Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 5/1 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Tla Tsamaea le Lona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • “Re Tla Tsamaea le Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • “Moea o Paka le Moea oa Rona”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Ho Nkoa le le ba Tšoanelang ho Fumana ’Muso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 5/1 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ho bitsetsoa ha Bakreste tšepong ea ho ea phela leholimong ho khaotsa neng?

Bibele ha e arabe potso eo ka ho toba. Seo re se tsebang ke hore ho tlotsoa ha barutuoa ba Jesu ka morero oa hore ba be le tšepo ea ho fumana lefa la leholimo ho ile ha qala ka 33 C.E. (Liketso 2:1-4) Hape rea tseba hore ka mor’a hore baapostola ba shoe, Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng, bao e leng “koro” ba ile ba ‘hōla hammoho’ le Bakreste ba bohata, e leng “mofoka.” (Matheu 13:24-30) ’Me ho elella bofelong ba lilemo tsa bo-1800, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba boetse ba le mafolofolo ka mokhoa o hlokomelehang. Ka 1919, ho ile ha qaleha kotulo ea “lijalo tsa lefatše,” e akarelletsang ho bokelloa ha batlotsuoa ba ho qetela.—Tšenolo 14:15, 16.

Ho tloha lilemong tsa bo-1800 ho fihlela ka 1931, sepheo se ka sehloohong sa mosebetsi oa boboleli e ne e le ho bokella litho tsa masala a ’mele oa Kreste. Ka 1931, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa qala ho ipitsa ka lebitso le thehiloeng Bibeleng, e leng Lipaki Tsa Jehova, ’me Molula-Qhooeng oa November 15, 1933, ho ile ha hlahisoa maikutlo a hore lebitso lena le ikhethang e ne e le “denari” eo Jesu a ileng a bua ka eona papisong ea hae e tlalehiloeng ho Matheu 20:1-16. Ho ne ho lumeloa hore lihora tse 12 tse boletsoeng papisong eo li ne li tšoana le lilemo tse 12 tsa ho tloha ka 1919 ho fihlela ka 1931. Lilemo tse ngata ka mor’a 1933, ho ne ho lumeloa hore pitso ea ho ea ’Musong oa leholimo e ne e khaolitse ka 1931 le hore ba neng ba bitsitsoe ka 1930 le 1931 hore e be majalefa hammoho le Kreste, e ne e le ba bitsitsoeng la ‘ho qetela.’ (Matheu 20:6-8) Leha ho le joalo, ka 1966 ho ile ha hlahisoa kutloisiso e nchafalitsoeng ea papiso eo, ’me ha hlaka hore e ne e sa amane ka letho le ho bitsoa ha batlotsuoa la ho qetela.

Ka 1935, ho ile ha utloisisoa hore “bongata bo boholo” bo boletsoeng ho Tšenolo 7:9-15 bo entsoe ka “linku tse ling,” e leng Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng, ba neng ba tla hlahella lefatšeng “matsatsing a ho qetela” le ba neng ba tla pholoha Armagedone e le sehlopha. (Johanne 10:16; 2 Timothea 3:1; Tšenolo 21:3, 4) Ka mor’a selemo seo, boikitlaetso bo matla bo ileng ba etsoa mosebetsing oa ho etsa barutuoa e bile ba ho bokella bongata bo boholo. Kahoo, haholo-holo ka mor’a selemo sa 1966, ho ne ho lumeloa hore pitso ea ho ea phela leholimong e khaolitse ka 1935. Sena se ile sa bonahala eka ke ’nete ha hoo e batlang e le batho bohle ba kolobelitsoeng ka mor’a 1935 ba ne ba lumela hore ba na le tšepo ea ho phela lefatšeng. Ka mor’a moo, ho ne ho lumeloa hore batho leha e le bafe ba neng ba bitsetsoa ho ba le tšepo ea ho ea phela leholimong ba ne ba nka sebaka sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba sa ka ba tšepahala.

Ha ho pelaelo hore haeba e mong oa batlotsuoa a e-oa ’me a sa bake, ehlile Jehova o bitsa motho e mong hore a nke sebaka sa eo ea oeleng. (Baroma 11:17-22) Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe hase batlotsuoa ba bangata ba ’nete ba ileng ba fetoha ba sa tšepahaleng. Ka lehlakoreng le leng, ha nako e ntse e feta, Bakreste ba bang ba kolobelitsoeng ka mor’a 1935 ba fumane bopaki ba moea o halalelang ba hore ba na le tšepo ea ho ea leholimong. (Baroma 8:16, 17) Kahoo, ho bonahala eka re ke ke ra bolela ka ho toba nako eo ho bitsetsoa ha Bakreste tšepong ea ho ea phela leholimong ho khaotsang ka eona.

Motho ea entseng qeto pelong ea hae ea hore joale ke motlotsuoa ’me a qala ho ja litšoantšetso Sehopotsong, o lokela ho talingoa joang? Ha a lokela ho ahloloa. Taba eo e pakeng tsa hae le Jehova. (Baroma 14:12) Leha ho le joalo, Bakreste ba tlotsitsoeng e le kannete ha ba ipitsetse mahlo a batho ka tsela e khethehileng. Ha ba lumele hore kaha ke batlotsuoa seo se ba fa “temoho” e khethehileng, e fetang eo le litho tse ling tse nang le phihlelo tsa bongata bo boholo li ka ’nang tsa e-ba le eona. Ha ba lumele hore mohlomong ba na le moea o halalelang ho feta metsoalle ea bona ea linku tse ling; ebile ha ba lebelle hore ba bang ba ba tšoare ka tsela e khethehileng ’me ha ba nahane hore kaha ba ja litšoantšetso, seo se ba etsa hore ba phahamele baholo ba khethiloeng ka phuthehong. Ka boikokobetso baa hopola hore banna ba bang ba tlotsitsoeng lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa tšoanelehe hore ba sebeletse e le baholo kapa bahlanka ba sebeletsang. (1 Timothea 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9; Jakobo 3:1) Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba bile ba fokola moeeng. (1 Bathesalonika 5:14) Ho phaella moo, le hoja baralib’abo rōna ba ne ba tlotsitsoe, ba ne ba sa rute ka phuthehong.—1 Timothea 2:11, 12.

Kahoo, Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le metsoalle ea bona ea linku tse ling ba loanela ho lula ba le matla moeeng, ba hlaolela tholoana ea moea le ho sebeletsa hore ho be le khotso ka phuthehong. Bakreste bohle, ebang ke batlotsuoa kapa linku tse ling, ba sebetsa ka thata ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa ba le tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang. Bakreste ba tlotsitsoeng ba khotsofalla ho etsa sena hafeela e ntse e le thato ea Molimo hore ba be lefatšeng mona e le bahlanka ba Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela