Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 11/15 maq. 4-7
  • Tseko e U Amang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tseko e U Amang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Nke ke ka Tlosa Botšepehi ba ka ho ’na”
  • Kamoo Khang eo e Ileng ea Rarolloa Kateng
  • U Lokela ho Etsa’ng?
  • Qoba Boitšoaro bo Bobe ba ho Kopanela Liphate
  • Ho Khahlisa Molimo Likarolong Tse Ling Tsa Bophelo
  • U ka Atleha
  • Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Botšepehi ba Jobo—Ke Mang ea ka bo Etsisang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lula U Tšepahala!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Phela ka Tsela e Khahlisang Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 11/15 maq. 4-7

Tseko e U Amang

NA U na le motsoalle kapa mong ka uena eo u hlileng u mo tloaetseng haholo? Ho thoe’ng haeba motho e mong a ne a ka u qosa ka hore u tloaelane le motho eo ka mabaka a boithati feela? Na u ne u ke ke ua utloa bohloko, esita le ho halefa? Ena ke eona hantle ntho eo Satane Diabolose a qosang batho bohle ba nang le kamano e haufi le Jehova Molimo ka eona.

Ak’u nahane ka se ileng sa etsahala ha Satane a ne a atleha ho etsa hore batho ba pele ba babeli, e leng Adama le Eva ba tlōle molao oa Molimo ’me ba kheme le eena borabeleng ba hae khahlanong le Molimo. Na ketsahalo eo e ne e bolela hore batho ba ne ba tla mamela Jehova hafeela ba fumana molemo o itseng? (Genese 3:1-6) Lilemo tse ka bang 2 500 ka mor’a hore Adama a khelohe, Satane o ile a boela a hlahisa taba ena—lekhetlong lena e le mabapi le monna ea bitsoang Jobo. Kaha qoso eo Satane a ileng a e hlahisa nakong eo e bontša ka ho hlaka tseko e amehang, a re hlahlobeng tlaleho eo ea Bibele ka hloko.

“Nke ke ka Tlosa Botšepehi ba ka ho ’na”

Jobo e ne e le “monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.” Leha ho le joalo, Satane o ile a bua hampe ka ho loka ha Jobo. O ile a botsa Jehova a re: “Na ke ha lefeela ha Jobo a tšaba Molimo?” Joale Satane a bua Jehova le Jobo hampe ka ho qosa Jehova ka hore o rekile Jobo hore a tšepahale ka ho mo sireletsa le ho mo hlohonolofatsa. Satane a phephetsa Jehova ka ho re: “Ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.”—Jobo 1:8-11.

E le hore Jehova a arabele litseko tseo tsa Satane, o ile a mo lumella hore a leke Jobo. Ha Diabolose a leka ho khelosa Jobo hore a se ke a sebeletsa Molimo, o ile a bakela monna eo ea tšepahalang litlokotsi ka ho latellana. Mohlape oohle oa Jobo o ile oa utsuoa kapa oa bolaoa, bahlanka ba Jobo le bana ba hae le bona ba ile ba bolaoa. (Jobo 1:12-19) Empa na Satane o ile a atleha? Ho hang, ha aa ka a atleha! Le hoja Jobo a ne a sa tsebe hore Satane ke eena ea mo bakelang liteko tseo, o ile a re: “Jehova o fane, ’me Jehova o nkile. Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho bokoa.”—Jobo 1:21.

Ka mor’a moo, Satane a tla ka pel’a Jehova, ’me Jehova a re ho eena: “Le hona joale [Jobo] o tšoareletse ka tieo botšepehing ba hae, le hoja u ntšusumelletsa hore ke mo timetse ntle ho lebaka.” (Jobo 2:1-3) Taba ea bohlokoahali mona ke botšepehi ba Jobo—e leng tšobotsi e hlokang hore motho a tšepahale ho Molimo a sa sekisetse ’me a khomarele ho loka. Ho fihlela joale, Jobo o hlōtse tabeng ea ho boloka botšepehi. Leha ho le joalo, Diabolose ha aa ka a tela.

Ka mor’a moo, Satane o ile a bua taba e akaretsang, e amang moloko oohle oa batho. O ile a re ho Jehova: “Letlalo bakeng sa letlalo, ’me motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae. Ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame lesapo la hae le nama ea hae ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.” (Jobo 2:4, 5) Ka hore Diabolose a sebelise lentsoe lena le akaretsang, e leng “motho” ho fapana le ho qoolla Jobo ka lebitso, o ile a belaella botšepehi ba motho e mong le e mong. Ha e le hantle, o ne a re: ‘Motho a ka etsa ntho leha e le efe hore a boloke bophelo ba hae. Ha u ka mpha monyetla, nka khelosa motho leha e le ofe hore a se ke a sebeletsa Molimo.’ Na ha ho motho ea tla lula a tšepahala ho Molimo maemong ’ohle le ka linako tsohle?

Jehova o ile a lumella Diabolose hore a hlokofatse Jobo ka lefu le bolaeang. Jobo o ile a utloa bohloko hoo a ileng a rapella hore eke a ka shoa. (Jobo 2:7; 14:13) Leha ho le joalo, Jobo o ile a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!” (Jobo 27:5) Jobo o ne a bua sena hobane a rata Molimo, ’me ha ho letho le neng le ka fetola seo. Jobo o ile a paka hore ke motho ea tšepahalang. Bibele e re: “Ha e le Jehova, ka mor’a moo a hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho feta tšimoloho ea hae.” (Jobo 42:10-17) Na ho bile le ba bang ba tšoanang le Jobo? Ha nako e ntse e feta ho ile ha bonahala eng?

Kamoo Khang eo e Ileng ea Rarolloa Kateng

Khaolong ea 11 ea buka ea Bibele ea Baheberu, moapostola Pauluse o bolela mabitso a banna le basali ba bangata ba tšepahalang ba pele ho mehla ea Bokreste, ba kopanyelletsang Noe, Abrahama, Sara le Moshe. Joale moapostola o re: “Ke tla haelloa ke nako haeba ke tsoela pele ho pheta [ka ba bang].” (Baheberu 11:32) Bahlanka bana ba tšepahalang ba Molimo ba ne ba le bangata hoo Pauluse a buang ka bona e le ‘leru le leholo la lipaki,’ a ba ntšoantša le leru le leholo le pharaletseng sepakapakeng. (Baheberu 12:1) Ka sebele, ho theosa le makholo a lilemo, batho ba bangata bo se nang palo ba ’nile ba sebelisa bolokolohi ba bona ba ho ikhethela ’me ba khethile ho tšepahala ho Jehova Molimo.—Joshua 24:15.

Tharollo ea makhaola-khang boipolelong ba Satane ba hore a ka khelosa batho hore ba se ke ba sebeletsa Jehova, e ile ea fanoa ke Mor’a Molimo ka boeena, e leng Jesu Kreste. Esita le bohloko bo otlang pelo ba ho shoela thupeng ea tlhokofatso, ha boa ka ba etsa hore a tlohele ho tšepahala ho Molimo. Ha Jesu a phefumoloha la ho qetela, o ile a hooa a re: “Ntate, ke beha moea oa ka matsohong a hao.”—Luka 23:46.

Ha nako e ntse e feta, ho ile ha bonahala ka ho hlaka hore Diabolose ha aa atleha ho khelosa motho e mong le e mong hore a se ke a sebeletsa Molimo oa ’nete. Batho ba bangata-ngata ba tsebile Jehova ’me ba ‘mo rata ka lipelo tsa bona tsohle le ka moea oa bona oohle le ka likelello tsa bona tsohle.’ (Matheu 22:37) Botšepehi ba bona bo sa thekeseleng ho Jehova bo pakile hore Satane o fositse tsekong ea botšepehi ba batho. Le uena u ka paka hore Diabolose o fositse ka hore u be monna kapa mosali ea tšepahalang.

U Lokela ho Etsa’ng?

Thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) U ka etsa seo joang? Iphe nako ea ho ithuta Bibele ’me u ‘rue tsebo ka Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo a mo romileng, Jesu Kreste.’—Johanne 17:3.

Satane o ile a phephetsa botšepehi ba motho ka hore a belaelle mabaka ao motho a sebeletsang Molimo ka ’ona. Hore tsebo e susumetse mabaka ao u etsang lintho ka ’ona, e lokela ho fihla pelong. Hore seo se etsahale, u lokela ho fumana ho fetang feela ho batla boitsebiso bo itseng Bibeleng. Itloaetse ho thuisa ka seo u ithutang sona. (Pesaleme ea 143:5) Ha u bala Bibele kapa buka e thehiloeng Bibeleng, etsa bonnete ba hore u ipha nako ea ho nahanisisa ka lipotso tse kang tsena: ‘Taba ee e nthuta eng ka Jehova? Ke litšobotsi life tsa Molimo tseo ke bonang li hlalosoa moo? Ke likarolong life tsa bophelo ba ka moo ke lokelang ho li bonahatsa? Ke eng seo Molimo a se ratang le seo a sa se rateng? Seo se ama joang tsela eo ke nahanang ka eona ka Molimo?’ Ho thuisa ho joalo ho tla etsa hore u rate ’Mōpi oa hao u be u mo ananele ho tloha botebong ba pelo.

Ha rea lokela ho tšepahala ho Molimo litabeng tsa bolumeli feela. (1 Marena 9:4) Hore u lule u tšepahala ho Jehova Molimo, u lokela ho itšoara hantle likarolong tsohle tsa bophelo. Leha ho le joalo, ho lula u tšepahala ho ke ke ha u amoha letho. Jehova ke “Molimo ea thabileng,” ’me o batla hore u thabele bophelo. (1 Timothea 1:11) Joale, nahana ka mekhoa e itseng eo u lokelang ho e qoba e le hore u lule u hloekile boitšoarong ’me kahoo u be le bophelo bo thabisang haholoanyane u be u amoheloe ke Molimo.

Qoba Boitšoaro bo Bobe ba ho Kopanela Liphate

Jehova ka boeena o behile molao-motheo oa lenyalo ka Lentsoeng la hae, Bibele, o reng: ‘Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.’ (Genese 2:21-24) Kaha balekane ba lenyalo ba fetoha “nama e le ’ngoe,” ba hlompha tokisetso ea Molimo ea lenyalo ha ba kopanela liphate le balekane ba bona feela. Moapostola Pauluse o ile a re: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Polelo ena e reng “liphate tsa lenyalo” e bolela ha monna le mosali ba nyalaneng ka molao ba kopanela liphate. Haeba e mong oa bona a ne a ka kopanela liphate le motho e mong eo e seng molekane oa hae, o etsa bofebe ’me Molimo a ka mo ahlola habohloko.—Malakia 3:5.

Ho thoe’ng ka ho kopanela liphate pele ho lenyalo? Le hona ho khahlanong le melao-motheo ea boitšoaro eo Jehova a e behileng. Bibele e re: “Sena ke seo Molimo a se ratang . . . hore le ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Bosodoma, ho kopanela liphate le mong ka uena ea haufi le ho robala le phoofolo le tsona ke libe tse tebileng tseo Molimo a leng khahlanong le tsona. (Levitike 18:6, 23; Baroma 1:26, 27) Motho leha e le ofe ea batlang ho khahlisa Molimo le ea batlang ho ba le bophelo bo thabisang e le kannete, o lokela ho tlohela mekhoa ea boitšoaro bo bobe.

Ho thoe’ng ka boitšoaro bo etsoang pele ho lenyalo ba ho itsosetsa takatso ea botona kapa botšehali? Mokhoa ona o khopisa Jehova. (Bagalata 5:19) Motho o boetse o lokela ho qoba ho lula a nahana ka boitšoaro bo bobe. Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Mantsoe ao a sebetsa ka tsela e tšoanang le tabeng ea ho sheba pampiring litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, kapa ho li sheba videong kapa Inthaneteng; kapa ho bala litaba tse buang ka liketso tsa ho kopanela liphate; le ho mamela lipina tse nang le mantsoe a litšila. Ho qoba lintho tse joalo ho khahlisa Molimo ebile ho ba le tšusumetso e ntle bophelong ba motho.

Ho thoe’ng ka ho bonya? Lebonyo le hlalosoa e le “pontšo ea ho bapala ka maikutlo a lerato a motho e mong kapa ho mo hohella [boitšoarong] ba ho kopanela liphate.” Ha monna ea nyetseng kapa mosali ea nyetsoeng a sheba motho ea sa nyalanang le eena ka tsela eo, o khahlanong le melao-motheo ea Bibele ebile o bontša ho se hlomphe Jehova. (Baefese 5:28-33) Ho fosahetse hakaakang hore masoha a ’ne a bonyetsane feela bakeng sa ho ithabisa! Ho thoe’ng haeba e mong a sa nke seo e le ho ithabisa feela? Nahana hore na seo se ka utloisa motho e mong bohloko hakaakang maikutlong. Taba e tebileng le ho feta ke hore lebonyo le ka qetella ka ho oela bofebeng kapa bohloleng. Ka lehlakoreng le leng, motho o ba le boitlhompho haholo haeba a sebetsana ka bohloeki le batho ba bong bo fapaneng.—1 Timothea 5:1, 2.

Ho Khahlisa Molimo Likarolong Tse Ling Tsa Bophelo

Linaheng tse ngata, joala bo fumaneha habonolo feela. Na ke phoso ho noa joala? Mangolo ha a hanele ho noa veine, biri kapa mefuta e meng ea joala ka mokhoa o itekanetseng. (Pesaleme ea 104:15; 1 Timothea 5:23) Leha ho le joalo, ho itlopa joala le ho tahoa ho fosahetse mahlong a Molimo. (1 Bakorinthe 5:11-13) Ka sebele u ke ke ua rata hore ho noa ho feta tekano ho senye bophelo ba hao ho be ho senye bophelo ba lelapa la hao.—Liproverbia 23:20, 21, 29-35.

Jehova ke “Molimo oa ’nete.” (Pesaleme ea 31:5) Bibele e re: ‘Ho ke ke ha khoneha hore Molimo a bue leshano.’ (Baheberu 6:18) Haeba u batla hore Molimo a u rate, u lokela ho qoba ho bua leshano. (Liproverbia 6:16-19; Bakolose 3:9, 10) Bibele e eletsa Bakreste ka ho re: “E mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.”—Baefese 4:25.

Mokhoa o mong hape ke oa ho becha. Le hoja ba bangata ba rata ho becha, ona ke mofuta o mong oa ho ba meharo, kaha motho o leka ho fumana chelete ka hore ba bang ba lahleheloe ke eona. Jehova ha a rate batho “ba meharo ea leruo la ho se tšepahale.” (1 Timothea 3:8) Kahoo, haeba u rata ho khahlisa Jehova, u tla khaotsa ho kenella mofuteng leha e le ofe oa ho becha, o akarelletsang lilothari, bingo le ho bechela mejaho ea lipere. Ha u qoba mokhoa oo, u ka ’na ua hlokomela hore ha e le hantle, u ba le chelete e eketsehileng ea hore u shebane le litlhoko tsa lelapa la hao.

Mofuta o mong oa meharo ke ho utsoa, e leng ho inkela ntho eo e seng ea hao. Bibele e re: “U se ke ua utsoa.” (Exoda 20:15) Ho fosahetse ho reka thepa eo u tsebang hore e utsoitsoe le ho inkela lintho ntle ho tumello. Bibele e re: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:28) Ho e-na le ho utsoetsa bahiri ba bona nako, ba ratang Jehova ba sebetsa ka botšepehi. Ba “lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Ka sebele ho ba le letsoalo le letle ho etsa hore motho a be le khotso ea kelello.

Molimo o talima motho ea mabifi joang? Bibele e lemosa tjena: “U se ke ua ba le setsoalle le mang kapa mang ea ineheletseng bohale; ’me u se ke ua kena setsoalleng le motho ea tlakolohang ka bohale.” (Liproverbia 22:24) Hangata bohale bo sa laoleheng bo lebisa liketsong tse mabifi. (Genese 4:5-8) Ha e le ka ho iphetetsa teng, Bibele e re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle. Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” (Baroma 12:17-19) Ha re latela keletso ena, re tla ba le khotso haholoanyane bophelong—’me seo se tla eketsa thabo ea rōna.

U ka Atleha

Na u ka atleha ho lula u tšepahala ho Molimo ho sa tsotellehe likhatello tse teng tsa hore u se ke ua tšepahala? E, u ka atleha. Hlokomela hore Molimo o batla hore u atlehe tabeng ea ho paka hore Satane o fositse tsekong ea botšepehi, etsoe Lentsoe la Hae le re: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.”—Liproverbia 27:11.

U ka rapela Jehova hore a u matlafaletse ho etsa se nepahetseng mahlong a hae. (Bafilipi 4:6, 7, 13) Kahoo leka ka matla hore u eketse tsebo ea hao ka Lentsoe la Molimo, e leng Bibele. Ho thuisa ka kananelo ka seo u ithutang sona Bibeleng ho tla u thusa ho tebisa lerato la hao ho Molimo ’me ho u susumelletse hore u mo khahlise. Johanne oa Pele 5:3 e re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” Lipaki Tsa Jehova tsa motseng oa heno li tla thabela ho u thusa hore u ithute Bibele. Re u khothalletsa hore u iteanye le tsona sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Jobo o ile a lula a tšepahala ha a le tekong

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho eketsa tsebo ea hao ka Lentsoe la Molimo ho tla matlafatsa qeto ea hao e tiileng ea ho etsa se nepahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela