Jehova o Lopolla ea Hlorileng
“Litlokotsi tsa ea lokileng li ngata, empa Jehova o mo lopolla ho tsona kaofela.”—PESALEME EA 34:19.
1, 2. Mokreste e mong ea tšepahalang o ile a thulana le bothata bofe, hona ke hobane’ng ha re ka ba le maikutlo a tšoanang le a hae?
MOROETSANA ea bitsoang Keikoa e bile e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka lilemo tse fetang 20. Ka nako e itseng, o ne a sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla, kapa ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng. O ne a ananela haholo tšebeletso eo e khethehileng. Leha ho le joalo, haufinyane tjena Keiko o ile a apareloa ke maikutlo a ho felloa ke tšepo le ho hlora. O re: “Sohle seo ke neng ke se etsa e ne e le ho lula ke itšela ka likhapha.” Keiko o ile a qeta nako e ngata a etsa thuto ea botho e le ha a leka ho loantša monahano o fosahetseng. O re: “Leha ho le joalo, ke ne ke sitoa ho fetola mokhoa oo ke nahanang ka oona. Ke ile ka tepella maikutlo hoo ke neng ke batla ho shoa.”
2 Na le uena u kile ua loana le maikutlo a joalo a ho felloa ke tšepo? Joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova, u na le mabaka a mangata a ho thaba hobane boinehelo ba bomolimo bo na “le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8) Hona joale u phela paradeiseng ea moea! Leha ho le joalo, na seo se bolela hore u sirelelitsoe mahlomoleng ’ohle? Le hanyenyane! Bibele e re: “Litlokotsi tsa ea lokileng li ngata.” (Pesaleme ea 34:19) Sena ha se makatse, etsoe “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” e leng Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Ka tsela e itseng, kaofela ha rōna re utloa liphello tsa hore Diabolose o laola lefatše.—Baefese 6:12.
Liphello Tsa Mahlomola
3. Fana ka mehlala ea Bibele ea bahlanka ba Molimo ba ileng ba sithabela haholo.
3 Ho tsieleha ka nako e telele ho ka fifatsa pono eohle ea rōna. (Liproverbia 15:15) Nahana ka Jobo, monna ea lokileng. Ha Jobo a le mahlomoleng a tšabehang, o ile a re: “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso.” (Jobo 14:1) Jobo o ne a feletsoe ke thabo. Ka nako e itseng, o bile a nahana hore Jehova o ne a mo lahlile. (Jobo 29:1-5) Jobo e ne e se eena feela mohlanka oa Molimo ea kileng a tsieleha haholo. Bibele e re bolella hore “moea oa [Anna] o ne o utloile bohloko” ka lebaka la ho hloka thari. (1 Samuele 1:9-11) Ha Rebeka a ne a utloisitsoe bohloko ke boemo ba lelapa, o ile a re: “Ke nyonya bophelo [bona] ba ka.” (Genese 27:46) Ha Davida a nahanisisa ka liphoso tsa hae, o ile a re: “Letsatsi lohle ke tsamaile ke hlomohile.” (Pesaleme ea 38:6) Mehlala ena e seng mekae e bontša ka ho hlaka hore banna le basali ba tšabang Molimo ba mehleng ea pele ho Bokreste ba ne ba mamella linako tse sithabetsang haholo.
4. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe kajeno ho na le “meea e tepeletseng maikutlo” har’a Bakreste?
4 Ho thoe’ng ka Bakreste? Moapostola Pauluse o ile a utloa ho hlokahala hore a bolelle Bathesalonika hore ba “bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo.” (1 Bathesalonika 5:14) Buka e ’ngoe e bolela hore lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “meea e tepeletseng maikutlo” le ka bolela batho “ba sithabelitsoeng ka nakoana ke matšoenyeho a bophelo.” Mantsoe a Pauluse a bontša hore ba bang ba neng ba tlotsitsoe ka moea phuthehong eo ea Thesalonika ba ne ba nyahame. Ka ho tšoanang, kajeno ho na le Bakreste ba tepeletseng maikutlo. Empa ke hobane’ng ha ba nyahame? A re hlahlobeng mabaka a mararo a tloaelehileng.
Ho se Phethahale ha Rōna ho ka re Tepeletsa
5, 6. Re ka fumana matšeliso afe ho Baroma 7:22-25?
5 Ho fapana le batho ba bolileng ba “feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro,” Bakreste ba ’nete ba utloisoa bohloko ke boetsalibe ba bona. (Baefese 4:19) Ba ka ’na ba ikutloa joaloka Pauluse, ea ileng a ngola a re: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” Joale Pauluse o ile a khotsa a re: “Ke monna ea sōtō hakaakang!”—Baroma 7:22-24.
6 Na le uena u kile ua ikutloa joaloka Pauluse? Hase phoso ha u lemoha ka botlalo hore ha ua phethahala, kaha sena se ka hatisa ho uena kamoo sebe se tebileng kateng ’me seo se ka matlafatsa boikemisetso ba hao ba hore u qobe bobe. Empa ha ua lokela ho lula u saretsoe ka lebaka la mefokolo ea hao. Ha Pauluse a qeta ho bua mantsoe a qotsitsoeng ka holimo a bontšang ho nyahama, o ile a phaella ka ho re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!” (Baroma 7:25) Ka sebele, Pauluse o ne a kholisehile hore mali a tšolotsoeng a Jesu a ne a ka mo lopolla sebeng seo a se futsitseng.—Baroma 5:18.
7. Ke’ng e ka thusang motho hore a se ke a nyahamisoa ke mekhoa ea hae ea boetsalibe?
7 Haeba u ikutloa u sithabetse ka lebaka la boetsalibe, u ka khothatsoa ke mantsoe a moapostola Johanne, ea ileng a ngola a re: “Haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, e leng Jesu Kreste, ea lokileng. Ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna, empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle.” (1 Johanne 2:1, 2) Haeba u nyahamisoa ke mekhoa ea hao ea boetsalibe, kamehla hopola hore Jesu o shoetse baetsalibe, eseng batho ba phethahetseng. Ha e le hantle, “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.”—Baroma 3:23.
8, 9. Ke hobane’ng ha re lokela ho hanela menahano ea ho ikahlola?
8 Leha ho le joalo, mohlomong u ile ua etsa sebe se tebileng nakong e fetileng. Ha ho pelaelo hore u ile ua nka bohato ba ho bolella Jehova taba eo ka thapelo, mohlomong hangata. U fumane thuso ea moea ho baholo ba Bakreste. (Jakobo 5:14, 15) U ile ua baka e le kannete ’me ka lebaka leo ua lula u le karolo ea phutheho. Kapa mohlomong u ile ua tlohela mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ka nakoana, empa hamorao ua baka ’me ua boela ua ba le boemo bo hloekileng. Maemong ao ka bobeli, u ka ’na ua hopola sebe sa hao sa nakong e fetileng ’me sa u tšoenya. Haeba seo se etsahala, hopola hore Jehova o “tšoarela ka tsela e khōlō” ba bakileng e le kannete. (Esaia 55:7) Ho feta moo, ha a batle hore u ikutloe u nyatseha ka tsela e nyahamisang. Satane ke eena ea batlang hore u ikutloe joalo. (2 Bakorinthe 2:7, 10, 11) Diabolose o tla timetsoa hobane a lokeloa ke timetso, empa o lakatsa hore le uena u nahane hore u lokela ho timetsoa. (Tšenolo 20:10) U se ke ua lumella Satane hore a senye tumelo ea hao ka leqheka lena. (Baefese 6:11) Ho e-na le hoo, ‘ema khahlanong le eena’ tabeng ena, feela joalokaha u etsa ka litsela tse ling.—1 Petrose 5:9.
9 Ho Tšenolo 12:10, Satane o bitsoa “moqosi oa barab’abo rōna”—ke hore Bakreste ba tlotsitsoeng. O ‘ba qosa bosiu le motšehare’ ka pel’a Molimo. Ha u nahanisisa ka temana eo u ka bona hore Satane, ea qosang ba bang ka bohata, a ka thaba haeba u ka iqosa ua ba ua ikahlola, le hoja Jehova eena a sa u qose le ho u ahlola. (1 Johanne 3:19-22) Ke hobane’ng ha u tsoela pele ho ikutloisa bohloko ka mefokolo ea hao hoo u ka bang ua utloa eka u ka tela? U se ke ua lumella Satane hore a senye kamano ea hao le Molimo. Le ka mohla u se lumelle Diabolose ho u foufatsa hore u se ke ua bona hore Jehova o ‘mohau, o mosa, o lieha ho halefa ebile o tletse mosa o lerato.’—Exoda 34:6.
Mefokolo ea Rōna e ka re Nyahamisa
10. Mefokolo ea rōna e ka ’na ea re nyahamisa ka litsela life?
10 Bakreste ba bang ba nyahamisoa ke tsela eo mefokolo ea bona e amang tšebeletso ea bona ho Molimo. Na le uena u joalo? E ka ’na eaba ho kula haholo, botsofali, kapa maemo a mang a u sitisa ho qeta nako e ngata tšebeletsong joaloka nakong e fetileng. Ke ’nete hore Bakreste ba khothaletsoa hore ba reke nako bakeng sa tšebeletso ea Molimo. (Baefese 5:15, 16) Empa ho thoe’ng haeba kannete mefokolo e itseng e u thibela ho etsa ho hongata tšebeletsong ’me u nyahamisoa ke seo?
11. Keletso ea Pauluse e tlalehiloeng ho Bagalata 6:4 e ka re tsoela molemo joang?
11 Bibele e re phehella hore re be mafolofolo ’me re be “baetsisi ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.” (Baheberu 6:12) Re ka etsa sena hafeela re hlahloba mohlala oa bona o motle ’me re batla ho etsisa tumelo ea bona. Leha ho le joalo, re ke ke ra rua molemo oa letho haeba re ipapisa le ba bang ka mokhoa o sa lokelang ’me re etsa qeto ea hore ha ho letho leo re le etsang le hlileng le leng molemo. Ka hona, re lokela ho sebelisa keletso ena ea Pauluse: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”—Bagalata 6:4.
12. Ke hobane’ng ha re ka thabisoa ke tšebeletso eo re e etsetsang Jehova?
12 Bakreste ba na le lebaka le utloahalang la ho thaba, esita leha ba sitoa ho etsa lintho tse itseng ka lebaka la ho kula haholo. Bibele e re tiisetsa tjena: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” (Baheberu 6:10) E ka ’na eaba maemo ao u ke keng ua a laola a u thatafaletsa ho etsa ho hongata tšebeletsong ea Jehova joaloka pele. Leha ho le joalo, ka thuso ea Jehova u ka ’na ua khona ho kopanela ka botlalo likarolong tse itseng tsa tšebeletso ea Bokreste, tse kang ho paka ka thelefono kapa ka ho ngola mangolo. U ka kholiseha hore Jehova Molimo o tla u hlohonolofatsa ka lebaka la tšebeletso ea hao e etsoang ka moea oohle le ka lebaka la lerato leo u le bontšang ho eena le ho batho ba bang.—Matheu 22:36-40.
“Linako Tse Mahlonoko” li ka re Nyahamisa
13, 14. (a) ‘Linako tsee tse mahlonoko’ li ka ’na tsa re bakela mahlomola ka litsela life? (b) Kajeno ho hloka lerato la tlhaho ho totobetse joang?
13 Le hoja re lebeletse ka thabo ho phela lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka, hona joale re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Empa re tšelisoa ke ho tseba hore liketsahalo tse utloisang bohloko li bontša hore topollo ea rōna e atametse. Leha ho le joalo, maemo a re potolohileng aa re ama. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba ha u sebetse? E ka ’na eaba mesebetsi ea fokola, ’me ha likhoeli li ntse li feta, u ka ’na ua ipotsa hore na ebe Jehova o bona tsietsi eo u leng ho eona kapa hore na o utloa lithapelo tsa hao. Kapa mohlomong u hlokofatsoa ke ho khetholloa kapa mofuta o mong oa ho hloka toka. Esita le ho bala lihlooho tsa litaba feela likoranteng ho ka etsa hore u ikutloe joaloka Lota, monna ea lokileng, ea neng “a ba mahlomoleng haholo” (“a nyahama,” Young’s Literal Translation of the Holy Bible) ka lebaka la boitšoaro bo hlephileng ba batho ba neng ba mo potolohile.—2 Petrose 2:7.
14 Ho na le tšobotsi e ’ngoe ea matsatsi a ho qetela eo re ke keng ra e hlokomoloha. Bibele e ile ea bolela esale pele hore ba bangata ba ne ‘ba ke ke ba e-ba le lerato la tlhaho.’ (2 Timothea 3:3) Lerato le tapile habohloko malapeng a mangata. Buka e bitsoang Family Violence e re: “Bopaki bo bontša hore ho na le monyetla o moholo oa hore batho ba bolaoe, ba hlaseloe ’meleng, kapa maikutlong kapa ba hlekefetsoe ka ho kopanela liphate ke batho ba lulang le bona lapeng ho feta hore ba etsoe lintho tseo ke batho ba bang. Sebaka seo ho sona batho ba lokelang ho ratoa le ho ikutloa ba sireletsehile, ke sona se kotsi ka ho fetisisa ho batho ba bang ba baholo hammoho le bana.” Batho ba ileng ba hōla ba tšoeroe hampe, lilemo hamorao ba ka ’na ba khathatsoa ke ho tšoenyeha le ho nyahama. Ho thoe’ng haeba u etsahalloa ke seo?
15. Lerato la Jehova le phahametse la motho leha e le ofe ka tsela efe?
15 Mopesaleme Davida o ile a bina a re: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore lerato la Jehova le feta la motsoali leha e le ofe oa motho! Le hoja ho le bohloko ho khesoa, ho tšoaroa hampe, kapa ho lahloa ke motsoali, seo ha se ame tsela eo Jehova a u tšoarang ka eona. (Baroma 8:38, 39) Hopola hore Molimo o hula bao a ba ratang. (Johanne 3:16; 6:44) Ho sa tsotellehe hore na batho ba ’nile ba u tšoara joang, Ntate oa hao oa leholimo eena oa u rata!
Mehato e Sebetsang ea ho Fokotsa ho Nyahama
16, 17. Ha motho a nyahame, ke’ng seo a ka se etsang hore a lule a le matla moeeng?
16 U ka nka mehato e sebetsang ea ho loantša ho nyahama. Ka mohlala, e-ba le lenaneo le molemo la ho kopanela ka botlalo mesebetsing ea Bokreste. Nahanisisa ka Lentsoe la Molimo, haholo-holo ha ho bonahala u sithabelitsoe ke ho nyahama. Mopesaleme o ile a bina a re: “Ha ke re: ‘Ka sebele leoto la ka le tla therekela,’ Jehova, mosa oa hao o lerato o ile oa ’na oa ntšehetsa. Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.” (Pesaleme ea 94:18, 19) Ho bala Bibele kamehla ho tla tlatsa kelello ea hao ka mantsoe a tšelisang le mehopolo e khothatsang.
17 Thapelo le eona e bohlokoa haholo. Esita leha u sitoa ho hlalosa kamoo u hlileng u ikutloang kateng, Jehova o tseba seo u lekang ho se bua. (Baroma 8:26, 27) Mopesaleme o ile a re tiisetsa tjena: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.”—Pesaleme ea 55:22.
18. Ke mehato efe e sebetsang eo motho ea tepeletseng maikutlo a ka e nkang?
18 Ba bang ba nyahama ka lebaka la ho tepella ho hoholo ha maikutlo.b Haeba u tepeletse haholo maikutlong, leka ho nahanisisa ka lefatše le lecha la Molimo le nako eo ka eona ho seng “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Haeba maikutlo a ho felloa ke tšepo ao u bang le ’ona a bonahala e se ho nyahama ha nakoana feela, e ka ’na ea e-ba bohlale hore u batle thuso ea litsebi. (Matheu 9:12) Hape ke habohlokoa hore u itlhokomele hantle ’meleng. Ho ka ba molemo ho ja lijo tse matlafatsang le ho ikoetlisa. Etsa bonnete ba hore u fumana phomolo e hlokahalang. Se ke ua shebella thelevishene ho fihlela bosiu haholo, ’me u qobe boikhathollo bo tla u khathatsa haholo ’meleng le maikutlong. Ka holim’a tsohle, tsoela pele u etsa mesebetsi e khahlisang Molimo! Le hoja hona joale e e-s’o be nako ea hore Jehova a ‘hlakole meokho eohle,’ o tla u thusa hore u mamelle.—Tšenolo 21:4; 1 Bakorinthe 10:13.
Ho Phela “Tlas’a Letsoho le Matla la Molimo”
19. Jehova o tšepisa ba mahlomoleng eng?
19 Bibele e re tiisetsa hore le hoja litlokotsi tsa ea lokileng li le ngata, “Jehova o mo lopolla ho tsona kaofela.” (Pesaleme ea 34:19) Molimo o etsa see joang? Ha moapostola Pauluse a ne a rapela ka makhetlo hore a lopolloe ‘moutloeng oa hae o nameng,’ Jehova o ile a re ho eena: “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” (2 Bakorinthe 12:7-9) Jehova o ile a tšepisa Pauluse eng, ’me uena o u tšepisa eng? Molimo ha a u tšepise hore o tla u phekola hona joale, empa o tšepisa hore o tla u fa matla a hore u mamelle.
20. Ho sa tsotellehe liteko tseo re thulanang le tsona, re tiisetsoa eng ho 1 Petrose 5:6, 7?
20 Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng; ha le ntse le lahlela matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.” (1 Petrose 5:6, 7) Kaha Jehova oa u tsotella, a ke ke a u lahla. Ho sa tsotellehe hore na u thulana le liteko life o tla u tšehetsa. Hopola hore Bakreste ba tšepahalang ba “tlas’a letsoho le matla la Molimo.” Ha re ntse re sebeletsa Jehova, o re fa matla a hore re mamelle. Haeba re tšepahala ho eena, ha ho letho le ka re lemaletsang ruri moeeng. Ka hona, e se eka re ka tšepahala ho Jehova e le hore re ka thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la hae le lecha leo a le tšepisitseng ’me ra bona letsatsi leo ka sebele a tla beng a lopolletse ruri ea hlorileng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso la hae le fetotsoe.
b Ho fapana le ho nyahama, ho tepella ho hoholo ha maikutlo ke boloetse bo fumanoeng ke lingaka boo ho bona motho a tsoelang pele a utloile bohloko haholo. Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, bona Molula-Qhooa oa October 15, 1988, leqepheng la 25-9; oa November 15, 1988, leqepheng la 21-4; le oa September 1, 1996, leqepheng la 30-1.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha mahlomola a ama esita le bahlanka ba Jehova?
• Ke mabaka afe a mang a ka ’nang a nyahamisa batho ba Molimo?
• Jehova o re thusa joang hore re sebetsane le matšoenyeho a rōna?
• Ke ka tsela efe re leng “tlas’a letsoho le matla la Molimo”?
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Ho sa tsotellehe liteko, batho ba Jehova ba na le lebaka la ho thaba
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho paka ka thelefono ke tsela e ’ngoe ea ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle