Pale ea Bophelo
Jehova o Ntlhohonolofalitse Haholo ka Takatso ea ka ea ho ba Moromuoa
Joalokaha ho boletse Sheila Winfield da Conceição
Moromuoa e mong ea neng a re etetse a tsoa Afrika o kile a re bolella hore kabelong ea hae motho e mong le e mong o ne a re ba kene ka tlung ’me a mamela ka hloko litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ke ile ka nahana, ‘Ke labalabela ho sebetsa tšimong e joalo!’ Nakong eo ke ne ke e-na le lilemo tse 13, ’me puisano eo e ile ea etsa hore ke lakatse ho ba moromuoa.
LEHA ho le joalo, lelapa leso le ile la qala ho ithuta ka Jehova nako e itseng pele ho moo. Hoseng ho hong ka 1939, bahlankana ba babeli ba apereng hantle ba ile ba kokota heso, motseng oa Hemel Hempstead, o ka ntlenyana ho Greater London, Engelane. E ne e le Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka hlaha selemo pele ho moo, kahoo ha ke hopole letho ka ketelo eo. E le ha ’Mè a leka ho ba leleka, o ile a ba bolella hore Ntate a ka ’na a thahasella molaetsa empa o ne a tla fihla lapeng ka mor’a hora ea borobong bosiu. O ile a makala hakaakang ha ba khutla hona mantsiboeeng ao! Ka mor’a hore Ntate, e leng Henry Winfield, a tiise hore na boemo ba bona ke bofe litabeng tsa lipolotiki le tsa bochaba o ile a re ba kene ka tlung eaba o lumela hore ba mo rute Bibele. O ile a hatela pele ka potlako a ba a kolobetsoa. Lilemo hamorao, ’Mè, Kathleen, le eena o ile a qala ho ithuta. O ile a kolobetsoa ka 1946.
Ka 1948, ke ile ka qala ho kopanela kamehla mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ke ne ke nahana hore ke tla hloka oache ea letsoho e le hore ke tlalehe ka nepo nako eo ke e qetang ke le tšebeletsong. Haeba re ne re itšoere hantle, rōna bana re ne re fuoa sikisipense (chelete ea tšepe e neng e lekana le lipeni tse tšeletseng) e le chelete eo re neng re ka itšebelisetsa eona Moqebelo o mong le o mong. Ke ile ka boloka lisikisipense tseo tsa ka nako e ka etsang selemo e le hore ke tle ke ithekele oache e sa bitseng haholo eo ke neng nka e fumana nakong eo. Leha ho le joalo, Ray, e leng e mong oa likhaitseli tsa ka tse peli tse nyenyane, kamehla o ne a kōpa hore Ntate a mo fe lichelete tse peli (tseo boleng ba tsona bo neng bo lekana le lipeni tse tharo), ho se mohla a kōpang sikisipense e le ’ngoe. Ka letsatsi le leng o ile a tsitlella hore a fuoe lichelete tse peli tsa tšepe hoo Ntate a ileng a halefa. Ray o ile a qala ho lla ’me a bolela hore o ne a hloka lipeni tse peli hobane o ne a batla ho phethahatsa lekunutu la hae le Jehova. Qetellong Ray o ile a hlalosa a re: “Ke lokela ho tšela peni e ’ngoe ka lebokoseng la monehelo ’me e ’ngoe ke ea ka.” ’Mè o ile a ntša meokho ea thabo, eaba kapele Ntate o fana ka lipeni tse peli, ’me ke ile ka ithuta kamoo ho leng bohlokoa kateng ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso ka chelete.
Nakong ena, Ntate o ile a etsa litokisetso tsa ho fallela moo ho neng ho e-na le tlhōko e khōlō ea baboleli ba ’Muso. Ka 1949 o ile a rekisa polasi ea hae le sebaka seo ho neng ho chekoa lehlabathe le mokurutloane ho sona eaba o qala ho bula maliboho, ea e-ba mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka kolobetsoa ka la 24 September, 1950, e le ho bontša hore ke inehetse ho Jehova. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ha likolo li ne li koaletsoe phomolo ea lehlabula, ke ne ke nka bopula-maliboho ba phomolo (hona joale ke bo thusang), ke qeta lihora tse 100 tšebeletsong ka khoeli. Empa seo e ne e le qalo feela. Kapele, ke ile ka ba le takatso e matla ea hore ke etse ho eketsehileng bakeng sa ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng.
Takatso ea ka ea ho ba Moromuoa
Ka 1951, Ntate o ile a abeloa hore a ee motsaneng oa Bideford, North Devon. Nakoana ka mor’a hore re fihle moo, moromuoa ea neng a sebeletsa Afrika o ile a etela phuthehong ea rōna, joalokaha ke boletse qalong. Ka mor’a moo, takatso ea ka ea hore ke be moromuoa e ile ea susumetsa liqeto tsohle tseo ke neng ke li etsa. Sekolong, matichere a ne a tseba pakane ea ka, ’me a ne a leka kahohle hore a ’nyahamise, a tšepile hore ke tla phehella mosebetsi oa lefatše. Leha ho le joalo, letsatsing la ka la ho qetela sekolong, ha ke ne ke ile phaposing ea matichere ke il’o a leboha le ho a salisa hantle, e mong oa ’ona o ile a re: “Rea u lebohela! Ke uena feela seithuti seo ka sebele se tsebang ntho eo se batlang ho e etsa bophelong. Re u lakaletsa hore u finyelle pakane ea hao.”
Ntle le ho senya nako, ke ile ka fumana mosebetsi oa nakoana, ’me ka la 1 December, 1955, ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla. Hamorao, ’Mè le likhaitseli tsa ka le bona e ile ea e-ba bo-pula-maliboho. Kahoo ka lilemo tse ngata, bohle ka lapeng ba ne ba le tšebeletsong ea nako e tletseng.
Ho ea Ireland
Selemo hamorao, ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa Ireland. Ona e ne e le mohato o nkatametsang haufi le ho finyella pakane ea ka ea ho ba moromuoa. Ka February 1957, ’na le bo-pula-maliboho ba bang ba bacha ba babeli, e leng June Napier le Beryl Barker, re ile ra fihla Cork, karolong e ka boroa ea Ireland.
Tšimo ea Ireland e ne e le thata. Kereke ea Roma e K’hatholike e ne e re hanyetsa haholo. Re ile ra ithuta ho tiisa hore ho na le tsela eo re ka balehang ka eona mehahong ea lifolete, haeba ho ne ho ka etsahala hore re tlamehe ho baleha ka tšohanyetso. Re ne re atisa ho pata libaesekele tsa rōna sebakanyana, empa hangata batho ba ne ba li fumana ebe ba tabola mabili kapa ba a ntše moea.
Ka nako e ’ngoe, ha ’na le Beryl re ne re etetse baahi ba lulang mohahong o mong o moholo, sehlopha sa bana se ile sa qala ho re rohaka se hoelelitse ebile se re betsa ka majoe. Eaba re kena lebenkeleng le rekisang lebese, le neng le le haufi le ntlo ea motho e mong. Mokhopi oo oa bana o ile oa qalella ho khobokana ka ntle. Kaha Beryl o ne a ithatela lebese, o ile a noa likhalase tse peli kapa tse tharo tsa lebese butle, a nahanne hore mokhopi oo o tla qhalana. Ha oa ka oa qhalana. Joale moprista e mocha lilemong o ile a kena lebenkeleng leo. Kaha o ne a nahana hore re baeti feela, o ile a re a ka rata ho re bontša sebaka seo. Leha ho le joalo, o ile a qala ka ho re isa phaposing e ’ngoe hona ntlong eo, ’me ha re ntse re lutse fatše re khutsitse, o ile a fa monna-moholo ea neng a kulela lefu sakramente ea bakuli. Eaba re tsoa ntlong eo le moprista. Ha mokhopi oo o re bona re qoqa le eena, o ile oa qhalana.
Ho ea Gileade
Ka 1958, ho ne ho il’o tšoaroa Kopano ea Machaba ea Thato ea Molimo New York. Ntate o ne a ea kopanong eo, ’me le ’na ke ne ke batla ho ea, empa ke ne ke se na chelete. Eaba ka tšohanyetso Nkhono oa hlokahala ’me a ntšiela lipondo tse 100. Tefello ea leeto ea ho ea le ho khutla kopanong e ne e le lipondo tse 96, kahoo kapele-pele ke ile ka beheletsa tekete ea sefofane.
Nakoana ka mor’a moo, moemeli oa ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Brithani o ile a re etela ’me a khothalletsa bo-pula-maliboho bohle ba khethehileng ba neng ba ea kopanong hore ba etse kōpo ea ho koetlisoa Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ke ne ke sa kholoe ntho eo ke e utloang! O ile a fa e mong le e mong liforomo tsa kōpo ntle le ’na. Ke ne ke le monyenyane haholo. Ke ile ka kōpa hore le ’na a mphe eona, ke hlalosa hore ke ne ke se ntse ke tlohile naheng ea heso le hore ke ne ke hlile ke le kabelong ea boromuoa. Ha a bona boikemisetso ba ka, o ile a mpha foromo. Ke ile ka rapela ka thata hore ke mpe ke amoheloe! Karabo e ile ea tla kapele, ’me ke ile ka memeloa ho ea Gileade.
Ke ile ka thaba haholo ha ke ne ke ngolisoa sehlopheng sa bo33 sa Gileade, hammoho le bo-pula-maliboho ba bang ba 81 ba tsoang linaheng tse 14. Likhoeli tse hlano tsa thupelo li ile tsa feta ka potlako. Ha thupelo e le haufi le ho fela, Mor’abo rōna Nathan H. Knorr o ile a re fa puo ea lihora tse ’nè e susumetsang. O ile a khothalletsa ba neng ba ka khona ho lula e le masoha hore ba etse joalo. (1 Bakorinthe 7:37, 38) Empa rōna ba neng ba lakatsa hore ka letsatsi le leng re kene lenyalong, o ile a re khothalletsa hore re ngole lethathamo la lintho tseo re li hlokang ho molekane oa lenyalo ea tšoanelehang. Joale, haeba ho hlaha motho eo e ka bang molekane oa lenyalo, re mo hlahlobe re ipapisitse le lintho tsena tseo re neng re li hloka.
Lethathamo la ka la lintho tseo ke neng ke li hloka ho motho eo e neng e ka ba monna oa ka le ne le akarelletsa tse latelang: E ne e tlameha ho ba moromuoa ’me a rate Jehova, a tsebe ’nete ea Bibele ho mpheta, a ikemisetse ho tela ho ba le bana pele ho Armagedone e le hore re tsoele pele ka tšebeletso ea nako e tletseng, a tsebe ho bua Senyesemane hantle, ’me a be moholo ho ’na. Lethathamo lena le ile la nthusa haholo, kaha ke ne ke le lilemo li 20 ’me ke le mothating oa ho amohela kabelo ea ho ea naheng e hōle.
Ho ea Brazil
Ka Sontaha sa la 2 August, 1959, re ile ra fumana mangolo ’me ra tsebisoa moo re abetsoeng ho ea teng. ’Na le Vehanouch Yazedjian, Sarah Greco, Ray le Inger Hatfield, Sonia Springate le Doreen Hines, re ile ra abeloa ho ea Brazil. Re ne re hloletsoe haholo. Ke ile ka nahana ka meru, linoha, lifate tsa rabara le matsoalloa a India. Leha ho le joalo, ke ile ka makala hakaakang ha ke fihla moo! Ho e-na le ho fumana meru ea lipuleng tse ngata ea Amazon, ke ile ka fumana Rio de Janeiro e le motse o lulang o chabetsoe ke letsatsi le o tsoetseng pele, e le oona motse-moholo oa naha nakong eo.
Phephetso ea rōna ea pele e ne e le ho ithuta Sepotoketsi. Khoeling ea pele, re ne re ithuta puo ka lihora tse 11 letsatsi le leng le le leng. Ka mor’a ho bolela litaba tse molemo Rio le ho lula ka nakoana ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng seo, ke ile ka romeloa lehaeng la baromuoa le Piracicaba, São Paulo, ’me hamorao ka romeloa lehaeng la baromuoa le Porto Alegre, Profensing ea Rio Grande do Sul.
Joale, mathoasong a 1963, ke ile ka memeloa ho ea sebetsa Lefapheng la Phetolelo ofising ea lekala. Floriano Ignez da Conceição, ea neng a ile a re ruta Sepotoketsi ha re ne re qala ho fihla, o ne a okametse lefapha leo. O ile a ithuta ’nete ka 1944, ha ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 300 feela Brazil, ’me o ile a ea sehlopheng sa bo22 sa Gileade. Likhoeli hamorao, ka letsatsi le leng, Mor’abo rōna Conceição o ile a nkōpa hore nke ke sale nakong ea khefu ea motšehare kaha o ne a batla ho bua le ’na. Qalong, ke ne ke tšoenyehile. Ke ile ka ipotsa hore na ebe molato oa ka ke ofe? Qetellong ha tšepe ea ho ea lijong e lla, ke ile ka mo botsa hore na o ne a batla ho mpolella eng. O ile a nkaraba ka potso a re, “Na u ka lumela hore re nyalane?” Ke ne ke ferekane. Ke ile ka mo kōpa hore a mphe nako ea ho ea inahana eaba ke mathela lijong tsa motšehare.
Floriano e ne e se eena mor’abo rōna oa pele ea neng a kile a bolela hore oa nthata. Leha ho le joalo, ho fihlela nakong eo ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le motho ea nang le lintho tsohle tseo ke neng ke li hloka ho molekane oa lenyalo ea tšoanelehang. Ke lumela hore lethathamo leo la ka le ile la nthusa ho qoba hore ke etse qeto e fosahetseng. Empa lekhetlong lena, litaba li ne li fapane. Floriano o ne a e-na le lintho tsohle tseo ke neng ke li hloka! Kahoo, re ile ra nyalana ka la 15 May, 1965.
Ho Tobana le Bothata ba ho Kula
Bophelo ba rōna ba lenyalo le Floriano e bile bo monate, ho sa tsotellehe mathata ao re ileng ra thulana le ’ona. Bo bong ba ’ona e ne e le bo amanang le bophelo ba Floriano, bo qalileng pejana re nyalana. Lilemo pele ho moo, letšoafo la hae le letšehali le ne le ile la senyeha, ’me joale le ne le qala ho mo opela. Ka lebaka leo, re ile ra tloha Bethele eaba re abeloa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng motseng oa Teresópolis, lithabeng tsa Rio de Janeiro. Re ne re nahana hore boemo ba leholimo ba moo bo ne bo tla mo thusa hore a hlaphoheloe.
Ho phaella moo, ka December 1965, re ile ra fumana molaetsa oa hore ’Mè o kula haholo o tšoeroe ke kankere. Re ne re lula re ngollana, empa ke ne ke qetetse ho bona ’Mè lilemong tse supileng tse fetileng. Kahoo o ile a re lefella leeto la ho ea Engelane re il’o mo bona. ’Mè o ile a etsoa oporeishene, empa lingaka ha lia ka tsa atleha ho tlosa kankere eo. Le hoja a ne a sa tsohe liphateng ebile a kula haholo, o ne a ntse a e-na le takatso e matla ea ho kopanela mosebetsing oa boboleli. O ne a e-na le mochine oa ho thaepa ka kamoreng ea hae ea ho robala e le hore a ka bitsetsa motho mantsoe a mo thaepele. O ne a boetse a pakela baeti hakhutšoanyane. O ile a hlokahala ka la 27 November, 1966. Khoeling eona eo, o ile a tlaleha lihora tse leshome bakeng sa tšebeletso ea tšimo! Ntate o ile a tsoela pele ka botšepehi tšebeletsong ea bopula-maliboho ho fihlela a hlokahala ka 1979.
Ka mor’a hore ’Mè a hlokahale, ’na le Floriano re ile ra khutlela Brazil, ’me e sale re sebeletsa Profinseng ea Rio de Janeiro ho tloha ka nako eo. Qalong re ile ra abeloa mosebetsi oa potoloho sebakeng sa motse-moholo, empa thabo eo e ile ea e-ba ea nakoana, kaha Floriano o ile a boela a kula haholo. Joale re ile ra khutlela Teresópolis moo re ileng ra sebeletsa teng re le bo-pula-maliboho ba khethehileng.
Ka 1974, ka mor’a phekolo e bohloko ka lilemo tse ngata, qetellong lingaka li ile tsa ntša letšoafo le letšehali la Floriano. Nakong eo, o ne a sa khone ho sebeletsa e le molebeli ea okamelang kapa e le pula-maliboho ea khethehileng, empa o ne a khona ho khannela batho ba mo etetseng moo sepetlele lithuto tsa Bibele nakong ea ho bona bakuli—e mong ea neng a mo ruta ka Senyesemane e ne e le Bob, e leng monna-moholo oa Moamerika ea neng a le pencheneng. Bob o ile a amohela ’nete ’me hamorao a kolobetsoa. Butle-butle Floriano o ile a hlaphoheloa ’me haesale a sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla.
Jehova o Hlohonolofalitse Tšebeletso ea ka
Ka lilemo tse ngata, ke ’nile ka tsoela pele ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng, ’me Jehova o hlohonolofalitse tšebeletso ea ka. Ha ke le Teresópolis, ke ile ka ba le tokelo e babatsehang ea ho thusa batho ba fetang 60 hore ba inehele ho Jehova. E mong oa bona ke mosali ea bitsoang Jupira, eo hape ke ileng ka mo ruta ho bala. Hamorao, ke ile ka ithuta le bana ba hae ba robeli bao e neng e se e le batho ba baholo. Ka lebaka leo, Jupira hammoho le litho tsa lelapa la hae le beng ka eena ba fetang 20, kajeno ba sebeletsa Jehova ka cheseho. E mong ke moholo, ba bararo ke bahlanka ba sebeletsang ’me ba babeli ke bo-pula-maliboho.
Ke ithutile ho lula ke e-na le tšepo ea hore ho ka etsahala hore batho ba ithute ’nete. Ka lekhetlo le leng, ke ne ke ntse ke khannela mosali e mong e mocha ea bitsoang Alzemira thuto ea Bibele, ha monna oa hae Antônio, a ntšosa ka hore o tla ntšaeletsa lintja tse peli tse khōlō haeba re sa ba tsoele ka ntlo. Ka mor’a moo, re ne re sa kopane hangata le Alzemira, ho fihlela ka mor’a lilemo tse ka bang tse supileng, ha Antônio a ntumella hore ke ithute le Alzemira hape. Ho ntse ho le joalo, Antônio o ne a sa rate ha ke bua le eena ka Bibele. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng ha pula e ne e e-na, ke ile ka mema Antônio hore a kopanele thutong. Joale ke ile ka hlokomela hore bothata ba hae e ne e le ho se tsebe ho bala le ho ngola. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Floriano le ba bang ba ile ba ithuta le eena ’me ba mo ruta ho bala. Kajeno Alzemira le Antônio ka bobeli ba kolobelitsoe. O thusa haholo ka phuthehong, o tsamaea tšimo le bacha ba bangata.
Tsena ke liphihlelo tse seng kae tseo re bileng le tsona lilemong tse fetang 20 tseo re sebelelitseng Teresópolis ka tsona. Mathoasong a 1988, re ile ra fumana kabelo e ncha—ea ho ea motseng oa Niterói, moo re ileng ra sebeletsa teng ka lilemo tse hlano pele re fallela Santo Aleixo. Joale re ile ra isoa Phuthehong ea Japuíba ka hare-hare ho motse oa Rio de Janeiro ’me ra ba le tokelo ea ho qalisa Phutheho ea Ribeira.
Bophelo bo Itekanetseng Empa bo Khotsofatsa
Ka lilemo tse ngata, ’na le Floriano re bile le tokelo ea ho thusa batho ba fetang 300 hore ba inehele ho Jehova. Hona joale, ba bang ba bona ba sebeletsa ofising ea lekala, ’me ba bang ke bo-pula-maliboho, baholo le bahlanka ba sebeletsang. Ke leboha hakaakang hore ebe Molimo, ka moea oa hae o halalelang o re sebelisitse ho thusa batho ba bangata hakaale!—Mareka 10:29, 30.
Ke ’nete hore Floriano o ile a tlameha ho sebetsana le mathata a maholo a bophelo. Ho sa tsotellehe boemo ba hae, o lula a ntse a tiile, a thabile ebile a tšepile Jehova. O tloaetse ho re: “Kajeno ha re fumane thabo ka ho phela re se na mathata. Empa re e fumana ka hore Jehova a re thuse ho sebetsana le mathata a rōna.”—Pesaleme ea 34:19.
Ka 2003, ho ile ha fumanoa kankere ka leihlong la ka le letšehali. Ke ile ka buuoa eaba leihlo leo lea ntšoa ’me ka kenngoa la maiketsetso, le lokelang ho hloekisoa hangata ka letsatsi. Ho sa tsotellehe sena, Jehova o ntlhohonolofalitse ka ho mpha matla a ho tsoela pele ke mo sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng.
Mabapi le lintho tse bonahalang, ke phetse ka tsela e itekanetseng. Empa Jehova o ntlhohonolofalitse kabelong ea ka ’me o entse hore ke be morui moeeng. Seo morali’abo rōna oa moromuoa a ileng a se bua mabapi le mosebetsi oa boboleli Afrika e bile tlhaloso e loketseng kabelo ea rōna mona Brazil. Ka sebele, Jehova o ntlhohonolofalitse haholo ka takatso ea ka ea ho ba moromuoa!
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ke na le lelapa leso ka 1953
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho paka Ireland ka 1957
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ke na le baromuoa-’moho Brazil, ka 1959. Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Ke ’na, Inger Hatfield, Doreen Hines le Sonia Springate
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ke na le monna oa ka