Ho Fumana Tsebo ea ’Nete
LETSATSI e ne e le la 18 December, selemong sa 1810. E ne e le ha shoalane e tšoara. Kae kae lebōpong le ka boroa-bochabela la Scotland, leoatle le ne le befile, ’me seketsoana se bitsoang HMS Pallas sa sesole sa Metsing sa Brithani se ne se lahlehile leoatleng. Lefifi le ntseng le eketseha le lehloa le khethehang li ne li sitisa basesisi ba seketsoana sena ho bona mabone a ntlo e qhooeng a fang basesisi ba likepe khanya ea hore ba ise likepe tsa bona moo ho sireletsehileng. Nahana feela kamoo ba ileng ba thaba kateng qetellong ha ba bona mabone eba ba sesisetsa sekepe sa bona maboneng ao! Leha ho le joalo, ka masoabi mabone ana e ne e se ao ba neng ba a hloka a bontšang tsela. Ha e le hantle, e ne e le mello ea basebetsi e tukang haufi le lebōpo leo. Seketsoana sa Pallas se ile sa sesisetsoa mafikeng eaba sea teba ’me se soahlamana ka ho feletseng. Basesisi ba sona ba leshome le motso o le mong ba ile ba khangoa ke metsi. E ile ea e-ba tlokotsi e kaakang!
Tabeng ea seketsoana sa Pallas, phoso e ile ea baka tlokotsi. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, basesisi ba ne ba thulana le kotsi e khōloanyane—e leng mabone a ba bontšang tsela a lahlang basesisi. Ho ea ka buka e bitsoang Wrecks, Wreckers and Rescuers mabone ao a ne a etsetsoa ho hohela basesisi ba likepe hore ba ee mabōpong a nang le mafika e le hore li ka soahlamana ’me thepa ea tsona ea utsuoa.
‘Mangolo a Halalelang a ka U Pholosang’
Ha u ntse u batla tsebo, u talimana le likotsi tse tšoanang le tseo basesisi bao ba ileng ba thulana le tsona. U ka ’na ua latela boitsebiso bo thetsang, kapa mohlomong u ka oela liatleng tsa batho ba thetsang ka boomo. Litsela tsena ka bobeli li ka u bakela tlokotsi. U ka etsa’ng hore u itšireletse? Etsa bonnete ba hore u fumana tsebo mohloling oa ’nete le o tšepahalang. Ka lilemo tse fetang tse 125, makasine ena e ’nile ea buella hore Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, e leng Bibele, ke lona mohloli o tšepahalang haholo oa tsebo hobane le na le “mangolo a halalelang a nang le matla a ho u hlalefisa le ho u pholosa.”—2 Timothea 3:15-17, New English Bible.
Ha e le hantle, e le hore u tšepe hore Bibele ke lebone la ’nete le bontšang tsela, ho molemo hore u hlahlobe bonnete ba eona. (Pesaleme ea 119:105; Liproverbia 14:15) Lokoloha ho ngolla bahatisi ba makasine ena hore u fumane boitsebiso bo kholisitseng batho ba limilione hore ruri Bibele e bululetsoe ke Molimo. Ka mohlala, bala bukana e nang le sehlooho se reng Buka ea Batho Bohle.a E na le boitsebiso bo bongata bo bontšang hore Bibele e nepahetse, ke ea ’nete ebile e ngotsoe ka pululelo.
Linnete Tsa Motheo
Kahoo, ebe tse ling tsa linnete tsa motheo tse ka ‘mangolong aa a halalelang’ ke life? Hlahloba mehlala e latelang.
Ho na le Molimo a le mong ea Matla ’Ohle eo hape e leng ’Mōpi ea entseng lintho tsohle. (Genese 1:1) Re phela ka lebaka la “hobane [Molimo a] bōpile lintho tsohle” a bile a re file bophelo. (Tšenolo 4:11) Ke ka lebaka leo e leng eena feela eo re lokelang ho mo rapela. ’Mōpi ke eena feela Mohloli oa tsebo eohle. (Pesaleme ea 36:9; Esaia 30:20, 21; 48:17, 18) O na le lebitso leo a batlang hore re le sebelise. (Exoda 3:15) Lebitso leo, le ngotsoeng ka litlhaku tsa Seheberu le le fetoleloang ka tsona e le YHWH, le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Bibeleng. Ka lilemo-lemo, le ’nile la sebelisoa ka Sesotho e le “Jehova.”—Pesaleme ea 83:18.
Jehova o ile a bōpela banna le basali hore ba phele ka ho sa feleng maemong a Paradeise lefatšeng mona. O ile a etsa batho ba e-na le litšobotsi tsa bomolimo tse senolang hore na eena o joang. O ile a ba fa bokhoni le litalenta tse neng li tla ba thusa ho thabela bophelo bo sa feleng le bo khotsofatsang lefatšeng mona. (Genese 1:26-28) O ne a sa rera hore lefatše e be sebaka seo ho lekoang banna le basali ho sona ho bona hore na ba ka ea phela e le batho ba moea leholimong, joalokaha eka ke leholimong feela moo ba ka bang le setsoalle le Molimo.
Ho ne ho se phoso ea letho bathong bao Molimo a neng a ba bōpile. Bobe bo ile ba e-ba teng feela ha libōpuoa tse ling tsa Molimo—tsa moea le tsa nama—li sebelisa hampe bolokolohi ba tsona ba ho khetha ’me li fetohela Molimo. (Deuteronoma 32:5) Batsoali ba rōna ba pele ba ile ba inkela tokelo ea ho iketsetsa qeto ea se setle le se sebe. (Genese 2:17; 3:1-5) Sena se ile sa tlisetsa batho lefu. (Genese 3:19; Baroma 5:12) Jehova o ile a etsa qeto ea ho mamella bokhopo ka nakoana e le hore a rarolle litaba tsa bohlokoa tse hlahisitsoeng ke bofetoheli bona. Empa morero oa hae ka lefatše le batho o ntse o sa fetoha. (Esaia 45:18) Banna le basali ba sa ntse ba tla phela ka ho sa feleng maemong a Paradeise lefatšeng le hloekisitsoeng.—Matheu 6:10; Tšenolo 21:1-5.
Jesu Kreste, hase Molimo Ea Matla ’Ohle, empa ke Mora oa Molimo. Jesu Kreste ka boeena o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Ha ho mohla a kileng a re o lekana le Molimo. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Ntate o moholo ho ’na.”—Johanne 14:28.
Jesu o etsa karolo ea bohlokoa ho phethahaleng ha morero oa Molimo. Molimo o ile a mo roma e le “leseli lefatšeng, e le hore e mong le e mong ea behang tumelo ho [eena] a se ke a lula lefifing.” (Johanne 12:46) Ho ea ka moapostola Petrose, “ha ho poloko ho mang kapa mang e mong.” (Liketso 4:12) Sena ke ’nete hobane re tla bolokoa feela ka mali a bohlokoa a Kreste. (1 Petrose 1:18, 19) Jesu Kreste o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo se lopollang moloko oa batho sebeng seo batsoali ba rōna ba pele, e leng Adama le Eva, ba ileng ba se tlisetsa moloko oa batho. (Matheu 20:28; 1 Timothea 2:6) Hape, Molimo o ile a sebelisa Jesu hore a senole thato ea Hae le morero oa Hae.—Johanne 8:12, 32, 46, 47; 14:6; Liketso 26:23.
Molimo o hlomme ’Muso oa leholimo, kapa puso, ’me litho tsa oona ke Jesu Kreste le batho ba bang ba khethiloeng. Molaetsa ona o pheta-phetoang oa ’Muso oa Molimo, o hlaha hohle ka Bibeleng. Molimo o file ’muso ona boikarabelo ba ho tiisa hore thato ea hae e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. (Matheu 6:10) E ne e se morero oa Molimo qalong hore ho be le batho ba eang leholimong. Lehae la bona e ne e lokela ho ba lefatše lena. Empa ka mor’a hore batho ba etse sebe, Molimo o ile a rera ntho e ’ngoe e ncha. O ile a etsa tokisetso ea ho khetha “batho molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng” hore ba ‘buse e le marena’ le Kreste ’musong oa leholimo. (Tšenolo 5:9, 10) Puso eo ea ’Muso, e tla tloha e ‘silakanya le ho felisa’ lipuso tsohle tsa batho, tse imelitseng batho ka mahlomola le bohloko.—Daniele 2:44.
Moea oa Shoa. ’Nete ena ea motheo ea Bibele e hlakisa ho hoholo ka motho le ka lintho tseo a ka li lebellang bophelong. E boetse e tlosa kutloisiso e fosahetseng le tsebo tse ’nileng tsa ferekanya batho mabapi le boemo ba bafu.
Buka ea pele feela ea Bibele e re bolella se latelang: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Na ua utloisisa hore na seo se bolela’ng? Moea hase ntho e ’ngoe e sa bonahaleng e ka har’a motho. Motho ha a na moea. Eena ka boeena ke moea—e leng motsoako oa lintho tse fumanoang ‘lerōleng la lefatše’ le matla a bophelo a tsoang ho Molimo. Moea oa shoa. Ha motho a e-shoa, moea oa shoa.—Genese 3:19; Moeklesia 9:5, 10.
Ba shoeleng ba ka phela hape ka hore ba tsosoe. Ha nakoana eo Molimo a lumeletseng bokhopo ka eona e se e felile, “bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.” (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Batho ba tla phela hape hobane ba tla tsosetsoa lefatšeng la paradeise, e leng bophelong boo tšimolohong Molimo a neng a rerile hore ba bo phele.
Hlahloba Mangolo ka Hloko Kamehla
Na u bona kamoo ho tseba linnete tsee tsa motheo ho ka u thusang kateng? Linakong tsena tse mahlonoko le tse mabifi, tsebo ena e ka u sireletsa ho se jaloang ke Satane Diabolose “seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’” O iketsa eka ke “lengeloi la leseli,” ’me baemeli ba hae ba itlhahisa eka ke “basebeletsi ba ho loka.” (1 Timothea 6:20; 2 Bakorinthe 11:13-15) Tsebo e nepahetseng ea Bibele e ka u sireletsa ho seo ka bohata se bitsoang tsebo empa se thehiloe lifilosofing tsa “ba bohlale le ba nang le kelello” ka kutloisiso ea lefatše, e leng ba ‘lahlileng lentsoe la Jehova.’—Matheu 11:25; Jeremia 8:9.
Kaha mehleng ea moapostola Johanne ho ne ho e-na le lithuto le lifilosofi tse ngata haholo tse thetsang batho, o ile a lemosa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo tjena: “Le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng.” O ile a re: “Lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo.” (1 Johanne 4:1) Nahana ka mohlala ona. Haeba u ne u ka fumana molaetsa o ka ’nang oa ama bophelo ba hao ka matla, na u ne u tla o amohela kamoo o boleloang kateng feela hobane ho bonahala o tsoa mohloling oo u o tšepang? Che. U ne u tla batla hore na o tsoa hokae le hore na o hlile o re’ng pele u etsa seo molaetsa oo o reng u se etse.
Molimo o lokiselitse tlaleho e ngotsoeng le e bululetsoeng e nang le linnete tsa motheo ho u thusa ho etsa lipatlisiso, e le hore u ‘nepisise’ hore na mabone a u bontšang tsela, ao u a latetseng, ke a ’nete. (1 Bathesalonika 5:21) Batho ba likelello li bulehileng ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba babatsoa ka lebaka la ho “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng” ho nepisisa hore na seo ba ithutileng sona e ne e hlile e le ’nete. (Liketso 17:11) Le uena u ka etsa joalo. Lumella hore Bibele, e tšoanang le “lebone le khanyang sebakeng se lefifi,” e u bontše tsela e u isang moo ho sireletsehileng. (2 Petrose 1:19-21) Ha u etsa joalo, “u tla fumana tsebo ea Molimo,” e leng eona tsebo ea ’nete.—Liproverbia 2:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Lentsoe la Molimo le tšoana le lebone
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Lebitso la Molimo ke mang?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Bokamoso ba moloko oa batho ke bofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Na Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle?
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Bafu ba hokae?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tsoho ea bafu ke e ’ngoe ea linnete tsa motheo tseo Bibele e li rutang