Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 9/1 maq. 17-21
  • Ha eo U mo Ratang a Khaotsa ho Sebeletsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha eo U mo Ratang a Khaotsa ho Sebeletsa Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho le Boima Hakaale?
  • Seo U ka se Etsang
  • Ha Motho eo re mo Ratang a Tlohela ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Le ka Thusa Ngoana “ea Lehlasoa” Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 9/1 maq. 17-21

Ha eo U mo Ratang a Khaotsa ho Sebeletsa Jehova

MARK le Louise ke Lipaki Tsa Jehova.a Joalokaha Bibele e khothalletsa batsoali ba Bakreste, ka lerato le tlhokomelo, ba ile ba ruta bana ba bona Mangolo. (Liproverbia 22:6; 2 Timothea 3:15) Ka bomalimabe, hase bana ba bona kaofela ba ileng ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ha ba se ba hōlile. Louise o re: “Pelo ea ka e utloa bohloko ka lebaka la bana ba seng ba sa sebeletse Jehova. Ke hobane’ng ha nka iphapanyetsa hore ke utloa bohloko haholo letsatsi le letsatsi? Ha batho ba bang ba bua ka bara ba bona, kea bipelana ’me ke tlameha ho ithiba meokho.”

Ka sebele ha motho e mong a khetha ho khaotsa ho sebeletsa Jehova ’me a khaotsa ho tsamaea tseleng ea bophelo e boletsoeng ka Mangolong, ka tloaelo litho tse tšepahalang tsa lelapa li utloa bohloko haholo. Irene o re: “Ke rata Ausi haholo. Nka etsa ntho leha e le efe hore a khutlele ho Jehova!” Maria, eo khaitseli ea hae e ileng ea furalla Jehova hore e phehelle tsela ea boitšoaro bo bobe, o re: “Taba ena e ’nile ea nkimela haholo hobane e bile khaitseli ea ka e babatsehang litabeng tse ling. Ke mo hopola haholo-holo ha re e-na le ’moka o moholo oa lelapa.”

Ke Hobane’ng ha ho le Boima Hakaale?

Ke hobane’ng ha e le ntho e sithabetsang Bakreste hakaale ha ba shoeloa ke ngoana moeeng kapa ke moratuoa e mong oa bona? Ke hobane baa tseba hore Mangolo a tšepisa hore ba lulang ba tšepahala ho Jehova ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:29; 2 Peter 3:13; Tšenolo 21:3-5) Ba lebeletse ka thabo hore bona hammoho le balekane ba bona, le bana ba bona, le batsoali ba bona, le banab’abo bona le litloholo tsa bona ba fumane litlhohonolofatso tsena. Ka sebele ba utloa bohloko haholo ha ba nahana hore baratuoa ba bona ba khaolitseng ho sebeletsa Jehova ba ka ’na ba sitoa ho fumana litlhohonolofatso tseo! Esita le bophelong ba bona hona joale, Bakreste baa utloisisa hore melao le melao-motheo ea Jehova e ba tsoela molemo. Ka hona, Bakreste baa sareloa ha ba bona baratuoa ba bona ba jala ka tsela eo joang kapa joang ba tla kotula habohloko.—Esaia 48:17, 18; Bagalata 6:7, 8.

Batho ba e-song ho ka ba feta boemong boo ba ka ’na ba thatafalloa ho utloisisa kamoo tahlehelo e joalo e ka sithabetsang kateng. Hoo e ka bang karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba bona ea ameha. Louise o re: “Ho boima haholo ha u lutse fatše libokeng tsa Bokreste ’me u bona batsoali ba tšeha ebile ba qoqa le bana ba bona. Ketsahalong leha e le efe e thabisang ke qetella ke utloile bohloko ka lebaka la motho eo ke mo ratang ea leng sieo.” Ntate e mong oa Mokreste o hopola lilemo tse ’nè tseo ka tsona ba neng ba se na botsoalle ho hang le morali oa mohats’ae. O re: “Hangata, le ‘linako tse thabisang’ li ne li baka mahlomola. Haeba ke ne ke fa mosali oa ka mpho e itseng kapa ke mo isa sebakeng se itseng sa boithabiso ka mafelo-beke, o ne a sitoa ho laola maikutlo a hae ebe o qala ho lla, ha a hopola hore morali oa hae o ne a sa thabele liketsahalo tseo le rōna.”

Na Bakreste ba joalo ba feteletsa litaba? Che. Ha e le hantle, e ka ’na eaba ka tsela e itseng ba bonahatsa litšobotsi tsa Jehova, eo motho a entsoeng ka setšoantšo sa hae. (Genese 1:26, 27) See se bolela’ng? Hantle-ntle Jehova o ile a ikutloa joang ha sechaba sa hae sa Iseraele se ne se mo fetohela? Pesalemeng ea 78:38-41, rea hlokomela hore Jehova o ile a utloa bohloko ’me a hlabeha. Leha ho le joalo, ka mamello o ile a ba lemosa ’me a ba laea, a ba tšoarela khafetsa ha ba bontša hore ba bakile. Ho totobetse hore Jehova o rata libōpuoa tsa hae, e leng ‘mosebetsi oa matsoho a hae,’ ’me ha a li tele habonolo. (Jobo 14:15; Jonase 4:10, 11) O bōpelletse ka ho batho matla a tšoanang a hore ba be le lerato le tšepahalang, ’me maqhama a teng pakeng tsa litho tsa lelapa a ka ba matla haholo. Kahoo ha ho makatse ha batho ba sareloa ha ba lahleheloa moeeng ke motho eo ba amanang le eena eo ba mo ratang.

Ka sebele ho lahleheloa moeeng ke motho eo u mo ratang ke e ’ngoe ea liteko tse boima ka ho fetisisa tseo barapeli ba ’nete ba thulanang le tsona. (Liketso 14:22) Jesu o ile a re ho amohela molaetsa oa hae ho ne ho tla baka karohano malapeng a mang. (Matheu 10:34-38) Sena ha se etsoe ke hobane molaetsa oa Bibele ka booona o baka karohano ka lapeng. Ho e-na le hoo, litho tsa lelapa tse sa lumeleng kapa tse sa tšepahaleng ke tsona tse bakang karohano ka hore li khese tsela ea Bokreste, li e lahle kapa esita le ho e hanyetsa. Leha ho le joalo, re leboha Jehova hore ebe ha a tlohele bahlanka ba hae ba tšepahalang ba se na mokhoa oa ho sebetsana le liteko tse ba hlahelang. Haeba hona joale u ntse u ikoka maqeba ka lebaka la ho lahleheloa moeeng ke motho eo u mo ratang, ke melao-motheo efe ea Bibele e ka u thusang hore u mamelle matšoenyeho ao le hore u thabe ’me u khotsofale ka tsela e itseng?

Seo U ka se Etsang

“Ka ho ikaha . . . , le ipoloke leratong la Molimo.” (Juda 20, 21) Ho itšetlehile ka hore na maemo a hao ke afe, e ka ’na eaba ha ho letho leo u ka le etsang hona joale hore u thuse setho sa lelapa se khaolitseng ho sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, u lokela ho ikaha moeeng u be u hahe le litho leha e le life tsa lelapa tse ntseng li tšepahala. Veronica, eo bara ba hae ba babeli ho ba bararo ba ileng ba khaotsa ho sebeletsa Jehova o re: “’Na le monna oa ka re ne re hopotsoa ka mosa hore haeba re lula re le matla moeeng, re tla ba boemong bo botle ba ho boela re amohela bara ba rōna mohla ba hlaphoheloang. Ho ka be ho etsahetse’ng ka mora ea lehlasoa haeba ntate oa hae a ne a se boemong ba ho boela a mo amohela?”

Hore u lule u le matla moeeng, u lokela ho ikakhela ka setotsoana mesebetsing ea moea. Sena se akarelletsa hore u be le kemiso ea ho ithuta Bibele ka botebo le ho ea libokeng tsa Bokreste. Iphe nako ea ho thusa ba bang ka phuthehong ho isa moo maemo a hao a u lumellang. Ke ’nete hore qalong u ka ’na ua thatafalloa ke mesebetsi e joalo. Veronica oa hopola: “Ntho ea pele eo ke ileng ka e nahana ke ho itšehla thajana joaloka phoofolo e lemetseng. Empa monna oa ka o ile a phehella hore re tsoele pele ka kemiso e ntle ea mesebetsi ea moea. O ne a etsa bonnete ba hore re ea libokeng. Nakong ea ho ea kopanong, ke ile ka hloka khothatso e matla ea hore ke ee ’me ke il’o kopana le batho ba bang. Leha ho le joalo, lenaneo la kopano le ile la re atametsa haufi haholo le Jehova. Mora oa rōna ea neng a ntse a tšepahala o ile a matlafatsoa ka ho khethehileng ke kopano eo.”

Maria, ea boletsoeng pejana, o thusoa haholo ke ho lula a tšoarehile tšebeletsong ea tšimo ’me hona joale o ntse a thusa batho ba bane hore ba ithute Bibele. Ka ho tšoanang, Laura o re: “Le hoja ke ntse ke lla letsatsi ka leng, ke leboha Jehova hore leha ke sa atleha ho hōlisa bana joalokaha batsoali ba bang ba atlehile, ke na le molaetsa o phethahetseng oa Bibele, o khonang ho thusa malapa matsatsing ana a ho qetela.” Ken le Eleanor, bao bana ba bona bao e seng e le batho ba baholo ba tlohetseng phutheho, ba ile ba lokisa maemo a bona hore ba fallele moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea baboleli ba ’Muso ’me ba phehelle tšebeletso ea nako e tletseng. Sena se ba thusitse ho sheba lintho ka pono e leka-lekaneng le hore ba qobe ho apareloa ke masoabi.

U se ke ua tela. Lerato “le tšepa lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:7) Ken, ea boletsoeng ka holimo, o re: “Ha bana ba rōna ba ne ba tlohela tsela ea ’nete, ke ile ka nahana hore ho tšoana le ha ba shoele. Empa maikutlo a ka a ile a fetoha ka mor’a hore khaitseli’a ka e hlokahale. Kea leboha hore ebe bana ba ka ha baa shoa ka tsela ea sebele le hore ebe Jehova o ntse a ba buletse monyetla oa hore ba khutlele ho eena.” Ha e le hantle, liphihlelo li bontšitse hore ba bangata ba tlohetseng ’nete, qetellong baa khutla.—Luka 15:11-24.

Tlohela ho ipeha molato. Ka ho khetheha, batsoali ba ka ’na ba nahana ka nako e fetileng ’me ba ikoahlaea ka hore ha baa ka ba sebetsana le maemo a itseng ka tsela e fapaneng. Leha ho le joalo, taba e ka sehloohong e boleloang ho Ezekiele 18:20 ke ea hore Jehova o nka moetsalibe a ikarabella ka liqeto tse fosahetseng tseo a li etsang, eseng batsoali ba hae. Ho thahasellisang ke hore, le hoja buka ea Liproverbia e bua haholo ka boikarabelo ba batsoali ba ho hōlisa bana ba bona ka tsela e nepahetseng, ka makhetlo a fetang a mane e eletsa bacha hore ba mamele batsoali ba bona. Ka sebele boikarabelo ba bana ke hore ba etse lintho tumellanong le koetliso ea batsoali ba bona ba sa phethahalang e thehiloeng Bibeleng. Mohlomong u ile ua etsa sohle seo u neng u ka se khona nakong eo. Leha ho le joalo, esita le haeba u nahana hore u ile ua etsa liphoso tse itseng le hore li ne li hlile li bakiloe ke uena, sena ha se bolele hakaalo hore liphoso tsa hao ke tsona tse entseng hore eo u mo ratang a tlohele ’nete. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ha ho na molemo oa letho ka ho lula u ntse u re “hoja feela.” Ithute ka liphoso tseo u li entseng, ikemisetse hore u se ke ua li pheta, ’me u rapele Jehova hore a u tšoarele. (Pesaleme ea 103:8-14; Esaia 55:7) Ebe joale u sheba pele, eseng morao.

U se ke ua fella ba bang pelo. Ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ke hore na ba u khothatse kapa ba u tšelise joang, haholo-holo haeba ba e-s’o ka ba feta boemong bo tšoanang le ba hao. Ho feta moo, batho baa fapana tabeng ea hore na ke eng seo ba nkang hore sea khothatsa ebile sea tšelisa. Kahoo haeba ba bang ba bua lintho tse u khopisang, sebelisa keletso ea moapostola Pauluse e fumanoang ho Bakolose 3:13, e reng: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”

Hlompha tokisetso ea Jehova ea taeo. Haeba mong ka uena a fumane taeo phuthehong, hopola hore ena ke karolo ea tokisetso ea Jehova le hore e molemong oa bohle, ho akarelletsa le eena mofosi. (Baheberu 12:11) Ka hona, hanela maikutlo leha e le afe a ho nyatsa baholo ba neng ba sebetsa taba kapa liqeto tseo ba li entseng. Hopola hore liphello tse molemo haholo li hlahisoa ke ho etsa lintho ka tsela ea Jehova, athe ho hanyetsa litokisetso tsa Jehova ho ka baka mahlomola a mangata feela.

Ka mor’a hore Baiseraele ba lopolloe Egepeta, kamehla Moshe o ne a sebetsa e le moahloli. (Exoda 18:13-16) Kaha ha Moshe a ahlolela e mong hantle, mohlomong o ne a e-ba khahlanong le e mong, e tlameha ebe ba bang ba ne ba soabisoa ke liqeto tseo a neng a li etsa. Mohlomong ho nyatsa likahlolo tsa Moshe ho ile ha etsa hore ba bang ba fetohele boeta-pele ba hae. Leha ho le joalo, Jehova o ne a sebelisa Moshe hore a etelle batho ba Hae pele, ’me ha aa ka A ahlola Moshe, empa o ile a ahlola marabele ao le ba malapa a ’ona ba neng ba a tšehetsa. (Numere 16:31-35) Re ka ithuta ketsahalong ena ka hore re leke ka tieo ho hlompha le ho sebelisana ’moho le liqeto tse etsoang ke ba nang le matla a ho laela a puso ea Molimo kajeno.

Tabeng ena, Delores o hopola kamoo a ileng a thatafalloa kateng hore a be le pono e loketseng ha morali oa hae a ne a fumana taeo phuthehong. O re: “Se ileng sa nthusa ke ho bala ka makhetlo-khetlo lihlooho tse bolelang kamoo litokisetso tsa Jehova li utloahalang kateng. Ke ile ka ba le buka e khethehileng eo ke neng ke ngola lintlha tse hlahang lipuong le lihloohong tse neng li tla nthusa hore ke mamelle ’me ke tsoele pele ho sebeletsa Jehova.” Sena se re tlisa mokhoeng o mong hape oa seo re ka se etsang ha eo u mo ratang a khaotsa ho sebeletsa Jehova.

Ntša maikutlo a hao. U ka ’na ua fumana ho le molemo hore u ntše maikutlo a hao ho motsoalle a le mong kapa e ’meli e u utloelang bohloko, eo u e tšepang. Ha u etsa joalo, khetha metsoalle e tla u thusa hore u be le boikutlo bo botle. Ka sebele ho tla hlaha litholoana tse ntle ha u ‘tšollela pelo ea hao’ ho Jehova ka thapelo.b (Pesaleme ea 62:7, 8) Hobane’ng? Hobane o utloisisa ka botlalo tsela eo u ikutloang ka eona. Ka mohlala, u ka ’na ua utloa eka ke ho hloka toka hore ebe u tlameha ho utloa bohloko hakana. Etsoe, hase uena ea khaolitseng ho sebeletsa Jehova. Bolella Jehova kamoo u ikutloang kateng, ’me u mo kōpe ho u thusa hore u shebe boemo ba litaba ka tsela e sa utloiseng bohloko.—Pesaleme ea 37:5.

Ha nako e ntse e feta, mohlomong u tla khona ho laola maikutlo a hao hamolemo. Ho sa le joalo, u se ke ua tela boitekong ba hao ba ho khahlisa Ntate oa hao oa leholimo, ’me le ka mohla u se ke ua nahana hore boiteko boo ke ba lefeela. (Bagalata 6:9) Hopola hore le haeba re ne re ka khaotsa ho sebeletsa Jehova, re ne re tla ’ne re be le mathata. Ka lehlakoreng le leng, ha re lula re tšepahala ho eena, oa re thusa litekong tseo re thulanang le tsona. Kahoo, kholiseha hore Jehova oa utloisisa hore na boemo ba hao bo tebile hakae ’me o tla tsoela pele ho u fa matla ao u a hlokang ka nako e loketseng.—2 Bakorinthe 4:7; Bafilipi 4:13; Baheberu 4:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Mabapi le ho rapella mong ka uena ea khaotsoeng, bona Molula-Qhooa oa December 1, 2001, leqepheng la 30-1.

[Lebokose le leqepheng la 19]

Kamoo U ka Sebetsanang le Hona

◆ “Ka ho ikaha . . . , le ipoloke leratong la Molimo.”—Juda 20, 21.

◆ U se ke ua tela.—1 Bakorinthe 13:7.

◆ Tlohela ho ipeha molato.—Ezekiele 18:20.

◆ U se ke ua fella ba bang pelo.—Bakolose 3:13.

◆ Hlompha tokisetso ea Jehova ea taeo.—Baheberu 12:11.

◆ Ntša maikutlo a hao.—Pesaleme ea 62:7, 8.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]

Na U Khaolitse ho Sebeletsa Jehova?

Haeba ho joalo, ho sa tsotellehe hore na lebaka la hao ke lefe, kamano ea hao le Jehova le tšepo ea hao ea ka ho sa feleng li kotsing. Mohlomong u rerile ho khutlela ho Jehova. Na u phehella seo ka matla hona joale? Kapa u ntse u se chechisetsa morao ho fihlela “nakong e loketseng”? Hopola hore maru a matšo a Armagedone a ntse a atamela ka potlako. Ho feta moo, bophelo tsamaisong ena bo bokhutšoanyane ebile ha boa tsitsa. Ha u tsebe hore na le hosasane feela u tla be u ntse u phela kapa che. (Pesaleme ea 102:3; Jakobo 4:13, 14) Monna e mong eo lingaka li ileng tsa lemoha hore o na le boloetse bo ke keng ba fola o ile a re: “Boloetse bona bo ntšoere ke ntse ke sebeletsa Jehova ka nako e tletseng, ho se letho le hlabisang lihlong leo ke le patileng. ’Me boo ke boikutlo bo tšelisang boo ke nang le bona hona joale.” Ak’u nahane hore na o ne a tla ikutloa joang hoja boloetse boo bo ne bo mo tšoere moo a ntseng a re, “Ka tsatsi le leng, ke tla khutlela ho Jehova!” Haeba u khaolitse ho sebeletsa Jehova, ena ke nako e molemo ka ho fetisisa ea hore u khutlele ho eena.

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Ho ikakhela ka setotsoana mesebetsing ea moea ho ka u thusa hore u lule u e-na le pono e nepahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela