Samuele o Ntšetsa Pele Borapeli ba ’Nete
MOPROFETA Samuele o khalemela balumeli-’moho le eena ba neng ba kōpa hore ba be le morena oa motho ’me o ba khothalletsa hore ba mamele Molimo. E le hore a tle a pake hore o na le matla joaloka moprofeta oa Molimo, o kōpa hore Jehova a mo fe pontšo ka sefefo. Nakong ena ea selemo ea ha ho kotuloa koro, lipula tse nang ka sefefo ha lia tloaeleha Iseraele. Leha ho le joalo, Molimo o romela lialuma le pula. Ka lebaka leo, batho ba tšaba Jehova haholo le moemeli oa hae, Samuele.—1 Samuele 12:11-19.
Moprofeta Samuele e ne e boetse e le mongoli. Litlaleho tsa hae tsa histori tse hlalosang liketsahalo tse ngata tse hlollang li akaretsa lilemo tse ka bang 330 li bile li kopanyelletsa liketso tse tsotehang tsa Baahloli ba Iseraele. Ka mohlala, ka tlaleho ea ’nete ea bophelo ba Samsone, e leng monna ea matla ka ho fetisisa ea kileng a phela, ho entsoe lithothokiso le litšoantšiso tsa ’mino le lipapali tse ling tsa kalaneng kapa tsa libaesekopo. (Baahloli, khaolo ea 13–16) Samuele o ile a boela a ngola ka Ruthe le matsal’ae Naomi, bao ka bobeli e neng e le bahlolohali ba bile ba futsanehile. Pale ena ea ’nete e qetellang ka thabo, le eona e thahasellisa haholo joaloka pale ea Samsone.—Ruthe, khaolo ea 1–4.
Re ka ithuta lithuto life bophelong ba Samuele le litlalehong tseo a li ngotseng? O ile a ntšetsa pele borapeli ba ’nete joang?
Ha a sa le Mocha
Ntat’a Samuele, e leng Elkana, e ne e le morapeli oa Jehova ebile e le monna ea lerato. Anna, mosali oa Elkana, e ne e le mosali ea matla moeeng. Ha a le ntlong ea Jehova e Shilo, Anna oa nyopa o ile a rapela ka tieo a ba a etsa kano a re: “Jehova oa mabotho, haeba ruri u tla talima mahloreho a lekhabunyane la hao ’me u nkhopole, ’me u ke ke ua lebala lekhabunyane la hao ’me u tla fa lekhabunyane la hao ngoana e motona, ke tla mo fa Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae, ’me ha ho lehare le tla feta hloohong ea hae.” (1 Samuele 1:1-11) Sena se ne se bolela hore ngoana eo o ne a tla khetheloa tšebeletso ea Jehova.
Anna o ne a rapella ka pelong. Tlaleho e bolela hore “ke molomo oa hae feela o neng o thothomela.” Ka phoso, Moprista ea Phahameng Eli o ne a nahana hore o tahiloe eaba o mo khalemela ka matla. Leha ho le joalo, ka tlhompho Anna o ile a hlalosa se etsahalang, eaba Eli o re: “Tsamaea ka khotso, ’me e se eka Molimo oa Iseraele a ka phethahatsa kōpo ea hao e matla eo u e kōpileng ho eena.” Jehova o ile a utloa thapelo ea Anna, hobane tlaleho e tsoela pele tjena: “Eitse ha selemo se thoasa Anna a ima eaba o tsoala mora ’me o mo reha lebitso la Samuele, hobane, o ne a re, ‘ke mo kōpile ho Jehova.’”—1 Samuele 1:12-20.
Samuele o ile a hōlisoa ka “taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Hang feela ha Samuele a khoesitsoe, Anna o ile a mo tlisa ntlong ea Molimo e Shilo ’me a mo hlahisa ho Moprista ea Phahameng Eli. A le tlhokomelong ea Eli, moshanyana eo e ile ea e-ba “mosebeletsi oa Jehova.” Anna o ile a hlalosa thabo ea hae e khaphatsehang ka mantsoe a hae a amang maikutlo ao hamorao a ileng a tlalehoa ke Samuele ka boeena.—1 Samuele 2:1-11.
Haeba u motsoali, na u khothalletsa bana ba hao hore ba etse tšebeletso ea Jehova mosebetsi oa bona oa bophelo bohle? Tsela e molemo ka ho fetisisa eo motho a ka sebelisang matla a hae ka eona ke ka ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete.
Samuele o ile a ikamahanya hantle le bophelo ba ho lula sehalalelong. O ile “a tsoela pele ho hōlela ho Jehova” ’me ea e-ba ea ‘ratehang ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.’ O ne a bontša litšobotsi tsa Molimo tse neng li etsa hore ba bang ba mo rate.—1 Samuele 2:21, 26.
Empa bara ba se nang molemo ba Eli, e leng Hofni le Finease, bona ba ne ba se joalo, “ba ne ba sa ele Jehova hloko.” Ba ne ba etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate ba bile ba inkela likarolo tse molemohali tsa mahlabelo ao batho ba neng ba a tlisa sehalalelong. Molimo o ne a se a ntse a rometse moprofeta ho ea phatlalatsa kotlo eo Eli a neng a ka e lebella, e neng e kopanyelletsa ho shoa ha bara bao ba hae ba babeli. (1 Samuele 2:12, 15-17, 22-25, 27, 30-34) Jehova o ne a tla sebelisa Samuele ho bolela molaetsa o mong oa kahlolo.
Samuele o Sebeletsa e le Moprofeta
Molimo o ile a re ho Samuele: ‘U bolelle Eli hore ke ahlola ntlo ea hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa phoso eo a e tsebileng, hobane bara ba hae ba rohaka Molimo, ’me ha aa ka a ba khalemela ka matla.’ Ho ne ho se bonolo ho bolela molaetsa oo, ’me Eli o ile a phehella Samuele hore a se ke a mo patela letho la oona. Kahoo Samuele o ile a mo phetela sohle seo Jehova neng a se boletse. Ho ne ho hlokahala sebete hore a etse joalo!—1 Samuele 3:10-18.
Ha Samuele a se a hōlile, Baiseraele bohle ba ile ba tseba hore ke moprofeta oa Molimo. (1 Samuele 3:19, 20) Kahlolo eo Samuele a neng a e boletse esale pele e ile ea qala ho phethahala ha Baiseraele ba ne ba hlōloa habohloko ke Bafilista. Hofni le Finease ba ile ba shoela ntoeng, eaba Bafilista ba hapa areka ea selekane sa Jehova. Ha Eli a utloa hore bara ba hae ba shoele le hore Areka e hapiloe, o ile a oa ka seetse a le setulong, a robeha molala eaba oa shoa.—1 Samuele 4:1-18.
Lilemo tse 20 hamorao, Samuele o ile a khothalletsa Baiseraele hore ba furalle borapeli ba bohata. Ba ile ba nka bohato ka hore ba lahle litšoantšo tsa bona tse rapeloang, ba itime lijo ’me ba bolele libe tsa bona. Samuele o ile a rapela ’me a ba etsetsa nyehelo ea secheso. Phello e ile ea e-ba efe? Eitse ha Bafilista ba ba hlasela, Molimo o ile a ferekanya Bafilista eaba Baiseraele baa ba hlasela ’me baa ba hlōla. Kaha Jehova o ne a ba tšehelitse, boemo ba Baiseraele bo ile ba ntlafala haholo, ’me ba khutlisa naha eo Bafilista ba neng ba ba amohile eona.—1 Samuele 7:3-14.
Ka sebele Samuele o ile a ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Ka mohlala, o ile a etsa bonnete ba hore lintho tse ling tse neng li haptjoa lintoeng li ne li sebelisetsoa ho hlokomela tabernakele. O ile a thusa ka hore ho hlophisoe mekete ea Paseka le tšebeletso ea balebeli ba liheke ba Balevi. (1 Likronike 9:22; 26:27, 28; 2 Likronike 35:18) Selemo le selemo, Samuele o ne a tloha ha hae Rama a etela metseng e sa tšoaneng ho ea ahlola. O ile a tuma ka ho ba motho ea tšepahalang le ea sa eeng ka leeme. Kaha batho ba ne ba hlompha Samuele, o ne a khona ho ba thusa moeeng. (1 Samuele 7:15-17; 9:6-14; 12:2-5) Ha ho pelaelo hore botšepehi ba hae le ho ananela lintho tsa moea ho ile ha susumelletsa ba bangata hore ba latele mohlala oa hae. Na le uena u susumetsoa ke tsela eo Samuele a neng a phela ka eona?
Baiseraele ba Kōpa ho ba le Morena
Ha Samuele a se a tsofetse, o ile a beha bara ba hae ba babeli, e leng Joele le Abija hore e be baahloli. “Ha baa ka ba tsamaea litseleng tsa hae, empa ba ne ba sekametse ho latela phaello e sa lokang ’me ba ne ba amohela tjotjo ebile ba khopamisa kahlolo.” Boitšoaro ba bona bo ile ba etsa hore banna ba hōlileng ba Iseraele ba kōpe hore ba be le morena. (1 Samuele 8:1-5) Ntho ena e ne e le mpe mahlong a Samuele. Leha ho le joalo, eitse ha a rapela mabapi le eona, Jehova o ile a re: “Ha sea lahla uena, empa se lahlile ’na hore ke se ke ka ba morena oa sona.” (1 Samuele 8:6, 7) Molimo o ile a bolella Samuele hore a etsetse sechaba kamoo se kōpang kateng ’me a se lemosa hore ha se busoa ke morena se tla lahleheloa ke litokelo tse itseng le tokoloho. Ha sechaba se tsitlella, Jehova o ile a lokisetsa hore Samuele a tlotse Saule hore e be morena.—1 Samuele 8:6-22; 9:15-17; 10:1.
Samuele o ile a tšehetsa tokisetso ena ho sa tsotellehe lipelaelo tseo a neng a e-na le tsona. Ka mor’a hore Baiseraele ba hlōle Baamone, o ile a bokella sechaba Gilgale ho tiisa hore Saule ke eena morena. (1 Samuele 10:17-24; 11:11-15) Samuele o ile a pheta histori ea Iseraele eaba o lemosa morena le sechaba hore ba mamele Jehova. Molimo o ile a araba thapelo ea Samuele ka pula ea sefefo eo ho buuoeng ka eona qalong ea sehlooho sena. Sefefo seo se ile sa etsa hore sechaba se lumele phoso ea sona ea hore ebe se lahlile Jehova. Ha se kōpa Samuele hore a se rapelle, o ile a araba a re: “Ke ho sa utloahaleng hore ke siteloe Jehova ka ho khaotsa ho le rapella; ke tla le rupela ka tsela e ntle le e nepahetseng.” Oo ke mohlala o motle hakaakang oa ho rata Jehova le sechaba sa hae ka lerato le nang le botšepehi! (1 Samuele 12:6-24) Na le uena u ikemiselitse ho tšehetsa litokisetso tsa puso ea Molimo le ho rapella balumeli-’moho le uena?
Marena a Mabeli a Pele a Batho a Iseraele
Saule e ne e le motho ea ikokobelitseng ea amoheloang ke Molimo. (1 Samuele 9:21; 11:6) Leha ho le joalo, hamorao o ile a khaotsa ho latela litaelo tsa Molimo. Ka mohlala, Samuele o ile a mo khalemella hore ebe ka ho hloka mamello o ile a nyehela sehlabelo ho e-na le hore a lete, joalokaha a ne a laetsoe. (1 Samuele 13:10-14) Ha Saule a ne a bontša ho se mamele ka ho tlohela Agage Morena oa Baamaleke a phela, Samuele o ile a mo bolella a re: “Jehova o hahotse bobusi ba Iseraele ho uena kajeno, ’me ka sebele o tla bo fa oa heno ea molemo ho u feta.” Samuele ka boeena o ile a bolaea Agage eaba o siama ka lebaka la Saule.—1 Samuele 15:1-35.
Qetellong Jehova o ile a re ho Samuele: “U tla ’ne u siame ka lebaka la Saule halelele hakae, ha ’na, ka lehlakoreng le leng, ke mo lahlile hore a se ke a busa e le morena oa Iseraele?” Eaba Jehova o laela Samuele hore a ee Bethlehema ho ea tlotsa mor’a Jese hore e be morena. Samuele o ile a hlahloba bara ba Jese ka bonngoe ho fihlela Jehova a bontša hore O amohetse Davida, e leng oa ho fela, hore a tlotsoe. Letsatsing leo, Samuele o ile a ithuta thuto ea bohlokoa: “Tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.”—1 Samuele 16:1-13.
Kaha ho se mamele ha Saule ho ile ha utloisa Samuele bohloko, e tlameha ebe o ile a utloa bohloko haholo ha Saule a koetlela Davida lehloeo le bolaeang! Ho sa tsotellehe liteko tseo, Samuele o ile a lula a le mafolofolo botsofaling ba hae ’me a etsa sohle seo a neng a ka se khona tšebeletsong ea Jehova.—1 Samuele 19:18-20.
Lefa Leo Samuele a le Siileng
Ha Samuele a hlokahala, Baiseraele ba ile ba llela moprofeta enoa ea ikokobelitseng le ea sebete ea ileng a ama bophelo ba batho ba bangata. (1 Samuele 25:1) Samuele o ne a sa phethahala, ’me ka linako tse ling o ne a etsa liphoso ha a ahlola. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mefokolo ea hae, Samuele o ne a inehetse ho Jehova ka ho khethehileng ’me o ile a sebetsa ka thata ho thusa ba bang hore le bona ba etse joalo.
Lintho li fetohile haholo ho tloha mehleng ea Samuele, empa tlaleho ea bophelo ba hae e re tšoaretse lithuto tsa bohlokoa. Ka holim’a tsohle, Samuele o ne a phela ka borapeli ba ’nete ba Jehova a bile a bo ntšetsa pele. Na le uena u etsa joalo?
[Lebokose le leqepheng la 16]
NAHANISISA KA BOPHELO BA SAMUELE
• Joalokaha batsoali ba Samuele ba ile ba mo ruta lentsoe la Molimo, hōlisa bana ba hao ka “taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.
• Khothalletsa bana ba hao hore ba tšoane le Samuele ka ho etsa tšebeletso ea Jehova mosebetsi oa bona oa bophelo bohle.
• Litšobotsi tsa bomolimo tseo Samuele a neng a li bontša li ile tsa etsa hore ba bang ba mo rate, kahoo o re behetse mohlala o motle.
• Samuele o ile a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete, feela joalokaha le rōna re lokela ho etsa joalo.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Samuele o ile a ntšetsa pele borapeli ba ’nete ’me a ithaopela ho thusa ba bang moeeng