Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 10/15 maq. 14-17
  • Litsela Tsa Roma—Liemahale Tsa Boenjiniere ba Boholo-holo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsela Tsa Roma—Liemahale Tsa Boenjiniere ba Boholo-holo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Kaho o Moholohali oa Roma
  • Batsamai le ho Hasanngoa ha Likhopolo
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Part 6—’Muso oa Botšelela oa Lefatše—Roma
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na Malumeli ’Ohle a Nepahetse?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Lokisetsa Lichaba “Thuto ea Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 10/15 maq. 14-17

Litsela Tsa Roma—Liemahale Tsa Boenjiniere ba Boholo-holo

HAR’A liemahale tsa Roma, ke sefe seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa? Na u ne u tla re ke Lebala le Leholo la Lipapali le Roma, leo lithako tsa lona li ntseng li bonahala Roma? Haeba re batla ho nahana ka mesebetsi ea kaho ea Roma e bileng teng nako e telele ka ho fetisisa kapa e bileng le tšusumetso historing, re lokela ho nahana ka litsela tsa teng.

Litseleng tse khōlō tsa Roma ha hoa ka ha tsamaea thepa le mabotho a sesole feela. Setsebi sa mongolo oa boholo-holo se bitsoang Romolo A. Staccioli se bolela hore litsela tseo e ne e le mokhoa “oa ho phatlalatsa likhopolo, oa ho phatlalatsa litsebo tsa bonono le oa ho phatlalatsa lithuto tsa filosofi le tsa bolumeli,” ho akarelletsa le tsa Bokreste.

Mehleng ea boholo-holo, litsela tsa Roma li ne li talingoa e le liemahale. Ka lilemo tse makholo, Baroma ba ile ba etsa litsela tse tsoetseng pele haholo tseo qetellong li ileng tsa akaretsa sebaka se fetang lik’hilomithara tse 80 000 moo kajeno e leng linaha tse fetang 30.

Via publica ea pele le ea bohlokoa, kapa tsela e khōlō ho ea kamoo e neng e tla bitsoa kateng kajeno, e ne e le Via Appia, kapa Tsela ea Apiase. Tsela ena e neng e tsejoa e le eona ea bohlokoa ka ho fetisisa, e ne e hokahanya Roma le Brundisium (eo hona joale e bitsoang Brindisi), e leng motse oa boema-kepe oo batho ba neng ba ea Bochabela ba tloha teng. Tsela ena e reheletsoe ka Appius Claudius Caecus, e leng molaoli oa Moroma ea ileng a qala ho etsa tsela eo hoo e ka bang ka 312 B.C.E. Roma e ne e boetse e thusoa ke tsela ea Via Salaria le ea Via Flaminia, tseo ka bobeli li neng li tsamaea ho ea fihla Leoatleng la Adriatic, li bula tsela e lebang Linaheng Tsa Balkan esita le libakeng tsa Rhine le Danube. Tsela ea Via Aurelia e ne e leba ka leboea ho elella Gaul le Hloahloeng ea Iberia, ’me tsela ea Via Ostiensis e leba Ostia, e leng boema-kepe boo Roma e neng e rata ho bo sebelisa maetong a ho ea le ho khutla Afrika.

Morero oa Kaho o Moholohali oa Roma

Litsela li ne li le bohlokoa Roma esita le pele baahi ba teng ba qala ho etsa litsela tse ncha. Motse oo o ne o hahiloe moo litsela tsa boholo-holo li neng li teana teng, lelibohong le le leng feela la Nōka ea Tiber e ka tlaase. Ho ea ka litokomane tsa boholo-holo, Baroma ba ile ba etsisa batho ba Carthage hore ba ntlafatse litsela tse neng li se ntse li le teng moo. Empa batho ba hlileng ba e-ba le tsebo ea ho etsa litsela pele ho Baroma e ne e le Maetruria. Mesaletsa ea litsela tsa bona e sa ntse e bonahala. Ho feta moo, sebakeng seo ho ne ho ntse ho e-na le litsela tse ngata tseo ho neng ho tsamauoa ho tsona haholo pele ho mehla ea Baroma. E ka ’na eaba li ne li sebelisetsoa ho tlosa liphoofolo lekhulong le leng ho li isa ho le leng. Leha ho le joalo, ho ne ho le boima ho tsamaea litseleng tseo, kaha li ne li le lerōle nakong ea ha pula e sa ne ’me li le seretse linakong tsa lipula. Hangata Baroma ba ne ba etsa litsela tsa bona litseleng tse joalo.

Litsela tsa Roma li ne li raloa ka hloko ’me li etsoa hore li be thata, li sebetse hantle ’me li be ntle. Litsela tseo li ne li kopanya libaka ka tsela e bonolo, ka hore e be litsela tse khutšoanyane kamoo ho ka khonehang, e leng lebaka leo ka lona litsela tse ngata li neng li otlolohile likarolong tse ngata. Leha ho le joalo, hangata litsela tseo li ne li lokela ho etsoa tumellanong le sebōpeho sa naha. Moo ho neng ho khoneha, maralleng le lithabeng, baenjiniere ba Roma ba ne ba etsa litsela tsa bona ho fihlela halofong ea moepa, karolong ea thaba e neng e chabeloa ke letsatsi. Mokhoa oo o ne o fokoletsa basebelisi ba tsela litšitiso leha e le life tse neng li ka bakoa ke maemo a mabe a leholimo.

Hantle-ntle Baroma ba ne ba etsa litsela tsa bona joang? Ba ne ba li etsa ka mekhoa e sa tšoaneng, empa seo baepolli ba lintho tsa khale ba se sibolotseng ke sena.

Ba ne ba qala ka ho etsa moralo oa tsela. Mosebetsi ona o ne o abeloa bo-mapotiele ba mehleng eo. Ebe joale mosebetsi o boima oa ho cheka o etsoa ke mabotho a sesole, basebetsi ba se nang tsebo kapa makhoba. Ho ne ho chekoa liforo tse peli tse bapileng. Bolelele bo pakeng tsa tsona bonyane e ne e e-ba limithara tse ka bang 2,4, empa bolelele bo tloaelehileng e ne e e-ba limithara tse 4, ’me moo tsela e jang mothinya li ne li etsoa hore li be sephara haholoanyane. Tsela e seng e phethiloe e ne e ka ba bophara ba limithara tse 10, ho kopanyelletsa le litselana tsa maoto ka mahlakoreng. Joale ho ne ho tlosoa mobu o pakeng tsa liforo tse peli, ebe ho sala mokoti. Hang ha ba fihlile fatše moo ho leng thata, mokoti oo o ne o katoa ka mefuta e meraro ea thepa e sa tšoaneng. Mokato oa pele o ne o ka etsoa ka majoe a maholo kapa likotoana tsa lintho tse sa tšoaneng. Ebe joale ho latela mokato oa majoe a chitja kapa a sephara, mohlomong a kopanngoa hammoho ka konkoreiti. Ka mor’a moo ebe ho latela mokurutloane kapa lehlohlojane le neng le katoa ka holimo.

Litsela tse ling tsa Roma li ne li katiloe ka lehlohlojane feela. Leha ho le joalo, batho ba mehleng eo ba ne ba khahloa haholo ke litsela tseo tse neng li katiloe ka majoe. Litsela tseo li ne li katoa ka matlapa a maholo, a majoe ao ka tloaelo a neng a ka fumanoa hona sebakeng seo. Li ne li etsetsoa motheonyana bohareng, e le hore metsi a pula a ka theoha habonolo ho tloha bohareng ba tsela ebe a kena ka litselaneng tsa metsi tse mahlakoreng ka bobeli. Mokhoa ona oa ho etsa litsela o entse hore tse ling tsa liemahale tsena li tšoarelle le ho lula li le teng ho tla fihlela mehleng ea rōna.

Lilemo tse ka bang 900 ka mor’a hore ho etsoe Tsela ea Apiase, rahistori oa Byzantium ea bitsoang Procopius o ile a e hlalosa e le “e tsotehang.” Mabapi le majoe ao e neng e katiloe ka ’ona, o ile a ngola tjena: “Ho sa tsotellehe hore na ho fetile nako e kae le hore na ke likariki tse kae tse tsamaileng holim’a ’ona letsatsi le letsatsi, a ntse a sa senyeha ho hang, ebile a ntse a le boreleli hantle.”

Litsela tsee li ne li feta joang litšitisong tsa tlhaho, tse kang linōka? Mokhoa o mong e ne e le ho etsa marokho, ao a mang a ’ona a ntseng a le teng, e leng ho bontšang tsebo e ikhethang eo Baroma ba boholo-holo ba neng ba e-na le eona. Likotopo tse neng li etsoa litseleng tsa Roma li batla li sa tsejoe hakaalo, empa ho ne ho le boima le ho feta ho li haha, ha re nahana ka tsebo e ikhethang le lithuluse tse neng li le teng mehleng eo. Buka e ’ngoe e re: “Ka boenjiniere ba bona, Baroma . . . ba ile ba khona ho etsa lintho tseo ho neng ho se tse tšoanang le tsona ka makholo a lilemo.” Mohlala oa sena ke kotopo e lekhalong la Furlo le tseleng ea Via Flaminia. Khale koana ka 78 C.E., ka mor’a hore baenjiniere ba etse meralo ka hloko, ho ile ha chekoa kotopo e bolelele ba limithara tse 40 letlapeng le thata, e le bophara ba limithara tse 5 ’me bophahamo ba eona e le limithara tse 5. Ruri ba ne ba entse mosebetsi o tsotehang haholo, ha re nahana ka lithuluse tse neng li fumaneha nakong eo. Ho etsa tsela ea mofuta oo e ne e le o mong oa mesebetsi e meholohali eo batho ba kileng ba e etsa.

Batsamai le ho Hasanngoa ha Likhopolo

Masole le bahoebi, baboleli le bahahlauli, batšoantšisi le batho ba neng ba loana mabaleng a lipapali kaofela ba ile ba sebelisa litsela tsena. Ba neng ba tsamaea ka maoto ba ne ba ka tsamaea lik’hilomithara tse 25 ho ea ho tse 30 ka letsatsi. Batsamai ba ne ba ka fumana boitsebiso mabapi le bolelele ba litsela ka hore ba shebe majoe a behiloeng litseleng a bontšang bohōle ba sebaka seo ba eang ho sona. Majoe ana a neng a sa tšoane ka libōpeho, ao hangata e neng eka meqomo, a ne a behoa ka mor’a lik’hilomithara tse 1 480—e leng bolelele ba maele ka Seroma. Ho ne ho boetse ho e-na le libaka tsa ho phomola moo batsamai ba neng ba ka chencha lipere, ba reka lijo, kapa maemong a mang ba ne ba bile ba robaletsa teng. Tse ling tsa libaka tsena tse neng li fana ka litšebeletso li ile tsa fetoha metse e menyenyane.

Nakoana ka mor’a hore Kreste a hlahe, Cesare Augustase o ile a qalisa lenaneo la ho lokisa litsela. O ile a khetha balaoli hore ba hlokomele tsela e le ’ngoe kapa ho feta moo. O ile a laela hore ho hlongoe lejoe la khauta le neng le tsejoa e le miliarium aureum, ka har’a Setsi sa Roma sa Limmaraka. Tšiea ena e neng e manehiloe litlhaku tsa boronse e ne e le letšoao le loketseng le bontšang moo litsela tsohle tsa Roma Italy li neng li fella teng. Sena se ile sa hlahisa polelo e tloaelehileng e reng: “Litsela tsohle li lebisa Roma.” Hape Augustase o ile a laela hore limmapa tsa litsela tsa morena li behoe pepeneneng. Ho bonahala marangrang ao a litsela a ne a le matle haholo bakeng sa litlhoko tsa batho ho ea ka litekanyetso tsa mehleng eo.

Batsamai ba bang ba boholo-holo ba ne ba bile ba sebelisa libuka tse ba bontšang litsela, hore ba nolofatse maeto a bona. Libuka tsena li ne li fana ka boitsebiso bo bontšang bolelele ba tsela ho tloha libakeng tse sa tšoaneng tseo ho ka emisoang ho tsona li bile li hlalosa litšebeletso tse fumanehang libakeng tseo. Libuka tseo tse bontšang tsela li ne li bitsa chelete e ngata, ka hona li ne li sa fumanoe ke batho bohle.

Leha ho le joalo, baevangeli ba Bakreste ba ile ba lokisetsa ho nka maeto a mangata a malelele. Joaloka batho ba mehleng ea hae, moapostola Pauluse o ne a tloaetse ho tsamaea leoatleng ha a ne a leba ka bochabela, hore a thusoe ke meea e neng e foka moo. (Liketso 14:25, 26; 20:3; 21:1-3) Leoatleng la Mediterranean, likhoeling tsa lehlabula meea ena e foka e hlaha ka bophirimela. Leha ho le joalo, ha Pauluse a ne a leba ka bophirimela, hangata o ne a tsamaea naheng, a sebelisa litsela tsa Roma. A sebelisa mokhoa ona oo, Pauluse o ile a hlophisa leeto la hae la bobeli le la boraro la boromuoa. (Liketso 15:36-41; 16:6-8; 17:1, 10; 18:22, 23; 19:1)a Hoo e ka bang ka 59 C.E., Pauluse o ile a tsamaea Tseleng ea Apiase a leba Roma ’me a kopana le balumeli-’moho le eena Setsing sa Limmaraka sa Apiase kapa ’Marakeng oa Apiase, se lik’hilomithara tse 74 karolong e ka boroa-bochabela ho Roma. Ba bang ba ile ba mo emela lik’hilomithara tse 14 ho tloha setsing seo tseleng e eang Roma, sebakeng sa ho phomola se bitsoang Matlo a Phapohelo a Baeti a Mararo. (Liketso 28:13-15) Hoo e ka bang ka 60 C.E., Pauluse o ne a ka bolela hore litaba tse molemo li ne li boletsoe “lefatšeng lohle” le neng le tsejoa nakong eo. (Bakolose 1:6, 23) Litsela tseo li ile tsa phetha karolo ea bohlokoa hore seo se etsahale.

Kahoo, litsela tsa Roma ke liemahale tse ikhethang le tse tšoareletseng nako e telele—ebile li entse hore ho be bonolo ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Matheu 24:14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheba ’mapa o leqepheng la 33 la bukana ea ‘Bona Naha e Ntle,’ e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Lejoe la Roma le bontšang bohōle ba sebaka

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tsela ea Apiase mathōkong a Roma

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tsela ea Ostia ea boholo-holo, Italy

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tsela e sentsoeng ke likariki tsa boholo-holo, Austria

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Karolo ea tsela ea Roma e neng e e-na le lejoe le bontšang bohōle ba sebaka, Jordane

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Lithako tsa mabitla Tseleng ea Apiase ka ntle ho Roma

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Kotopo ea Furlo Tseleng ea Flaminia, tikolohong ea Marche

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Borokho ba Tiberiase Tseleng ea Emilia, Rimini, Italy

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Pauluse o ile a kopana le balumeli-’moho le eena Setsing sa Limmaraka se phetheselang sa Apiase, kapa ’Marakeng oa Apiase

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 15]

Far left, Ostia: ©danilo donadoni/Marka/age fotostock; far right, road with mileposts: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela