Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 3/1 maq. 3-4
  • Na Hoa Tsotelleha Hore na U Khetha Bolumeli Bofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Hoa Tsotelleha Hore na U Khetha Bolumeli Bofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Malumeli a Qala Joang?
  • Malumeli a Batla ho Khahlisa Mang?
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Malumeli a Bohata a Sentse Molimo Lebitso Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Tla Etsahala’ng ka Bolumeli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Bolumeli—Molemo oa Bona ke Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 3/1 maq. 3-4

Na Hoa Tsotelleha Hore na U Khetha Bolumeli Bofe?

BOHOLO ba rōna re rata ho reka moo ho nang le lintho tse ngata tseo re ka khethang har’a tsona. Haeba ’marakeng ho e-na le meroho le litholoana tsa mefuta-futa, re ka khetha mefuta eo re e ratang haholo le e molemo bakeng sa malapa a rōna. Haeba lebenkeleng la liaparo ho e-na le liaparo tsa theko e seng holimo tsa meseho le tsa mebala e mengata, re ka khetha tse re tšoanelang haholo. Lintho tse ling tseo re li khethang bophelong, li bontša feela hore na motho o rata eng. Leha ho le joalo, tse ling tsona li ama bophelo ba rōna, ’me re ka etsa mohlala ka lijo tse matlafatsang tseo re li khethang kapa metsoalle e bohlale eo re e khethang. Kahoo, ho thoe’ng ka bolumeli boo re bo khethang? Na tsela eo re rapelang ka eona e lokela ho itšetleha feela ka hore na motho o khetha eng? Kapa na ke taba e amang thabo ea rōna ka matla?

Ho na le malumeli a mangata a sa tšoaneng ao motho a ka khethang ho ’ona. Hona joale linaha tse ngata li fana ka tokoloho ea bolumeli, ’me batho ba ntse ba fumana bolokolohi bo eketsehileng ba ho tlohela bolumeli ba batsoali ba bona. Phuputsong e ileng ea etsoa United States ho ile ha fumanoa hore batho ba Amerika ba 80 ho ba 100 “ba lumela hore motho a ke ke a pholosoa ke ho ba bolumeling bo le bong feela.” Phuputsong eona eo, “motho a le mong ho ba bahlano bao ho ileng ha buisanoa le bona, o boletse hore o ile a fetola bolumeli ha a se a le moholo.” Phuputso e ileng ea etsoa Brazil e bontšitse hore hoo e ka bang batho ba 25 ho ba 100 Brazil eohle, ba fetotse bolumeli ba bona.

Nakong e fetileng, batho ba ne ba ngangisana ka bohale ka lithuto tse khethollang bolumeli bo bong ho bo bong. Hona joale maikutlo a atileng ke hore, ‘Ha ho tsotellehe hore na u khetha bolumeli bofe.’ Empa na polelo eo ke ’nete? Na bolumeli boo u bo khethang bo ka u ama?

Feela joalokaha bareki ba bohlale ba botsa lipotso ka hore na thepa eo ba e rekisetsoang e tsoa hokae, ke hantle hore le uena u ipotse, ‘Malumeli aa ’ohle a sa tšoaneng a qalile joang, hona a qalile ka lebaka lefe?’ Bibele e araba lipotso tsena.

Malumeli a Qala Joang?

Hoo e ka bang lilemo tse sekete pele Jesu a tla lefatšeng, Morena Jeroboame o ile a qala bolumeli bo bocha Iseraele ea boholo-holo. Jeroboame e ne e le morena oa pele oa ’muso o ka leboea o ipusang oa Iseraele. O ne a tobane le mosebetsi o boima oa ho ipokellela batho ba neng ba tla ema le eena. “Morena a tšoara therisano eaba o etsa manamane a mabeli a khauta ’me o re ho batho: ‘Ho boima haholo ho lōna ho nyolohela Jerusalema. Molimo oa hao ke enoa, Uena Iseraele.’” (1 Marena 12:28) Ho hlakile hore morena o ne a batla ho sebelisa bolumeli hore a tlose botšepehi ba batho Jerusalema, moo ba neng ba tloaetse ho rapela teng. Bolumeli boo Jeroboame a ileng a bo qala bo ile ba e-ba teng ka makholo a lilemo ’me qetellong, batho ba limilione ba ile ba e-shoa ka lebaka la bona ha Molimo a ahlola sechaba seo se koenehileng sa Iseraele. Bolumeli ba Jeroboame e ne e le leano la ho fumana monyetla oa hore a atlehe lipolotiking. Malumeli a mangata a Naha a ntseng a tsoela pele ho fihlela kajeno, a qalile ka morero o tšoanang oa ho tiisa matla a bopolotiki.

Moapostola Pauluse o ile a senola sepheo se seng seo batho ba qalang malumeli a macha ka sona ha a ne a re: “Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe liphiri tse hatellang li tla kena har’a lōna ’me li ke ke tsa tšoara mohlape ka mosa, ’me har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.” (Liketso 20:29, 30) Baeta-pele ba ikhohomosang ba atisa ho qala mekhatlo ea bolumeli e le hore ba hlahelle. Likereke tse bolelang ka bohata hore ke tsa Bokreste li ’nile tsa aroha lihlopha tse ngata.

Malumeli a Batla ho Khahlisa Mang?

Ba bang ba ka ’na ba susumelletsoa ho qala bolumeli bo bocha ke ho batla ho etsa thato ea batho. Ka mohlala, makasine ea Economist e ile ea tlaleha ka likereke tseo ho thoeng ke tse khōlō United States. Sehlooho sena se bolela hore likereke tsena lia hōla hobane “motheo oa tsona o tšoana le oa likhoebo tsohle tse atlehang, e leng ho fa batšehetsi seo ba se batlang.” Tse ling li na le “litšebeletso tsa boithabiso tsa livideo, litšoantšiso le ’mino oa morao-rao.” Baeta-pele ba bang ba likereke tsena ba bolela hore ba ruta litho tsa tsona hore “li rue, li phele hantle ’meleng le hore li hloke matšoenyeho.” Le hoja batho ba nyatsa likereke tsena ka hore li khoebong ea boithabiso kapa ea “tsoha u iketsetse,” makasine ena e bolela hore “li mpa li etsa feela seo litho tsa tsona li se batlang.” Tlaleho ena e phetha ka ho re: “Ho kopanngoa ha khoebo le bolumeli ho atlehile ka mokhoa o tsotehang.”

Le hoja malumeli a mang a sa hoebe pepenene, likereke tse ‘batlang ho etsa thato ea batho’ li re hopotsa temoso e ileng ea fanoa ke Pauluse. O ile a ngola a re: “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe; ’me ba tla retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete, athe ba tla khelosetsoa lipaleng tsa bohata.”—2 Timothea 4:3, 4.

Kaha malumeli a mangata a tsoetsoe ke takatso ea ho fumana matla a bopolotiki, botumo le ho rata ho amoheleha, eseng ho lakatsa ho khahlisa Molimo, ha ho makatse hore ebe bolumeli bo amehile linthong tse mpe tse kang ho hlekefetsoa ha bana, bolotsana, lintoa, kapa bokhukhuni. Hangata, bolumeli ke mokhoa oa ho qhekella. U ka qoba ho thetsoa joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

Malumeli a mangata a tsoetsoe ke takatso ea ho fumana matla a bopolotiki, botumo le ho rata ho amoheleha eseng ho lakatsa ho khahlisa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela