Ba ne ba Tsoaletsoe Sechabeng sa Molimo se Khethiloeng
“Ke lōna bao Jehova Molimo oa lōna a le khethileng hore le be sechaba sa hae.”—DEUTERONOMA 7:6.
1, 2. Ke lintho life tse khōlō tseo Jehova a ileng a li etsa molemong oa batho ba hae, hona Baiseraele ba ile ba kena kamanong efe le Molimo?
KA 1513 B.C.E., Jehova o ile a etsa hore bahlanka ba hae ba lefatšeng ba be le kamano e ncha le eena. Selemong seo, o ile a tlotlolla ’muso o matla oa lefatše eaba o lopolla Baiseraele bokhobeng. Ka ho etsa joalo, e ile ea e-ba Mopholosi le Monghali oa bona. Pele Molimo a nka khato ena, o ile a re ho Moshe: “E-re ho bara ba Iseraele, ‘Ke ’na Jehova, ka sebele ke tla le ntša tlas’a meroalo ea Baegepeta ke le lopolle bokhobeng ba bona, ’me ruri ke tla le pholosa ka letsoho le otlolohileng le ka likahlolo tse khōlō. Ka sebele ke tla le nkela ho ’na joaloka sechaba, ’me ruri ke tla ba Molimo ho lōna.’”—Exoda 6:6, 7, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW; 15:1-7, 11.
2 Nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba Falle Egepeta, ba ile ba kena kamanong ea selekane le Molimo oa bona, e leng Jehova. Ho e-na le hore Jehova a sebelisane le batho ka bomong, malapa, kapa maloko a itseng, ho tloha ka nako eo ho ea pele o ne a tla ba le batho ba hlophisitsoeng, sechaba se le seng, lefatšeng. (Exoda 19:5, 6; 24:7) O ile a fa batho ba hae melao e neng e laola bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi ’me, habohlokoa le ho feta, o ile a ba fa melao e neng e laola borapeli ba bona. Moshe o ile a re ho bona: “Ke sechaba sefe se seholo seo melimo ea sona e leng haufi le sona ka tsela eo Jehova Molimo oa rōna a leng ka eona ho ipiletseng hohle ha rōna ho eena? Ke sechaba sefe se seholo se nang le melao ea tsamaiso e lokileng le liqeto tsa boahloli tse kang melao ee eohle eo ke e behang ka pel’a lōna kajeno?”—Deuteronoma 4:7, 8.
Ba Tsoaletsoe Sechabeng sa Lipaki
3, 4. Lebaka la bohlokoa leo Baiseraele ba neng ba bile teng ka lona e le sechaba e ne e le lefe?
3 Ka mor’a lilemo tse makholo, Jehova o ile a sebelisa moprofeta oa hae Esaia ho hopotsa Baiseraele lebaka la bohlokoa leo ba neng ba bile teng ka lona e le sechaba. Esaia o ile a re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi oa hao, Uena Jakobo, le Moetsi oa hao, Uena Iseraele: ‘U se ke ua tšoha, etsoe ke u rekolotse. Ke u bitsitse ka lebitso. U oa ka. Etsoe ke ’na Jehova Molimo oa hao, Mohalaleli oa Iseraele Mopholosi oa hao. . . . Tlisa bara ba ka ho tsoa hōle, le barali ba ka ho tsoa pheletsong ea lefatše, e mong le e mong ea bitsoang ka lebitso la ka le eo ke mo bōpetseng khanya ea ka, eo ke mo entseng, e, eo ke mo entseng. Le lipaki tsa ka,’ ho bolela Jehova, ‘eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, . . . sechaba seo ke iketselitseng sona, e le hore se phete thoriso ea ka.’”—Esaia 43:1, 3, 6, 7, 10, 21.
4 Kaha Baiseraele e ne e le sechaba se neng se bitsoa ka lebitso la Jehova, e ne e tla ba lipaki tsa bobusi ba hae ka pel’a lichaba. E ne e tla ba sechaba se ‘bōpetsoeng khanya ea Jehova.’ Ba ne ba tla ‘pheta thoriso ea Jehova,’ ba bue ka liketso tsa hae tse hlollang tsa topollo ’me kahoo ba tlotlise lebitso la hae le halalelang. Ka mantsoe a bonolo feela, e ne e tla ba sechaba sa lipaki tsa Jehova.
5. Ke ka tsela efe Baiseraele e neng e le sechaba se inehetseng?
5 Lekholong la bo11 la lilemo B.C.E., Morena Solomone o ile a bolela hore Jehova o ne a entse hore Baiseraele e be sechaba se arohileng ho tse ling. Ha a ne a rapela Jehova, o ile a re: “U se khethile lichabeng tsohle tsa lefatše hore e be lefa la hao.” (1 Marena 8:53) Hape Moiseraele e mong le e mong o ne a e-na le kamano e khethehileng le Jehova. Pelenyana, Moshe o ne a ile a re ho bona: “Le bara ba Jehova Molimo oa lōna. . . . Etsoe le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lōna.” (Deuteronoma 14:1, 2) Ka hona, ho ne ho sa hlokahale hore bana ba Baiseraele ba nehele bophelo ba bona ho Jehova. Ba ne ba tsoaletsoe sechabeng se inehetseng ho Molimo. (Pesaleme ea 79:13; 95:7) Moloko o mong le o mong o mocha o ne o rutoa melao ea Jehova ’me o ne o tlameha ho e boloka ka lebaka la selekane se neng se tlamahanya Baiseraele le Jehova.—Deuteronoma 11:18, 19.
Ba ne ba E-na le Bolokolohi ba ho Ikhethela
6. Ke khetho efe eo Moiseraele ka mong a neng a lokela ho e etsa?
6 Le hoja Baiseraele ba ne ba tsoaletsoe sechabeng se inehetseng, Moiseraele ka mong o ne a lokela ho iketsetsa qeto ea ho sebeletsa Molimo. Pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a re ho bona: “Kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le lōna, hore ke behile bophelo le lefu ka pel’a lōna, tlhohonolofatso le thohako; le khethe bophelo e le hore le tsoele pele le phela, lōna le bana ba lōna, ka hore le rate Jehova Molimo oa lōna, le mamele lentsoe la hae ’me le mo khomarele; etsoe ke eena bophelo ba lōna le bolelele ba matsatsi a lōna, e le hore le ka lula naheng eo Jehova a hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla ba fa eona.” (Deuteronoma 30:19, 20) Kahoo, Moiseraele ka mong o ne a lokela ho iketsetsa qeto ea ho rata Jehova, ea ho mamela lentsoe la hae le ho mo khomarela. Kaha Baiseraele ba ne ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, ba ne ba tlameha ho jara liphello tsa khetho eo ba e entseng.—Deuteronoma 30:16-18.
7. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore moloko oa Joshua o shoe?
7 Mehla ea Baahloli e bontša ka ho hlaka liphello tsa ho tšepahala le tsa ho se tšepahale. Pelenyana ho mehla eo, Baiseraele ba ile ba latela mohlala o motle oa Joshua ’me ba ile ba hlohonolofatsoa. “Sechaba sa tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka matsatsi ’ohle a Joshua le ka matsatsi ’ohle a banna ba baholo ba ileng ba atisa matsatsi a bona ka mor’a Joshua le ba neng ba bone mosebetsi oohle o moholo oa Jehova oo a neng a o etselitse Baiseraele.” Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a lefu la Joshua, ‘moloko o mong o ile oa qala ho hlaha ka mor’a bona o neng o sa tsebe Jehova kapa mosebetsi oo a neng a o etselitse Baiseraele. Bara ba Iseraele ba ile ba etsa se sebe mahlong a Jehova.’ (Baahloli 2:7, 10, 11) Kamoo ho bonahalang kateng, moloko ona o mocha, le o se nang phihlelo o ne o sa ananele lefa la oona joaloka litho tsa sechaba se inehetseng, seo Molimo oa sona, e leng Jehova, a neng a ile a etsa liketso tse matla nakong e fetileng molemong oa sona.—Pesaleme ea 78:3-7, 10, 11.
Ba Phelela Boinehelo ba Bona
8, 9. (a) Ke tokisetso efe e ileng ea fa Baiseraele monyetla oa ho bontša boinehelo ba bona ho Jehova? (b) Ba ileng ba etsa linyehelo tsa boithaopo ba ile ba iphumanela eng?
8 Jehova o ile a fa batho ba hae menyetla ea ho phelela boinehelo ba bona e le sechaba. Ka mohlala, Molao oa hae o ne o entse hore ho be le tokisetso ea ho etsa mahlabelo, kapa linyehelo, ao a mang a ’ona e neng e le tlamo hore a etsoe, ha a mang ’ona a ne a etsoa ka boithatelo. (Baheberu 8:3) Mahlabelo a joalo a ne a akarelletsa linyehelo tsa secheso, linyehelo tsa lijo-thollo le linyehelo tse kopanetsoeng tseo kaofela ha tsona li neng li etsoa ka boithaopo—e le limpho tse neng li nyeheloa ho Jehova bakeng sa ho fumana kamohelo ea hae le ho bontša liteboho.—Levitike 7:11-13.
9 Jehova o ne a thabela mahlabelo ao a neng a etsoa ka boithaopo. Nyehelo ea secheso le nyehelo ea lijo-thollo li ne li nkoa e le “monko o khathollang ho Jehova.” (Levitike 1:9; 2:2) Ha ho ne ho etsoa sehlabelo se kopanetsoeng, mali le mafura a phoofolo a ne a nyeheloa ho Jehova, ’me moprista hammoho le motho ea neng a etsa nyehelo bona ba ne ba ja nama. Kahoo e ne e le lijo tsa tšoantšetso tse neng li bontša ho ba le kamano ea khotso le Jehova. Molao o ne o re: “Joale haeba le hlabela Jehova sehlabelo se kopanetsoeng, le lokela ho se hlabela hore le iphumanele kamohelo.” (Levitike 19:5) Le hoja Baiseraele kaofela ba ne ba tsoetsoe ba inehetse ho Jehova, bao ka sebele ba neng ba lakatsa ho khetha Jehova e le Molimo oa bona ka ho etsa linyehelo tsa boithaopo ba ile ba ‘iphumanela kamohelo’ ’me ba hlohonolofatsoa haholo.—Malakia 3:10.
10. Jehova o ile a bontša joang hore o ne a sa khahlisoe ke se neng se etsoa mehleng ea Esaia le ea Malakia?
10 Leha ho le joalo, khafetsa, sechaba se inehetseng sa Iseraele se ne se sa tšepahale ho Jehova. Jehova o ile a re ho sona, ka moprofeta oa hae Esaia: “Ha ua ntlisetsa linku tsa linyehelo tsa hao tse feletseng tsa secheso, ’me ha ua ntlotlisa ka mahlabelo a hao. Ha kea u qobella hore u ntšebeletse ka mpho.” (Esaia 43:23) Ho phaella moo, linyehelo tse neng li sa etsoe ka boithaopo le ka lerato e ne e se tsa bohlokoa mahlong a Jehova. Ka mohlala, lilemo tse makholo a mararo ka mor’a Esaia, mehleng ea moprofeta Malakia, Baiseraele ba ne ba nyehela liphoofolo tse neng li e-na le likoli. Kahoo, Malakia o ile a re ho bona: “‘Ha ke le thabele,’ ho boletse Jehova oa mabotho, ‘le nyehelo ea mpho e tsoang matsohong a lōna ha e nkhahlise.’ . . . ‘Le tlisitse ho hong ho nkiloeng ka mahahapa, le ho holofetseng, le ho kulang; e, le ho tlisitse e le mpho. Na nka khahlisoa ke hona letsohong la lōna?’ ho boletse Jehova.”—Malakia 1:10, 13; Amose 5:22.
Ba Lahliloe Hore e se ke ea Hlola e E-ba Sechaba se Inehetseng
11. Baiseraele ba ile ba fuoa monyetla ofe?
11 Ha Baiseraele e ne e e-ba sechaba se inehetseng ho Jehova, o ile a ba tšepisa a re: “Haeba le tla mamela lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka, joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle, hobane lefatše lohle ke la ka. Le tla fetoha ’muso oa baprista le sechaba se halalelang ho ’na.” (Exoda 19:5, 6) Mesia ea tšepisitsoeng o ne a tla hlaha har’a bona ’me a ba fe monyetla oa pele oa ho ba litho tsa ’Muso oa Molimo. (Genese 22:17, 18; 49:10; 2 Samuele 7:12, 16; Luka 1:31-33; Baroma 9:4, 5) Empa boholo ba sechaba sa Iseraele ha boa ka ba phelela boinehelo ba bona. (Matheu 22:14) Bo ile ba hana Mesia ’me ba qetella bo mo bolaile.—Liketso 7:51-53.
12. Jesu o ile a bua mantsoe afe a bontšang hore Baiseraele ba ne ba lahliloe hore e se ke ea hlola e e-ba sechaba se inehetseng ho Jehova?
12 Matsatsinyana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a re ho baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda: “Na ha le e-s’o ka le bala ka Mangolong, ‘Lejoe leo lihahi li ileng tsa le lahla ke lona le fetohileng lejoe la sekhutlo la sehlooho. Le bile teng le tsoa ho Jehova, ’me ke le hlollang mahlong a rōna’? Ke ka lebaka lena ke reng ho lōna, ’Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.” (Matheu 21:42, 43) Ho bontša hore Jehova o ne a ba lahlile hore e se ke ea hlōla e e-ba sechaba se inehetseng ho Eena, Jesu o ile a re: “Jerusalema, Jerusalema, ’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena,—ke hangata hakaakang ke ileng ka batla ho bokella bana ba hao, ka tsela eo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona! Empa le ne le sa batle. Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.”—Matheu 23:37, 38.
Sechaba se Secha se Inehetseng
13. Ke mantsoe afe a boprofeta ao Jehova a ileng a a bua mehleng ea Jeremia?
13 Mehleng ea moprofeta Jeremia, Jehova o ile a bolela esale pele ntho e ’ngoe e ncha e neng e tla etsahala mabapi le sechaba sa hae. Rea bala: “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke tla hlaba selekane se secha le ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda; eseng se tšoanang le selekane seo ke ileng ka se hlaba le baholo-holo ba bona letsatsing la ha ke ba tšoara ka matsoho ho ba ntša naheng ea Egepeta, “e leng selekane sa ka seo ba se tlōtseng, le hoja ke ne ke le mong’a bona joaloka monna,” ho bolela Jehova.’ ‘Etsoe sena ke selekane seo ke tla se hlaba le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao,’ ho bolela Jehova. ‘Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona, ke o ngole lipelong tsa bona. Ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.’”—Jeremia 31:31-33.
14. Sechaba se secha sa Jehova se inehetseng se bile teng neng hona motheong ofe? Hlalosa hore na sechaba seo se secha ke sefe.
14 Ka 33 C.E, ho ile ha raloa motheo bakeng sa selekane sena se secha ha Jesu a ne a e-shoa ’me hamorao a nehelana ka molemo oa mali a hae a tšolotsoeng ho Ntat’ae. (Luka 22:20; Baheberu 9:15, 24-26) Leha ho le joalo, selekane se secha se ile sa qala ho sebetsa ha ho ne ho tšolloa moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E. le ha ho ne ho tsoaloa sechaba se secha, e leng “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16; Baroma 2:28, 29; 9:6; 11:25, 26) Ha moapostola Petrose a ne a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng o ile a re: “Le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang. Etsoe ka nako e ’ngoe le ne le se sechaba, empa joale le sechaba sa Molimo.” (1 Petrose 2:9, 10) Kamano e khethehileng pakeng tsa Jehova le Iseraele ea nama e ne e felile. Ka 33 C.E., tlhohonolofatso ea Jehova e ne e tlositsoe ho Iseraele ea lefatšeng ’me e fetiselitsoe ho Iseraele ea moea, e leng phutheho ea Bokreste, ‘sechaba se hlahisang litholoana’ tsa ’Muso oa Bomesia.—Matheu 21:43.
Ho Inehela ha Motho ka Mong
15. Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., Petrose o ile a khothalletsa batho ba neng ba mo mametse hore ba lokela ho kolobetsoa ka kolobetso efe?
15 Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., motho e mong le e mong, ebang e ne e le Mojuda kapa Molichaba, o ne a lokela ho inehela ho Molimo ’me a kolobetsoe “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.”a (Matheu 28:19) Ka Pentekonta, moapostola Petrose o ile a re ho Bajuda le ho basokolohi ba neng ba e-na le pono e bulehileng: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a ke a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste hore le tšoareloe libe, ’me le tla amohela mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang.” (Liketso 2:38) Bajuda bao hammoho le basokolohi ba ne ba lokela ho kolobetsoa eseng ho bontša feela hore ba ne ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova empa le hore ba ne ba amohetse Jesu e le eena tsela eo Jehova a neng a tla e sebelisa ho ba tšoarela libe. Ba ne ba lokela ho mo amohela e le Moprista ea Phahameng oa Jehova le Moeta-pele oa bona, Hlooho ea phutheho ea Bokreste.—Bakolose 1:13, 14, 18.
16. Mehleng ea Pauluse, batho ba nang le tšekamelo e nepahetseng—e leng Bajuda le Balichaba—e ile ea e-ba karolo ea Iseraele ea moea joang?
16 Lilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a re: “Ho ba Damaseka pele hammoho le ho ba Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le lichabeng ka qala ho tlisa molaetsa oa hore ba lokela ho baka le ho retelehela ho Molimo ka ho etsa mesebetsi e tšoanelang pako.” (Liketso 26:20) Ka mor’a ho kholisa batho—e leng Bajuda le Balichaba—hore Jesu e ne e le Kreste, Mesia, Pauluse o ile a ba thusa hore ba inehele le ho kolobetsoa. (Liketso 16:14, 15, 31-33; 17:3, 4; 18:8) Ka ho retelehela ha bona ho Molimo, barutuoa bao ba bacha e ile ea e-ba litho tsa Iseraele ea moea.
17. Ke mosebetsi ofe oa ho tiisa o seng o tla phetheloa haufinyane, hona ke mosebetsi ofe o mong o ntseng o tsoela pele ka potlako?
17 Kajeno, ho tiisoa ha ho qetela ha masala a Baiseraele ba moea ho atametse. Ha ho se ho phethiloe, “mangeloi a mane” a tšoereng meea ea timetso ea ‘matšoenyeho a maholo’ a tla laeloa hore a e lokolle. Khabareng, ho bokelloa ha “bongata bo boholo,” bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, ho tsoela pele ka potlako. ‘Linku tsena tse ling’ li ithaopetse ho bontša tumelo “maling a Konyana” le ho kolobetsoa e le ho bontša hore li inehetse ho Jehova. (Tšenolo 7:1-4, 9-15; 22:17; Johanne 10:16; Matheu 28:19, 20) Har’a tsona ho na le bacha ba bangata ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste. Haeba u e mong oa bacha bana, u tla thahasella ho bala sehlooho se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Tlhahlobo
• Ke hobane’ng ha ho ne ho sa hlokahale hore bana ba Baiseraele ba inehele ho Jehova?
• Baiseraele ba ne ba ka bontša joang hore ba phelela boinehelo ba bona?
• Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lahla Baiseraele hore e se ke ea hlola e e-ba sechaba sa hae se inehetseng, hona sebaka sa bona se ile sa nkoa ke bo-mang?
• Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele, Bajuda hammoho le Balichaba ba ile ba tlameha ho etsa’ng e le hore e be litho tsa Iseraele ea moea?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Bana ba Baiseraele ba ile ba tsoalloa sechabeng sa Molimo se khethiloeng
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Moiseraele e mong le e mong o ne a lokela ho iketsetsa qeto ea ho sebeletsa Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Linyehelo tsa boithaopo li ile tsa fa Baiseraele monyetla oa ho bontša lerato la bona ho Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., balateli ba Kreste ba ile ba lokela ho inehela ho Molimo le ho tšoantšetsa seo ka kolobetso