Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 9/15 maq. 14-15
  • Tiiso ‘ea Jukale’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tiiso ‘ea Jukale’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ba ke ke ba U Hlōla”
  • Sephetho se Thahasellisang
  • U Tla Khetha Metsoalle ea Mofuta Ofe?
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Jeremia—Moprofeta ea sa Ratoeng oa Likahlōlo tsa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Sebeletsa Molimo “Karolong e Qetellang ea Matsatsi”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Buka ea Bibele ea 24—Jeremia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 9/15 maq. 14-15

Tiiso ‘ea Jukale’

LEKHOLONG la bosupa la lilemo B.C.E., Nebukadnezare ’musi oa Bakalde o ile a hapa Jerusalema, a chesa motse ’me a heletsa marako a oona. O ile a tšoara Tsedekia morena oa Juda ’me a mo foufatsa. Ho feta moo, “morena oa Babylona [o ile] a bolaea bahlomphehi bohle ba Juda.”—Jeremia 39:1-8.

E mong oa bahlomphehi ba Juda, kapa likhosana tsa teng ea ileng a bolaoa ke Bababylona ke Jukale, mor’a Shelemia. Pale ea Jukale e na le hoo re ka reng ke sephetho. Leha ho le joalo, pele re kena ho sona, a re ke re hlahlobeng seo Mangolo a se bolelang ka Jukale le mehla ea hae.

“Ba ke ke ba U Hlōla”

Jehova o ile a laela moprofeta Jeremia hore a fane ka molaetsa oa kahlolo o khahlanong le Juda le Jerusalema. Molimo o ile a bolella Jeremia hore marena a Juda, likhosana, baprista le batho ba teng ba ne ‘ba tla mo loantša.’ Jehova o ile a re: “Empa ba ke ke ba u hlōla, etsoe ‘ke na le uena.’”—Jeremia 1:17-19.

Nakong eo Babylona e neng e thibeletse motse-moholo oa Juda, Jerusalema, Morena Tsedekia o ile a romela manģosa ho Jeremia ka makhetlo a mabeli hore a fumane hore na Nebukadnezare o ne a tla ikhula motseng oo kapa che, le hore a kōpe moprofeta ho rapella hore seo se phethahale. Le leng la manģosa ao a morena e ne e le Jukale, ea tsejoang hape e le Jehukale. Molaetsa oo Jeremia a neng a o filoe ke Molimo o ne o bolela hore Bababylona kapa Bakalde ba ne ba tla ripitla motse. Baahi ba Jerusalema ba setseng ho oona ba ne ba tla bolaoa ke tlala, mafu a seoa le sabole. Ka lehlakoreng le leng, ba eang ho Bakalde ba ne ba tla pholoha. Mantsoe a Jeremia a ile a halefisa likhosana tsa Juda haholo.—Jeremia 21:1-10; 37:3-10; 38:1-3.

Jukale e ne e le e mong oa likhosana tse ileng tsa re ho Tsedekia: ‘Ka kōpo, monna enoa [Jeremia] a ke a bolaoe, etsoe . . . o fokolisa matsoho a banna ba ntoa.’ Jukale enoa ea khopo o ne a boetse a le har’a ba ileng ba akhela Jeremia ka lemeneng le nang le seretse, leo moprofeta eo a ileng a pholosoa ho lona hamorao. (Jeremia 37:15; 38:4-6) Ka lebaka la ho mamela Jehova, Jeremia o ile a pholoha ha Jerusalema e timetsoa, athe Jukale eena ho bonahala a ile a shoa ha tsamaiso eo a neng a e tšepile e timetsoa.

Sephetho se Thahasellisang

Ho ka boleloa hore sephetho sa tlaleho e buang ka Jukale se sa tsoa “ngoloa” Jerusalema haufinyane tjena ka selemo sa 2005. Baepolli ba lintho tsa khale ba ne ba ntse ba cheka sebakeng seo ba neng ba lumela hore ba tla fumana ntlo ea borena ea Morena Davida ho sona. Seo ba ileng ba se fumana e ne e le mohaho oa majoe o moholohali oo ba lumelang hore o ile oa heletsoa ha Bababylona ba ne ba hapa Jerusalema mehleng ea Jeremia.

Ha ho na motho ea hlileng a nang le bonnete ba hore na mohaho oo e ne e le eona ntlo ea Davida ea borena kapa che. Leha ho le joalo, ho na le ntho eo baepolli ba lintho tsa khale ba ileng ba e tseba—ke tiiso ea letsopa e nang le mongolo e bontšitsoeng leqepheng la 14, e bophara ba senthimithara e le ’ngoe. E kile ea sebelisoa ho tiisa tokomane e senyehileng khale. Mongolo oo o baleha tjena: “Ea Yehukale mor’a Shelemiyahu, mor’a Shovi.” Ho totobetse hore mongolo ona o ne o entsoe ka tiiso ea mohanyetsi oa Jeremia Yehukale kapa Jukale, mor’a Shelemia.

Moepolli oa lintho tsa khale Eilat Mazar, ea ileng a hlalosa mongolo oo, o ile a ngola hore Jehukale ke eena “letona la bobeli la morena,” ha le leng e le Gemaria, mor’a Shafane eo lebitso la hae le hlahang mongolong oa tiiso o fumanoeng Motseng oa Davida.a

Ho ba le tumelo Lentsoeng la Molimo ha hoa itšetleha ka ho sibolloa ha ntho leha e le efe e entsoeng ka matsoho, ho e-na le hoo, ho phethahala ha boprofeta bo boluletsoeng ke lona lebaka le ka sehloohong la hore batho ba lumele Bibele. Lintho tse etsahetseng historing li tiisa hore boprofeta ba Jeremia bo ileng ba bua esale pele ka ho timetsoa ha Jerusalema bo ne bo nepahetse. Qetello e soabisang ea bahanyetsi ba Jeremia e lokela ho matlafatsa kholiseho ea rōna ea hore haeba re tšepahala joaloka Jeremia, lira tsa rōna ‘li ke ke tsa re hlōla hobane Jehova o na le rōna.’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha u batla ho tseba ka Gemaria le Shafane, bona sehlooho se reng: “Na U Tseba Shafane le Lelapa la Hae?” Molula-Qhooeng oa December 15, 2002, leqepheng la 19-22.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Jeremia ha aa ka a inehela ha a hatelloa hore a bebofatse molaetsa oa Molimo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 14]

Gabi Laron/Institute of Archaeology/ Hebrew University ©Eilat Mazar

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela