma 4:5, 6) Ena ke nako ea hore re bontše hore re rata Jehova ka ho etelletsa pele thato ea Jehova bophelong ba rōna. Ruri re tla hlohonolofatsoa haeba re khetha ho etsa joalo.—Matheu 6:33.

10-12. Re ithuta lithuto life ka ho hlahloba se ileng sa etsahala mehleng ea Noe?

10 Ka ho mamela lentsoe la Molimo: Noe e ne e le “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Hoo e batlang e le batho bohle ba phetseng pele ho Moroallo ba ile ba khelosoa “’me ba se ke ba elelloa” litemoso tsa Noe. Phello e ile ea e-ba efe? ‘Moroallo o ile oa tla ’me oa ba hohola bohle.’ Jesu o ile a lemosa hore le mehleng ea rōna, nakong ea “ho ba teng ha Mor’a motho,” ho ne ho tla ba joalo. Se etsahetseng mehleng ea Noe ke temoso e matla ho batho ba kajeno ba khethang ho se ele hloko molaetsa oa Molimo.—Matheu 24:39.

11 Ba somang litemoso tsa bomolimo tse fanoang ke bahlanka ba Molimo ba mehleng ea kajeno ba lokela ho hlokomela hore na ho se ele litemoso hloko ho tla tlisa phello efe. Ha moapostola Petrose a bua ka basomi ba joalo, o ile a re: “Ho ea ka takatso ea bona, ha ba ele hloko ’nete ena, hore ho ne ho e-na le maholimo ho tloha khale le lefatše le neng le eme le setlellane ho tsoa metsing le har’a metsi ka lentsoe la Molimo; ’me ka mekhoa eo lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi. Empa ka lentsoe le tšoanang maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.”—2 Petrose 3:3-7.

12 Bapisa khetho ea batho bana le khetho eo Noe le ba lelapa la hae ba ileng ba e etsa. “Ka tumelo Noe, ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka.” Ho ela hloko temoso ho ile ha pholosa lelapa la hae. (Baheberu 11:7) E se eka re ka potlakela ho utloa molaetsa oa Molimo ebe joale re o ela hloko ka ho etsa seo o re bolellang sona.—Jakobo 1:19, 22-25.

13, 14. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re ‘khomarele Jehova’? (b) Ke ka tsela efe re ka lumellang Jehova “Sebōpi sa rōna” hore a re bōpe?

13 Ka ho khomarela Jehova: Hore re ‘khethe bophelo ’me re tsoele pele re phela,’ ha rea lokela feela ho rata Jehova le ho mo mamela empa hape re lokela ho ‘khomarela Jehova,’ ke hore re phehelle ho etsa thato ea hae. Jesu o ile a re: “Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.” (Luka 21:19) Ha e le hantle, seo re khethang ho se etsa tabeng ena se bontša se ka lipelong tsa rōna. Liproverbia 28:14 e re: “Ho thaba motho ea tšohang kamehla, empa ea thatafatsang pelo ea hae o tla oela tlokotsing.” Faro oa Egepeta ea boholo-holo ke mohlala oa se boleloang mona. Ha kotlo ka ’ngoe Likotlong Tse Leshome e oela Egepeta, Faro o ile a thatafatsa pelo ea hae ho e-na le ho bontša hore o tšaba Molimo. Jehova ha aa ka a qobella Faro hore a se ke a mamela empa o ile a lumella ’musi eo ea ikhohomosang hore a khethe. Leha ho le joalo, thato ea Jehova e ile ea etsoa, joalokaha moapostola Pauluse a ile a hlalosa tjena mabapi le tsela eo Jehova a neng a talima Faro ka eona: “Ke u tloheletse hore u ’ne u be teng ka lebaka lona lena, e le hore mabapi le uena nka bontša matla a ka, le hore lebitso la ka le ka boleloa lefatšeng lohle.”—Baroma 9:17.

14 Lilemo tse makholo ka mor’a hore Baiseraele ba lopolloe taolong ea Faro, moprofeta Esaia o ile a re: “Jehova, u Ntat’a rōna. Re letsopa, ’me u Sebōpi sa rōna; kaofela ha rōna re mosebetsi oa letsoho la hao.” (Esaia 64:8) Ha re ntse re lumella Jehova hore a bōpe botho ba rōna ka thuto ea botho le ka ho sebelisa Lentsoe la hae, butle-butle re ntse re apara botho bo bocha. Re ba le boikokobetso haholoanyane ebile re bōptjoa habonolo, ka tsela eo re nolofalloa ho khomarela Jehova ka botšepehi hobane re batla ho mo khahlisa e le kannete.—Baefese 4:23, 24; Bakolose 3:8-10.

‘Le Lokela ho li Tsebahatsa’

15. Ho ea ka Deuteronoma 4:9, Moshe o ile a hopotsa Baiseraele lintho life tse peli tseo ba neng ba lokela ho li etsa?

15 Ha sechaba sa Iseraele se ne se bokane, se le mothating oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a re ho sona: “Le mpe le itebele ’me le hlokomele meea ea lōna haholo, e le hore le se ke la lebala lintho tseo mahlo a lōna a li boneng le hore li se ke tsa tloha lipelong tsa lōna ka matsatsi ’ohle a bophelo ba lōna; ’me le li tsebise bara ba lōna le litloholo tsa lōna.” (Deuteronoma 4:9) E le hore Jehova a ba hlohonolofatse ’me ba atlehe naheng eo ba neng ba le mothating oa ho e rua, batho ba ne ba lokela ho etsa lintho tse peli ka pel’a Jehova Molimo oa bona. Ba ne ba sa lokela ho lebala lintho tse babatsehang tseo Jehova a neng a li entse ka pel’a mahlo a bona, hape ba ne ba lokela ho li ruta meloko ea bona ea ka moso. Joaloka batho ba Molimo kajeno, re lokela ho etsa se tšoanang haeba re batla ho ‘khetha bophelo ’me re tsoele pele re phela.’ Ke lintho life tseo re li boneng tseo Jehova a re etselitseng tsona?

16, 17. (a) Baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba finyeletse eng mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso? (b) Ke mehlala efe ea bao u ba tsebang ba lutseng ba ntse ba cheseha?

16 Rea hlolloa ha re bona kamoo Jehova a hlohonolofalitseng mosebetsi oa rōna oa ho bolela le ho etsa barutuoa kateng. Ho tloha ka 1943 ha ho ne ho buloa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, baromuoa ba ’nile ba etella pele mosebetsing oa ho etsa barutuoa linaheng tse ngata. Ho tloha nakong eo, baithuti ba fumaneng mangolo sekolong seo ba ntse ba chesehela ho bolela ka ’Muso, esita le hoja ba se ba hōlile ’me ba bang ba sitisoa ke bokooa bo itseng. Mohlala o mong o motle ke Mary Olson, ea ileng a fumana mangolo sekolong sa Gileade ka 1944. O qalile ho sebeletsa e le moromuoa Uruguay eaba o ea Colombia, ’me hona joale o Puerto Rico. Le hoja ka tsela e itseng Morali’abo rōna Olson a sitisoa ke mathata a bophelo ka lebaka la botsofali, o ntse a bolela litaba tse molemo ka cheseho. Kaha o ithutile puo ea Sepanishe, beke le beke o behella nako ka thōko hore a ee tšimong le bahoeletsi ba sebakeng seo.

17 Nancy Porter, ea ileng a fumana mangolo Sekolong sa Gileade ka 1947, ’me hona joale e se e le mohlolohali, o ntse a sebeletsa e le moromuoa Lihlekehlekeng Tsa Bahama. Ke e mong oa baromuoa ba lulang ba tšoarehile mosebetsing oa boboleli. Paleng ea hae ea bophelo,a Morali’abo rōna Porter o ile a tlaleha sena: “Ho ruta ba bang ’nete ea Bibele e bile mohloli o khethehileng oa thabo. Ho etsa hore ke be le kemiso ea lintho tsa moea e etsang hore bophelo ba ka bo hlophisehe ’me bo tsitse.” Ha Morali’abo rōna Porter le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba nahana ka nako e fetileng, ha ba lebale seo Jehova a se entseng. Ho thoe’ng ka rōna? Na re talima ka kananelo tsela eo Jehova a hlohonolofalitseng mosebetsi oa ’Muso moo re lulang teng?—Pesaleme ea 68:11.

18. Re ka ithuta’ng ka ho bala lipale tsa bophelo tsa baromuoa?

18 Re thaba haholo ka lebaka la seo baboleli bana ba qetileng lilemo tse ngata tšebeletsong ea Jehova ba se finyeletseng le seo ba ntseng ba se finyella. Re khothala haholo ha re bala lipale tsa bona tsa bophelo hobane ha re bona seo Jehova a se etselitseng bahlanka bana ba tšepahalang, boikemisetso ba rōna ba ho sebeletsa Jehova boa matlafala. Na kamehla u bala litlaleho tseo tse hlollang tse hatisitsoeng Molula-Qhooeng ebe u thuisa ka tsona?

19. Batsoali ba Bakreste ba ka sebelisa hamolemo joang lipale tsa bophelo tse tlalehiloeng Molula-Qhooeng?

19 Moshe o ile a hopotsa Baiseraele hore ba ne ba sa lokela ho lebala lintho tsohle tseo Jehova a neng a ba etselitse tsona le hore lintho tsena li se ke tsa tloha lipelong tsa bona ka matsatsi ’ohle a bophelo ba bona. Eaba joale o phaella ka ho re: “Le li tsebise bara ba lōna le litloholo tsa lōna.” (Deuteronoma 4:9) Lipale tsa bophelo li ipiletsa ka tsela e khethehileng. Bacha bao e leng hona ba ntseng ba hōla ba hloka mehlala e metle. Baralib’abo rōna ba masoha ba ka ithuta lithuto tse itseng mehlaleng e tšepahalang ea baralib’abo rōna ba hōlileng bao lipale tsa bona tsa bophelo li phetoang Molula-Qhooeng. Ho sebeletsa tšimong eo ho eona ho buuoang puo esele linaheng tsa habo bona ho fa bara le barali babo rōna monyetla o moholo oa hore ba tšoarehe ka ho bolela litaba tse molemo. Batsoali ba Bakreste, ke hobane’ng ha le sa sebelise liphihlelo tsa baromuoa ba tšepahalang ba Gileade le ba bang hore le khothatse bana ba lōna hore ba khethe bophelo ba ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng?

20. Re lokela ho etsa joang hore re “khethe bophelo”?

20 Joale, e mong le e mong oa rōna a ka ‘khetha bophelo’ joang? Ka ho sebelisa mpho e babatsehang ea bolokolohi ba ho ikhethela ’me re bontše Jehova hore rea mo rata le ka ho tsoela pele re etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea hae hafeela a ntse a re lumeletse ho ba le tokelo eo. “Etsoe,” joalokaha Moshe a ile a bolela: “[Jehova] ke eena bophelo ba lōna le bolelele ba matsatsi a lōna.”—Deuteronoma 30:19, 20.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho se reng “Ke Thabile Ebile Kea Leboha ho sa Tsotellehe Tahlehelo e Utloisang Bohloko,” se hatisitsoeng Molula-Qhooeng oa June 1, 2001, leqepheng la 23-7.

Na U sa Hopola?

• U ithutile eng mehlaleng e sa tšoaneng eo re e tšohlileng?

• Re lokela ho nka mehato efe e le hore re “khethe bophelo”?

• Ke lintho life tse peli tseo re khothalletsoang hore re li etse?

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

“Ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna”

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho mamela lentsoe la Molimo ho ile ha pholosa Noe le ba lelapa la hae

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Mary Olson

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Nancy Porter

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela