“Mang Kapa Mang ea Elang Khalemelo Hloko o Masene”
LPROVERBIA 23:12 e re: “Tlisa pelo ea hao taeong le tsebe ea hao lipolelong tsa tsebo.” Temaneng ena, ‘taeo,’ kapa thuto ea boitšoaro, e akarelletsa ho itaea le khalemelo eo re e fuoang ke ba bang. Taeo e joalo e hloka hore motho a tsebe hore na ho hlokahala khalemelo efe le tsela eo e lokelang ho fanoa ka eona. Kahoo, ha ho fanoa ka taeo, ho hlokahala ‘lipolelo tsa tsebo’ tse tsoang mohloling o tšepahalang.
Buka ea Bibele ea Liproverbia ke mohloli o babatsehang oa lipolelo tse bohlale. Maele a tlalehiloeng ho eona a etsa “hore motho a tsebe bohlale le taeo, . . . a amohele taeo e fanang ka temohisiso, ho loka le kahlolo le bokhabane.” (Liproverbia 1:1-3) Re lokela ho a ‘mamela.’ Liproverbia khaolo ea 15 e fana ka tataiso e tšepahalang tabeng ea ho laola bohale, ho sebelisa leleme le ho fana ka tsebo. A re hlahlobeng tse ling tsa litemana tse tsoang khaolong ena.
Ke Eng e ‘Lelekang Khalefo’?
Ha Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo a hlalosa kamoo mantsoe a buuoang a ka bakang khalefo kateng, o re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.” (Liproverbia 15:1) Lentsoe “bohale” le sebelisetsoa ho hlalosa boikutlo bo matla kapa boikutlo ba ho se rate ntho e itseng. “Khalefo” e hlalosoa e le “bohale bo matla ka ho fetisisa boo ho leng thata haholo ho bo laola.” Maele aa a ka re thusa joang hore re khone ho sebetsana le motho ea halefileng re be re laole bohale ba rōna?
Mantsoe a hlabang a utloisang bohloko a ka etsa hore boemo bo sa thabiseng bo mpefale. Ka lehlakoreng le leng, hangata karabo e mosa e kokobetsa boemo. Empa hase kamehla ho leng bonolo ho araba motho ea halefileng ka bonolo. Leha ho le joalo, hoa thusa haeba re leka ho utloisisa hore na o halefisitsoe ke eng. Bibele e re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.” (Liproverbia 19:11) Na ebe mohlomong motho eo o halefisitsoe ke ho se itšepe kapa o batla ho eloa hloko? E ka ’na eaba se mo halefisitseng ha se amane ho hang le seo mohlomong re se buileng kapa re se entseng. Ha motho a re halefela ha re le tšebeletsong ea rōna ea Bokreste, na hangata sena ha se etsahale hobane mong’a ntlo a sa bolelloa ’nete ka lintho tseo re li lumelang kapa a foufalitsoe ke likhopolo tse itseng tse fosahetseng? Na re lokela ho nahana hore mong’a ntlo o hlasela rōna ebe le rōna re mo araba ka bohale? Esita leha re sa tsebe hantle hore na motho o halefisitsoe ke eng, ho mo araba ka mantsoe a hlabang ho ne ho tla bontša hore le rōna re sitoa ho ikhalemela. Ha rea lokela ho araba batho joalo.
Keletso ea hore re arabe ka bonolo e boetse ke ea bohlokoa haholo tabeng ea ho laola bohale ba rōna. Re ka sebelisa keletso eo ka ho ithuta ho bolela maikutlo a rōna ka tsela e ke keng ea khopisa motho eo re buang le eena. Ha re sebelisana le ba lelapa, ho e-na le ho ba hlaba ka mantsoe kapa ho ba rohaka, re ka leka ho bua maikutlo a rōna re khobile matšoafo. Hangata ho bua ka mabifi ho etsa hore motho e mong a batle ho iphetetsa. Ho bolella motho e mong maikutlo a rōna ka mosa ha ho hlabe ebile ho ka ’na ha mo susumetsa hore a lokise phoso ea hae.
“Maleme a ba Bohlale a Etsa se Molemo”
Ho ikhalemela ho ama tsela eo re buang ka eona le lintho tseo re li buang. Solomone o re: “Maleme a ba bohlale a etsa se molemo ka tsebo, empa melomo ea ba hlokang kelello e bua booatla e sa khaotse.” (Liproverbia 15:2) Ha re hōlisa takatso ea ho thusa batho ba bang ’me re bua le bona ka morero oa Molimo le ka litokisetso tsa hae tse babatsehang, na ha re ‘etse se molemo ka tsebo’? Motho ea hlokang kelello o hlōleha ho etsa sena hobane ha a na tsebo.
Pele Solomone a fana ka tataiso e eketsehileng tabeng ea ho sebelisa leleme, o hlahisa phapang ena e susumetsang motho hore a nahane. “Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.” (Liproverbia 15:3) Sena se lokela ho re thabisa hobane rea tiisetsoa: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Molimo oa tseba haeba re etsa lintho tse molemo. O boetse o ela hloko ba etsang bobe ’me o etsa hore ba ikarabelle.
Solomone o boetse o hatisa bohlokoa ba ho ba le leleme le khutsitseng, ha a re: “Ho khutsa ha leleme ke sefate sa bophelo, empa ho khopama ha lona ho bolela ho sithabela moeeng.” (Liproverbia 15:4) Polelo e reng “sefate sa bophelo” e bolela litšobotsi tse phekolang le tse matlafatsang. (Tšenolo 22:2) Lipuo tse bohlale tsa motho ea khobileng matšoafo li khatholla batho ba li utloang. Li ipiletsa litšobotsing tsa bona tse ntle. Ho fapana le moo, leleme le mano kapa le lonya le etsa hore batho ba mametseng ba ikutloe ba nyahame.
Ho Amohela Taeo le ho “Hasanya Tsebo”
Morena ea bohlale o re: “Mang kapa mang eo e leng leoatla o hlompholla taeo ea ntat’ae,” ’me o tsoela pele ka ho re, “empa mang kapa mang ea elang khalemelo hloko o masene.” (Liproverbia 15:5) Ke joang motho a ka “elang khalemelo hloko” haeba a e-s’o e fuoe? Na lengolo lee ha le fane ka maikutlo a hore taeo e khalemelang e lokela ho fanoa ha e hlokahala? Ka lelapeng, ke boikarabelo ba batsoali—haholo-holo ba ntate—ho fana ka taeo, ’me ngoana eena o tšoanela ho e amohela. (Baefese 6:1-3) Leha ho le joalo, bahlanka ba Jehova kaofela ba fumana mofuta o itseng oa taeo. Baheberu 12:6 e re: “Jehova o laea eo a mo ratang; ha e le hantle, o shapa e mong le e mong eo a mo amohelang e le mora.” Tsela eo re amohelang taeo ka eona e senola hore na re bohlale kapa re maoatla.
Ha Solomone a hlahisa phapang e ’ngoe hape o re: “Melomo ea ba bohlale e ntse e hasanya tsebo, empa lipelo tsa ba hlokang kelello ha li joalo.” (Liproverbia 15:7) Ho fana ka tsebo ho tšoana le ho hasanya peō. Mehleng ea boholo-holo, sehoai se ne se sa jale peō eohle ea sona sebakeng se le seng. Empa se ne se hasa peō ka mekhahlelo tšimong eohle. Ho fana ka tsebo le hona ho joalo. Ka mohlala, ha re teana le motho tšimong, ho ke ke ha e-ba bohlale hore re mo bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e tsebang ka Bibele ka nako e le ’ngoe. Ho e-na le hoo, motho ea bohlale o laola tsela eo a buang ka eona. O “hasanya” tsebo ha butle-butle a ntse a totobatsa ntlha e le ’ngoe feela ea Bibele ka nako ’me a e buella, a ntse a nahanela tsela eo motho ea mo mametseng a arabelang ka eona. ’Mehi-mohlala oa rōna, e leng Jesu Kreste, o ile a etsa joalo ha a ne a bua le mosali oa Mosamaria.—Johanne 4:7-26.
Ho fana ka tsebo ho akarelletsa ho bua ntho e hahang le e molemo. Ho hlokahala hore motho a nahanisise haeba a batla ho bua mantsoe a rutang le a khothatsang. Kahoo, “pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.” (Liproverbia 15:28) Ho bohlokoa hakaakang hore mantsoe a rōna a tšoane le pula ea molupe e thophothelang mobung le e molemo, a se ke a tšoana le sekhohola se sa batleheng se hoholang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e leng tseleng ea sona!
‘Ho Halalela Boitšoarong’
Ka sebele ho bohlale ho hasanya tsebo ea Jehova le morero oa hae le ho nyehela ho eena “litholoana tsa melomo” e le “sehlabelo sa thoriso.” (Baheberu 13:15) Leha ho le joalo, hore sehlabelo se joalo e be se amohelehang ho Jehova, re lokela ho ‘halalela boitšoarong bohle ba rōna.’ (1 Petrose 1:14-16) Ha Solomone a sebelisa maele a mabeli a fapaneng, o re hlokomelisa ka tsela e matla ’nete ena ea bohlokoa. O re: “Sehlabelo sa ba khopo ke ntho e manyala ho Jehova, empa thapelo ea ba lokileng ea mo khahlisa. Tsela ea ea khopo ke ntho e manyala ho Jehova, empa o rata ea phehellang ho loka.”—Liproverbia 15:8, 9.
Ba khelohang tsela e isang bophelong ba talima taeo joang, hona ba letetsoe ke eng? (Matheu 7:13, 14) “Taeo e mpe ho ea khelohang tseleng; mang kapa mang ea hloileng khalemelo o tla shoa.” (Liproverbia 15:10) Ba bang ba nkileng tsela e fosahetseng ba khetha ho kheloha tsela ea ho loka, ho e-na le ho amohela khalemelo e tsoang ho ba ikarabellang ka phuthehong ea Bokreste le ho bontša pako ea sebele. Ke booatla bo bokaakang ho etsa joalo! Ho ea ka Bibele—Phetolelo e Ncha, maele ana a re: “Ea khelohang tsela o tla otloa haholo, ea hloileng khalemo eena o tla timela.”
Ho thoe’ng haeba motho a iketsa eka o amohela khalemelo empa ha e le hantle a e hloile? Ho etsa joalo le hona ke booatla. Morena oa Iseraele o re: “Sheole le sebaka sa timetso li ka pel’a Jehova. Ho joalo hakaakang ka lipelo tsa bara ba moloko oa batho!” (Liproverbia 15:11) Ha ho letho leo ka tšoantšetso le neng le ka ba hōle haholo le Molimo ea phelang ho feta Sheole, e leng nģalo ea bafu. Leha ho le joalo, e ka pel’a hae. O tseba bohle ba leng sebakeng sena le hore na ba na le botho ba mofuta ofe ebile o tla ba tsosa. (Pesaleme ea 139:8; Johanne 5:28, 29) Ka sebele ho bonolo hore Jehova a tsebe se ka lipelong tsa batho! Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” (Baheberu 4:13) Moikaketsi a ka thetsa batho empa a ke ke a thetsa Molimo.
Motho ea hanang taeo ha aa hloea khalemelo feela empa o hloile le ba fanang ka eona. Solomone o re: “Mosomi ha a rate ea mo khalemelang.” Ha a hatisa khopolo e tšoanang le eo o phaella ka ho re: “A ke ke a ea ho ba bohlale.” (Liproverbia 15:12) Ka sebele ha ho na tšepo e kaalo ea hore motho eo o tla lokisa litsela tsa hae!
Ho ba le Pono e Nepahetseng
Lentsoe lena “pelo” le hokahanya maele a mararo a latelang a Solomone. Ha a hlalosa kamoo maikutlo a rōna a ka amang lifahleho tsa rōna kateng, morena ea bohlale o re: “Pelo e thabileng e na le phello e ntle sefahlehong, empa ka lebaka la bohloko ba pelo ho na le moea o hlomohileng.”—Liproverbia 15:13.
Ke eng e ka etsang hore pelo e utloe bohloko? Bibele e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame [ke masoabi].” (Liproverbia 12:25) Re ka etsa joang hore maemo a sa rateheng a bophelo a se ke a re nyahamisa? Ho e-na le ho nahanela ruri ka maemo ao ho seng letho le lekaalo leo re ka le etsang ka ’ona, re ka nahana ka litlhohonolofatso tse ngata tsa moea tseo Jehova a re fileng tsona hona joale le ho nahana ka seo a tla re etsetsa sona nakong e tlang. Sena se tla re atametsa haufi haholo le eena. Ka sebele, ha ho pelaelo hore ho atamela ho “Molimo ea thabileng” ho tla etsa hore lipelo tsa rōna tse utloileng bohloko li thabe.—1 Timothea 1:11.
Ho feta moo, molaetsa oa Bibele ke mohloli o motle haholo oa matšeliso le thabo. Mopesaleme o ile a re ho thaba motho ea ‘thabelang molao oa Jehova, ’me a bala molao oa hae ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.’ (Pesaleme ea 1:1, 2) Esita leha re utloa bohloko pelong, ho bala Bibele le ho thuisa ka seo e se bolelang ho tla re khothatsa. Re boetse re na le tšebeletso eo re e fuoeng ke Molimo. Re tiisetsoa hore “ba jalang peō ka meokho ba tla kotula ka mohoo oa thabo.”—Pesaleme ea 126:5.
Solomone o re: “Pelo e nang le kutloisiso e batla tsebo, empa melomo ea batho ba hlokang kelello e batla booatla.” (Liproverbia 15:14) Maele ana a re hlokomelisa phapang e khōlō e leng teng pakeng tsa keletso ea motho ea bohlale le keletso ea leoatla. Pele a fana ka keletso, motho ea nang le pelo e nang le kutloisiso o batla tsebo. O mamela hantle ’me o fumana lintlha tse hlokahalang. O hlahloba Mangolo e le hore a fumane hantle hore na ke melao le melao-motheo efe e sebetsang boemong boo. Keletso ea hae e thehiloe kahohle-hohle Lentsoeng la Molimo. Empa, leoatla lona ha le itšoenye ka ho batla ho tseba lintlha tse amang boemo bo itseng, le ipuela ntho e ’ngoe le e ’ngoe feela eo le e nahanang. Ka hona, ha re batla keletso, re lokela ho ea ho batho ba nang le tsebo le ba hōlileng moeeng ho e-na le ho ea ho ba ka ’nang ba re bolella feela seo re batlang ho se utloa. Ho molemo hakaakang ho ba le “limpho [tseo e leng] banna” ka phuthehong ea Bokreste, tse ‘batlang tsebo’ pele li fana ka keletso!—Baefese 4:8.
Maele a latelang a bua kamoo ho ba le pono e nepahetseng ho tlisang melemo e babatsehang kateng. Morena oa Iseraele o re: “Matsatsi ’ohle a ea hlorileng a mabe; empa ea pelo e ntle o ba le mokete kamehla.” (Liproverbia 15:15) Bophelo bo tletse mathata le manolo, thabo le lillo. Haeba re nahana feela ka lintho tse fosahetseng, masoabi a tla re aparela, ’me matsatsi ’ohle a rōna e tla ba a tepeletsang. Empa, haeba re nahana ka thabo eo re nang le eona le ka tšepo eo re e filoeng ke Molimo, maemo a sithabetsang a bophelo a ke ke a re hatella ’me re tla nyakalla. Ho ba le pono e nepahetseng ho re nolofalletsa ho “ba le mokete kamehla.”
Kahoo, a re nkeng taeo e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. A re e lumelleng hore e se ke ea ama feela maikutlo a rōna, lipuo tsa rōna le liketso tsa rōna, empa a re e lumelleng hore e ame le tsela eo re talimang lintho ka eona.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
“Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo”
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke boikarabelo ba batsoali ho fana ka taeo
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
“Melomo ea ba bohlale e ntse e hasanya tsebo”