‘Ntat’a Lōna o Mohau’
“Tsoelang pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntat’a lōna a le mohau.”—LUKA 6:36.
1, 2. Mantsoe ao Jesu a ileng a a bolella bangoli le Bafarisi le balateli ba hae a bontša joang hore mohau ke tšobotsi e ratehang?
MOLAO oa Moshe o ne o e-na le melao le litaelo tse sa tšoaneng tse ka bang 600. Le hoja ho ne ho hlokahala hore Molao oa Moshe o bolokoe, e ne e boetse e le habohlokoa haholo hore ho bontšoe mohau. Nahana ka seo Jesu a ileng a se bolella Bafarisi, ba neng ba sa hauhele batho ba bang. Ka makhetlo a mabeli o ile a ba khalemela ka matla, a bontša hore Molimo o fane ka taelo e reng: “Ke batla mohau, eseng sehlabelo.” (Matheu 9:10-13; 12:1-7; Hosea 6:6) Ho ella qetellong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a re: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le fana ka karolo ea leshome ea koena le dille le kumine, empa le hlokomolohile litaba tse tōma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.”—Matheu 23:23.
2 Ha ho potang hore Jesu o ile a bontša hore mohau ke oa bohlokoa haholo. O ile a re ho balateli ba hae: “Tsoelang pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntat’a lōna a le mohau.” (Luka 6:36) Leha ho le joalo, e le hore re “be baetsisi ba Molimo” tabeng ena, ho hlokahala hore re tsebe hore na hantle-ntle mohau ke eng. (Baefese 5:1) Ho feta moo, ha re utloisisa melemo ea mohau re tla susumelletseha ho ba mohau haholoanyane bophelong ba rōna.
Ho Bontša Bahloki Mohau
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho talima ho Jehova e le hore re ithute hore na hantle-ntle mohau ke eng?
3 Mopesaleme o ile a bina a re: “Jehova o mosa ’me o mohau, o lieha ho halefa ’me o na le mosa o lerato o moholo. Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ea hae e holim’a mesebetsi eohle ea hae.” (Pesaleme ea 145:8, 9) Jehova ke “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:3) Mohau o bontšoa ka ho tšoara motho e mong ka tsela e bontšang kutloelo-bohloko. Ena ke tšobotsi e ka sehloohong ea botho ba Molimo. Mohlala oa hae le litaelo tseo a re fang tsona li ka re ruta hore na hantle-ntle mohau ke eng.
4. Esaia 49:15 e re ruta eng ka mohau?
4 Joalokaha ho ngotsoe ho Esaia 49:15, Jehova o re: “Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang hoo a ke keng a hauhela mora oa mpa ea hae?” Mantsoe a Seheberu a amanang haufi le le fetoletsoeng mona e le “hauhela” a amahanngoa le mohau ho Pesaleme ea 145:8, 9, e qotsitsoeng ka holimo. Maikutlo a susumetsang Jehova hore a be mohau a bapisoa le maikutlo a mofuthu ao ’mè ea anyesang a atisang ho ba le ’ona ka ngoana oa hae. Mohlomong ngoana o lapile kapa o hloka ntho e itseng. ’Mè o fa ngoana seo a se hlokang ka lebaka la kutloelo-bohloko le qenehelo eo a nang le eona. Jehova o na le kameho e joalo e lerato ka batho bao a ba bontšang mohau.
5. Jehova o ile a bontša joang hore o ‘ruile mohau’ ha a sebetsana le Baiseraele?
5 Ho qenehela bahloki ke ntho e ntle, empa ho ba thusa ho molemo le ho feta. Hlokomela seo Jehova a ileng a se etsa ha barapeli ba hae ba le botlamuoeng Egepeta lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng. O ile a re ho Moshe: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang. Kea theoha ho ea se lopolla matsohong a Baegepeta le ho se ntša naheng eo ho se isa naheng e ntle le e khōlō, naheng e phallang lebese le mahe a linotši.” (Exoda 3:7, 8) Lilemo tse ka bang 500 ka mor’a hore Baiseraele ba lokolloe Egepeta, Jehova o ile a ba hopotsa a re: “Ke ’na ea ntšitseng Baiseraele Egepeta le ea ileng a qala ho le lopolla letsohong la Egepeta le matsohong a mebuso eohle e neng e le hateletse.” (1 Samuele 10:18) Ka lebaka la ho tlōla melao ea Molimo e lokileng, Baiseraele ba ne ba atisa ho ba mahlomoleng. Empa, Jehova o ile a ba qenehela ’me a ba lopolla ka makhetlo-khetlo. (Baahloli 2:11-16; 2 Likronike 36:15) Sena se bontša seo Molimo ea lerato a se etsetsang batho ba hlokang, ba kotsing, kapa ba mathateng. Jehova o ‘ruile mohau.’—Baefese 2:4.
6. Jesu Kreste o ile a etsisa Ntate oa hae joang ka ho bontša mohau?
6 Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ne a etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng ka ho bontša mohau. Jesu o ile a etsa’ng ha banna ba babeli ba foufetseng ba ne ba mo kōpa ka tieo ba re: “Morena, re hauhele, Mora oa Davida”? Ba ne ba kōpa ka tieo hore Jesu a etse mohlolo oa hore ba boele ba bone. Jesu o ile a etsa joalo, empa ha aa ka a etsa mohlolo oo a se na maikutlo. Bibele e re: “A susumelitsoe ke khauho, Jesu a ama mahlo a bona, ’me kapele-pele ba bona.” (Matheu 20:30-34) Ka lebaka la khauho Jesu o ile a etsa mehlolo e mengata e ileng ea thusa lifofu, ba nang le bademona, balepera le batsoali bao bana ba bona ba leng mahlomoleng.—Matheu 9:27; 15:22; 17:15; Mareka 5:18, 19; Luka 17:12, 13.
7. Mohlala oa Jehova Molimo le oa Mora oa hae o re ruta eng ka mohau?
7 Mohlala oa Jehova Molimo le oa Jesu Kreste o bontša hore mohau o kopantse lintho tse peli—e leng ho qenehela, ho utloela bohloko, kapa ho hauhela bahloki le ho nka khato ea ho thusa motho ea bontšoang mohau. Motho ea mohau o lokela ho etsa lintho tsena ka bobeli. Ka Mangolong, hangata mohau o bolela ho thusa bahloki ka mosa. Leha ho le joalo, mohau o bontšoa joang litabeng tsa boahloli? Na o boetse o akarelletsa ho se nke khato, joaloka ho se otle mofosi?
Ho Hauhela Bafosi
8, 9. Mohau oo Davida a ileng a o bontšoa ka mor’a sebe sa hae le Bathe-sheba o ne o akarelletsa eng?
8 Nahana ka se ileng sa etsahala ka mor’a hore moprofeta Nathane a tobe Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo ka bofebe ba Davida le Bathe-sheba. Davida o ile a baka eaba oa rapela o re: “Mpontše mohau, Molimo, ho ea ka mosa oa hao o lerato. Hlakola litlōlo tsa ka ho ea ka bongata ba mehauhelo ea hao. Ntlhatsoe ka ho phethahetseng phosong ea ka, u ntlhoekise esita le sebeng sa ka. Etsoe ke tseba litlōlo tsa ka, sebe sa ka se ka pel’a ka kamehla. Ke sitetsoe uena, uena u le mong, ke entse se sebe mahlong a hao.”—Pesaleme ea 51:1-4.
9 Davida o ile a ikoahlaea ho tloha pelong. Jehova o ile a tšoarela sebe sa hae ’me a bebofatsa kahlolo ea hae le ea Bathe-sheba. Ho latela Molao oa Moshe, Davida le Bathe-sheba ba ne ba lokela ho bolaoa. (Deuteronoma 22:22) Le hoja ba sa ka ba qobisoa liphello tsohle tsa sebe sa bona, ba ile ba tloheloa ba phela. (2 Samuele 12:13) Tsela eo Molimo a bontšang mohau ka eona e akarelletsa ho tšoarela phoso. Leha ho le joalo, ha a tlohele ho otla mofosi ka ho loketseng.
10. Le hoja Jehova a ahlola ka mohau, ke hobane’ng ha re sa lokela ho nka monyetla ka mohau oa hae?
10 Kaha “sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama]” ’me “moputso oo sebe se o lefang ke lefu,” batho bohle ba tšoaneloa ke lefu. (Baroma 5:12; 6:23) Re leboha hakaakang hore ebe Jehova o bontša mohau ha a ahlola! Leha ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra nka monyetla ka mohau oa Molimo. Deuteronoma 32:4 e re: “Litsela tsohle tsa [Jehova] ke toka.” Ha Molimo a etsa qeto ea ho hauhela motho, ha a hlokomolohe litekanyetso tsa hae tse phethahetseng tsa toka.
11. Jehova o ile a bontša toka e loketseng joang ha a sebetsana le Davida ka sebe sa hae le Bathe-sheba?
11 Davida le Bathe-sheba ba ne ba lokela ho tšoareloa sebe sa bona pele ho ka bebofatsoa kotlo ea lefu. Baahloli ba Baiseraele ba ne ba sa fuoa matla a ho etsa seo. Haeba ba ne ba lumeletsoe ho sebetsa nyeoe eo, ba ne ba tla tlameha ho liha kahlolo ea lefu. Molao o ne o hloka hore ho etsoe joalo. Leha ho le joalo, ka lebaka la selekane sa hae le Davida, Jehova o ne a batla ho bona hore na ho na le lebaka la ho tšoarela sebe sa Davida. (2 Samuele 7:12-16) Kahoo, Jehova Molimo, e leng “Moahloli oa lefatše lohle,” “ea hlahlobang pelo,” o ile a ikhethela ho sebetsa taba ena ka boeena. (Genese 18:25; 1 Likronike 29:17) Molimo o ne a ka khona ho bona hantle se ka pelong ea Davida, a hlahlobisise hore na pako ea hae ke ea sebele ebe oa mo tšoarela.
12. Batho ba baetsalibe ba ka rua molemo joang mohaung oa Molimo?
12 Mohau oo Jehova a re bontšang oona ka ho etsa hore re lokolloe kotlong ea sebe seo re se futsitseng o lumellana le toka ea hae. Jehova o entse hore tšoarelo ea libe e khonehe empa a sa tlōle tekanyetso ea toka, ’me a lokisetsa sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae, Jesu Kreste—e leng pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea mohau e kileng ea e-ba teng. (Matheu 20:28; Baroma 6:22, 23) E le hore re ka rua molemo mohaung oa Molimo, o ka re lopollang kotlong ea sebe seo re se futsitseng, re lokela ho ‘bontša tumelo ho Mora.’—Johanne 3:16, 36.
Molimo oa Mohau le Toka
13, 14. Na mohau oa Molimo o fokotsa matla ao a sebelisang toka ea hae ka oona? Hlalosa.
13 Le hoja mohau oa Jehova o sa hatakele tekanyetso ea hae ea toka, na o ama toka ea hae ka tsela e itseng? Na mohau o fokotsa matla ao Molimo a sebelisang toka ea hae ka oona? Che, ha ho joalo.
14 Jehova o ile a bua le Baiseraele ka moprofeta Hosea, a re: “Ke tla u lebeletsa ka nako e sa lekanyetsoang, ’me ke tla u lebeletsa ka ho loka le ka toka le ka mosa o lerato le ka mohau.” (Hosea 2:19) Mantsoe ana a bontša ka ho hlaka hore ka linako tsohle Jehova o bontša mohau tumellanong le litšobotsi tse ling tsa hae ho akarelletsa le toka. Jehova ke “Molimo ea mohau le ea mosa, . . . ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe, empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong.” (Exoda 34:6, 7) Jehova ke Molimo oa mohau le toka. Bibele e bua tjena ka eena: “Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka.” (Deuteronoma 32:4) Toka ea Molimo e phethahetse, joalokaha mohau oa hae o phethahetse. Ha ho tšobotsi e phahametseng e ’ngoe, ebile ha ho e fokotsang matla a e ’ngoe. Ho e-na le hoo, litšobotsi tsena ka bobeli li sebelisana ka tumellano e phethahetseng.
15, 16. (a) Ke’ng se bontšang hore toka ea Molimo ha e sehlōhō? (b) Barapeli ba Jehova ba ka kholiseha hore ho tla etsahala’ng ha a phethahatsa kahlolo holim’a tsamaiso ee ea lintho e khopo?
15 Toka ea Jehova ha e sehlōhō. Hangata toka e amana le molao, ’me kahlolo e atisa ho tsamaisana le ho otla bafosi ka tsela e loketseng. Leha ho le joalo, toka ea bomolimo e ka boela ea fella ka hore batho ba tšoanelehang ba bolokehe. Ka mohlala, ha ho ne ho timetsoa ba khopo motseng oa Sodoma le Gomora, mopatriareka Lota le barali ba hae ba babeli ba ile ba pholosoa.—Genese 19:12-26.
16 Re ka kholiseha hore ha Jehova a phethahatsa kahlolo holim’a tsamaiso ena e khopo ea lintho, “bongata bo boholo” ba barapeli ba ’nete, ba “hlatsoitse[ng] liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana” ba tla pholosoa. Kahoo, ba tla “tsoa matšoenyehong a maholo.”—Tšenolo 7:9-14.
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Mohau?
17. Lebaka le ka sehloohong la ho ba mohau ke lefe?
17 Ka sebele mohlala oa Jehova le oa Jesu Kreste o re ruta hore na hantle-ntle mohau ke eng. Liproverbia 19:17 e re fa lebaka le ka sehloohong la ho ba mohau ha e re: “Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova, ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.” Jehova oa thaba ha re mo etsisa re bile re etsisa Mora oa hae ka ho ba mohau ha re sebelisana le ba bang. (1 Bakorinthe 11:1) ’Me sena se khothalletsa le batho ba bang hore ba be mohau, hobane ea leng mohau o tla hauheloa.—Luka 6:38.
18. Ke hobane’ng ha re lokela ho loanela ho ba mohau?
18 Mohau o kopantse litšobotsi tse ngata tse molemo. O akarelletsa bonolo, lerato, mosa le molemo. Motho o susumetsoa ke maikutlo a mofuthu a qenehelo kapa kutloelo-bohloko hore a bontše mohau. Le hoja Jehova a sa bebofatse toka ha a bontša mohau, o lieha ho halefa ’me a sa fele pelo o fa bafosi nako e lekaneng ea ho baka. (2 Petrose 3:9, 10) Kahoo mohau o amana le ho se fele pelo le tiisetso. Kaha mohau o kopantse litšobotsi tse ngata tse ratehang—ho akarelletsa le litšobotsi tse sa tšoaneng tsa tholoana ea moea oa Molimo—o re fa monyetla oa ho hlaolela litšobotsi tsena. (Bagalata 5:22, 23) Ruri ke habohlokoa hore re loanele ho ba mohau.
“Ho Thaba ba Mohau”
19, 20. Mohau o thaba ka ho fetisisa ho feta kahlolo joang?
19 Morutuoa Jakobo o re bolella lebaka leo ka lona re lokelang ho etsa hore mohau e be tšobotsi ea bohlokoa bophelong ba rōna. O ile a ngola a re: “Mohau o thaba ka ho fetisisa ka tlhōlo ho feta kahlolo.” (Jakobo 2:13b) Jakobo o ne a bua ka mohau oo morapeli oa Jehova a o bontšang ba bang. O thaba ka ho fetisisa ka tlhōlo ho feta kahlolo ka hore ha nako ea hore motho a ‘ikarabelle ho Molimo’ e fihla, Jehova o nahanela taba ea hore o sebelisane le ba bang ka mohau ebe o mo tšoarela motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Mora oa Hae. (Baroma 14:12) Ha ho pelaelo hore lebaka le leng leo Davida a ileng a bontšoa mohau ka lona bakeng sa sebe sa hae le Bathe-sheba ke hobane e ne e le motho ea mohau. (1 Samuele 24:4-7) Ka lehlakoreng le leng, “ea sa bontšeng mohau o tla ahloloa ntle ho mohau.” (Jakobo 2:13a) Hase feela “ba se nang mohau” ba balelloang har’a bao Molimo a ba talimang e le ‘ba tšoaneloang ke lefu’!—Baroma 1:31, 32.
20 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o itse: “Ho thaba ba mohau, kaha ba tla bontšoa mohau.” (Matheu 5:7) Ka sebele mantsoe ana a bontša ka matla hore ba batlang mohau oa Molimo ba lokela ho ba mohau. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa kamoo re ka bontšang mohau bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi.
U Ithutile Eng?
• Mohau ke eng?
• Mohau o bontšoa ka litsela life?
• Jehova ke Molimo oa mohau le toka ka litsela life?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho ba mohau?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Kameho e lerato eo Jehova a e bontšang bahloki e tšoana le eo ’mè ea anyesang a e bontšang ngoana oa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Re ithuta eng ka mohau mehlolong ea Jesu?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Na Jehova o ile a hatakela toka ea hae ka ho hauhela Davida?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mohau oo Molimo a o bontšang batho ba baetsalibe o lumellana le toka ea hae