Bakopitsi ba Boholo-holo le Lentsoe la Molimo
MANGOLO a Seheberu a ile a qetella ho ngoloa bofelong ba lekholo la bohlano la lilemo B.C.E. Makholong a lilemo a ileng a latela, litsebi tsa Bajuda, haholo-holo Basofera ba ileng ba lateloa ke Bamasorete, ba ne ba le hlokolosi haholo boitekong ba bona ba ho sireletsa taba e neng e ngotsoe ka Seheberu. Leha ho le joalo, libuka tsa Bibele tsa khale ka ho fetisisa ke tse ngotsoeng mehleng ea Moshe le Joshua, e leng lilemo tse sekete pele ho mehla ea Basofera. Thepa eo libuka tseo li neng li ngolloa ho eona e ne e le e senyehang; kahoo e tlameha ebe meqolo eo e ne e kopitsoa ka makhetlo a mangata. Re tseba eng ka mosebetsi oa bakopitsi mehleng eo ea pele? Na ho ne ho e-na le bakopitsi ba ipabolang Iseraele ea boholo-holo?
Libuka tsa khale ka ho fetisisa tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tse teng kajeno, ke karolo ea Meqolo ea Leoatleng le Shoeleng, eo e meng ea eona e ileng ea kopitsoa lekholong la boraro le la bobeli la lilemo B.C.E. Moprofesa Alan R. Millard, eo e leng setsebi sa lipuo le ho epolloa ha lintho tsa khale Linaheng Tsa Bochabela, o hlalosa hore “likopi tsa pele ho moo tsa karolo leha e le efe ea Bibele ha li fumanehe.” O phaella ka ho re: “Mekhoa eo lichaba tse ling tsa boahisani li neng li phela ka eona e ka bontša kamoo bakopitsi ba boholo-holo ba neng ba sebetsa kateng, ’me tsebo eo e ka re thusa ho hakanyetsa le ho bona hore na taba e ngotsoeng ea Seheberu le histori ea eona ke tsa bohlokoa hakae.”
Mosebetsi oa Bakopitsi Mehleng ea Pele
Lilemong tse likete tse ’nè tse fetileng, Mesopotamia ho ne ho ngoloa lingoliloeng tsa histori, tsa bolumeli, tsa molao, tsa lithuto tsa sekolo le tsa bonono. Likolo tsa ho kopitsa li ne li atlehile haholo, ’me lenaneo le leng la thuto leo li neng li fana ka lona e ne e le la ho ruta bakopitsi hore ba khomarele ka botšepehi taba eo ba neng ba kopitsa ho eona. Litsebi tsa kajeno li fumana liphetoho tse fokolang haholo litabeng tse ngotsoeng tsa Bababylona tse ileng tsa ’na tsa kopitsoa khafetsa ka lilemo tse sekete kapa ho feta moo.
Mosebetsi oa ho kopitsa o ne o sa etsoe Mesopotamia feela. The Oxford Encyclopedia of Archaeology in the Near East e re: “Mokopitsi oa Babylona ea neng a phela bohareng ba sekete sa bobeli sa lilemo BCE, mohlomong o ne a tseba mekhoa e neng e sebelisoa setsing sa ho kopitsa leha e le sefe ho tse ngata tse neng li le Mesopotamia, Syria, Kanana esita le Egepeta.”a
Mehleng ea Moshe, mosebetsi oa ho kopitsa o ne o nkeloa holimo Egepeta. Bakopitsi ba ne ba lula ba kopitsa libuka. Mosebetsi oo o ka bonoa mekhabisong ea mabitla a Egepeta a nang le lilemo tse fetang likete tse ’nè a le teng. Ha encyclopedia e qotsitsoeng ka holimo e bua ka bakopitsi bao ba boholo-holo nakong eo ea pele, e re: “Seketeng sa bobeli sa lilemo BCE, ba ne ba kopilitse ba bile ba bokeletse libuka tse ngata tse neng li hlalosa tsoelo-pele e khōlō ea Mesopotamia le ea Egepeta ’me ba entse melao e amohelehang ea mosebetsi oa ho kopitsa.”
‘Melao ena e amohelehang’ e ne e akarelletsa hore ho sebelisoe boitsebiso bo buang ka sengoliloeng seo boo e neng e e-ba sehlomathiso sa taba e ngotsoeng. Boitsebiso boo bo buang ka sengoliloeng bo ne bo e-ba le mabitso a mokopitsi le hore na letlapa leo ho ngoletsoeng ho lona ke la mang, letsatsi, mohloli oo ho kopilitsoeng ho oona, hore na sengoliloeng seo se na le mela e mekae le tse ling tse joalo. Hangata mokopitsi o ne a phaella ka ho re: “Ho ea ka mohloli oo se kopilitsoeng ho oona, se ile sa ngoloa ’me sa bapisoa le oona.” Lintlha tsena tse qaqileng li bontša hore bakopitsi ba boholo-holo ba ne ba batla hore ba otle litaba botsekeng.
Moprofesa Millard, ea qotsitsoeng pejana, o re: “Hoa bonahala hore tšebetso ea ho kopitsa e ne e kopanyelletsa ho hlahloba liphoso le ho li lokisa, e leng mokhoa o tiileng oa ho thibela liphoso. E meng ea mekhoa ena, e kang ea ho bala mela le mantsoe [a taba e ngotsoeng], e ne e le litsela tseo Bamasorete ba mathoasong a Mehla e Bohareng ba neng ba li sebelisa.” Kahoo nakong ea Moshe le Joshua, ho ne ho se ho ntse ho e-na le tloaelo e khothalletsang bakopitsi ho ba hlokolosi le ho nepisisa ha ba kopitsa lingoliloeng tse neng li se li ntse li le teng Bochabela bo Hare.
Na Baiseraele le bona ba ne ba e-na le bakopitsi ba tšoanelehang? Bopaki bo ka Bibeleng bo bontša’ng?
Bakopitsi ba Iseraele ea Boholo-holo
Moshe o hōtse e le setho sa lelapa la Faro. (Exoda 2:10; Liketso 7:21, 22) Ho ea ka litsebi tse ithutang ka Egepeta ea boholo-holo, thuto eo Moshe a ileng a e fuoa ha a ntse a hōla e ne e tla kopanyelletsa ho tseba mekhoa ea ho ngola ea Egepeta esita le ho rutoa litsebo tse ling tsa bakopitsi. Bukeng ea hae e bitsoang Israel in Egypt, Moprofesa James K. Hoffmeier o re: “Ho na le bopaki bo tšehetsang neano ea Bibele e bolelang hore Moshe o ne a tseba ho tlaleha liketsahalo, ho etsa litlaleho tsa maeto le mesebetsi e meng ea bongoli.”b
Bibele e bua ka ba bang ba neng ba e-na le tsebo ea ho kopitsa Iseraele ea boholo-holo. Ho ea ka buka e bitsoang The Cambridge History of the Bible, Moshe “o ile a beha balaoli ba tsebang ho bala le ho ngola . . . hore ba tlalehe liqeto le litaba tsa tlhophiso.” Qeto ena e fihleloa ka lebaka la se boleloang ho Deuteronoma 1:15, e reng: “Kahoo [’na Moshe] ka nka lihlooho melokong ea lōna . . . ’me ka ba beha hore e be lihlooho tsa lōna, balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo le balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome le balaoli ba meloko ea lōna.” Balaoli baa e ne e le bo-mang?
Lentsoe la Seheberu le bolelang “molaoli” le hlaha ka makhetlo a mangata litemaneng tsa Bibele tse buang ka mehla ea Moshe le Joshua. Litsebi tse sa tšoaneng li hlalosa hore lentsoe lena le bolela “mongoli ea tlalehang,” “ea ‘ngolang’ kapa ‘ea tlalehang taba,’” le “molaoli ea neng a thusa moahloli ka mosebetsi oa bongoli.” Makhetlo ao lentsoe lena la Seheberu le hlahang ka ’ona a bontša hore Iseraele ho ne ho e-na le bangoli ba joalo ba bangata le hore ba ne ba e-na le mosebetsi o mongata haholo oa ho tsamaisa sechaba nakong eo ea pele.”
Mohlala oa boraro ke o amang baprista ba Iseraele. Encyclopaedia Judaica e bolela hore “mesebetsi ea bona ea bolumeli le e tloaelehileng e ne e ba hloka hore ba tsebe ho bala le ho ngola.” Ka mohlala, Moshe o ile a laela bara ba Levi a re: “Bofelong ba lilemo tse ling le tse ling tse supileng, . . . le tla bala molao ona ka pel’a Baiseraele bohle.” Baprista ke bona ba neng ba hlokometse kopi e khōlō ea Molao. Ke bona ba neng ba lumella hore ho ngoloe likopi tse ling ba bile ba beha tšebetso eo leihlo.—Deuteronoma 17:18, 19; 31:10, 11.
Nahana hore na kopi ea pele ea Molao e ile ea etsoa joang. Khoeling ea ho qetela ea bophelo ba hae, Moshe o ile a re ho Baiseraele: “Letsatsing leo ka lona le tšelang Jordane ho ea naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona, le ikemisetse majoe a maholo ’me le a soeufatse ka kalaka. Le ngole holim’a ’ona mantsoe ’ohle a molao ona.” (Deuteronoma 27:1-4) Ka mor’a hore ho timetsoe Jeriko le Ai, Baiseraele ba ile ba bokana Thabeng ea Ebale, e bohareng ba Naha e Tšepisitsoeng. Ha ba le moo, Joshua o ile a fela a ngola majoeng a aletare “kopi ea molao oa Moshe.” (Joshua 8:30-32) Mengolo e joalo e ne e le teng hobane batho ba ne ba tseba ho bala le ho ngola. Sena se bontša hore Baiseraele bao ba pele ba ne ba tseba puo ba bile ba na le tsebo e neng e hlokahala hore ba boloke lingoliloeng tsa bona tse halalelang li nepahetse.
Botšepehi ba Mangolo
Ka mor’a mehla ea Moshe le Joshua, ho ile ha ngoloa meqolo e meng e sa tšoaneng ea Seheberu, ’me e ile ea kopitsoa ka letsoho. Ha likopi tseo li tsofala kapa li senngoa ke mongobo le hlobo, ho ne ho lokela hore ho etsoe tse ling. Tšebetso ena ea ho kopitsa e ile ea tsoela pele ka lilemo tse makholo.
Ho sa tsotellehe hore bakopitsi ba Bibele ba ne ba le hlokolosi, ho ile ha e-ba le liphoso tse itseng. Empa na liphoso tseo tsa bakopitsi li ile tsa fetola haholo taba e ngotsoeng ka Bibeleng? Che, ha ho joalo. Ka kakaretso, liphoso tseo ke tse sa reng letho ’me ha li fetole botšepehi ba se boletsoeng ka Bibeleng, joalokaha ho bonahetse ha ho ne ho hlahlobisisoa libuka tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho.
Ho Bakreste, tsela eo Jesu Kreste a neng a talima libuka tsa pele tsa Bibele ka eona ke bopaki bo tiisang hore taba e ngotsoeng ka Mangolong a Halalelang ea tšepahala. Lipolelo tse kang, “Na ha lea ka la bala bukeng ea Moshe,” le e reng “Moshe o le file Molao, na ha ho joalo?” li bontša hore ha Jesu a le mona lefatšeng o ne a talima likopi tse ngotsoeng ka letsoho tse neng li le teng e le tse ka tšeptjoang. (Mareka 12:26; Johanne 7:19) Ho feta moo, Jesu o ile a tiisa hore Mangolo ’ohle a Seheberu aa tšepahala, ha a ne a re: “Lintho tsohle tse ngotsoeng molaong oa Moshe le Baprofeteng le Lipesalemeng mabapi le ’na li tla phethahala.”—Luka 24:44.
Ka hona, re na lebaka la ho tšepa hore Mangolo a Halalelang a fetisitsoe ka nepo ho tloha mehleng ea khale. Ho joalo feela kaha moprofeta ea bululetsoeng Esaia a itse: “Joang bo botala bo omeletse, thunthung e ponne; empa ha e le lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Esaia 40:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Joshua, ea neng a phela bohareng ba sekete sa bobeli sa lilemo B.C.E., o bua ka motse oa Kanana o bitsoang Kiriathe-sefere, e bolelang “Motse oa Buka” kapa “Motse oa Mokopitsi.”—Joshua 15:15, 16.
b Litšupiso tse bontšang hore Moshe o ile a tlaleha litaba tsa molao li ka fumanoa ho Exoda 24:4, 7; 34:27, 28; le ho Deuteronoma 31:24-26. Tlaleho e bontšang hore o ile a ngola pina e fumanoa ho Deuteronoma 31:22, ’me ho Numere 33:2 ho buuoa ka tlaleho ea hae ea leeto la lefeelleng.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mokopitsi oa Moegepeta oa kopitsa
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Libuka tsa khale ka ho fetisisa tsa Bibele ke tsa mehleng ea Moshe