’Muso oa Molimo o Phahametse Mebuso Eohle ka Litsela Tsohle
HA Jesu Kreste a ruta balateli ba hae, o ile a re: “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’” (Matheu 6:9, 10) Thapelo ena eo batho ba bangata ba e tsebang e le Ntat’a Rōna ea Maholimong kapa Thapelo ea Morena, e hlalosa hore na morero oa ’Muso oa Molimo ke ofe.
’Muso ona o tla sebelisoa ho halaletsa lebitso la Molimo. O tla tlosa sekhobo sohle seo le ’nileng la pharoa ka sona ka lebaka la bofetoheli ba Satane le motho. Ena ke taba ea bohlokoahali. Ho thaba ha libōpuoa tsohle tse bohlale ho itšetlehile ka hore li nke lebitso la Molimo le halalela le hore ka boithatelo li amohele hore o na le tokelo ea ho busa.—Tšenolo 4:11.
Ho phaella moo, ’Muso ona o thehiloe ka morero oa hore “thato ea [Molimo] e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” Thato eo ke efe? Ke ho etsa hore ho be le likamano tse ntle pakeng tsa Molimo le batho, tse sentsoeng ke Adama. ’Muso o tla boela o phethahatse morero oa ’Musi oa Bokahohle, Jehova, oa ho tlisa paradeise lefatšeng, moo batho ba lokileng ba ka phelang ka ho sa feleng. E, ’Muso oa Molimo o tla lokisa tšenyo eohle e bakiloeng ke sebe se entsoeng qalong ’me o tla phethahatsa morero oa Molimo o lerato ka lefatše. (1 Johanne 3:8) Ha e le hantle, ’Muso ona hammoho le seo o tla se etsa ke oona molaetsa oa Bibele o ka sehloohong.
O Phahame ka Litsela Life?
’Muso oa Molimo ke puso ea sebele e matla haholo. Moprofeta Daniele o ile a re fa tlhasenyana feela e bontšang hore na ’Muso oo o matla hakae. Khale koana o ile a bolela esale pele, a re: “Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o . . . tla silakanya o felise mebuso [ea batho] kaofela.” Ho feta moo, ho fapana le mebuso ea batho eo kajeno e leng teng hosasa e se e le sieo, ’Muso oa Molimo ‘o ke ke oa senngoa le ka mohla.’ (Daniele 2:44) Hase seo feela. ’Muso ona o phahametse ’muso leha e le ofe oa batho ka litsela tsohle.
’Muso oa Molimo o na le Morena ea phahameng. Hlokomela hore na Morena eo ke mang. ‘Torong le liponong’ tseo a ileng a li fuoa, Daniele o ile a bona ’Musi oa ’Muso oa Molimo e le “e mong ea joaloka mor’a motho” a tlisoa ka pele ho Molimo ea Matla ’Ohle ’me a fuoa “bobusi le ho hlompheha le ’muso.” (Daniele 7:1, 13, 14) Mor’a motho ke Jesu Kreste—Mesia. (Matheu 16:13-17) Jehova Molimo o khethile Mora oa hae, Jesu, hore e be eena Morena oa ’Muso oa Hae. Ha Jesu a ne a buisana le Bafarisi ba khopo, ha a sa le lefatšeng, o ile a re: “’Muso oa Molimo o har’a lōna,” sena se ne se bolela hore eena, eo e neng e le Morena oa ka moso oa ’Muso oo, o ne a le har’a bona.—Luka 17:21.
Na ho na le motho ea ka bang le makhabane a ho ba ’Musi joaloka Jesu? Jesu o se a ipakile hore ke Moeta-pele ea lokileng ka litsela tsohle, ea tšepahalang le ea nang le qenehelo. Mangolo a Kosepele a mo hlalosa e le monna ea tsejoang ka liketso, ea bonolo haholo le ea amehang ka ho teba. (Matheu 4:23; Mareka 1:40, 41; 6:31-34; Luka 7:11-17) Ho feta moo, kaha Jesu o se a tsositsoe bafung a ke ke a hlola a shoa ebile a ke ke a ba le mefokolo eo batho ba nang le eona.—Esaia 9:6, 7.
Jesu le babusi-’moho le eena ba busa ba le boemong bo phahameng. Ponong ea hae eo e neng e bile e le toro, Daniele o ile a boela a bona ‘’muso le bobusi . . . li fuoa batho bao e leng bahalaleli.’ (Daniele 7:27) Jesu ha a buse a le mong. O na le ba bang ba tla busa e le marena ebile e le baprista. (Tšenolo 5:9, 10; 20:6) Ha a bua ka bona moapostola Johanne o ngotse tjena: “Ka talima, ’me, bonang! Konyana e emeng Thabeng ea Sione, e e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene . . . ba rekiloeng lefatšeng.”—Tšenolo 14:1-3.
Konyana ke Jesu Kreste boemong ba hae ha e se e le Morena. (Johanne 1:29; Tšenolo 22:3) Thaba ena ea Sione ke leholimo.a (Baheberu 12:22) Jesu le babusi-’moho le eena ba 144 000 ba busa ba le leholimong. Ba busa ba le boemong bo phahameng hakaakang! Kaha ba leholimong ba bona lintho ka tsela e pharaletseng. Ka lebaka la hore o busa o le leholimong, “’muso oa Molimo” o boetse o bitsoa “’muso oa maholimo.” (Luka 8:10; Matheu 13:11) Ha ho na libetsa tse ka fihlelang ’Muso oa leholimo eaba lia o ketola esita le eona tlhaselo ea libetsa tsa nyutlelie, e ke ke ea o fihlela. Ke ’Muso o ke keng oa hlōloa, ka lebaka leo o tla phethahatsa seo Jehova a o reretseng sona.—Baheberu 12:28.
’Muso oa Molimo o na le baemeli ba tšepahalang lefatšeng. Re tseba joang? Pesaleme ea 45:16 e re: ‘U tla . . . beha . . . likhosana lefatšeng lohle.’ Ha ho thoe “u” boprofeteng bona ho boleloa Mora oa Molimo. (Pesaleme ea 45:6, 7; Baheberu 1:7, 8) Kahoo, Jesu Kreste ka seqo o tla khetha baemeli bao e tla ba likhosana. Re ka kholiseha hore ba tla latela tataiso ea hae ka botšepehi. Le kajeno banna ba tšoanelehang ba sebeletsang e le baholo ka phuthehong ea Bokreste ba rutoa hore ba se ke “ba rena ka thata” holim’a balumeli-’moho le bona, empa ba ba sireletse, ba ba khatholle ba be ba ba khothatse.—Matheu 20:25-28; Esaia 32:2.
’Muso ona o tla busa batho ba lokileng. Ke batho ba se nang molato ’me ba etsa se nepahetseng mahlong a Molimo. (Liproverbia 2:21, 22) Bibele e re: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:11) Bafo ba ’Muso ke batho ba bonolo—ba ikemiselitseng ho rutoa, ba ikokobelitseng le ba mosa. Ntho e ka sehloohong bophelong ba bona ke lintho tsa moea. (Matheu 5:3) Ba batla ho etsa se nepahetseng ’me ba amohela tataiso ea Molimo.
’Muso oa Molimo o tsamaisoa ka melao e phahameng. Melao le melao-motheo e tsamaisang ’Muso ona e tsoa ho Jehova Molimo ka boeena. Ho e-na le ho re hlokisa bolokolohi ka tsela e se nang toka, melao ena e re tsoela molemo. (Pesaleme ea 19:7-11) Batho ba bangata ba se ba ntse ba fumana molemo oa ho phela ka litaelo tsa Jehova tse lokileng. Ho tea mohlala, ho mamela keletso ea Bibele e eang ho banna, basali le bana ho ntlafatsa bophelo ba malapa a rōna. (Baefese 5:33–6:3) Ha re mamela molao oa hore ‘re ikapese lerato,’ likamano tsa rōna le ba bang lia ntlafala. (Bakolose 3:13, 14) Ha re latela melao-motheo ea Mangolo bophelong ba rōna, re boetse re hlaolela mekhoa e metle mosebetsing ’me re talima chelete ka tsela e loketseng. (Liproverbia 13:4; 1 Timothea 6:9, 10) Ho qoba botahoa, boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, koae le lithethefatsi tse ka lemalloang ho re thusa ho baballa bophelo ba rōna.—Liproverbia 7:21-23; 23:29, 30; 2 Bakorinthe 7:1.
’Muso oa Molimo ke puso e hlomamisitsoeng ke Molimo. Morena oa oona, e leng Mesia, Jesu Kreste—le babusi-’moho le eena kaofela, ba ikarabella ho Molimo ’me ba lokela ho tšehetsa melao ea Hae e lokileng le melao-motheo ea hae e lerato. Bafo ba ’Muso oo hammoho le baemeli ba oona ba lefatšeng ba thabela ho latela melao ea Molimo bophelong ba bona. Ka hona, Molimo ke eena ea ka sehloohong bophelong ba babusi le bafo ba ’Muso oa Molimo. Ka lebaka leo, ’Muso ona ehlile ke puso ea Molimo—Molimo ka sebele ke eena ea busang. O tla fela o atlehe ho phethahatsa seo o neng o se reretsoe. Empa ’Muso oa Molimo, o tsejoang hape e le ’Muso oa Bomesia, o tla qala ho busa neng?
’Muso o Qala ho Busa
Mantsoe a Jesu a ka re thusa ho utloisisa hore na ’Muso o qala ho busa neng. O ile a re: “Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba li phethahala.” (Luka 21:24) Jerusalema e ne e le oona feela motse o neng o amahanngoa le lebitso la Molimo ka ho toba lefatšeng lohle. (1 Marena 11:36; Matheu 5:35) E ne e le motse-moholo oa ’muso oa lefatšeng o neng o amoheloa ke Molimo. Motse oo o ne o tla hatakeloa ke lichaba ka tsela ea hore mebuso ea lefatše e ne e tla sitisa puso ea Molimo sechabeng sa hae. See se ne se tla qala neng?
Morena eo e bileng eena oa ho qetela oa ho lula teroneng ea Jehova Jerusalema o ile a bolelloa sena: “Rōla tuku, u rōle moqhaka. . . . E ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao, ’me ke tla mo fa eona.” (Ezekiele 21:25-27) Morena eo o ne a tla rōlisoa moqhaka ’me puso ea Molimo sechabeng sa Hae e ne e tla sitisoa. Sena se etsahetse ka 607 B.C.E. ha Bababylona ba timetsa Jerusalema. ‘Linakong tse behiloeng’ tse neng li tla latela, Molimo o ne a ke ke a ba le ’muso o tla emela bobusi ba hae lefatšeng. Ha linako tseo li fela, ke hona feela Jehova a neng a tla fana ka matla a puso ho “ea nang le tokelo ea molao”—e leng Jesu Kreste. Nako eo e ne e tla ba telele hakae?
Boprofeta bo bukeng ea Daniele bo re: “Remang sefate, le se senye. Leha ho le joalo, le siee kutu ea sona fatše, empa e tlamiloe ka lebanta la tšepe le la koporo . . . ho fihlela linako tse supileng li feta holim’a eona.” (Daniele 4:23) Joalokaha re tla bona, “linako tse supileng” tse boletsoeng mona li lekana le “linako tse behiloeng tsa lichaba.”
Ka linako tse ling, ka Bibeleng batho ka bomong, babusi le mebuso, ba emeloa ke lifate. (Pesaleme ea 1:3; Jeremia 17:7, 8; Ezekiele, khaolo ea 31) Sefate sa tšoantšetso “se ne se bonahala ho isa pheletsong ea lefatše lohle.” (Daniele 4:11) Sena se bolela hore bobusi bo emeloang ke sefate se neng se tla rengoa ebe sea tlangoa, bo ile ba nama “ho isa pheletsong ea lefatše,” ba akaretsa ’muso oohle oa moloko oa batho. (Daniele 4:17, 20, 22) Ka lebaka leo, sefate se emela bobusi bo phahameng ka ho fetisisa ba Molimo, haholo-holo mabapi le lefatše. Ka nakoana bobusi bona bo ne bo emeloa ke ’muso oo Jehova a ileng a o hloma sechabeng sa Iseraele. Sefate sa tšoantšetso se ile sa rengoa ’me kutu ea tlangoa ka mabanta a tšepe le a koporo ho se thibela ho hōla. Sena se ne se bolela hore ’muso o neng o emela bobusi ba Molimo lefatšeng o ne o tla khaotsa ho busa, ’me sena se etsahetse ka 607 B.C.E.—empa se ne se ke ke sa etsahala molebe. Sefate se ne se tla lula se tlamiloe ho fihlela ha ho fetile “linako tse supileng.” Qetellong ea nako eo, Jehova o ne a tla fana ka bobusi ho eo e leng mojalefa ka molao, Jesu Kreste. Ho totobetse hore “linako tse supileng” le “linako tse behiloeng tsa lichaba” li bolela nako e tšoanang.
Bibele e re thusa ho fumana hore na “linako tse supileng” ke nako e telele hakae. E bontša hore matsatsi a 1 260 a lekana le “nako [nako e le ’ngoe] le linako [linako tse peli] le halofo ea nako”—tseo ka kakaretso e leng “linako” tse tharo le halofo. (Tšenolo 12:6, 14) Sena se bolela hore palo eo ha e kopoloa habeli, kapa linako tse supileng, ke matsatsi a 2 520.
Ha re bala matsatsi a sebele a 2 520 ho tloha ka 607 B.C.E., re fihla ho 600 B.C.E. Empa linako tse supileng li nkile nako e telele ho feta eo. Li ne li ntse li tsoela pele ha Jesu a bua ka “linako tse behiloeng tsa lichaba.” Kahoo, hoa hlaka hore linako tsena tse supileng ke boprofeta. Ka lebaka leo re lokela ho sebelisa molao oa Mangolo oa hore “letsatsi bakeng sa selemo.” (Numere 14:34; Ezekiele 4:6) Tabeng ena, linako tse supileng tseo ka tsona mebuso ea lefatše e neng e laola lefatše Molimo a sa kenelle, e bile lilemo tse 2 520. Ha re bala lilemo tse 2 520 ho tloha ka 607 B.C.E. li re fihlisa ho 1914 C.E. Seo ke selemo seo “linako tse behiloeng tsa lichaba” kapa linako tse supileng li felileng ka sona. Sena se bolela hore Jesu Kreste o qalile ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo ka 1914.
“’Muso oa Hao o ke o Tle”
Ha e le moo ’Muso oa Bomesia o se o hlomiloe leholimong, na re lokela ho tsoela pele re o rapella hore o tle joalokaha Jesu a re rutile thapelong ea mohlala? (Matheu 6:9, 10) E ho joalo. Thapelo eo e nepahetse ebile ho na le se seholo seo e se bolelang. ’Muso oa Molimo o sa ntsane o tla bonahatsa matla a oona ka botlalo lefatšeng lena.
Moloko oa batho o tšepahalang o tla fumana mahlohonolo a makaakang ha seo se etsahala! Bibele e re: “Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Ka nako eo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Ba thabisang Molimo ba tla fumana bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:3) Ha re ntse re emetse ho phethahatsoa ha boprofeta bona le boprofeta bo bong ba Bibele bo tsotehang, a re ’ne re ‘batleng ’muso pele le ho loka ha [Molimo].’—Matheu 6:33.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a hapa qhobosheane ea Thaba ea Sione e lefatšeng ho Bajebuse ’me a e etsa motse-moholo oa hae. (2 Samuele 5:6, 7, 9) O ile a boela a fallisetsa Areka e halalelang sebakeng seo. (2 Samuele 6:17) Kaha Areka e ne e amahanngoa le boteng ba Jehova, Sione e ne e bitsoa sebaka sa Molimo sa bolulo, kahoo, ka nepo e ne e tšoantšetsa leholimo.—Exoda 25:22; Levitike 16:2; Pesaleme ea 9:11; Tšenolo 11:19.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Jehova o khethile Jesu Kreste hore e be Morena oa ’Muso oa Hae
[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Lilemo tse 2 520
October 607 ◀ B.C.E. C.E. ▸ October 1914
Lilemo tse 606 le Lilemo tse 1 913 le
likhoeli tse tharo likhoeli tse robong
“Linako tse behiloeng tsa lichaba” li qalile ka 607 B.C.E. ’me tsa fela ka 1914 C.E.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bafo ba lefatšeng ba ’Muso oa Molimo ba tla fumana litlhohonolofatso tse ngata