Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 10/15 maq. 18-23
  • Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lenyalo le Hlomphehang ke le Tiisitsoeng ka Molao
  • Manyalo a Moetlo le a Tiisoang ’Musong
  • Boloka Tlhompho Lenyalong
  • Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Machato a Tlotlisang Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Machato a Thabisang a Hlomphang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lebokose La Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 10/15 maq. 18-23

Machato a Hlomphehang Mahlong a Molimo le a Batho

“Ha e-ba le mokete oa lenyalo Kana . . . Jesu le barutuoa ba hae le bona ba ne ba memetsoe moketeng oa lenyalo.”—JOHANNE 2:1, 2.

1. Tlaleho ea ha Jesu a le Kana e re hlokomelisa eng?

JESU, ’mè oa hae le barutuoa ba bang ba hae ba ne ba tseba thabo e ka tlisoang ke lechato le hlomphehang har’a batho ba Molimo. Kreste o bile a etsa hore lechato le leng e be le ikhethang ka hore ha a le ho lona, a etse mohlolo oa hae oa pele o tlalehiloeng, kahoo a eketsa thabo e neng e le teng ketsahalong eo. (Johanne 2:1-11) E ka ’na eaba u kile ua thabela ho ba machatong a Bakreste ba batlang ho sebeletsa Jehova ba thabile lenyalong la bona. Kapa e ka ’na eaba u lebeletse ka thabo ho ba le lechato le joalo ka bouena kapa ho thusa motsoalle oa hao hore lechato la hae le atlehe. Ke’ng se ka etsoang hore lechato le atlehe?

2. Bibele e fana ka boitsebiso bofe mabapi le machato?

2 Bakreste ba hlokometse hore keletso e fumanoang Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng e molemo haholo ha monna le mosali ba rera ho nyalana. (2 Timothea 3:16, 17) Ke ’nete hore Bibele ha e bolele lintlha tse qaqileng mabapi le hore na Bakreste ba tsamaise lechato joang. Seo sea utloahala hobane meetlo esita le lintho tse hlokoang ke molao li fapana ho ea ka libaka le linako. Ka mohlala, Iseraele ea boholo-holo ho ne ho sa etsoe tšebeletso ea lechato e latelang melao e itseng e qaqileng. Ka letsatsi la lechato, monyali o ne a tlisa monyaluoa lelapeng la hae kapa la ntat’ae. (Genese 24:67; Esaia 61:10; Matheu 1:24) Ketso ena e neng e etsoa phatlalatsa e ne e le lechato, ho se na tšebeletso e tloaelehileng e etsoang machatong a mangata a kajeno.

3. Ke ketsahalo efe eo Jesu a ileng a ba le seabo ho eona Kana?

3 Baiseraele ba ne ba talima mohato oo e le o emelang lenyalo kapa lechato. Ka mor’a moo, ba ne ba ka ’na ba etsa mokete, o kang o boletsoeng ho Johanne 2:1. Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li fetolela temana eo ka tsela ena: “Ho ne ho e-na le lechato Kana.” Empa lentsoe la puo ea pele le fetoletsoe ka nepo e le “mokete oa lenyalo” kapa “mokete oa lechato.”a (Matheu 22:2-10; 25:10; Luka 14:8) Tlaleho eo e bontša ka ho hlaka hore Jesu o ne a le teng ’me o ile a ba le seabo hore ho be le thabo moketeng oo oa lechato la Bajuda. Leha ho le joalo, taba e ka sehloohong ke hore seo e neng e le lechato mehleng eo se fapane le se tloaelehileng hona joale.

4. Bakreste ba bang ba khetha lechato la mofuta ofe, hona hobane’ng?

4 Linaheng tse ngata kajeno, Bakreste ba batlang ho nyalana ba lokela ho finyella lintho tse itseng tse hlokoang ke molao. Hang ha ba se ba entse joalo, ba ka ’na ba chata ka mokhoa leha e le ofe o amohelehang ho ea ka molao. Seo se ka etsoa ka tšebeletso e nyenyane le e itekanetseng e tsamaisoang ke moahloli, ramotse kapa mosebeletsi oa bolumeli ea lumeletsoeng ke ’Muso. Ba bang ba khetha ho nyalana ka tsela eo, mohlomong ba kōpe beng ka bona ba seng bakae kapa metsoalle ea bona ea Bakreste hore e be teng e le lipaki tsa molao kapa hore feela e tl’o thaba le bona ketsahalong eo ea bohlokoa. (Jeremia 33:11; Johanne 3:29) Ka ho tšoanang, Bakreste ba bang ba ka ’na ba khetha ho se etse mokete o moholo oa lechato o tla hloka hore ho hlophisoe lintho tse ngata le ho baka litšenyehelo. Ho e-na le hoo, ba ka ’na ba khetha hore ba lokisetse lijo tse bobebe ba e-na le metsoalle e seng mekae e haufi-ufi. Ho sa tsotellehe hore na re khetha ho etsa eng re le batho ka bomong tabeng ena, re lokela ho hlokomela hore Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong ba ka ’na ba sheba litaba ka tsela e fapaneng le ea rōna.—Baroma 14:3, 4.

5. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bangata ba batla ho ba le puo ea lenyalo ha ba nyalana, hona see se totobatsa eng?

5 Banyalani ba bangata ba Bakreste ba khetha hore ho be le puo ea Bibele lechatong la bona.b Baa hlokomela hore Jehova ke eena ea qalileng lenyalo ebile ka Lentsoeng la hae o fana ka keletso e bohlale mabapi le kamoo lenyalo le ka atlehang kateng la ba la tlisa thabo. (Genese 2:22-24; Mareka 10:6-9; Baefese 5:22-33) ’Me banyalani ba bangata ba batla hore metsoalle ea bona ea Bakreste le beng ka bona ba thabe le bona ketsahalong eo e thabisang. Empa re lokela ho talima joang lintho tse ngata tse sa tšoaneng tse hlokoang ke molao, mekhoa ea ho etsa lintho esita le meetlo e tloaelehileng ho ea ka libaka? Sehloohong sena ho tla tšohloa maemo a libaka ka ho fapana. Maemo a mang a ka ’na a fapana haholo le seo u se tsebang kapa le se etsoang sebakeng sa heno. Leha ho le joalo, u ka lemoha melao-motheo e itseng e tšoanang kapa litšobotsi tseo e leng tsa bohlokoa ho bahlanka ba Molimo.

Lenyalo le Hlomphehang ke le Tiisitsoeng ka Molao

6, 7. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella litaba tse amanang le molao tsa ho tiisa lenyalo, hona re ka bontša see joang?

6 Le hoja e le Jehova ea qalileng lenyalo, ka tsela e itseng mebuso ea batho e laola liketso tsa batho ba nyalanang. Sena se loketse kaha Jesu o ile a re: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o ile a laela: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng, kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo; balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.”—Baroma 13:1; Tite 3:1.

7 Linaheng tse ngata, Cesare kapa balaoli ba sechaba, ke bona ba etsang qeto ea hore na ke mang ea loketseng hore a ka kena lenyalong. Kahoo, ha Bakreste ba babeli bao ho ea ka Mangolo ba lokolohileng, ba khetha ho nyalana, ba latela ka hloko melao ea moo ba lulang teng. Sena se ka ’na sa akarelletsa hore ba fumane lengolo la lenyalo, ba sebelisa monyalisi ea lumeletsoeng ke ’Muso le hore mohlomong ba ngolise lenyalo le seng le phethiloe. Ha Cesare Augustase a ne a laela hore batho ba “ngolisoe,” Maria le Josefa ba ile ba mamela taelo eo, ba ea Bethlehema hore ba “ngolisoe.”—Luka 2:1-5.

8. Lenyalo le tlama ba kenang ho lona hakae, hona ke tloaelo efe ea Lipaki Tsa Jehova e bontšang hore li utloisisa seo?

8 Ha Bakreste ba babeli ba nyalana ka tsela ea molao le e amohelehang, lenyalo leo le etsa hore ba ikarabelle ka pel’a Molimo. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova ha li phete tšebeletso ea lenyalo ka hore li tiise lenyalo khafetsa, ebile ha li nchafatse likano tsa lenyalo, tse kang tsa ha banyalani ba etsa mokete oa ho ikhopotsa lilemo tseo ba nyalaneng ka tsona, ebang ke tse 25 kapa tse 50. (Matheu 5:37) (Likereke tse ling li hlokomoloha tšebeletso ea lenyalo e lumeletsoeng ka molao ke ’muso, li bolela hore ehlile hase lenyalo le loketseng ntle le hore moprista kapa moruti a etse tšebeletso kapa a bolele hore joale bao ba nyalanang e se e le monna le mosali.) Linaheng tse ngata, ’muso o lumella mosebeletsi oa Lipaki Tsa Jehova hore a tiise manyalo. Haeba ho khoneha, mohlomong o tla rata ho tiisa lenyalo leo nakong eo ho fanoang ka puo ea lenyalo Holong ea ’Muso. Seo ke sebaka sa borapeli ba ’nete ’me ke sona sebaka se loketseng sa hore ho fanoe ka puo mabapi le tokisetso ena e qaliloeng ke Jehova Molimo.

9. (a) Ha banyalani ba Bakreste ba tiisa lenyalo ’musong, ke eng seo ba ka ’nang ba khetha ho se etsa? (b) Baholo ba ka ’na ba ameha joang litokisetsong tsa lechato?

9 Linaheng tse ling, molao o hloka hore batho ba nyalane ofising ea ’muso, e kang ofisi ea ’masepala kapa ba nyalane ka pel’a moemeli oa sechaba ea khethiloeng ka molao. Hangata Bakreste ba khetha hore ba latele mohato oo oa melao ebe ka mor’a moo ho fanoa ka puo ea lenyalo Holong ea ’Muso hona letsatsing leo kapa letsatsing le latelang. (Ka mor’a ho tiisa lenyalo ’musong, ba ke ke ba lumella hore ho fete matsatsi a mangata pele ho fanoa ka puo ea Bibele, kaha ba nyalane ka molao ka pel’a Molimo le batho, ho akarelletsa le phutheho ea Bokreste.) Haeba batho ba nyalanang ba tiisa lenyalo ’musong ba batla hore ba fuoe puo Holong e itseng ea ’Muso, ba lokela ho kōpa tumello esale pele ho baholo ba etsang Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho. Ka mor’a hore balebeli bana ba tiise hore batho bao ba nyalanang ba na le botumo bo botle, ba tla etsa bonnete ba hore nako ea lenyalo leo e se ke ea kena-kenana le liboka tse tšoaroang kamehla le mananeo a hlophisitsoeng holong eo. (1 Bakorinthe 14:33, 40) Ba tla boela ba hlahlobe litokiso leha e le life tseo banyalani ba ka kōpang ho li etsa holong ’me ba etse qeto ea hore na ba tla etsa tsebiso mabapi le ho sebelisoa ha holo.

10. Haeba ho hlokahala hore lenyalo le tiisoe ’musong, see se tla ama puo ea lenyalo joang?

10 Moholo ea fanang ka puo ea lenyalo o tla leka ka matla ho etsa hore puo eo e be e fanoang ka botsoalle, e hahang moeeng le e hlomphehang. Haeba banyalani bao ba se ba tiisitse lenyalo ’musong, o tla bolela ka ho hlaka hore ba se ba nyalane ho ea ka molao oa Cesare. Haeba ha baa ka ba etsa likano tsa lenyalo ha ba ne ba tiisa lenyalo ’musong, banyalani bao ba ka ’na ba rata ho li etsa nakong eo ho fanoang ka puo.c Haeba banyalani ba bacha ba ile ba etsa le likano tsa lenyalo ha ba ne ba tiisa lenyalo ’musong, empa joale ba batla ho etsa likano ka pel’a Jehova le phutheho, ba tla bua ka mantsoe a bontšang hore ba se ba li entse, ka tsela eo ba bontše hore ba se ba ‘kopantsoe hammoho jokong.’—Matheu 19:6; 22:21.

11. Libakeng tse ling, batho ba nyalana joang, hona seo se ama puo ea lenyalo joang?

11 Libakeng tse ling, molao o ka ’na oa se ke oa hloka hore batho ba be le tšebeletso leha e le efe ha ba nyalana, ebile o ka ’na oa se ke oa hloka hore ba nyalane ka pel’a moemeli oa ’muso. Ha ba fa mosebeletsi oa ’muso foromo ea ho ngolisa lenyalo e seng e saennoe, ke hona ha ba nyalana. Kapele ka mor’a moo, lengolo la bona la lenyalo lea ngolisoa. Ka tsela ena, banyalani bao ba nkoa e le monna le mosali, letsatsi le lengolong la bona la lenyalo e ba lona leo ba nyalaneng ka lona. Joalokaha ho se ho boletsoe ka holimo, batho ba nyalanang ka mokhoa oo ba ka ’na ba rata hore hang feela ka mor’a ho ngolisa lenyalo ba fuoe puo ea Bibele Holong ea ’Muso. Mor’abo rōna ea hōlileng tsebong ea khethiloeng hore a fane ka puo o tla tsebisa bohle ba leng teng hore batho bao ba se ba nyalane ka lebaka la ho ngolisoa ha lenyalo ho sa tsoa etsahala. Likano leha e le life tsa lenyalo li lokela ho etsoa tumellanong le se boletsoeng serapeng sa 10 le mongolong o botlaaseng ba leqephe. Batho ba tlileng Holong ea ’Muso ba tla thaba le banyalani bao ’me ba rue molemo keletsong ea Lentsoe la Molimo.—Sefela sa Lifela 3:11.

Manyalo a Moetlo le a Tiisoang ’Musong

12. Lenyalo la moetlo ke’ng, hona ke eng se lokelang ho etsoa ka mor’a lenyalo le joalo?

12 Linaheng tse ling, batho ba nyalana ka mokhoa o ka bitsoang lenyalo la moetlo. Sena ha se bolele ha batho ba babeli ba itulela ’moho feela, ebile ha se bolele boemo boo ho bona batho ba lulang ’moho empa ba sa nyalana, bo ka ’nang ba amoheleha libakeng tse ling le hoja e se lenyalo la molao ka botlalo.d Lenyalo la moetlo leo re buang ka lona ke leo batho ba kenang ho lona ho latela moetlo o amohelehang sechabeng oa leloko le itseng kapa oa sebaka se itseng. Sena se ka ’na sa akarelletsa ho ntša le ho amohela bohali ka ho feletseng, boo ka bona batho bao ba nyalanang ka molao le ka mokhoa o lumelloang ke Mangolo. ’Muso o talima lenyalo le joalo la moetlo e le le loketseng, le le molaong ebile e le le tlamang. Ka hona, ka tloaelo ho ee ho tlalehoe kapa ho ngolisoe lenyalo la moetlo le bileng teng, ’me ka ho etsa joalo banyalani ba ka fumana lengolo la molao. Ho ngolisa lenyalo leo ho ka sireletsa banyalani bao litabeng tsa molao kapa ha sireletsa mosali haeba a hlokahalloa ke monna ’me ha sireletsa le bana leha e le bafe ba ka bang teng ka moso. Phutheho e tla khothalletsa leha e le bafe ba nyalanang ka lenyalo la moetlo hore ba le ngolise kapele kamoo ho ka khonehang. Ho thahasellisang ke hore ho bonahala eka Molaong oa Moshe, manyalo le ho hlaha ha bana li ne li tlalehoa ka molao.—Matheu 1:1-16.

13. Ka mor’a hore batho ba nyalane ka lenyalo la moetlo, ke taba efe e loketseng mabapi le puo ea lenyalo?

13 Banyalani ba kopantsoeng ka molao ka lenyalo le joalo la moetlo ba fetoha monna le mosali ha lenyalo leo la moetlo le etsahala. Joalokaha ho boletsoe ka holimo, Bakreste ba kenang lenyalong le joalo la molao ba ka ’na ba rata hore ba fuoe puo ea lenyalo, ba etse likano tsa lenyalo Holong ea ’Muso. Haeba seo se etsahala, sebui se tla bolela hore batho bao ba se ba nyalane tumellanong le melao ea Cesare. Ho tla fanoa ka puo e le ’ngoe feela. Kaha ho na le lenyalo le le leng feela, e leng lenyalo la moetlo le tiisitsoeng ka molao, puo ea Mangolo le eona e ba ’ngoe feela. Ho etsa hore lintho tsena tse peli li etsoe ka nako e batlang e tšoana kahohle kamoo ho ka khonehang, haholo-holo letsatsing lona leo, ho tla etsa hore lenyalo la Bokreste e be le hlomphehang sechabeng.

14. Ke’ng seo Mokreste a ka se etsang haeba a e-na le monyetla oa hore a ka nyala ka mokhoa oa moetlo le oa ho tiisa lenyalo ’musong?

14 Linaheng tse ling moo lenyalo la moetlo le nkoang e le la molao, ho boetse ho na le litokisetso tsa lenyalo le tiisoang ’musong (kapa la molao o ngotsoeng). Lenyalo le tiisoang ’musong hangata le tiisoa ke moemeli oa ’muso, ’me le ka ’na la akarelletsa ho etsa likano tsa lenyalo le ho saena buka ea ho ngolisa manyalo. Bakreste ba bang ba khetha ho nyalana ka mokhoa ona oa ho tiisa lenyalo ’musong ho e-na le ho nyalana ka mokhoa oa moetlo. Molao ha o tlame batho hore ba nyalane ka mefuta eo e ’meli ea lenyalo; o mong le o mong oa eona oa amoheleha molaong. Se boletsoeng serapeng sa 9 le sa 10 mabapi le puo ea lenyalo le likano tsa lenyalo sea sebetsa le tabeng ena ea lenyalo le tiisoang ’musong. Ntho ea bohlokoa ke hore ebe batho ba nyalane ka tsela e hlomphehang mahlong a Molimo le a batho.—Luka 20:25; 1 Petrose 2:13, 14.

Boloka Tlhompho Lenyalong

15, 16. Ke joang tlhompho e ka bang karolo ea bohlokoa lenyalong?

15 Ha ho ne ho hlaha bothata lenyalong la morena oa Persia, moeletsi oa hae e moholo ea bitsoang Memukane o ile a fana ka keletso e neng e ka ba le liphello tse ntle—e reng ‘basali bohle ba hlomphe banna ba bona.’ (Esthere 1:20) Manyalong a Bakreste, ha ho hlokahale hore keletso eo e etsetsoe molao ke morena leha e le ofe oa motho, kaha basali ba batla ho hlompha banna ba bona. Ka ho tšoanang, banna ba Bakreste ba abela balekane ba bona tlhompho ’me baa ba rorisa. (Liproverbia 31:11, 30; 1 Petrose 3:7) Ho bontša tlhompho lenyalong la rōna ha hoa lokela ho etsoa feela ka mor’a lilemo tse ngata. Tlhompho e lokela ho bontšoa li sa tloha feela, ha e le hantle, e lokela ho bontšoa ho tloha letsatsing la lechato ho ea pele.

16 Ha se monna le mosali feela ba lokelang ho bontša tlhompho ka letsatsi la lechato. Haeba moholo oa Mokreste o tla fana ka puo ea lenyalo, puo eo le eona e lokela ho fanoa ka tlhompho. Puo eo e lokela ho tobisoa ho banyalani. E le tsela e ’ngoe ea ho ba hlompha, sebui se ke ke sa etsa metlae kapa sa bua lipolelo tse tloaelehileng tseo e leng maikutlo a batho. Ha sea lokela ho kenyelletsa maikutlo a botho haholo a ka ’nang a tlotlolla banyalani le bamameli. Ho e-na le hoo, se tla leka hore se bue ka tsela ea botsoalle le e hahang, se totobatsa Moqapi oa lenyalo le keletso ea Hae e ikhethang. Ka sebele, puo e hlomphehang ea lenyalo eo moholo a fanang ka eona e tla tlatsetsa hore lechato leo le tlise tlhompho ho Jehova Molimo.

17. Ke hobane’ng ha litaba tsa molao li eloa hloko manyalong a Bakreste?

17 Sehloohong sena, mohlomong u hlokometse lintlha tse ngata tse qaqileng tsa molao mabapi le lenyalo. E ka ’na eaba lintlha tse ling ha li sebetse ka ho toba sebakeng sa heno. Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re lokela ho hlokomela kamoo ho leng bohlokoa kateng hore litokisetso tsa lenyalo har’a Lipaki Tsa Jehova li hlomphe melao ea sebaka ka seng, e leng melao ea Cesare. (Luka 20:25) Pauluse o ile a re khothalletsa sena: “Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, le mo fe lekhetho; ea batlang sethabathaba, le mo fe sethabathaba; . . . ea batlang tlhompho, le mo fe tlhompho e joalo.” (Baroma 13:7) Ka sebele ho loketse hore ho tloha letsatsing la lechato feela, Bakreste ba hlomphe tokisetso eo Molimo a e lumeletseng hore e sebetse hona joale.

18. Ke karolo efe ea lechato e sa tlameng e lokelang ho eloa hloko, hona re ka fumana boitsebiso bo buang ka taba ee hokae?

18 Machato a mangata a Bakreste a lateloa ke ’moka oa botsoalle—e leng mokete oa lenyalo. Hopola hore Jesu o ile a khetha ho ea moketeng o mong o joalo. Haeba ho e-na le ’moka o joalo, keletso ea Bibele e ka re thusa joang ho tiisa hore le oona o tla tlisa tlhompho ho Molimo ’me o emele banyalani bao ba bacha le phutheho ea Bokreste hantle? Sehloohong se latelang ho tla tšohloa taba eo.e

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe lona leo le ne le ka sebelisoa ha ho buuoa ka mokete o sa amaneng le lenyalo.—Esthere 9:22, Septuagint.

b Lipaki Tsa Jehova li sebelisa kemiso ea puo ea metsotso e 30 eo sehlooho sa eona se reng, “Lenyalo le Hlomphehang Mahlong a Molimo.” Puo ena e fana ka keletso e ntle ea Mangolo e fumanoang bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa le likhatisong tse ling tsa Lipaki Tsa Jehova. Puo eo e molemo haholo ho ba nyalanang letsatsing leo le ho bohle ba tlileng lechatong.

c Ntle leha molao oa sebaka ka seng o hloka hore ho etsoe ka tsela e ’ngoe, ho tla sebelisoa likano tsena tse hlomphang Molimo. Tsa monyali: “’Na [lebitso la monyali] ke nka uena [lebitso la monyaluoa] hore u be mosali oa ka eo ke mo nyetseng, ke tla u rata le ho u hlokomela ho ea ka molao oa Molimo o ngotsoeng Mangolong a Halalelang bakeng sa banna ba Bakreste, hafeela bobeli ba rōna re ntse re phela hammoho lefatšeng ho ea ka tokisetso ea Molimo ea lenyalo.” Tsa monyaluoa: “’Na [lebitso la monyaluoa] ke nka uena [lebitso la monyali] hore u be monna oa ka ea ’nyetseng, ke tla u rata le ho u hlokomela le ho u hlompha ka ho tebileng, ho ea ka molao oa Molimo o ngotsoeng Mangolong a Halalelang bakeng sa basali ba Bakreste, hafeela bobeli ba rōna re ntse re phela hammoho lefatšeng ho ea ka tokisetso ea Molimo ea lenyalo.”

d Molula-Qhooa oa December 15, 1962, leqepheng la 571, o bua ka mokhoa oa ho lula ’moho empa batho ba sa nyalana ka molao.

e Hape bona sehlooho se leqepheng la 28 se reng, “Eketsa Thabo le Seriti sa Letsatsi la Hao la Lechato.”

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella karolo ea molao le ea moea ea machato?

• Haeba Bakreste ba nyalana ka tšebeletso e fanoang ke ’muso, ke eng seo ba ka ’nang ba rera ho se etsa hang ka mor’a moo?

• Ke hobane’ng ha lipuo tsa lenyalo li fanoa Holong ea ’Muso?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lechatong la Iseraele ea boholo-holo, monyali o ne a tlisa monyaluoa lelapeng la hae kapa la ntat’ae

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ka mor’a hore Bakreste ba nyalane ka lenyalo la moetlo, ba ka ’na ba rata hore ba fuoe puo Holong ea ’Muso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela