Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 1/15 maq. 26-30
  • Thusa ba Bang ho Mamela Seo Bibele e se Rutang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusa ba Bang ho Mamela Seo Bibele e se Rutang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Qalisang Thuto ea Bibele Kateng
  • Mekhoa ea ho Ruta e Sebetsang Hamolemo
  • Thusa Liithuti Tsa Bibele Hore e be Mesuoe
  • ‘Ipholose ’Me U Pholose le ba U Mamelang’
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 1/15 maq. 26-30

Thusa ba Bang ho Mamela Seo Bibele e se Rutang

“Ha e le e mobung o motle, ena ke bao, ka mor’a ho utloa lentsoe ka pelo e ntle le e molemo, ba le bolokang ’me ba beha litholoana ka mamello.”—LUKA 8:15.

1, 2. (a) Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e ngotsoe ka morero ofe? (b) Lilemong tsa morao tjee, Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba batho ba hae joang hore ba etse barutuoa?

“BUKA ena ea babatseha. Liithuti tsa ka li e rata haholo. Le ’na kea e rata. E re thusa hore re qalise lithuto tsa Bibele le batho re eme menyakong ea bona.” Ana ke mantsoe ao pula-maliboho e mong oa kamehla oa Lipaki Tsa Jehova a ileng a a bua ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?a ’Moleli e mong oa ’Muso ea seng a hōlile o ile a bua tjena ka buka eona ena: “Ke bile le tokelo ea ho thusa batho ba bangata hore ba tsebe Jehova lilemong tse 50 tseo ke ’nileng ka tšoareha ka tsona tšebeletsong. Empa ha ke soasoe ha ke re, buka ena ea ho ithuta ea ikhetha. Hoa thabisa ho bona lipapiso le litšoantšo tsa eona tse susumetsang.” Na ke kamoo u ikutloang kateng ka buka ea Seo Bibele e se Rutang? Buka ena ea ho ithuta Bibele e ngotsoe ka morero oa ho u thusa ho phethahatsa taelo ena ea Jesu e reng: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.

2 Ha ho pelaelo hore pelo ea Jehova ea thaba ha a bona Lipaki tsa hae tse ka bang limilione tse 6,6 tse ikemiselitseng ho mamela taelo ea Jesu ea hore li etse barutuoa. (Liproverbia 27:11) Ho totobetse hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba tsona. Ka mohlala, selemong sa tšebeletso sa 2005, litaba tse molemo li ile tsa boleloa linaheng tse 235, ’me ka karolelano, ho ile ha khannoa lithuto tsa Bibele tse fetang 6 061 500. Ka lebaka lena, batho ba bangata ba ‘utloile lentsoe la Molimo, ’me ha baa ka ba le amohela e le lentsoe la batho empa ba le amohetse feela joalokaha kannete e le lentsoe la Molimo.’ (1 Bathesalonika 2:13) Lilemong tse peli tse fetileng, barutuoa ba bacha ba fetang halofo ea milione ba entse hore bophelo ba bona bo lumellane le melao ea Jehova eaba ba inehela ho Molimo.

3. Sehloohong see ho tla tšohloa lipotso life mabapi le ho sebelisoa ha buka ea Seo Bibele e se Rutang?

3 Na morao tjee u thabetse ho khannela motho e mong thuto ea Bibele? Lefatšeng ka bophara, ho sa ntsane ho e-na le batho ba nang le “pelo e ntle le e molemo” bao e reng ha ba utloa lentsoe la Molimo ba le “bolokang ’me ba behe litholoana ka mamello.” (Luka 8:11-15) A re hlahlobeng kamoo re ka sebelisang buka ea Seo Bibele e se Rutang mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Puisanong ea rōna re tla tšohla lipotso tse tharo: (1) U ka qalisa thuto ea Bibele joang? (2) Mekhoa e atlehang ka ho fetisisa ea ho ruta ke efe? (3) U ka thusa motho joang hore e se ke ea e-ba seithuti feela empa hape e be mosuoe oa Lentsoe le ngotsoeng la Molimo, Bibele?

Kamoo U ka Qalisang Thuto ea Bibele Kateng

4. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba tsilatsila ho ithuta Bibele, hona u ka ba thusa joang hore ba se ke ba tsilatsila?

4 U ne u ka ’na ua hana haeba ho ne ho ka thoe u qhomele hanngoe feela ka lehlakoreng le leng la nōka e sephara. Empa haeba ho ne ho kolokisitsoe majoe ao u hatang holim’a ’ona, mohlomong u ne u tla leka ho tšela. Ka ho tšoanang, motho ea phathahaneng a ka ’na a tsilatsila ho ithuta Bibele. Mong’a ntlo a ka ’na a nahana hore ho ithuta Bibele ho hloka nako e ngata haholo le boiteko. U ka mo thusa joang hore a se ke a tsilatsila? U ka sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang lipuisanong tse khutšoanyane le tse rutang, e le hore qetellong motho a khanneloe thuto ea kamehla ea Lentsoe la Molimo. Ha u lokisetsa hantle, leeto le leng le le leng la ho boela le tla tšoana le lejoe leo motho eo a hatang holim’a lona le mo atametsang haufi le hore e be motsoalle oa Jehova.

5. Ke hobane’ng ha u lokela ho bala buka ea Seo Bibele e se Rutang?

5 Leha ho le joalo, pele u ka thusa motho e mong hore a fumane molemo bukeng ea Seo Bibele e se Rutang, ho hlokahala hore u e tsebe hantle. Na u balile buka ee ho tloha qalong ho isa qetellong? Banyalani ba bang ba ile ba nka buka ena ha ba e-ea phomolong ’me ba ile ba qala ho e bala ha ba ntse ba phomotse lebōpong. Eitse ha mosali e mong oa moo ea neng a rekisa lintho a atamela ho bona, o ile a bona sehlooho sa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? O ile a bolella banyalani bao hore nakoana pele ho moo, o ne a ile a rapela a botsa potso eona ena, a kōpa karabo ho Molimo. Banyalani bao ba ile ba thabela ho fa mosali eo buka ena. Na u ‘rekile nako’ ea ho bala buka ee, mohlomong u e bala ka lekhetlo la bobeli ha u ntse u emetse ho sebeletsoa kapa nakong ea phomolo mosebetsing kapa sekolong? (Baefese 5:15, 16) Ha u ka reka nako, u tla tseba buka ena e rutang Bibele ’me hape u ka bula menyetla ea ho buisana le batho ba bang ka litaba tsa eona.

6, 7. U ka sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang joang ho qalisa lithuto tsa Bibele?

6 Ha u fa batho buka ena tšimong, sebelisa hamolemo litšoantšo, mangolo le lipotso tse leqepheng la 4, la 5 le la 6. Ka mohlala, u ka qala moqoqo ka ho botsa, “U nahana hore mathateng ’ohle ao batho ba nang le ’ona kajeno, ke eng e ka re tataisang ka botšepehi?” Ka mor’a ho mamela karabo ea motho eo ka hloko, bala 2 Timothea 3:16, 17, ebe u hlalosa hore Bibele e fana ka pheko ea sebele mathateng a batho. Ka mor’a moo, bontša mong’a ntlo leqephe la 4 le la 5, ebe ua botsa: “Maemong a tšoantšelitsoeng maqepheng aa, ke bofe bo u tšoenyang haholo?” Ha mong’a ntlo a supa bo bong, mo fe buka ’me uena u bale temana e buang ka bona Bibeleng ea hao. Ka mor’a moo, bala leqephe la 6, ebe u botsa mong’a ntlo, “Lipotsong tsee tse tšeletseng tse qetellong ea leqephe, ke efe eo u ka ratang ha e arabeloa?” Ho latela potso eo motho eo a e khethang, mo bontše khaolo e arabelang potso eo, mo siele buka eo, ebe u etsa litokisetso tse tiileng tsa hore u mo etele hape hore le tl’o tšohla potso eo.

7 Nehelano ena eo re qetang ho buisana ka eona, e ka etsoa ka metsotso e ka bang e mehlano. Leha ho le joalo, ka metsotso eo e seng mekae, u tla be u tsebile hore na ke eng seo mong’a ntlo a amehileng ka sona, u balile litemana tse peli ebile u hlalositse hore na li sebetsa joang, hape u tla be u entse tokisetso ea leeto la ho boela. Mohlomong puisano eo ea hao e khutšoanyane le mong’a ntlo e tla be e mo khothalitse le ho mo tšelisa ka ho fetisisa. Ka lebaka leo, esita le motho ea phathahaneng a ka ’na a thabela hore le tle le buisane hape ka metsotso e eketsehileng ha u ntse u mo thusa hore a nke bohato bo latelang ba ho kena ‘tseleng e isang bophelong.’ (Matheu 7:14) Ka mor’a nako, ha thahasello ea mong’a ntlo e ntse e hōla, le ka eketsa nako ea thuto. U ka etsa sena ka ho mo kōpa hore le lule fatše ’me le ithute ka nako e teletsana eo le lumellanang ka eona.

Mekhoa ea ho Ruta e Sebetsang Hamolemo

8, 9. (a) U ka lokisetsa seithuti sa hao sa Bibele joang hore se thulane ka katleho le litšitiso le liteko tse ka ’nang tsa se hlahela? (b) Thepa e sa cheng e hahang tumelo e matla e ka fumanoa hokae?

8 Hang ha motho a qala ho mamela seo Bibele e se rutang, a ka ’na a thulana le litšitiso tse ka khinang tsoelo-pele ea hae. Moapostola Pauluse o ile a re: “Bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:12) Pauluse o ile a tšoantša liteko tsena le mollo o ka senyang thepa ea ho haha ea boemo bo tlaase empa e sa senye thepa e kang khauta, silevera le majoe a bohlokoa. (1 Bakorinthe 3:10-13; 1 Petrose 1:6, 7) E le hore u thuse seithuti sa hao sa Bibele ho hlaolela litšoaneleho tse hlokahalang hore se mamelle liteko tseo se ka thulanang le tsona, u lokela ho se thusa ka ho haha ka thepa e sa cheng.

9 Mopesaleme o tšoantša “lipolelo tsa Jehova” le “silevera e hloekisitsoeng sebōping sa ho qhibilihisa se lefatšeng, e tšekiloeng ka makhetlo a supileng.” (Pesaleme ea 12:6) Ka sebele, Bibele e na le thepa eohle ea bohlokoa e ka sebelisoang bakeng sa ho haha tumelo e matla. (Pesaleme ea 19:7-11; Liproverbia 2:1-6) Buka ea Seo Bibele e se Rutang e bontša kamoo re ka sebelisang Mangolo ka katleho kateng.

10. U ka tsepamisa kelello ea seithuti Bibeleng joang?

10 Nakong ea thuto, tsepamisa kelello ea seithuti mangolong a khaolong ka ’ngoe eo le e tšohlang. Botsa lipotso tse thusang seithuti ho utloisisa litemana tsa Bibele tse tšoereng taba le hore se bone hore na se ka li sebelisa joang. Hlokomela hore u se ke ua laela seithuti hore na se etse joang. Ho e-na le hoo, etsisa mohlala oa Jesu. Ha serutehi se seng sa Molao se ne se mo botsa, o ile a araba ka tsela e latelang: “Ho ngoliloe’ng Molaong? U bala joang?” Monna eo o ile a fana ka karabo e tsoang Mangolong, ’me Jesu o ile a mo thusa ho bona hore na a ka itšebelisetsa molao-motheo oo joang. Ka ho etsa papiso, Jesu o ile a boela a thusa monna eo ho bona kamoo thuto eo e lokelang ho mo ama kateng. (Luka 10:25-37) Buka ea Seo Bibele e se Rutang e tletse lipapiso tse bonolo tseo u ka li sebelisang ho thusa seithuti hore se itšebelisetse melao-motheo ea Mangolo.

11. U lokela ho bala lirapa tse kae thutong ka ’ngoe?

11 Buka ea Seo Bibele e se Rutang e hlalosa Lentsoe la Molimo ka puo e bonolo le e sa pota-poteng, feela joalokaha Jesu a ne a hlalosa likhopolo tse thata ka mantsoe a bonolo. (Matheu 7:28, 29) Etsisa mohlala oa hae. Bolela taba ka mokhoa o bonolo, o hlakileng le o nepahetseng. U se ke ua potlakela ho qeta khaolo. Ho e-na le hoo, maemo le bokhoni ba seithuti e be tsona tse rerang hore na le tšohla lirapa tse kae thutong ka ’ngoe. Jesu o ne a tseba hore na barutuoa ba hae ba haelloa hokae ’me ha aa ka a ba imetsa ka boitsebiso bo fetang boo ba neng ba bo hloka ka nako eo.—Johanne 16:12.

12. Sehlomathiso se lokela ho sebelisoa joang?

12 Buka ea Seo Bibele e se Rutang e na le sehlomathiso se nang le lihlooho tse 14. Ho itšetlehile ka litlhoko tsa seithuti, uena joaloka morupeli oa sona, u lokela ho rera hore na boitsebiso bona bo ka sebelisoa hamolemo joang. Ka mohlala, haeba ho le thata hore seithuti se utloisise taba eo le buang ka eona kapa se botsa ka litaba tse itseng ka lebaka la lintho tseo se neng se li lumela pele, ho ka ’na ha hlokahala feela hore u se bontše karolo e loketseng ea sehlomathiso ebe se ipalla taba eo. Maemong a mang, litlhoko tsa seithuti li ka ’na tsa etsa hore u tšohle taba eo le sona. Sehlomathiso sena se na le lihlooho tsa bohlokoa tsa Mangolo, tse kang “Ha e le Hantle Mantsoe Moea ‘Soul’ le Moea ‘Spirit’ a Bolela’ng?” le “Ho Khetholla ‘Babylona e Moholo.’” Mohlomong u ka rata ho tšohla lihlooho tsena le seithuti sa hao. Kaha lihlooho tsa sehlomathiso sena ha li na lipotso tse hatisitsoeng, u tla lokela ho tseba taba eo ho buuoang ka eona e le hore u tle u iqapele lipotso tse utloahalang.

13. Thapelo e phetha karolo efe ho matlafatseng tumelo?

13 Pesaleme ea 127:1 e re: “Ntle le haeba Jehova a haha ntlo, ke ha lefeela lihahi tsa eona li sebelitseng ka thata ho eona.” Kahoo, ha u ntse u lokisetsa ho khanna thuto ea Bibele, rapella thuso ea Jehova. Etsa hore lithapelo tseo u li etsang qalong le qetellong ea thuto li etse hore seithuti se utloe hore u na le kamano e mofuthu le Jehova. Khothaletsa seithuti ho rapela Jehova hore a se fe bohlale ba ho utloisisa Lentsoe la Hae a be a se fe le matla a ho sebelisa keletso ea lona. (Jakobo 1:5) Ha se etsa joalo, se tla fumana matla a ho mamella liteko ’me tumelo ea sona e tla tsoela pele ho ba matla.

Thusa Liithuti Tsa Bibele Hore e be Mesuoe

14. Ho hlokahala hore liithuti tsa Bibele li etse tsoelo-pele efe?

14 E le hore liithuti tsa rōna tsa Bibele li mamele “lintho tsohle” tseo Jesu a ileng a li laela barutuoa ba hae, ho hlokahala hore li tsoele pele hore e be mesuoe ea Lentsoe la Molimo eseng liithuti tsa lona feela. (Matheu 28:19, 20; Liketso 1:6-8) U ka etsa’ng ho thusa seithuti hore se tsoele pele moeeng ka tsela eo?

15. Ke hobane’ng ha u lokela ho khothaletsa seithuti sa hao sa Bibele ho ba teng libokeng tsa Bokreste?

15 Ho tloha thutong ea pele feela, mema seithuti hore se ee libokeng tsa phutheho le uena. Se hlalosetse hore libokeng ke moo u koetlisoang hore u be mosuoe oa Lentsoe la Molimo. Latellisa libeke u ntse u nka metsotso e seng mekae qetellong ea thuto ka ’ngoe ea Bibele u hlalosa lenaneo la taeo ea moea eo u e fumanang libokeng le likopanong tse fapa-fapaneng. Bua ka cheseho ka melemo eo u e fumanang libokeng tsena. (Baheberu 10:24, 25) Ha seithuti se qala ho ba teng libokeng kamehla, ho ka etsahala hore e be mosuoe oa Lentsoe la Molimo.

16, 17. Lipakane tse ling tseo seithuti sa Bibele se ka ipehelang tsona le ho li finyella ke life?

16 Thusa seithuti sa Bibele ho iketsetsa lipakane tseo se ka li finyellang. Ka mohlala, se khothaletse ho bolella motsoalle kapa mong ka sona hore na se ithuta eng. Hape, se khothaletse ho ipehela pakane ea ho bala Bibele eohle. Haeba u se thusa hore se itloaetse mokhoa oa ho bala Bibele kamehla le ho tsoela pele ka oona, tloaelo ena e tla se tsoela molemo le ka mor’a hore se kolobetsoe. Ho phaella moo, ke hobane’ng ha u sa khothaletse seithuti hore se etse pakane ea ho hopola temana leha e le ’ngoe feela ea Bibele e arabang potso ea bohlokoa ea khaolo ka ’ngoe bukeng ea Seo Bibele e se Rutang? Ha u etsa joalo, e tla ba “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.”—2 Timothea 2:15.

17 Ho e-na le ho ruta seithuti hore se phete feela litemana tseo se li lokiselitseng kapa hore se bolele moko-taba oa tsona, se khothaletse hore se amahanye litemana tse itseng tsa Bibele le taba e tšohloang, joalokaha se ne se tla araba ba batlang lebaka la seo se se lumelang. Ho ikoetlisa ka nako e khutšoanyane ho ka thusa, uena u iketse mong ka sona kapa mosebetsi-’moho le sona ea se kōpang hore se hlalose seo se se lumelang. Ha seithuti se araba, se bontše hore na se ka araba joang ka “maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.”—1 Petrose 3:15.

18. Ha seithuti sa Bibele se tšoaneleha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, u ka se thusa ka eng hape?

18 Hamorao, seithuti se ka ’na sa tšoaneleha hore se ee tšebeletsong ea tšimo. Se totobaletse hore ke tokelo hore motho a lumelloe ho kopanela mosebetsing ona. (2 Bakorinthe 4:1, 7) Ha baholo ba se ba entse qeto ea hore seithuti seo sea tšoaneleha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, se thuse ho lokisetsa nehelano e bonolo ebe u tsamaea le sona tšimong. Tsoela pele ho sebetsa le sona kamehla litšobotsing tse fapa-fapaneng tsa tšebeletso ea phatlalatsa, ’me u se rute ho lokisetsa maeto a ho boela le ho a etsa ka katleho. Mohlala oa hao o motle o tla se khothatsa.—Luka 6:40.

‘Ipholose ’Me U Pholose le ba U Mamelang’

19, 20. Pakane ea rōna e lokela ho ba eng, hona hobane’ng?

19 Ha ho pelaelo hore ho hlokahala mosebetsi o mongata ho thusa motho hore a “fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Leha ho le joalo, bophelong hase lintho tse ngata tse thabisang tse ka bapisoang le nyakallo ea ho thusa motho e mong ho mamela seo Bibele e se rutang. (1 Bathesalonika 2:19, 20) Ka sebele re na le tokelo e khōlō hakaakang ea ho ba “basebetsi-’moho le Molimo” mosebetsing oo oa ho ruta o etsoang lefatšeng lohle!—1 Bakorinthe 3:9.

20 Jehova o tla tloha a laela Jesu Kreste le mangeloi a matla hore ba ahlole “ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.” (2 Bathesalonika 1:6-8) Bophelo ba batho bo kotsing. Na u ka iketsetsa pakane ea ho khanna leha e le thuto e le ’ngoe feela ea lehae ea Bibele ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ha u ntse u etsa mosebetsi ona, u na le monyetla oa ho “ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:16) Hona joale ho potlakile ho feta neng kapa neng hore re thuse ba bang ho mamela seo Bibele e se rutang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

U Ithutile Eng?

• Buka ea Seo Bibele e se Rutang e ngotsoe ka morero ofe?

• U ka qalisa lithuto tsa Bibele joang ka buka ea Seo Bibele e se Rutang?

• Ke mekhoa efe ea ho ruta e sebetsang hamolemo?

• U ka thusa seithuti joang hore e be mosuoe oa Lentsoe la Molimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Na u sebelisa buka ee hamolemo?

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Puisano e khutšoanyane e ka tsosa takatso ea motho ea ho tseba Bibele

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

U ka etsa’ng ho lebisa kelello ea seithuti Bibeleng?

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Thusa seithuti sa Bibele ho tsoela pele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela