Thuso e Tsoang ho “Molimo ea Fanang ka Mamello le Matšeliso”
LILEMONG tse ka bang 2 000 tse fetileng, mongoli oa Bibele, Pauluse, o ile a hlalosa hore Jehova ke “Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso.” (Baroma 15:5) Kaha Bibele e re tiisetsa hore Jehova ha a fetohe, re ka kholiseha hore Molimo o sa ntse a tšelisa ba mo sebeletsang. (Jakobo 1:17) Ha e le hantle, Bibele e senola hore batho ba hlokang matšeliso, Jehova o ba tšelisa ka litsela tse sa tšoaneng. Tse ling tsa litsela tsee ke life? Molimo o matlafatsa ba ipiletsang ho eena ka thapelo, ba kōpa thuso. O boetse o susumetsa Bakreste ba ’nete hore ba tšelise balumeli-’moho le bona. Hape Jehova o fana ka litlaleho tse khothatsang ka Lentsoeng la hae, Bibele, tseo ka ho khetheha li matlafatsang ba saretsoeng ka lebaka la ho shoeloa ke ngoana. A re hlahlobeng ka bonngoe mekhoa ena e meraro ea matšeliso.
“Jehova a Utloa”
Morena Davida o ile a ngola mabapi le ’Mōpi oa rōna, Jehova, a re: “Mo tšepeng ka linako tsohle. Tšollelang lipelo tsa lōna ka pel’a hae. Molimo ke setšabelo sa rōna.” (Pesaleme ea 62:8) Ke hobane’ng ha Davida a ne a e-na le tšepo e joalo ho Jehova? Ha Davida a bua ka boemo ba hae, o ile a ngola a re: “Ea hlorileng o ile a hooa, ’me Jehova a utloa. A mo pholosa mahlomoleng ’ohle a hae.” (Pesaleme ea 34:6) Maemong ’ohle a sithabetsang ao Davida a ileng a feta ho ’ona, kamehla o ne a rapella thuso ho Molimo, ’me kamehla Jehova o ne a mo thusa. Davida o ne a tseba ka boeena hore Molimo o ne a tla mo tšehetsa a be a mo thuse hore a mamelle.
Batsoali ba saretsoeng ba lokela ho tseba hore joalokaha Jehova a ile a thusa Davida hore a fete mahlomoleng a tšabehang, le bona o tla ba thusa. Ba ka atamela ‘Moutloi e moholo oa thapelo,’ ba e-na le tšepo ea hore o tla ba thusa. (Pesaleme ea 65:2) William, ea qotsitsoeng sehloohong se fetileng, o ile a re: “Hangata ke ’nile ka utloa eka ho hang nke ke ka phela ntle ho mora oa ka, ’me ke ’nile ka kōpa Jehova hore a nthuse. Kamehla o ile a mpha matla le khothatso ea hore ke tsoele pele ke phela.” Haeba le uena u rapela Jehova ka tumelo, Molimo e moholo oa leholimo o tla u thusa. Etsoe, ba loanelang ho sebeletsa Jehova Molimo, o ba tšepisa sena: “‘Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.’”—Esaia 41:13.
Thuso ea Metsoalle ea ’Nete
Batsoali ba shoetsoeng ke ngoana, hangata ba hloka nako ea ho mo llela le ho theola maikutlo a bona ba le bang. Leha ho le joalo, e ne e ke ke ea e-ba bohlale hore ba qobe ho kopana le batho ba bang ka nako e telele. Ho ea ka Liproverbia 18:1, “ea itšehlang thajana” a ka ’na a lemala. Ka hona, batho ba saretsoeng ba lokela ho ela hloko hore ba se ke ba oela lerabeng la ho itšehla thajana.
Metsoalle e tšabang Molimo e ka fana ka thuso ea bohlokoa ho ba mahlomoleng. Liproverbia 17:17 e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” Lucy, eo le eena a boletsoeng sehloohong se eteletseng sena pele, o ile a tšelisoa ke metsoalle ea ’nete ka mor’a hore a shoeloe ke mora. Ha a bua ka metsoalle ea hae ka phuthehong, o ile a re: “Ba ile ba nthusa haholo ka ho nketela, le hoja ka linako tse ling ba ne ba felloa ke moqoqo. Motsoalle e mong o ne a nketela matsatsing ao ke neng ke le mong. O ne a tseba hore ke ne ke tla be ke le lapeng ke lla, ’me hangata o ne a pota ebe o lla le ’na. E mong o ne a ntetsetsa letsatsi le letsatsi hore a nkhothatse. Athe ba bang bona ba ne ba re memela malapeng a bona hore re il’o ja le bona, ’me ba ntse ba tsoela pele ho etsa joalo.”
Le hoja bohloko bo tebileng boo batsoali ba bo utloang ha ba shoeloa ke ngoana bo sa fele habonolo, ho rapela Molimo le ho kopana le metsoalle ea ’nete ea Bakreste ho tla tšelisa e le kannete ba saretsoeng. Batsoali ba bangata ba Bakreste ba shoetsoeng ke bana baa utloa hore Jehova o na le bona. Ka sebele, Jehova “o folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.”—Pesaleme ea 147:3.
Litlaleho Tsa Bibele Tse Tšelisang
Ho phaella thapelong le setsoalleng se matlafatsang, Lentsoe la Molimo le ngotsoeng le tšelisa ba llang. Litlaleho tsa Bibele li bontša hore Jesu o na le takatso e tebileng le matla a ho tsosa bafu e le hore a felise bohloko ba batsoali ba shoetsoeng. Ruri litlaleho tse joalo li tšelisa batho ba saretsoeng. A re ke re hlahlobeng litlaleho tse peli tsa mofuta oo.
Luka khaolo ea 7 e hlalosa se ileng sa etsahala ha Jesu a ne a kopana le mokoloko oa batho ba eang lepatong motseng oa Naine. Batho ba ne ba le mothating oa ho pata mora ea mong too! oa mohlolohali. Temana ea 13 e re: “Ha Morena a re heli! ’me a mo bona, a mo hauhela, eaba o re ho eena: ‘Khaotsa ho lla.’”
Hase ba bangata ba neng ba ka ba le sebete sa ho bolella ’mè, lepatong la mora oa hae hore a khaotse ho lla. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re a khaotse ho lla? Ke hobane o ne a tseba hore mesarelo ea ’mè eo e ne e le haufi le ho fela. Tlaleho e tsoela pele ho re: “Eaba [Jesu] oa atamela o ama mojaro oa mofu, ’me bajari ba ema, eaba o re: ‘Mohlankana, ke re ho uena, Tsoha!’ Motho eo ea shoeleng a lula ’me a qala ho bua, eaba o mo fa ’m’ae.” (Luka 7:14, 15) Nakong eo, e tlameha ebe ’mè eo o ile a lla hape, empa lekhetlong lena o ne a llisoa ke thabo.
Ketsahalong e ’ngoe, monna ea bitsoang Jairuse o ile a atamela Jesu, a kōpa hore a thuse morali oa hae ea lilemo li 12 ea neng a kula haholo. Nakoana ka mor’a moo, Jairuse o ile a utloa hore morali oa hae o se a hlokahetse. Litaba tsena li ile tsa sithabetsa Jairuse haholo, empa Jesu o ile a re ho eena: “U se ke ua tšaba, u mpe u bontše tumelo.” Ha Jesu a le lelapeng la bona, o ile a kena ka moo setopo sa ngoanana se neng se le ka teng. Eaba o mo tšoara ka letsoho o re: “Moroetsana, ke re ho uena, Ema!” ,Ho ile ha etsahala’ng? “Kapele-pele moroetsana eo a ema ’me a qala ho tsamaea.” Batsoali ba hae ba ile ba etsa joang? Ba ile “ba hlolloa haholo.” Ha Jairuse le mosali oa hae ba amohela morali oa bona, ba ile ba thaba haholo. E ne e ka baa lora.—Mareka 5:22-24, 35-43.
Litlaleho tse qaqileng joalo tsa Bibele tse buang ka bana ba ileng ba tsosoa bafung li bontša seo batsoali ba saretsoeng kajeno ba ka se lebellang. Jesu o ile a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Morero oa Jehova ke hore Mor’a hae a tle a phelise batho ba shoeleng. Bana ba limilione tse ngata ba shoeleng ba tla “utloa lentsoe la hae” ha a re ho bona: ‘Ke re ho lōna, Emang!’ Bacha bao ba tla boela ba tsamaee ’me ba bue. Joaloka Jairuse le mosali oa hae, batsoali ba bana bao ba tla “hlolloa haholo.”
Haeba u shoetsoe ke mora kapa morali, tseba hore Jehova a ka fetola masoabi a hao thabo ka tsoho ea bafu. E le hore u rue molemo tšepong ena e khanyang, mamela khothatso ena ea mopesaleme: “Batlang Jehova le matla a hae. Batlang sefahleho sa hae kamehla. Hopolang mesebetsi ea hae e hlollang eo a e entseng, mehlolo ea hae.” (Pesaleme ea 105:4, 5) E, sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova, ’me u mo rapele ka tsela e amohelehang.
Ho tla ba le liphello life kapele-pele, haeba u ‘batla Jehova’? U tla fumana matla ka ho rapela Molimo, u tla tšelisoa ke kameho e lerato ea metsoalle ea ’nete ea Bakreste ’me u tla khothatsoa ke ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ho feta moo, haufinyane, u tla bona ‘mesebetsi e hlollang’ eo Jehova a tla e phetha e le hore uena le ngoana oa hao ea shoeleng le ka rua molemo oa ka ho sa feleng.
[Lebokose le leqepheng la 5]
“Ntlisetse Mosali eo ea Shoetsoeng ke Bana ba Babeli”
Kehinde le Bintu, e leng banyalani ba Nigeria bao e leng Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba shoeloa ke bana ba babeli kotsing ea koloi. Esale seo se etsahala, ba ’nile ba utloa bohloko haholo ka lebaka la lefu lena le sehlōhō. Leha ho le joalo, ba thusoa ke tšepo eo ba nang le eona ho Jehova, ’me ba tsoela pele ho bolella baahelani ba bona molaetsa oa tšepo oo Bibele e fanang ka oona.
Batho ba bang ba lemohile khutso le matla tseo Kehinde le Bintu ba nang le tsona. Ka letsatsi le leng mosali e mong ea bitsoang Mofumahali Ukoli o ile a re ho motsoalle e mong oa Bintu: “Ntlisetse mosali eo ea shoetsoeng ke bana ba babeli empa a sa ntse a bolela molaetsa oa Bibele. Ke batla ho tseba hore na ke’ng e mo fang matla a hore a mamelle.” Ha Bintu a fihla ha hae, Mofumahali Ukoli o ile a re ho eena: “Ke batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha u ntse u bolela molaetsa o buang ka Molimo ea bolaileng bana ba hao. Molimo o nkile morali oa ka ea mong too! Esale ke etsahalloa ke seo, ha ke batle ho utloa letho ka Molimo.” Bintu o ile a sebelisa Bibele ho hlalosa lebaka leo batho ba shoang ka lona le hore na ke hobane’ng ha re ka ba le tšepo e tiileng ea hore baratuoa ba rōna ba shoeleng ba tla tsosoa.—Liketso 24:15; Baroma 5:12.
Ka mor’a moo, Mofumahali Ukoli o ile a re: “Ke ne ke nahana hore Molimo ke eena ea nkang batho ka lefu. Joale ke tseba ’nete.” O ile a etsa qeto ea ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova e le hore a ithute ho eketsehileng ka litšepiso tsa Molimo.
[Lebokose le leqepheng la 6]
‘Ke Batla ho Thusa, Empa ha ke Tsebe Hore na ke Thuse Joang’
Ha batsoali ba shoetsoeng ke ngoana le banab’abo mofu ba sa ntse ba saretsoe haholo, metsoalle ea bona e ka ’na ea tsieleha. E batla ho thusa lelapa leo empa e tšaba hore e ka ’na ea bua kapa ea etsa ntho e fosahetseng e tlang ho ba utloisa bohloko le ho feta. Litlhahiso ke tsena bakeng sa ba ka ’nang ba re, ‘Ke batla ho thusa, empa ha ke tsebe hore na ke thuse joang.’
❖ U se ke ua qoba batho ba shoetsoeng hobane feela u sa tsebe hantle seo u ka se buang kapa ua se etsa. Boteng ba hao ka bobona bo tla ba matlafatsa. Na u ikutloa u timeletsoe ke hore na u ka re’ng? Ha u ba haka ’me ka tieo u re, ‘Ke masoabi ka sena,’ seo se tla ba bontša hore ua ba tsotella. Na u tšaba hore haeba u qala ho lla, joale u tla be u ba bakela bohloko? Bibele e re: “Llang le batho ba llang.” (Baroma 12:15) Meokho ea hao e bontša hore u utloile bohloko joaloka bona, ’me seo se tla ba tšelisa.
❖ Ithaopele ho thusa. Na u ka phehela lelapa leo lijo tse bobebe? Na u ka hlatsoa lijana tse ntseng li bokellana? Na u ka ba ela libakeng tse itseng? U se ke ua re, “Ke kōpa le ntsebise ha le hloka ntho leha e le efe.” Esita le haeba u bua seo ka tieo, ho rialo ho etsa hore batsoali ba bangata ba shoetsoeng ba nahane hore u phathahane haholo hore u ka ba thusa. Ho e-na le ho bua joalo, ba botse, “Nka etsa’ng hore ke le thuse hona joale?” ebe joale u etsa kamoo ba u kōpang kateng. Empa u qobe ho kena ka moo u sa tšoanelang ka tlung kapa ho itšunya-tšunya litabeng tsa bophelo ba bona.
❖ Qoba ho re, “Ke tseba kamoo u ikutloang kateng.” Ha ho motho ea itšoarang ka tsela e tšoanang le ea e mong ha a shoetsoe ke moratuoa oa hae. Esita le haeba le uena u shoetsoe ke ngoana, ha u tsebe hore na ba hlile ba ikutloa joang.
❖ Ho tla feta nako e ngata pele lelapa leo le utloa eka maemo a khutletse setloaeling. Tsoela pele u thusa ka hohle kamoo u ka khonang. Hangata, qalong batho baa kena baa tsoa lelapeng le shoetsoeng, empa le hloka thuso e tsoelang pele. Ela hloko lintho tseo ba li hlokang nakong ea libeke le likhoeli tse latelang.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo u ka thusang ba llang ka lebaka la ho shoeloa ke ngoana, bona khaolo e reng, “Ba Bang ba ka Thusa Joang?” leqepheng la 20-4 la bukana ea Ha eo U mo Ratang a E-shoa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Litlaleho tsa Bibele li bontša hore Jesu o na le matla a ho tsosa bana hore ba boele ba phele ebile o rata ho etsa joalo